Pina ea 38
Ho Bontša Botšepehi
1. Jehova o na le batho
Ba jereng bitso la hae.
Ba entse qeto ea hore
Le tumisoe kae le kae.
Tafoleng ea hae ea moea
Ba iphepa ka mehla.
Ka khopolo, mantsoe, ketso,
Ba tla thabisa eena.
2. Ho phutheho ea Molimo
Re tieeng botšepehing;
Re e mamele ka hlompho
E-bang re litlokotsing.
’Me re tla e hlokomela
Ho se be se e tšoenyang;
Re be ba seli ho bona
Bao ba ka e hlaselang.
3. Ka lerato re tla thusa
Baena bohle phuthehong,
Ka bonolo le ka mosa,
Re ba thuse tšebetsong.
Seka bonngoeng ba lelapa,
Ha re etsane hampe;
Botšepehi e be tlamo
Tšebelisanong tsohle.
4. Re tla bontša botšepehi
Fatšeng le sa tšepeheng,
Ho ba lokeloang ke bona
Ha re lula Bokresteng.
Re tla bontša ’nete ea Jah,
Satan’a be leshano.
Jah o rata botšepehi,
Ruri bo mo fa thabo.