Ho Finyella Lipelo ka Tsebo ea ho Susumelletsa ho Lumela
BATHO ba bangata ba belaella poleloana ho ‘susumelletsa ho lumela.’ Mohopolong oa motho le ka fana ka maikutlo a morekisi ea susutlellang kapa phatlalatso e reretsoeng ho thetsa kapa ho hapa maikutlo a moreki. Esita le ka Bibeleng, ka linako tse ling khopolo ea ho susumelletsa e na le moelelo o sa rateheng, o fanang ka maikutlo a ho silafatsa kapa ho khelosa. Ka mohlala, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngolla Bagalata: “Le ne le matha hantle. Ke mang ea ileng a le sitisa hore le ’ne le tsoele pele ho mamela ’nete? Mofuta ona oa ho susumelletsa ho lumela ha o tsoe ho Ea le bitsang.” (Bagalata 5:7, 8) Pauluse o boetse a hlokomelisa Bakolose khahlanong le ho lumella motho leha e le mang ho ‘ba qhekella ka likhang tse susumelletsang ho lumela.’ (Bakolose 2:4) Tšusumetso e joalo e itšetlehile ka ho beha mabaka ka bohlale ho thehiloeng metheong ea bohata.
Leha ho le joalo, lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, moapostola Pauluse o ile a sebelisa khopolo ea ho susumetsa ka kutloisiso e fapaneng. O ile a ngola: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe.” (2 Timothea 3:14) Ka ho ‘susumelletsoa hore a lumele,’ Timothea o ne a sa huloe ka nko ke ’mè oa hae le nkhono oa hae, bao a ithutileng linnete tsa Mangolo ho bona.—2 Timothea 1:5.a
Ha a ntse a koaletsoe ka tlung Roma, Pauluse o ile a pakela ba bangata ka ho phethahetseng, “ka ho sebelisa ho ba susumelletsa ho lumela malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng, ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.” (Liketso 28:23) Na Pauluse o ne a thetsa bamameli ba hae? Le hanyenyane! Joale, ka ho hlakileng, hase kamehla ho susumelletsa ho lumela ho fosahetseng.
Ha le sebelisoa ka mokhoa o motle, motso oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘susumelletsa ho lumela’ ha e le hantle o bolela ho kholisa, ho tlisa phetoho monahanong ka ho beha mabaka ka ho utloahalang, ka ho nang le moelelo. Ka ho tšoanang tichere e ka haha motheong oa Mangolo, e sebelisa tšusumetso hore e kenye kholiseho ka ’nete ea Bibele ka ho ba bang. (2 Timothea 2:15) Ka sebele, lena e ne e le letšoao le khethollang tšebeletso ea Pauluse. Esita le Demetriase, setei sa silevera, eo e neng e le sera sa Bokreste, o ile a hlokomela: “[Hase] Efese feela empa [ke] hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela moo Pauluse enoa a susumelelitseng bongata bo boholo ho lumela eaba o ba retelletsa maikutlong a mang, a re e entsoeng ka matsoho hase melimo.”—Liketso 19:26.
Ho Sebelisa ho Susumelletsa Tšebeletsong
Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:19, 20) Linaheng tse fetang 230, Lipaki tsa Jehova li mamela taelo ena. Khoeli ka ’ngoe selemong sa tsona sa tšebeletso sa 1997, li ile tsa khanna karolelano ea lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 4552 589 lefatšeng ka bophara.
Haeba u e-na le tokelo ea ho khanna thuto ea lehae ea Bibele, u ka lebella liphetoho tse tla hloka tsebo ea ho susumelletsa ho lumela. Ka mohlala, a re re mohlomong lekhetlong le latelang ha u khanna thuto, ho phahama potso e mabapi le Boraro-bo-bong. Ho thoe’ng haeba u tseba hore seithuti sa hao se lumela thuto ee? U ka se neha khatiso e tšohlang taba eo. Ka mor’a hore se e bale, mohlomong u ka fumana hore se susumelelitsoe ho lumela hore Molimo le Jesu hase motho a le mong. Empa haeba ho e-na le lipotso tse salang, u ka tsoela pele joang?
Mamela ka hloko. Sena se tla u thusa ho lekanyetsa seo seithuti sa hao se seng se ntse se se lumela ka taba ena. Ka mohlala, haeba seithuti sa hao se re, “Ke lumela ho Boraro-bo-bong,” kapele-pele u ka leka ho kenyelletsa puisano ea Mangolo e hanyetsang thuto ena. Empa ho na le litumelo tse fapaneng mabapi le Boraro-bo-bong. Mohlomong seithuti sa hao se lumela ntho e hlileng e fapaneng haholo le seo uena u neng u ka se hlalosa e le thuto ea Boraro-bo-bong. Ho ka ’na ha boleloa joalo le ka litumelo tse ling, tse kang ho tsoaloa hangata, ho se shoe ha moea le poloko. Ka lebaka leo mamela ka hloko pele u bua. U se ke ua inahanela seo seithuti se se lumelang.—Liproverbia 18:13.
Botsa lipotso. Li ka akarelletsa tse kang: ‘Na kamehla u ’nile ua lumela Boraro-bo-bong? Na u kile ua etsa patlisiso e feletseng ka seo Bibele, e se bolelang ka taba ee? Haeba Molimo e ne e le karolo ea boraro-bo-bong, na Lentsoe la hae, Bibele, ka ho hlakileng le ne le ke ke la re bolella seo ka ho toba?’ Ha u ruta seithuti, nako le nako ema le ho botsa lipotso tse kang tsena: ‘Na seo re se tšohlileng ho fihlela joale sea utloahala ho uena?’ ‘Na u lumellana le tlhaloso ee?’ Ka ho sebelisa lipotso ka bohlale, u akarelletsa seithuti mokhoeng oa ho ithuta. Ha sea lokela ho mamela uena feela ha u qaqisa taba ena.
Beha mabaka ka ho utloahalang. Ka mohlala, ha le tšohla thuto ea Boraro-bo-bong, u ka re ho seithuti sa hao: ‘Ha Jesu a ne a kolobetsoa, ho ile ha hlaha lentsoe leholimong, ’me le ne le re: “U Mora oa ka, moratuoa.” Haeba ka sebele Molimo a ne a le lefatšeng ’me a kolobetsoa, na o ne a tla lebisa lentsoe la hae holimo leholimong a be a le khutlisetse morao bakeng sa hore mantsoe ao a tle a utloahale lefatšeng? Na seo se ne se ke ke sa thetsa? ’Me na Molimo, “ea ke keng a bua leshano,” o ne a ka bua ntho e thetsang joalo?’—Luka 3:21, 22; Tite 1:1, 2.
Hangata ho beha mabaka ka ho utloahalang ha ho etsoa ka bohlale hoa sebetsa. Nahana ka mohlala oa mosali eo re tla mo bitsa Barbara. Bophelong ba hae kaofela o ne a lumela hore Jesu e ne e le Molimo le karolo ea boraro-bo-bong bo neng bo akarelletsa moea o halalelang. Empa joale e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a mo bolella hore Molimo le Jesu e ne e le batho ba babeli ba fapaneng, ’me o ile a mo bontša mangolo a tšehetsang polelo ea hae.b Barbara o ile a hlōleha ho latola seo Bibele e se bolelang. Ka nako e tšoanang, o ne a ferekane. Ha e le hantle, o ne a rata thuto ea Boraro-bo-bong.
Ka mamello Paki e ile ea behelana mabaka le Barbara. E ile ea botsa: “Haeba uena u ne u ka leka ho nthuta hore batho ba babeli baa lekana, ke kamano efe ea lelapa eo u neng u tla e sebelisa ho hlalosa see?” O ile a khutsa ka motsotsoana eaba oa arabela: “Ke ne nka sebelisa bara ba motho ba babeli.” Paki e ile ea arabela: “U nepile. Mohlomong le mafahla a tšoanang hantle. Empa ha a re ruta ho talima Molimo joaloka Ntate ’me eena ka boeena joaloka Mora, ke molaetsa ofe oo Jesu a neng a fana ka oona?” Barbara o ile a arabela, a tonne mahlo: “Kea bona. O hlalosa e mong e le e moholo ho e mong ebile a e-na le matla a ho laela a maholoanyane.”
Paki e ile ea arabela: “E, bamameli ba Jesu bao e neng e le Bajuda, ba neng ba phela sechabeng sa bapatriareka, ka ho khethehileng ba ne ba tla fihlela qeto e joalo.” Bakeng sa ho hatella ntlha eo, Paki e ile ea fihlela qeto ena: “Haeba re fumane papiso e joalo bakeng sa ho ruta ho lekana—papiso ea bara ba motho kapa ea mafahla a tšoanang hantle—ka sebele, Jesu, Mosuoe e Moholo, le eena o ne a ka etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa mantsoe ‘ntate’ le ‘mora’ ho hlalosa kamano e mahareng a hae le Molimo.”
Qetellong Barbara o ile a utloisisa taba eo, ’me a e amohela. Pelo ea hae e ne e finyeletsoe ka tsebo ea ho susumelletsa ho lumela.
Ho Sebetsana le Maikutlo
Hangata litumelo tsa bolumeli tse metseng ka metso li akarelletsa taba ea maikutlo. Nahana ka taba ea Edna, Mok’hatholike ea inehetseng. Litloholo tsa hae li ile tsa mo neha bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore Molimo le Jesu hase motho a le mong. Edna o ile a utloa seo a se bolelloang. Leha ho le joalo, ka mosa empa ka tieo o ile a re: “Ke lumela ho Boraro-bo-bong bo halalelang.”
Mohlomong le uena u bile le phihlelo e joalo. Ba bangata ba talima lithuto tsa malumeli a bona joaloka hoja e le karolo ea tšobotsi e ba khethollang. Bakeng sa ho susumelletsa liithuti tse joalo tsa Bibele ho lumela, ho hlokahala ho hongata ho feta maikutlo a botho kapa letoto la mangolo a tiisang hore pono ea motho eo e fosahetse. Ho ka sebetsanoa le maemo a joalo ka ho leka-lekanya tsebo ea ho susumelletsa ho lumela le kutloelo-bohloko. (Bapisa le Baroma 12:15; Bakolose 3:12.) Ke ’nete hore tichere e atlehileng e lokela ho ba le kholiseho e matla. Ka mohlala, Pauluse o ile a sebelisa lipoleloana tse kang “ke kholisehile” le “kea tseba ’me ke susumelletsoa ho lumela ho Morena Jesu.” (Baroma 8:38; 14:14) Leha ho le joalo, ha re bolela kholiseho ea rōna, re se etse joalo ka ho tsitlallela maikutlo a rōna, ka mokhoa oa ho iphahamisa, o phoqang kapa o nyenyefatsang ha ho nehelanoa ka linnete tsa Bibele. Ka sebele ha re batle ho khopisa kapa ho hlompholla seithuti.—Liproverbia 12:18.
Ho molemo haholo ho hlompha litumelo tsa seithuti le ho hlokomela tokelo ea sona ea ho ba le tsona. Senotlolo ke boikokobetso. Tichere e ikokobelitseng kelellong ha e ikutloe hore ka tlhaho e phahametse seithuti sa eona. (Luka 18:9-14; Bafilippi 2:3, 4) Ho susumelletsa ho lumela ha bomolimo ho akarelletsa boikokobetso, boo ha e le hantle, bo reng: ‘Ka mohau Jehova o nthusitse ho bona sena. A nke ke u abele sona.’
Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena Korinthe: “Lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li matla ka Molimo bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla. Etsoe re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo; ’me re tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakorinthe 10:4, 5) Kajeno Lipaki tsa Jehova li sebelisa Lentsoe la Molimo ho phethola lithuto tsa bohata tse metseng ka matla esita le mekhoa le litšobotsi tse tebileng tse sa mo thabiseng. (1 Bakorinthe 6:9-11) Lipaki ha li etsa joalo li hopola hore Jehova o li mameletse ka lerato. Li thaba hakaakang hore ebe li na le Lentsoe la hae, Bibele, le ho sebelisa kofuto ena e matla ho fothola lithuto tsa bohata le ho finyella lipelo ka tsebo ea ho susumelletsa ho lumela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Eunise le Loise—Barupeli ba Behileng Mohlala,” leqepheng la 7-9 la tokollo ena ea Molula-Qhooa.
b Bona Johanne 14:28; Bafilippi 2:5, 6; Bakolose 1:13-15. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao
◻ Rapella tataiso ea Jehova bakeng sa ho finyella pelo ea seithuti sa Bibele.—Nehemia 2:4, 5; Esaia 50:4.
◻ Hlokomela seo seithuti se se lumelang le hore na ke hobane’ng ha se fumana tumelo ea bohata e ipiletsa.—Liketso 17:22, 23.
◻ Ka mosa le ka mamello, beha mabaka ka mokhoa o utloahalang le oa Mangolo empa u ntse u lutse ho seo le lumellanang ka sona.—Liketso 17:24-34.
◻ Haeba ho khoneha, matlafatsa linnete tsa Bibele ka lipapiso tse sebetsang ka katleho.—Mareka 4:33, 34.
◻ Bontša seithuti melemo ea ho amohela tsebo e nepahetseng e tsoang Bibeleng.—1 Timothea 2:3, 4; 2 Timothea 3:14, 15.