Na ka Sebele U Ananela Litlhohonolofatso Tsa Jehova?
KENICHI, monna ea lilemong tse bohareng, o ile a ea k’hemisteng ho ea reka moriana oa sefuba. Moriana ona o ile oa mo ntša lekhopho le botsikinyane le maqhanyatsa hohle ’meleng ha a o noa. Ha ho makatse hore ebe Kenichi o ile a qala ho belaela hore na setsebi sa metsoako ea meriana se ile sa ela hloko litlhoko tsa hae ka ho lekaneng.
Ba bang ba ka ’na ba nahana ka Jehova Molimo ka tsela e tšoanang le eo Kenichi a ileng a talima setsebi sa metsoako ea meriana ka eona. Baa belaela hore na ka sebele Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle, o hlile oa re thahasella re le batho ka bomong. Le hoja ba hlokomela hore Molimo o molemo, ha baa kholiseha hore oa re tsotella ka bomong. Ho ba joalo haholo-holo ha lintho li sa ba tsamaele hantle kapa ha ho khomarela melao-motheo ea Bibele ho lateloa ke mathata a boima. Ka lebaka la ho hloka temoho, ba talima mathata a bona joaloka lekhopho le botsikinyane le maqhanyatsa a ileng a tsoa Kenichi a sa lebella, joalokaha eka ke molato oa Molimo ka tsela e itseng.—Liproverbia 19:3.
Jehova ha aa lokela ho bapisoa le batho ba sa phethahalang. Batho ba na le tsebo le matla tse lekanyelitsoeng. Ba hlōleha ho lemoha ka ho feletseng litlhoko tsa sebele tsa ba bang, joalokaha ho ile ha etsa setsebi sa metsoako ea meriana sa Kenichi. Ho fapana le seo, Jehova o bona lintho tsohle. Hangata Jehova o re thusa re sa hlokomele re bile re sa utloisise hobane re na le tšekamelo ea ho lebisa tlhokomelo ho seo re se nang sona le ho hlokomoloha litlhohonolofatso tse ngata tseo re nang le tsona. Ho e-na le ho potlakela ho beha Jehova molato bakeng sa mathata leha e le afe ao re talimanang le ’ona, re lokela ho leka ho lemoha litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova tseo re li thabelang.
Ho latela Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary, “tlhohonolofatso” e ka hlalosoa e le “ntho e tlatsetsang thabong kapa boiketlong.” Na u ananela hore sena ke ’nete ka ho khethehileng tabeng ea litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova?
Mohlokomeli ea ke Keng a Lekanngoa
Ha mosali a bolela hore monna oa hae ke mohlokomeli ea molemo, ka kakaretso o bolela hore o hlokomela litlhoko tsa lelapa ka ho lekaneng, o lokisetsa lijo tse lekaneng, bolulo le liaparo bakeng sa thabo le boiketlo ba lelapa. Jehova ke Mohlokomeli oa rōna ea molemo hakae? Shebela haufinyane naletsana ea rōna Lefatše, lehae la motho. Le bohōle ba lik’hilomithara tse 150 000 000 ho tloha letsatsing, e leng sebaka se loketseng bakeng sa mocheso le mohatsela o lekaneng o etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng. Qitikoe ea rōna e sekamisitsoe ka ho phethahetseng ka likhato tse 23,5, e leng ho fellang ka linako tsa selemo tse sa tšoaneng tse tlatsetsang likotulong tse khōlō. Ka lebaka leo, lefatše le fepa batho ba fetang limilione tse likete tse hlano. Ka sebele Jehova ke Mohlokomeli ea babatsehang!
Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova o re thahasella ka ho tebileng re le batho ka bomong ’me o thahasella boiketlo ba rōna. Ak’u nahane, Jehova o tseba e ’ngoe le e ’ngoe ea linaleli tse libilione ka mabitso, ’me ha ho serobele le se seng se oelang fatše a sa tsebe. (Esaia 40:26; Matheu 10:29-31) O hlokomela ka ho eketsehileng hakaakang batho ba mo ratang le ba rekiloeng ka mali a bohlokoa a Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste! (Liketso 20:28) Ke hantle hore ebe monna ea bohlale o ile a re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e entšang ’me ha a ekeletse bohloko ho eona.”—Liproverbia 10:22, NW.
Litlhohonolofatso Tse re Entšang
Re na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa bo boholo eo re lokelang ho e ananela ka ho teba. Ke eng? Bibele e re tsebisa eona ha e re: “Molao o tsoileng molomong oa hao ho ’na o fetisa likete tsa lichelete tsa khauta le silefera.” (Pesaleme ea 119:72; Liproverbia 8:10) Joalokaha khauta ea boleng bo phahameng e le ea bohlokoa, molao oa Jehova o lokela ho ratoa ka ho eketsehileng. Tsebo e nepahetseng ea molao oa hae hammoho le temohisiso le temoho tseo Jehova a li fang batho ba batlang ’nete ka tieo ke lintho tse lokelang ho nkoa li le bohlokoa. Li re hlomella hore re itšireletse, re sebetsane ka katleho le maemo a boima, re sebetsane ka katleho le mathata, ka hona re khotsofale le ho thaba.
Sena ke ’nete esita le tabeng ea ba banyenyane haholo. Nahana kamoo ngoanana e monyenyane a ileng a sebetsana le mathata a hae kateng ka ho latela molao oa Jehova. Ngoanana enoa, e leng Akemi, o lula haufi le Tokyo. Ntat’ae le ’m’aè ba ile ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ba mo koetlisa, ’me ka lipolelo le ka mohlala ba ile ba thusa morali oa bona ho rata Jehova le moahelani. Ka ho bonela pele mathata ao a neng a tla thulana le ’ona sekolong, ba ile ba leka ho mo lokisetsa ’ona ka tsela e molemohali eo ba neng ba ka e khona. Leha ho le joalo, ha Akemi a fihla sekolong sa mathomo, tse ling tsa liithuti-’moho le eena li ile tsa mo talima e le “mokhelo” hobane o ne a rapela pele a e-ja ’me ho latela letsoalo la hae o ne a sa kopanele mesebetsing e meng e sa lumellaneng le Mangolo. Kapele o ile a tujoa ke sehlopha sa bo-’mampoli ba neng ba ee ba mo sutumeletse khocheletsaneng ka mor’a sekolo ’me ba mo jabele, ba mo sothe matsoho, ebe baa mo soma.
Akemi e monyenyane ha aa ka a iphetetsa, leha e le hona ho iphutha-phutha ka ho tlakasela ka pel’a batubi ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a leka ho sebelisa seo a neng a ithutile sona. Ka lebaka la boitšoaro ba hae bo botle le sebete, o ile a hapa tlhompho ea ba bangata bao a neng a kena sekolo le bona. Ba ile ba tsebisa mesuoe taba ena, ’me ho tloha mohlang oo, Akemi ha aa ka a hlekefetsoa hape.
Akemi o ile a thusoa ke’ng ho sebetsana ka katleho le boemo bo boima? Tsebo e nepahetseng, temohisiso le bohlale bo tsoang ho Jehova tseo batsoali ba hae ba neng ba li hlaoletse ka ho eena. O ne a tseba mamello ea Jesu hantle, ’me seo se ile sa mo susumelletsa ho etsisa mohlala oa hae. Bibele e ile ea mo thusa ho lemoha hore batho ba bang ba etsa lintho tse fosahetseng ka lebaka la ho hloka tsebo, ’me e ile ea mo khothalletsa ho hloea bobe boo bo-’mampoli bao ba neng ba bo etsa ha ka nako e tšoanang a sa hloee batho ka bobona.—Luka 23:34; Baroma 12:9, 17-21.
Ho hlakile hore ha ho batsoali ba neng ba ka rata ho bona ngoana oa bona a songoa le ho hlekefetsoa. Ho ntse ho le joalo, u ka inahanela hore na batsoali ba Akemi ba ile ba ikutloa ba le motlotlo hakae ha ba utloa makolopetso ’ohle a se etsahetseng. Ka sebele bana ba joalo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.—Pesaleme ea 127:3; 1 Petrose 1:6, 7.
Ho Itšetleha ka Jehova U sa Fele Pelo
Leha ho le joalo, pele u fumana litlhohonolofatso tsa Jehova, ka linako tse ling u lokela ho letela nako ea hae. Jehova o tseba boemo ba hao ’me o hlokomela tlhoko ka ’ngoe ka nako eo e tla u tsoela molemo o fetisisang. (Pesaleme ea 145:16; Moeklesia 3:1; Jakobo 1:17) U ka ’na ua rata ho ja litholoana haholo, empa u ne u tla nahana’ng ka motho eo u mo etetseng ea u fang litholoana tse sa butsoang? Ebang ke apole, lamunu kapa e ’ngoe esele, u ne u tla thabela tholoana e butsoitseng, e nang le metsi a mangata le e monate. Ka ho tšoanang, Jehova o fana ka seo u se hlokang ka nako e nepahetseng—eseng pele ho nako haholo kapa morao haholo.
Hopola phihlelo ea Josefa. O ile a iphumana a le teronkong e ka tlas’a lefatše ea Egepeta a se na molato. Motšoaruoa-’moho le eena, e leng moqhatsetsi oa Faro, o ile a ba le tšepo ea ho lokolloa ’me a tšepisa ho tlisa taba ea Josefa tlhokomelong ea Faro. Empa ka mor’a hore a lokolloe o ile a lebala Josefa ka ho feletseng. Ho ne ho bonahala eka Josefa o lahliloe. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli, o ile a qetella a lokolotsoe teronkong ’me o ile a qetella a entsoe ’musi oa bobeli oa Egepeta. Ho e-na le ho fela pelo, Josefa o ile a letela Jehova. Ka lebaka la sena, o ile a hlohonolofatsoa ka tsela e ileng ea fella ka ho bolokoa ha bophelo ba Baiseraele le ba Baegepeta.—Genese 39:1–41:57.
Masashi e ne e le moholo ka phuthehong ka leboea ho Japane. O ne a se ka teronkong e ka tlas’a lefatše, empa o ile a tlameha ho letela Jehova. Hobane’ng? Haesale ho qalisoa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, e leng sekolo sa ho koetlisa basebeletsi ba Bakreste ba tšoanelehang Japane, o ile a ho etsa pakane ea hae e tiileng hore a ee ho sona. O ile a rapella tokelo ena ka matla. Pula-maliboho eo a neng a sebetsa le eena o ile a mengoa, empa ho sa tsotellehe takatso ea hae e matla, Masashi ha aa ka a mengoa. O ile a nyahama haholo.
Leha ho le joalo, o ile a nka mehato ea ho sebetsana ka katleho le boikutlo ba hae. O ile a ithuta Bibele le lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, a lebisa tlhokomelo litabeng tse kang ho ikokobetsa le ho laola maikutlo. O ile a lokisa monahano oa hae ’me ka tsela eo a khotsofala ka ho eketsehileng kabelong ea hae. Joale, a se a sa lebella, o ile a fumana memo ea ho ea sekolong sena.
Kaha o ne a hlaoletse litšoaneleho tse joaloka ho se fele pelo le boikokobetso, o ile a rua molemo haholoanyane sekolong sena. Hamorao, Masashi o ile a fuoa tokelo ea ho sebeletsa barab’abo e le molebeli ea tsamaeang. E, Jehova o ne a tseba seo Masashi a neng a se hloka ’me o ile a fana ka sona hantle feela nakong eo se neng se tla finyella se molemohali.
Batla Litlhohonolofatso Tsa Hae
Kahoo, Jehova ha a tšoane le setsebi sa metsoako ea meriana. Le hoja re ka ’na ra hlōleha ho lemoha tlhokomelo le kameho ea Jehova, liketso tsa hae tse bontšang mosa li tla ka libōpeho tse sa tšoaneng—ka linako le ka mekhoa tse tla re ruisa molemo o moholo. Ka hona, tsoela pele ho batla litlhohonolofatso tsa hae. Hopola hore u se u ntse u e-na le mabaka a mangata a ho leboha. U hlohonolofalitsoe ka lintho tsa motheo bakeng sa ho tsoela pele ho phela lefatšeng. U filoe tsebo ea Jehova le ea litsela tsa hae tse phethahetseng. U filoe temohisiso. ’Me u fumane temoho. Tsena tsohle li tlatselletsa boiketlong ba hao le thabong.
E le hore u ka hlohonolofatsoa ke Jehova ka ho feletseng haholoanyane, tsoela pele ho ithuta Bibele kamehla. Kōpa Jehova ka matla hore a u thuse ho utloisisa le ho sebelisa lithuto tse kang mahakoe tse ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Li tla etsa hore u rue e le kannete, e le hore u se hloke letho. E, li tla u thabisa le ho u khotsofatsa hona joale le ho fella ka bophelo bo enneng lefatšeng le lecha le tlang.—Johanne 10:10; 1 Timothea 4:8, 9.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Tlhohonolofatso ea Jehova e bohlokoa ho feta khauta