Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/99 leq. 1
  • “Sebelisang ho se Fele Pelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Sebelisang ho se Fele Pelo”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Etsa Tšebeletso ea Rōna re sa Fele Pelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U ka Bonahatsa Mamello?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 1/99 leq. 1

“Sebelisang ho se Fele Pelo”

1 Kaha rea bona hore bofelo ba tsamaiso ea khale ea Satane bo ntse bo atamela ka potlako, ke habohlokoahali hore re ‘sebelise ho se fele pelo’ ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova la topollo. Haholo-holo metsotsong ena e seng e jele babeli, makhotla a khopo a sera a ikemiselitse ho khelosa tlhokomelo ea rōna tsekong ea bohlokoahali ea bobusi ba Jehova ’me a leka ho re sitisa ka lithahasello tse ngata tsa botho. Ka tsela ena, Satane o tla re qhekella hore re tele kapa re khoehlise mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (Jak. 5:7, 8; Mat. 24:13, 14) Kahoo, re ka bontša ho se fele pelo ho joalo ho hlokahalang ka litsela life?

2 Ka ho ba ba Mamellang: Ha re kopana le batho ba se nang thahasello kapa ba hanyetsang tšebeletsong ea rōna, mamello e tla re thusa hore re phehelle boboleling. Ha re na ho tšoha lefeela kapa ho khopeha ha batho bao re kopanang le bona ba se na mekhoa e metle kapa ba se mosa. (1 Pet. 2:23) Matla ana a ka hare a ka re thibela ho bua hampe ka batho ba leng tšimong ea rōna ba bontšang ho hloka thahasello le lehloeo mosebetsing oa rōna, re hlokomela hore puo e joalo e ka re nyahamisa le ho nyahamisa le bao re sebetsang le bona tšebeletsong.

3 Ka ho Phehella ka Tiisetso: E ka ba ho khathatsang matla haeba ka mor’a ho ba le puisano e monate tšebeletsong ea tšimo, ebe ha re fumane motho ea thahasellang a le teng lapeng hape. Ho boetse ho khathatsa matla haeba bao re ithutang le bona ba lieha ho tsoela pele kapa ba lieha ho emela ’nete. Leha ho le joalo, hangata ho phehella ka tiisetso ho ba le liphello tse ntle. (Bagal. 6:9) Morali’abo rōna e mong o ile a etsa maeto a ho boela a ’maloa ho mosali e mong e mocha pele thuto ea Bibele e hlile e qalisoa. Maetong a pele a mahlano, mosali eo o ne a tšoarehile ka lintho tse ling. Ha a etsa boiteko ka lekhetlo la botšelela, morali’abo rōna o ile a kolobisoa haholo ke pula e neng e na ka sefefo, empa a fumana ho se na motho lapeng. Leha ho le joalo, o ile a ikemisetsa hore a fe mosali eo monyetla o mong hape, kahoo morali’abo rōna o ile a boela a mo etela ’me a fumana mosali eo a itokiselitse ho ithuta. Ka mor’a moo, seithuti seo se ile sa tsoela pele ka mokhoa o tsitsitseng ’me ka nako e khutšoanyane sa nehela bophelo ba sona ho Jehova.

4 Rea tseba hore letsatsi la Jehova le ke ke la lieha. Kahoo re letetse eena hore a sebetse litaba, re tseba hore ho se fele pelo ha Molimo ho tla hlahisa litholoana tse ntle. (Hab. 2:3; 2 Pet. 3:9-15) Re lokela hore re se fele pelo joaloka Jehova ’me re se ke ra tela tšebeletsong. “Ka tumelo le ho se fele pelo,” talima ho Jehova hore a u putsetse tšebetso ea hao e thata.—Baheb. 6:10-12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela