Khaolo ea 10
Ha Setho sa Lelapa se Kula
1, 2. Satane o ile a sebelisa tlokotsi le boloetse joang ho leka ho senya botšepehi ba Jobo?
JOBO ka sebele ke monna ea tlamehang ho balelloa har’a ba ileng ba thabela bophelo ba lelapa bo thabileng. Bibele e mo bitsa ea neng a “fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo.” O ne a e-na le bara ba supileng le barali ba bararo, bana ba leshome kaofela. O ne a boetse a e-na le mokhoa oa ho hlokomela ba lelapa la hae hantle. Habohlokoahali, o ne a etella pele mesebetsing ea moea ’me o ne a amehile ka boemo ba bana ba hae ka pel’a Jehova. Hona kaofela ho ile ha fella ka likamano tse haufi-ufi le tse thabileng tsa lelapa.—Jobo 1:1-5.
2 Boemo ba Jobo ha boa ka ba phonyoha Satane, sera se seholo sa Jehova Molimo. Satane, eo kamehla a batlang litsela tsa ho senya botšepehi ba bahlanka ba Molimo, o ile a hlasela Jobo ka ho timetsa lelapa la hae le thabileng. Eaba, o “otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hlooho.” Kahoo Satane o ne a tšepile ho sebelisa tlokotsi le ho kula ho senya botšepehi ba Jobo.—Jobo 2:6, 7.
3. Matšoao a bokuli ba Jobo e ne e le afe?
3 Bibele ha e fane ka lebitso la bongaka la bohloko ba Jobo. Leha ho le joalo, e re bolella matšoao. Nama ea hae e ne e nyeunya tšenyane, ’me letlalo la hae le ne le e-ba le khoo ’me le bola. Moea oa lehano oa Jobo o ne o nkha habohloko-hloko, ’me ’mele oa hae o ne o e-na le lephoka le lebe. O ne a sohlokehile ke bohloko. (Jobo 7:5; 19:17; 30:17, 30) A le bohlokong bo otlang pelo, Jobo o ile a lula moloreng ’me a ikhoabitla ka lengetana. (Jobo 2:8) Ruri e ne e le pono e hlomolang pelo!
4. Lelapa le leng le le leng le ba le phihlelo efe nako le nako?
4 U ne u tla itšoara joang hoja u ne u tšoeroe ke boloetse bo joalo bo bohloko? Kajeno, Satane ha a otle bahlanka ba Molimo ka boloetse joalokaha a entse ho Jobo. Ho ntse ho le joalo, ka lebaka la ho se phethahale ha batho, khatello ea kelello ea bophelo ba letsatsi le letsatsi, le ho senyeha ha tikoloho eo re phelang ho eona, ho ka lebelloa hore nako le nako, litho tsa lelapa li tla kula. Ho sa tsotellehe mehato ea thibelo eo re ka e nkang, kaofela ha rōna re ka kula, le hoja e le ba fokolang ba ka utloang bohloko joaloka Jobo. Ha boloetse bo hlasela lelapa la rōna, ka sebele e ka ba phephetso. Ka hona a re boneng kamoo Bibele e re thusang kateng hore re sebetsane le sera sena se lulang se le teng sa moloko oa motho.—Moeklesia 9:11; 2 Timothea 3:16.
U IKUTLOA JOANG KA HONA?
5. Hangata litho tsa lelapa li itšoara joang maemong a boloetse ba nakoana?
5 Ho sitisoa ha tsela e tloaelehileng ea bophelo, ho sa tsotellehe hore na sesosa ke eng, kamehla ho thata, ’me hona ke ’nete haholo-holo haeba tšitiso eo e bakoa ke boloetse ba nako e telele. Esita le bokuli ba nakoana bo hloka liphetoho, ho nahanela le boitelo. Litho tse phelang hantle tsa lelapa li ka ’na tsa lokela ho lula li khutsitse e le hore ea kulang a ka phomola. Li ka ’na tsa tlameha ho tela mesebetsi e meng e itseng. Ho ntse ho le joalo, malapeng a mangata esita le bana ba banyenyane ba utloela ngoana ea kulang kapa motsoali bohloko, le hoja ka linako tse ling ba tlameha ho hopotsoa hore ba nahanele. (Bakolose 3:12) Tabeng ea boloetse ba nakoana, hangata lelapa le se le ntse le loketse ho etsa se hlokahalang. Ntle ho moo, setho se seng le se seng sa lelapa se ne se tla lebella ho nahaneloa ka tsela e tšoanang haeba se ne se ka kula.—Matheu 7:12.
6. Ka linako tse ling ho bonoa batho ba itšoara joang haeba setho sa lelapa se hlaseloa ke boloetse bo tebileng le ba nako e telele?
6 Joale, ho thoe’ng haeba bokuli boo e le bo tebileng ’me tšitiso e le khōlō hape e le ea nako e telele? Ka mohlala, ho thoe’ng haeba e mong oa lelapa a shoele litho ke stroke, a holofalitsoe ke lefu le bakang ho lahleheloa ke kelello joaloka boqhekung, kapa a fokolisitsoe ke bokuli bo bong? Kapa ho thoe’ng haeba setho sa lelapa se hlasetsoe ke lefu la methapo, le kang schizophrenia? Bohato ba pele bo tloaelehileng ke qenehelo—masoabi a hore ea ratoang o mahlomoleng. Leha ho le joalo, qenehelo e ka ’na ea lateloa ke ho itšoara ka tsela e ’ngoe. Ha litho tsa lelapa li iphumana li amehile haholo le bolokolohi ba tsona bo lekanyelitsoe ke boloetse ba motho a le mong, li ka ’na tsa ikutloa li hloname. Li ka ’na tsa ipotsa: “Ke hobane’ng ha ’na ke etsahalloa ke ntho e tjee?”
7. Mosali oa Jobo o ile a itšoara joang ka boloetse ba Jobo, hona ho bonahala a ile a lebala eng?
7 Ho bonahala ntho e tšoanang e ile ea feta kelellong ea mosali oa Jobo. Hopola, o ne a se a lahlehetsoe ke bana ba hae. Ha liketsahalo tseo tsa tlokotsi li ne li senoleha, ha ho pelaelo hore o ile a ikutloa a ferekane le ho feta. Qetellong, ha a bona monna oa hae ea kileng a ba mafolo-folo le ea neng a le sehlahlo a hlasetsoe ke lefu le bohloko le le nyonyehang, o bonahala a ile a lahleheloa ke tšobotsi ea bohlokoahali e neng e phahametse likoluoa tsena ka bohlokoa—kamano eo eena le monna oa hae ba neng ba e-na le eona le Molimo. Bibele e re: “Mosali oa [Jobo] a re ho eena: Na u sa tiiselitse tokeng ea hao na? Rohaka Molimo, ’me u shoe!”—Jobo 2:9.
8. Ha setho sa lelapa se kula haholo, ke lengolo lefe le tla thusa litho tse ling tsa lelapa hore li be le pono e loketseng?
8 Ba bangata ba ikutloa ba ferekane, ba bile ba halefile, ha bophelo ba bona bo fetoloa ka mokhoa o feteletseng ke boloetse ba motho e mong. Ho ntse ho le joalo, Mokreste ea tla seka-seka boemo qetellong o lokela ho hlokomela hore sena se mo fa monyetla oa hore a bontše lerato la hae la ’nete. Lerato la ’nete “lea tiisetsa ’me le mosa . . . [’me] ha le batle lithahasello tsa lona . . . Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:4-7) Ka hona, ho e-na le ho lumella maikutlo a mabe, ke habohlokoa hore re etse sohle seo re ka se khonang ho a laola.—Liproverbia 3:21.
9. Ke tiisetso efe e ka thusang lelapa moeeng le maikutlong ha setho sa lelapa se kula haholo?
9 Ho ka etsoa eng ho sireletsa boiketlo ba moea le ba maikutlo ba lelapa ha e mong oa litho tsa lona a kula hampe? Ke ’nete hore bokuli bo bong le bo bong bo hloka tlhokomelo le tšoaro tse ikhethang, ’me e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng bukeng ena ho buella mekhoa leha e le efe ea bongaka kapa tlhokomelo ea lapeng. Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea moea, Jehova “o phahamisa bohle ba khokhopaneng.” (Pesaleme ea 145:14, BPN) Morena Davida o ile a ngola: “Ho lehlohonolo ea hlokomelang ea lesitsi! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo loela. Jehova o tla mo sireletsa, a mo phelise; . . . Jehova o tla mo tšehetsa, ha a le liphateng tsa boloetse.” (Pesaleme ea 41:1-3) Jehova o boloka bahlanka ba hae ba phela moeeng, esita leha ba lekoa maikutlong ho feta matla a bona. (2 Bakorinthe 4:7) Litho tse ngata tsa malapa tse tobaneng le boloetse bo tebileng malapeng a tsona ba phetile mantsoe a mopesaleme: “Jehova, ke hlomohile haholo; u ke u mphelise kamoo lentsoe la hao le boletseng kateng.”—Pesaleme ea 119:107.
MOEA O PHEKOLANG
10, 11. (a) Ho hlokahala eng hore lelapa le tle le sebetsane ka katleho le boloetse? (b) Mosali e mong o ile a sebetsana ka katleho joang le ho kula ha monna oa hae?
10 Maele a Bibele a re: “Ea kulang o matlafatsoa ke moea oa hae, moea o hlomohileng o ka phekoloa ke mang?” (Liproverbia 18:14) Boemo bo ferekanyang bo ka hlasela boikemisetso ba lelapa hammoho le ‘moea oa motho.’ Empa, “pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.” (Liproverbia 14:30) Ho sa tsotellehe hore na lelapa le sebetsana ka katleho le bokuli bo tebileng kapa che ho itšetlehile haholo-holo ka boikutlo, kapa moea, oa litho tsa lona.—Bapisa le Liproverbia 17:22.
11 Mosali e mong oa Mokreste o ile a tlameha ho mamella ho bona monna oa hae a holofalitsoe ke stroke lilemo tse tšeletseng feela ka mor’a hore ba nyalane. Oa hopola: “Ho bua ha monna oa ka ho ile ha ameha hampe, ’me ho ne ho batla ho le thata ho qoqa le eena. Khatello ea kelello ea ho leka ho utloisisa hore na o leka ho re’ng e ne e le khōlō haholo.” Hape, nahana, bohloko bo otlang pelo le ho ferekana tseo monna e tlamehang ebe o bile le tsona. Banyalani bao ba ile ba etsa joang? Le hoja ba ne ba lula hōle le phutheho ea Bokreste, morali’abo rōna o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a lule a le matla moeeng ka ho lula a le nakong ka boitsebiso ba morao-rao ba mokhatlo o hlophisitsoeng hammoho le ho tsoela pele a fumana lijo tsa moea ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Sena se ile sa mo fa matla a moea hore a hlokomele monna oa hae eo a mo ratang ho fihlela lefung la hae lilemo tse ’nè hamorao.
12. Joalokaha ho bonoe tabeng ea Jobo, ke tlatsetso efe eo ka linako tse ling ea kulang a e etsang?
12 Tabeng ea Jobo e ne e le eena, ea hlasetsoeng, ea ileng a lula a le matla. O ile a botsa mosali oa hae: “Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?” (Jobo 2:10) Hase feela morutuoa Jakobo hamorao a ileng a qotsa Jobo e le mohlala o ikhethang oa mamello le tiisetso! Ho Jakobo 5:11 rea bala: “Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o bonolo haholo boikutlong ’me o mohau.” Ka ho tšoanang le kajeno, mabakeng a mangata boikutlo bo sebete ba setho se kulang sa lelapa bo thusitse ba bang ka lapeng hore ba lule ba e-na le pono e nepahetseng.
13. Ke ho bapisa hofe ho sa lokelang ho etsoa ke lelapa le nang le ea kulang haholo?
13 Boholo ba ba ileng ba lokela ho sebetsana le bokuli ka lapeng baa lumela hore qalong ho tloaelehile hore litho tsa lelapa li be le bothata ba ho tobana le ’nete. Ba boetse ba supa hore tsela eo motho a talimang boemo ka eona ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Liphetoho le litokiso tseleng eo lelapa le tloaetseng ho etsa lintho ka eona li ka ’na tsa e-ba thata qalong. Empa haeba motho a hlile a etsa boiteko, a ka tloaelana le boemo bo bocha. Ka ho etsa joalo, ke habohlokoa hore re se ke ra bapisa maemo a rōna le a ba bang ba se nang boloetse ka lapeng, re nahana hore bophelo ba bona bo bonolo le hore ‘ho hang ha hoa lokela ho ba ka tsela ena!’ Ha e le hantle, ha ho ea hlileng a tsebang hore na ba bang ba na le meroalo efe. Bakreste bohle ba fumana matšeliso mantsoeng a Jesu: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28.
HO BEHA LINTHO TSE TLANG PELE, PELE
14. Lintho tse tlang pele li ka behoa pele joang?
14 Ha le tobane le boloetse bo tebileng, lelapa le ne le tla etsa hantle ho hopola mantsoe ana a bululetsoeng: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liproverbia 15:22, NW) Na litho tsa lelapa li ka tla hammoho ’me tsa buisana ka boemo bo bakiloeng ke boloetse? Ka sebele e ne e tla ba ho loketseng ho etsa joalo ka thapelo le ho retelehela Lentsoeng la Molimo bakeng sa tataiso. (Pesaleme ea 25:4) Ho lokela ho nahanoa ka eng puisanong e joalo? Ho lokela ho etsoa liqeto ka liphekolo tsa bongaka, lichelete le lelapa. Ke mang eo e tlang ho ba mohlokomeli ea ka sehloohong? Lelapa le ka sebelisana joang ho tšehetsa tlhokomelo e joalo? Litokisetso tse entsoeng li tla ama setho se seng le se seng sa lelapa joang? Litlhoko tsa moea le tse ling tsa mohlokomeli ea ka sehloohong li tla eloa hloko joang?
15. Jehova o fana ka tšehetso efe malapeng a nang le ea kulang haholo?
15 Ho rapella tataiso ea Jehova ka tieo, ho thuisa ka Lentsoe la hae, le hore ka sebete u latele tsela e bontšitsoeng ke Bibele hangata ho fella ka mahlohonolo ao re sa a lebellang. Boloetse ba setho se kulang sa lelapa hase kamehla bo ka eang moriting. Empa ho itšetleha ka Jehova kamehla ho lebisa phellong e molemohali boemong leha e le bofe. (Pesaleme ea 55:22) Mopesaleme o ile a ngola: “Mohau oa hao, Jehova, o tlile ho ntšehetsa. Pelo ea ka ha e tletse lipelaelo, matšeliso a hao a hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:18, 19; bona le Pesaleme ea 63:6-8.
HO THUSA BANA
16, 17. Ho ka hlakisoa lintlha life ha ho buisanoa le bana ba banyenyane ka ho kula ha ngoana e mong?
16 Boloetse bo tebileng bo ka bakela bana mathata ka lapeng. Ke habohlokoa hore batsoali ba thuse bana hore ba utloisise litlhoko tse hlahileng le hore na ba ka etsa’ng ho thusa. Haeba ea kulang ke ngoana, banab’abo ba tlameha ho thusoa ho utloisisa hore tlhokomelo e khōloanyane eo ea kulang a e fumanang ha e bolele hore bana ba bang ha ba ratuoe haholo. Ho e-na le ho lumella hore tlhonamo kapa bora bo be teng, batsoali ba ka thusa bana ba bang hore ba be le tlamahano e haufi e mong ho e mong le kameho ea ’nete ha ba sebelisana mabapi le ho sebetsa boemo bona bo bakiloeng ke ho kula.
17 Hangata bana ba banyenyane ba arabela habonolo haeba batsoali ba ipiletsa maikutlong a bona ho e-na le litlhaloso tse telele kapa tse rarahaneng ka maemo a bongaka. Kahoo ba ka fuoa leseli la hore na setho sena sa lelapa se kulang se feta har’a eng. Haeba bana ba phelang hantle ba bona kamoo bokuli bo thibelang ea kulang ho etsa lintho tse ngata tseo bona ka bobona ba li nkang habobebe, ho ka etsahala hore ba be le “boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho” le ho ba le “qenehelo e bonolo.”—1 Petrose 3:8.
18. Bana ba hōlileng ba ka thusoa joang hore ba utloisise mathata a bakiloeng ke ho kula, hona see se ka ba molemo ho bona joang?
18 Bana ba hōlileng ba lokela ho thusoa ho hlokomela hore ho na le boemo bo boima le hore bo hloka boitelo ho e mong le e mong ka lapeng. Ka lebaka la litefiso tsa lingaka le mekoloto ea meriana tse lokelang ho lefshoa, ho ka ’na ha se ke ha khoneha hore batsoali ba hlokomele bana ba bang ka tsela eo ba neng ba ka rata ka eona. Na bana ba tla hlonamela see ’me ba ikutloe hore ba tingoa lintho tse ling? Kapa ba tla utloisisa boemo ’me ba ithaopele ho etsa boitelo bo hlokahalang? Boholo bo itšetlehile ka tsela eo taba eo e tšohloang ka eona le moea o teng ka lapeng. Ka sebele, malapeng a mangata bokuli ba setho se seng sa lelapa bo thusitse ho koetlisa bana ho latela keletso ea Pauluse: “[Le se ke la etsa] letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.”—Bafilippi 2:3, 4.
MOKHOA OA HO TALIMA PHEKOLO EA MERIANA
19, 20. (a) Lihlooho tsa malapa li jara boikarabelo bofe ha setho se seng sa lelapa se kula? (b) Le hoja e se buka ea ho ithuta ea bongaka, Bibele e fana ka tataiso ka tsela efe mabapi le ho sebetsana le ho kula?
19 Bakreste ba leka-lekaneng ha ba hane phekolo ea meriana hafeela e se khahlanong le molao oa Molimo. Ha setho sa lelapa la bona se kula, ba chesehela ho batla thuso ho kokobetsa bohloko ba ea hlasetsoeng. Ho ntse ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le maikutlo a hanyetsanang a litsebi a tlamehang ho hlahlobjoa. Ho phaella moo, lilemong tsa morao tjena mafu a macha le maloetse a ’nile a hlaha a sa lebelloa, ’me ho a mangata a ’ona, ha ho na mokhoa oa phekolo o amohelehang ka kakaretso. Esita le tlhahlobo e nepahetseng ea hore na motho o tšoeroe ke lefu lefe ka linako tse ling ho thata ho e fumana. Joale, Mokreste o lokela ho etsa joang?
20 Le hoja mongoli e mong oa Bibele e ne e le ngaka, le moapostola Pauluse a ile a fana ka keletso e molemo ea bongaka ho motsoalle oa hae Timothea, Mangolo ke tataiso ea boitšoaro le ea moea, e seng buka ea ho ithuta ea bongaka. (Bakolose 4:14; 1 Timothea 5:23) Kahoo, litabeng tsa phekolo ea bongaka, bao e leng lihlooho tsa malapa a Bakreste ba tlameha ho iketsetsa liqeto tse bontšang ho leka-lekana. Mohlomong ba ka ba le boikutlo ba hore ho hlokahala ba fumane maikutlo a mang a botsebi. (Bapisa le Liproverbia 18:17.) Ka sebele ba tla batla thuso e molemohali e teng bakeng sa setho se kulang sa lelapa, ’me boholo bo e batla har’a lingaka tse tloaelehileng tsa meriana. Ba bang ba ikutloa ba phutholohile ka liphekolo tse ling tsa bophelo. Le mona ke qeto ea botho. Ho ntse ho le joalo, ha ba sebetsana le mathata a bophelo, Bakreste ha ba khaotse hore ‘lentsoe la Molimo e ’ne e be lebone la maoto a bona, le leseli tseleng ea bona.’ (Pesaleme ea 119:105) Ba tsoela pele ho latela litataiso tse behiloeng ka Bibeleng. (Esaia 55:8, 9) Kahoo, ba qoba mekhoa ea tlhahlobo ea lefu e nang le mohlala oa tšebelisano le meea, ’me ba qoba liphekolo tse ba tlōlisang melao-motheo ea Bibele.—Pesaleme ea 36:9; Liketso 15:28, 29; Tšenolo 21:8.
21, 22. Mosali e mong oa Asia o ile a beha mabaka joang ka molao-motheo oa Bibele, hona qeto eo a ileng a e etsa e ile ea ipaka e nepahetse joang boemong ba hae?
21 Nahana ka taba ea mosali e monyenyane oa Asia. Nakoana ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele ka lebaka la ho ithuta le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a ba le ngoana oa ngoanana ea ileng a hlaha pele ho nako ea neng a e-na le boima ba ligrama tse 1 470 feela. Mosali eo o ile a apareloa ke masoabi ha ngaka e mo bolella hore ngoana eo e tla ba sehole ka ho feletseng le hore ha ho mohla a tla tseba ho tsamaea. E ile ea mo eletsa hore a nehelane ka ngoana eo setsing sa tlhokomelo ea bakuli ba mofuta oo. Monna oa hae o ne a sa tsitsa ka taba ena. O ne a tla retelehela ho mang?
22 O re: “Ke hopola ke ithuta Bibeleng hore ‘bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.’” (Pesaleme ea 127:3) O ile a etsa qeto ea ho isa “lefa” lena hae le ho ea mo hlokomela. Qalong lintho li ne li le boima, empa ka thuso ea metsoalle ea Bakreste phuthehong ea sebaka seo ea Lipaki tsa Jehova, mosali eo o ile a khona ho laola le ho hlokomela ngoana eo ka tšehetso e khethehileng e hlokahalang. Lilemo tse 12 hamorao, ngoana eo o ne a e-ea libokeng Holong ea ’Muso ’me a thabela botsoalle ba bacha ba moo. ’Mè eo oa hlalosa: “Ke leboha haholo hore ebe melao-motheo ea Bibele e ile ea ntšusumeletsa ho etsa se nepahetseng. Bibele e nthusitse ho boloka letsoalo le hloekileng ka pel’a Jehova Molimo le ho se be le ho ikoahlaea hoo ke neng ke tla ba le hona bophelo bohle ba ka.”
23. Bibele e fana ka matšeliso afe ho ba kulang le ba ba hlokomelang?
23 Ho kula ho ke ke ha e-ba teng har’a rōna ka ho sa feleng. Moprofeta Esaia o ile a supa pele nakong eo ‘ho seng moahi ea tla re: “Kea kula.”’ (Esaia 33:24, NW) Tšepiso eo e tla phethahatsoa lefatšeng le lecha le atamelang ka potlako. Leha ho le joalo, ho fihlela ka nako eo, re lokela ho loana le ho kula le lefu. Ka thabo, Lentsoe la Molimo le re fa tataiso le thuso. Melao ea motheo ea boitšoaro eo Bibele e fanang ka eona ke e tšoarellang, ’me e phahametse maikutlo a lulang a fetoha a batho ba sa phethahalang. Kahoo, motho ea bohlale o lumellana le mopesaleme ea ileng a ngola: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto. . . . Likahlolo tsa Jehova ke ’nete, li lokile kaofela; . . . ho bolokoeng ha tsona ho na le moputso o moholo.”—Pesaleme ea 19:7, 9, 11.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . LELAPA JOANG HORE LE SEBETSANE LE HO KULA HAMPE LE TŠITISO EO HO E BAKANG?
Lerato le tiisetsa le ho mamella lintho tsohle.—1 Bakorinthe 13:4-7.
Ke habohlokoa ho hlaolela moea o motle.—Liproverbia 18:14.
Ho molemo ho batla keletso pele ho etsoa liqeto tsa bohlokoa.—Liproverbia 15:22.
Jehova oa re tšehetsa ha bophelo bo le thata.—Pesaleme ea 55:22.
Lentsoe la Jehova ke tataiso maemong ’ohle.—Pesaleme ea 119:105.
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Bakreste ba bontša botebo ba lerato la bona ha balekane ba bona ba kula
[Setšoantšo se leqepheng la 125]
Ha lelapa le sebetsa hammoho, mathata a ka rarolloa