Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 6/15 maq. 9-12
  • Mamello—Ke Hobane’ng ha e Fumaneha Seoelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamello—Ke Hobane’ng ha e Fumaneha Seoelo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea ho Hloka Mamello
  • Lisosa Tsa ho Hloka Mamello
  • Mamello—Lebaka Leo e Leng ea Bohlokoa Hakana
  • Mehlala e Khothatsang
  • Meputso ea Mamello
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na U ka Bonahatsa Mamello?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Etsisa ho se Fele Pelo ha Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 6/15 maq. 9-12

Mamello—Ke Hobane’ng ha e Fumaneha Seoelo?

EMILIO o ne a le lilemong tsa bo-60.a O ne a tlile Oahu ho tla phetha mosebetsi o bohloko—ho pata mora oa hae eo e neng e se e le motho e moholo. Ha Emilio a ntse a tsamaea seterateng se khutsitseng se leralleng ’me a ntse a bua le e meng ea metsoalle, o ile a makatsoa ke koloi e chechang ka lebelo tselaneng e tsoang lapeng ha motho. Koloi ea batla e mo thula, ’me ka bohale le ka ho hloka mamello, Emilio a kharumela moqhobi eo a ba a otla koloi ka letsoho. Khang ea tsoha. Ho bonahala moqhobi a ile a suthumetsa Emilio, ea ileng a oa a ba a otla ka hlooho holim’a majoe a thata a katileng tsela. Ka mor’a matsatsi a se makae, Emilio a shoa ka lebaka la kotsi e hloohong ea hae. E bile phello e bohloko hakaakang!

Re phela lefatšeng leo mamello e leng tšobotsi e fumanehang seoelo. Baqhobi ba ntseng ba eketseha ba lipalangoang ba khanna ka lebelo le tlōtseng. Ba bang ba khanna hampe ka ho fothakela—ba latela haufi-ufi haholo likoloi tse tsamaeang ka lebelo le lumelletsoeng. Ho ntse ho le joalo, ba bang baa tsoa, ba tsoelipana ba tloha moleng ona ho kena ho oane hobane ba sa khone ho mamella ho sala koloi e ’ngoe morao. Ka lapeng, litho tsa lelapa li ka ’na tsa ntša khalefo ea tsona ’me tsa e-ba mabifi. Esita le Bakreste ba bang ba ka ’na ba khopiseha ka ho feteletseng ka lebaka la mefokolo kapa liphoso tsa baena ba bona ba moea.

Ke hobane’ng ha mamello e fumaneha seoelo hakaale? Na haesale ho le joalo? Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho ba le mamello mehleng ea rōna?

Mehlala ea ho Hloka Mamello

Bibele e bolela ka mosali ea sa kang a emela ho iteanya le monna oa hae pele a etsa qeto ea bohlokoahali. Lebitso la hae e ne e le Eva. A etelletse Adama pele, mohlomong ka ’nģa e ’ngoe e le ka lebaka la ho hloka mamello, o ile a ja tholoana e hanetsoeng. (Genese 3:1-6) Ho thoe’ng ka monna oa hae? Le eena ka ho tšoanang o bontšitse ho hloka mamello ka ho latela Eva sebeng ntle le hore pele a atamele Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, bakeng sa thuso kapa tataiso. Meharo ea bona, mohlomong e kopane le ho hloka mamello ho lebisitseng sebeng, e bile le liphello tse bolaeang ho rōna bohle. Ho bona re boetse re amohetse tšekamelo ea ho etsa libe e le lefa, ho akarelletsa boiphahamiso le ho hloka mamello.—Ba-Roma 5:12.

Lilemo tse ka bang 2 500 ka mor’a sebe sa batsoali ba rōna ba pele, batho ba Molimo ba khethiloeng, Baiseraele, ba ile ba bontša ho hloka tumelo ho tebileng, le ho tsoelang pele, hammoho le ho hloka mamello. Le hoja Jehova a ne a sa tsoa ba pholosa ka mohlolo bokhobeng Egepeta, ba ile ba phakisa “ba lebala mesebetsi ea hae” ’me “ha ba ka ba emela keletso ea hae.” (Pesaleme ea 106:7-14, NW) Nako le nako ba ile ba oela liphosong tse tebileng ka lebaka la ho hloka mamello. Ba ile ba etsa namane ea khauta ’me ba e rapela; ba belaela ka manna ao e neng e le tokisetso ea lijo ea Jehova bakeng sa bona; ’me ba bangata ho bona ba bile ba fetohela le Moshe, moemeli oa Jehova ea khethiloeng ka tsela ea bomolimo. Ka sebele, ho hloka mamello ha bona ho ba lebisitse masoabing le tlokotsing.

Morena oa pele oa motho Iseraeleng, Saule, o ile a lahla monyetla oa hore bara ba hae e be bahlahlami ba hae boreneng. Hobane’ng? Hobane o ile a hlōleha ho emela moprofeta Samuele, ea neng a tšoanetse ho etsetsa Jehova sehlabelo. Ho tšaba batho ho ile ha etsa hore Saule a etelle Samuele pele ka ho nyehela sehlabelo. Nahana hore na Saule o ile a ikutloa joang ha Samuele a hlaha hang feela ka mor’a hore a qete ho etsa tšebeletso eo! Hoja feela o ile a ema metsotso e se mekae!—1 Samuele 13:6-14.

Hoja feela Eva o ne a ile a emela Adama ho e-na le ho potlakela ho nka tholoana! Hoja feela Baiseraele ba ne ba ile ba hopola ho emela keletso ea Jehova! E, mamello e ka be e re thusitse hammoho le bona ho ipoloka masoabing le bohlokong.

Lisosa Tsa ho Hloka Mamello

Bibele e re thusa ho utloisisa lebaka la sehlooho la ho hloka mamello kajeno. Timothea oa Bobeli khaolo ea 3 e hlalosa moloko oa rōna e le o phelang ‘linakong tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ E re batho “e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” (Litemana 2, 3, bapisa le NW.) Boikutlo bo joalo ba meharo le boithati bo teng lipelong le ka likelellong tsa batho ba bangata, ’me bo thatafalletsa bohle, esita le Bakreste ba ’nete ho bontša mamello. Ha re bona batho ba lefatše ba khanna ka lebelo le phahameng kapa ba kenella meleng kapa ba re hlapaola, mamello ea rōna e ka lekoa ka ho feletseng. Re ka ’na ra ba tekong ea ho ba etsisa kapa ho iphetetsa ho bona, kahoo ra theohela boitšoarong ba bona bo tlaase ba boikhohomoso.

Ka linako tse ling ke liqeto tsa rōna tse fosahetseng tse etsang hore re lahleheloe ke mamello. Hlokomela kamoo Morena Salomone ea bohlale a ileng a hlalosa kateng kamano pakeng tsa monahano oa ho potlaka o fosahetseng, le boitšoaro ba ho halefa, ba ho hloka mamello: “Pelo e telele e molemo ho e-na le pelo e ikakasang. U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” (Moeklesia 7:8, 9) Haeba re nka nako ho fumana ka ho feletseng setšoantšo se nepahetseng sa boemo pele re ka sebetsana le bona, re ka ba ba utloisisang haholoanyane, ba nang le kutloelo-bohloko haholoanyane, le ba bontšang mamello haholoanyane ho ba bang. Ka lehlakoreng le leng, moea oa boikakaso le oa boikhabi o ka re etsa ba sa qeneheleng, ba hlokang mamello, le ba nang le lehloeo le tebileng, ho tšoana le Baiseraele ba korotlang, ba melala e sataletseng ba neng ba tšoenya Moshe.—Numere 20:2-5, 10.

Lebaka le leng la ho eketseha ha ho hloka mamello lefatšeng lena ke boemo ba lona ba ho hloka tšepo, e leng phello ea ho ikarola ho Jehova. Davida o ile a bolela ka ho hlakileng ka tlhoko ea motho ea ho tšepela ho Jehova: “Moea oa ka, u itšepele Molimo, hobane tšepo ea ka e tsoa ho oona.” (Pesaleme ea 62:5) Batho ba bangata ba sa tsebeng Jehova ba na le pono e lerootho le e lekanyelitsoeng, kahoo ba leka ho sebelisa monyetla o mong le o mong oa monyaka le katleho pele nako ea bona e fela. Ho tšoana le ntate oa bona oa moea, Satane Diabolose, hangata ha ba tsotelle hore na liketso tsa bona li ka utloisa ba bang bohloko hakae.—Johanne 8:44; 1 Johanne 5:19.

Hase feela mamello e fumanehang seoelo hakana kajeno. Tsamaiso ena ea lintho e khopo, e tletseng boithati, molimo oa eona Satane, le litšekamelo tsa boetsalibe tsa nama ea rōna e eisehang li thatafaletsa e mong le e mong, esita le ba tšepahalang, hore ba be le mamello. Leha ho le joalo, Bibele e re khothalletsa ho ‘sebelisa mamello,’ haholo-holo mabapi le ho phethahatsoa ha merero ea Molimo. (Jakobo 5:8, NW) Ke hobane’ng ha mamello e le ea bohlokoa hakaale? E ka re tlisetsa meputso efe?

Mamello—Lebaka Leo e Leng ea Bohlokoa Hakana

“Bao ba tiisetsang ka mamello ’me ba letela menyetla ea ho sebeletsa, baa sebeletsa le bona.” Mantsoe ao a builoe ke seroki sa Lenyesemane John Milton lilemong tse fetang 300 tse fetileng thokong ea hae “On His Blindness [Bofofung Ba Hae].” Pejana thokong, o ne a ile a bontša ho ferekana le ho tšoenyeha ha hae mabapi le boikutlo ba hae ba ho sitoa ho sebeletsa Molimo ka ho feletseng ka lebaka la ho foufala ha a le lilemong tsa bo-40. Empa joalokaha mola oa ho qetela thokong o qotsitsoeng ka holimo o bontša, o ile a hlokomela hore motho a ka sebeletsa Molimo ka ho tiisetsa ka mamello mahlomola ’me ka khutso a batle menyetla e fumanehang ea tšebeletso. Milton o ile a bona bohlokoa ba ho itšetleha ka Molimo ka mamello.

Ba bangata ba rōna e ka ’na eaba re bona hantle, empa kaofela ha rōna re na le mefokolo e ka re bakelang ho halefa kapa ho tšoenyeha. Re ka fumana mamello le ho e bontša joang?

Mehlala e Khothatsang

Bibele e re fa mehlala e mengata e metle ea mamello. Mamello ea Jehova e nolofaletsa batho ba limilione-milione bophelo bo sa feleng. (2 Petrose 3:9, 15) Memong ea hae e mosa ea hore re nke joko ea hae le ho “fumanela meea ea [rōna] phomolo,” Jesu ka ho phethahetseng o bonahatsa mamello e babatsehang ea Ntate oa hae. (Mattheu 11:28-30) Ho nahanisisa ka mehlala ea Jehova le Jesu ho ka re thusa ho ba le mamello haholoanyane.

E mong eo ho bonahalang a ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa, ho hlonama kapa ho iphetetsa ke Josefa mora oa Jakobo. Banab’abo ba ne ba ile ba mo tšoara ka tsela e hlokang toka ka ho fetisisa, ba rera lefu la hae ’me qetellong ba mo rekisa bokhobeng. Ha a le Egepeta, ho sa tsotellehe tšebeletso ea hae e seli, e tšepahalang ho Potifaro, Josefa o ile a qosoa ka leeme ’me a kenngoa teronkong. Ka mamello o ile a tiisetsa mahlomola ’ohle a hae, mohlomong a utloisisa hore liteko tse joalo li ka phethahatsa merero ea Jehova. (Genese 45:5) Josefa o ne a ka bontša mamello esita le tlas’a maemo a lekang haholo, hobane o ne a hlaoletse tumelo le tšepo ho Jehova hammoho le boikokobetso le kutloisiso.

Thuso e ’ngoe ea bohlokoa ke moea o halalelang oa Jehova. Ka mohlala, haeba, re e-na le pelo e khutšoanyane le leleme le nyatsa-nyatsang, re ka rapella thuso ea moea o halalelang e le hore re ka hlaolela litholoana tsa oona. Ho nahanisisa ka e ’ngoe le e ’ngoe ea litholoana tsena, e kang tiisetso le boitšoaro, ho tla re thusa ho bona kamoo li amanang ka ho tebileng le mamello kateng.—Ba-Galata 5:22, 23.

Meputso ea Mamello

Ho ba ba mamellang ho ka re tlisetsa melemo e mengata. Ho matlafatsa botho ba rōna ’me ho re sireletsa ho etseng liketso tsa lepotla-potla, le tsa booatla. Ke mang ho rōna ea e-song ho ka a etsa liphoso tse utloisang bohloko ka lebaka la ho potlakela ho nka bohato maemong a thata kapa a hatellang? E ka ’na eaba re ile ra bua lentsoe le seng mosa kapa ra itšoara ka mokhoa o se nang tlhompho. E ka ’na eaba re ile ra lumella hore taba e sa reng letho e hōle ho fihlela e e-ba ntoa e khōlō le ea ratoang, ho se lehlakore le ikutloang ho sekisetsa. Ka mor’a khalefo e khōlō, pherekano le bohloko, mohlomong ka masoabi re ile ra nahana, ‘Hoja ke ile ka ema hanyenyane feela.’ Ho bontša mamello ho ka re sireletsa mefuteng eohle ea masoabi. Ntlha eo ka boeona feela e fana ka khotso, botsitso le khotsofalo tse eketsehileng bophelong ba rōna.—Ba-Filippi 4:5-7.

Ho ba ba mamellang ho ka boetse ha re thusa ho ba le pelo e khutsitseng, e tšepahalang. Sena se ka re lebisa ho thabeleng bophelo bo molemo ba ’mele, ba kelello, le ba moea. (Liproverbia 14:30) Bohale bo feteletseng ha bo sa hlokomeloe bo ka baka ho kula ho matla ho amang maikutlo le ’mele le lefu. Ka lehlakoreng le leng, ka ho ba ba mamellang re ka ba le boikutlo bo botle ka ba bang, haholo-holo baena ba rōna ba moea le litho tsa lelapa. Joale re tla ba ba sekametseng ho ba ba nahanelang haholoanyane le ba nang le thuso ho e-na le ho ba ba khopisehang habonolo le ba nyatsa-nyatsang. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba tla fumana ho le bonolo ’me ho thabisa haholoanyane ho ba le rōna.

Ka phuthehong ea Bokreste baholo ka ho khethehileng ho hlokohala hore ba bontše mamello. Ka linako tse ling, Bakreste-’moho ba ba atamela ka mathata a tebileng. Bana ba tšepahalang e ka ’na eaba ba ferekane, ba utloile bohloko kapa ba tepelletse maikutlo, ha ka nako e tšoanang e ka ’na eaba baholo ka bobona ba khathetse kapa ba tsielehile ke mathata a bona a botho kapa a malapa. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hakaakang hore baholo ba bontše mamello le tlas’a maemo a lekang joalo! Ka tsela ena ba ka laea “ka bonolo” ’me “ba tšoara mohlape ka bonolo.” (2 Timothea 2:24, 25; Liketso 20:28, 29, NW) Bophelo ba bohlokoa bo kotsing. Baholo ba mosa, ba lerato, le ba nang le mamello ke tlhohonolofatso e kaakang phuthehong!

Lihlooho tsa malapa li lokela ho tšoara ba malapa a tsona ka mamello, kutloisiso le ka mosa. Hape li lokela ho lebella le ho khothalletsa litho tsa lelapa kaofela ho bontša litšobotsi tsena ka ho tšoanang. (Mattheu 7:12) Sena se tla tlatsetsa haholo leratong le khotsong ka lapeng.

Ho bontša mamello ha ba tšoarehile tšebeletsong ea tšimo ho ka thusa basebeletsi ba Bakreste ho thabela tšebeletso ena ka ho feletseng haholoanyane. Ba tla khona ho mamella hamolemonyana ho iphapanya le khanyetso leha e le life tseo ba ka thulanang le tsona. Ho e-na le ho phehisana khang le beng ba matlo ba halefileng, basebeletsi ba nang le mamello ba tla khona ho arabela ka mosa kapa ba itsamaele ba khutsitse, ka ho etsa joalo ba boloke khotso le thabo. (Mattheu 10:12, 13) Ho feta moo, ha Bakreste ba tšoara batho bohle ka mamello le ka mosa, batho ba kang linku ba tla huleloa molaetseng oa ’Muso. Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba mamello ka tekanyo ea lefatše ka bophara, ha makholo a likete a babatli ba ’nete ba bonolo ba phuthehela ka bongata phuthehong e lerato ea Jehova selemo se seng le se seng.

Ka sebele, ho bontša mamello ho tla re tlisetsa meputso e molemo. Re tla qoba likotsi tse ngata le mathata a bakoang ke ho ba lehala kapa ho ba ba potlakang haholo ka maleme a rōna. Re tla ba ba thabileng, ba khutsitseng le bao mohlomong ba phelang hantle haholoanyane. Re tla fumana thabo le khotso haholoanyane tšebeletsong ea rōna, ka phuthehong le ka lapeng. Empa habohlokoahali, re tla thabela kamano e haufi le Molimo. Ka lebaka leo emela Jehova. Bontša mamello!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

U na le mamello hakae bophelong ba letsatsi le leng le le leng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela