Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 2/8 maq. 18-19
  • Moroallo—’Nete Kapa Tšōmo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moroallo—’Nete Kapa Tšōmo?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boitsebiso bo Qaqileng bo ka Tšeptjoang
  • ’Nete ea Tiisoa
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Taba ea Noe le Moroallo—Ke ’Nete, Hase Tšōmo Feela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tlaleho ea Noe—Na ea re Ama?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 2/8 maq. 18-19

Pono ea Bibele

Moroallo—’Nete Kapa Tšōmo?

‘Liphoofolo tsohle tsa tla ka bobeli arekeng ho Noe.’— Genese 7:8, 9.

KE MANG ea e-song ho utloe ka Moroallo oa mehleng ea Noe? Mohlomong u tsebile pale eo ho tloha bongoaneng. Ka sebele, ha u ea laebrari ho batlisisa ka Moroallo, u ka ’na ua fumana libuka tse ngata ka ho eketsehileng tse ngoletsoeng bana tabeng ena ho feta tse ngoletsoeng batho ba baholo. Kahoo, u ka ’na ua etsa qeto ea ho nka tlaleho ena ea Moroallo e le pale feela ea ha ho il’o robaloa. Ba bangata ba nahana hore tlaleho ea Moroallo oa mehleng ea Noe, hammoho le karolo e khōlō ea Bibele eohle, hase letho haese tšōmo kapa bonyane, thuto ea boitšoaro e qapiloeng ke batho.

Ka ho makatsang, esita le ba bang ba ipolelang hore ba thehile litumelo tsa bona tsa bolumeli Bibeleng ba belaella hore Moroallo o hlile o etsahetse. Moprista oa K’hatholike Edward J. McLean o kile a bolela hore pale ea Noe e ne e reretsoe ho hlalosoa, eseng e le histori, empa e le “pale ea tšoantšetso kapa e ithutoang libukeng.”

Leha ho le joalo, na tlaleho ea Bibele ka Moroallo ke pale feela ea tšoantšetso, eo ho hang e sa rereloang ho nkoa ka tsela ea sebele? Na Bibele ka boeona e lumella maikutlo a joalo?

Boitsebiso bo Qaqileng bo ka Tšeptjoang

Nahana pele ka tlaleho e entsoeng ke Moshe bukeng ea Genese. Moo, re fumana selemo, khoeli le letsatsi tse tobileng tseo ka tsona pula e matla e qalileng ho na, areka e ileng ea lula fatše le lefatše le ileng la oma. (Genese 7:11; 8:4, 13, 14) Le hoja e se kamehla ho tlalehoang linako ka ho toba likarolong tse ling tsa Genese, linako tsena li totobatsa ’nete ea hore Moshe o ne a nka Moroallo e le ketsahalo ea sebele. Bapisa boleng ba linnete tsa Bibele le mantsoe a tloaelehileng a qalang litšōmo tse ngata, “Ba re e n’e re . . .”

E le mohlala o mong hape, nahana ka areka ka boeona. Bibele e hlalosa sekepe se ka bang bolelele ba limithara tse 133, ka karo-karolelano ea bolelele le bophahamo ba 10 le 1 le karo-karolelano ea bolelele le bophara ba 6 le 1. (Genese 6:15) Leha ho le joalo, Noe e ne e se moetsi oa likepe. ’Me hopola hore sena se etsahetse lilemong tse 4000 tse fetileng! Leha ho le joalo, areka e ne e hahiloe ka litekanyo tse ileng tsa sebetsa hantle bakeng sa mosebetsi oa eona oa ho ba sekepe se phaphamalang. Ha e le hantle, baqapi ba kajeno ba likepe ba fumane hore likaro-karolelano tse joalo ke tse loketseng bakeng sa mohaho o tšepahalang le o tsitsitseng leoatleng le bulehileng. Le hoja Bibele e sa totobatse hantle hore na Noe o qetile nako e kae a haha areka, tlaleho e lumella hore ho haha hoo ho nkile lilemo tse 50 kapa tse 60. (Genese 5:32; 7:6) Mabaka ana a fapane ka ho feletseng le pale e tummeng e fumanoang Thothokisong ea Babylona ea Gilgamesh. Thothokiso ena e hlalosa lebokose le leholo, le tšabehang le ka bang limithara tse 60 lehlakoreng ka leng le ileng la hahuoa ka matsatsi a supileng feela. Ho fapana le tšōmo eo ea Babylona, tlaleho ea Bibele ea Moroallo e fana ka kholiseho tabeng ea ho nepahala ha eona.

Kantle ho tlaleho ea Genese, Mangolo a bua ka Noe kapa Moroallo oa lefatše lohle ka makhetlo a leshome. Na litšupiso tsee li bontša hore bangoli ba bululetsoeng ba ne ba nka Moroallo e le histori ea sebele kapa e le tšōmo?

’Nete ea Tiisoa

Ka Mangolong, Noe o hlaha habeli malokong a sechaba sa Iseraele, le leng ke le fellang ho Jesu Kreste. (1 Likronike 1:4; Luka 3:36) Esdrase le Luka, bahlophisi ba litlaleho tsena tsa maloko, ka bobeli e ne e le litsebi tsa histori ’me ba tlameha ba ne ba lumela hore Noe e ne e le motho oa sebele.

Libakeng tse ling ka Bibeleng, Noe o thathamisitsoe har’a batho ba bang ba histori, o qotsitsoe e le motho oa ho loka le oa tumelo. (Ezekiele 14:14, 20; Baheberu 11:7) Na e ne e tla ba ho utloahalang hore bangoli ba Bibele ba akarelletse motho oa tšōmong e le mohlala o lokelang ho lateloa? Che, hobane sena se ne se ka lebisa babali ba Bibele habonolo qetong ea hore tumelo e ka ’nģane ho matla a batho ’me e ka bontšoa ke batho ba lipale tsa libukeng feela. Noe hammoho le banna le basali ba bang ba tumelo ba thathamisitsoe hobane e ne e le batho ba nang le mefokolo le maikutlo joaloka rōna.—Baheberu 12:1; bapisa le Jakobo 5:17.

Litšupisong tse setseng tsa Mangolo, ho buuoa ka Noe le Moroallo tabeng ea timetso eo Molimo a ileng a e tlisetsa moloko o hlokang tumelo o neng o pota-potile Noe. Hlokomela seo Jesu a se buang ka Moroallo, tlalehong e ho Luka 17:26, 27: “Feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe, ho tla ba joalo le matsatsing a Mora oa motho: ba ne ba ja, ba ne ba noa, banna ba ne ba nyala, basali ba ne ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo ha Noe a kena ka arekeng, ’me moroallo o fihla ’me o ba timetsa kaofela.”

Jesu Kreste e ne e le paki e boneng ka mahlo liketsahalo tseo a neng a li hlalosa, kaha o ne a phetse leholimong pele ho bophelo ba hae lefatšeng. (Johanne 8:58) Haeba Moroallo e ne e le tšōmo feela, joale ntho li peli, Jesu o ne a fana ka maikutlo a hore boteng ba hae ba nakong e tlang e ne e le khopolo-taba feela kapa o ne a bua bohata. Ha ho le e ’ngoe ea liqeto tsena e lumellanang le Mangolo ka kakaretso. (1 Petrose 2:22; 2 Petrose 3:3-7) Kahoo, ka lebaka la seo a se boneng, Jesu Kreste o ne a lumela hore tlaleho ea Bibele ea Moroallo oa lefatše ke ’nete ea histori. Ho Bakreste ba ’nete, ntle ho pelaelo hona ke bopaki ba makhaola-khang ba hore Moroallo oa mehleng ea Noe ke ’nete, eseng tšōmo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

L. Chapons/Illustrirte Familien-Bibel nach der deutschen Uebersetzung Dr. Martin Luthers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela