Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 2/1 maq. 4-6
  • Motheo o Utloahalang oa ho ba le Tšepo Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motheo o Utloahalang oa ho ba le Tšepo Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo ea Abrahama e Ile ea Putsoa
  • Lihloela Tse Peli Tse Neng li E-na le Tšepo
  • Ho Qeaqea ha Jonase
  • Ho ba le Tšepo Har’a Litsietsi
  • Ha Tšepo ea Sebele e Hlōla!
  • O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Thuto Mabapi le Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 2/1 maq. 4-6

Motheo o Utloahalang oa ho ba le Tšepo Kajeno

RAHISTORI H. G. Wells ea tsoetsoeng ka 1866, e bile e le setsebi litabeng tsa kahisano, o ile a ba le tšusumetso e matla tseleng eo batho ba nahanang ka eona lekholong la bo20 la lilemo. Libukeng tsa hae, o ile a qaqisa kholiseho eo a neng a e-na le eona ea hore nako ea thabo ea sebele e ne e tla tsamaisana le khatelo-pele ea saense. Kahoo, Collier’s Encyclopedia e hopola “ho ba le tšepo e khōlōhali” hoo Wells a neng a e-na le hona ha a ntse a sebetsa mocha-o-chele ho ntšetsa pele sepheo sa hae. Empa e boetse e bolela hore ho ba ha hae le tšepo ho ile ha soahlamana ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše.

Chambers’s Biographical Dictionary e re ha Wells a hlokomela hore “saense e ne e ka sebeletsa bobe haesitana le botle, kholiseho ea hae e ile ea fela, ’me o ile a felloa ke tšepo.” Ke hobane’ng ha see se ile sa etsahala?

Wells o ne a thehile tšepo le kholiseho tsa hae ka ho feletseng ho seo batho ba ka se finyellang. Ha a hlokomela hore batho ba ne ba sa khone ho finyella likhopolo tsa hae tsa ho hlahisa Sebaka se Phethahetseng, o ile a hloka moo a ka tšepelang teng hape. Ka potlako, ho nyahama ha hae ho ile ha tsoala ho felloa ke tšepo.

Ka lebaka le tšoanang le leo, kajeno batho ba bangata ba ba le phihlelo e tšoanang. Ha ba sa le bacha, ba tlala tšepo, empa ha ba hōla, ba tepeletsoa ke ho hloka tšepo. Ho bile ho na le bacha ba telang mokhoa oo ho thoeng ke o tloaelehileng oa bophelo, ’me ba inehella tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, boitšoarong bo hlephileng ba botona le botšehali le mekhoeng e meng ea bophelo e senyang. Pheko ke efe? Hlahloba mehlala e latelang ea mehleng ea Bibele ’me u hlokomele hore na ho na le motheo ofe bakeng sa ho ba le tšepo—nakong e fetileng, ea joale le e tlang.

Tšepo ea Abrahama e Ile ea Putsoa

Ka selemo sa 1943 B.C.E., Abrahama o ile a falla Harane, a tšela Nōka ea Eufrate ’me a kena naheng ea Kanana. Abrahama o ’nile a hlalosoa e le “ntate oa bohle ba nang le tumelo,” ’me o behile mohlala o motle hakaakang!—Baroma 4:11.

Abrahama o ne a tsamaea le Lota, khutsana ea mor’abo Abrahama, hammoho le lelapa la Lota. Hamorao ha tlala e oela naha eo, malapa ao a mabeli a ile a fallela Egepeta, ’me ka nako e tšoanelehang, a ile a khutla hammoho. Ka nako eo, Abrahama le Lota ba ne ba se ba e-na le leruo le lengata, ho kopanyelletsa le mehlape. Ha ho qhoma khang lipakeng tsa balisa ba bona, Abrahama o ile a ithaopela ho nka bohato ’me a re: “Oho! qabang e se ke ea e-ba teng mahareng a ka le uena, kapa mahareng a balisa ba ka le balisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong. Ha ke re, naha kaofela e pel’a hao na? Khaohana le ’na; ha ekaba u leba ka ho le letšehali, ’na ke tla leba ho le letona, ’me ha u ka nka ho le letona, ’na ke tla nka ho le letšehali.”—Genese 13:8, 9.

Kaha Abrahama e ne e le eena e moholo, a ka be a ile a ipha se molemo, ’me Lota, ka lebaka la ho tšaba mor’abo ntate oa hae, a ka be a ile a ikokobelletsa qeto ea Abrahama. Ho e-na le hoo, eaba “Lota o isa mahlo a hae, a bona lehoatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoare, le le joalo ka tšimo ea Jehova, le joalo ka lefatše la Egepeta; mohlang oo, Jehova o na a e-so ho senye Sodoma le Gomora. Eaba Lota o ikhethela lehoatata lohle le Jordane.” Ka lebaka la seo a se khethileng, Lota o ne a e-na le mabaka ’ohle a ho tšepa hore o tla atleha. Empa ho thoe’ng ka Abrahama?—Genese 13:10, 11.

Na Abrahama o ne a bile booatla, a behile boiketlo ba lelapa la hae kotsing? Che. Boikutlo bo nepahetseng ba Abrahama, le moea oa hae oa ho fana, li bile le meputso e meholo. Jehova o ile a re ho Abrahama: “Ak’u emise mahlo a hao, ’me ho tloha moo u leng teng, u talime leboea, le boroa, le bochabela, le bophirimela; hobane naha eohle eo u e bonang, ke tla e nea uena le litloholo tsa hao ka ho sa feleng.”—Genese 13:14, 15.

Tšepo ea Abrahama e ne e e-na le motheo o utloahalang. E ne e thehiloe tšepisong ea Molimo ea hore o ne a tla etsa sechaba se seholo ka Abrahama e le hore “mefuta eohle ea lefatše e [ka] hlohonolofalla ho [Abrahama].” (Genese 12:2-4, 7) Le rōna re na le lebaka la ho kholiseha, kaha rea tseba hore “Molimo o etsa hore mesebetsi ea hae eohle e sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo.”—Baroma 8:28.

Lihloela Tse Peli Tse Neng li E-na le Tšepo

Lilemo tse fetang 400 hamorao, sechaba sa Iseraele se ne se loketse ho kena Kanana, “naheng e kollang lebese le linotši.” (Exoda 3:8; Deuteronoma 6:3) Moshe o ile a roma balaoli ba 12 ho ‘ea hloela naha eo; ba boele ba ba tsebise tsela eo ba tšoanetseng ho tsamaea ka eona, le metse eo ba tla fihla ho eona.’ (Deuteronoma 1:22; Numere 13:2) Lihloela tseo tse 12 li ne li lumellana kaofela ha li hlalosa monono oa naha eo, empa tse 10 tsa tsona li ile tsa fana ka tlaleho e nyahamisang, e ileng ea kenya tšabo lipelong tsa batho.—Numere 13:31-33.

Ka lehlakoreng le leng, Joshua le Kalebe ba ile ba bolella batho molaetsa o nang le tšepo ’me ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho kokobetsa matsoalo a bona. Boikutlo ba bona le tlaleho ea bona li ne li bontša hore ba ne ba e-na le kholiseho e feletseng ea hore Jehova o tla khona ho phethahatsa lentsoe la hae ka ho ba khutlisetsa Naheng e Tšepisitsoeng—empa ha baa ka ba atleha. Ho e-na le hoo, “phutheho eohle e ne e bua, e re, e ea ba tlepetsa ka majoe.”—Numere 13:30; 14:6-10.

Moshe o ile a phehella batho hore ba tšepe Jehova, empa ba ile ba hana ho mamela. Ka lebaka la ho tsitlella ha sona boikutlong ba ho hloka tšepo, sechaba sohle se ile sa tlameha ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40. Ke Joshua le Kalebe feela, lihloeleng tse 12, ba ileng ba fumana moputso oa ho ba le tšepo. Bothata-thata e ne e le eng? Ho hloka tumelo, kaha batho ba ile ba itšetleha ka bohlale ba bona.—Numere 14:26-30; Baheberu 3:7-12.

Ho Qeaqea ha Jonase

Jonase o phetse lekholong la borobong la lilemo B.C.E. Bibele e bolela hore e ne e le moprofeta ea tšepahalang oa Jehova melokong e leshome ea ’muso oa Iseraele, nakong ea puso ea Jeroboame II. Leha ho le joalo, ha aa ka a amohela thōmo ea ho ea Ninive ho ea lemosa batho. Rahistori Josephus o re Jonase “o ile a nahana hore ho molemo ha a ka ipha limenyane,” ’me ho e-na le ho ea moo, a ea Jopa. Teng o ile a palama sekepe se eang Tarshishe, eo hona joale e ka ’nang eaba ke Spain. (Jonase 1:1-3) Lebaka leo ka lona Jonase a ileng a ba lekhonono le hlalositsoe ho Jonase 4:2.

Qetellong, Jonase o ile a lumela ho phetha thōmo ea hae, empa o ile a halefa ha batho ba Ninive ba baka. Kahoo, Jehova o ile a mo ruta thuto e ntle ea ho ba le kutloelo-bohloko ka ho etsa hore monyaku oo Jonase a neng a fumana moriti ho oona o omelle, ’me o shoe. (Jonase 4:1-8) Ho utloa bohloko ha Jonase ha semela seo se e-shoa, ka nepo ho ka be ho ile ha lebisoa bathong ba 120 000 ba Ninive ba neng ba sa ‘tsebe ho khetha letsoho le letona la bona ho le letšehali.’—Jonase 4:11.

Re ka ithuta eng phihlelong ea Jonase? Tšebeletso e halalelang ha e na sebaka sa ho hloka tšepo. Haeba re lemoha tataiso ea Jehova ’me re e latela ka kholiseho eohle, re tla atleha.—Liproverbia 3:5, 6.

Ho ba le Tšepo Har’a Litsietsi

Morena Davida o ile a re: “U se ke ua hlora ha u bona ba bolotsana, u se ke ua honohela ba etsang ho hobe!” (Pesaleme ea 37:1) Ka sebele, eo ke keletso e bohlale hobane kajeno re pota-potiloe ke ho hloka toka le bokhopo.—Moeklesia 8:11.

Leha ho le joalo, esita le haeba re sa honohele ba sa lokang, ho bonolo hore re nyahame ha re bona batho ba se nang molato ba utloa bohloko ka lebaka la batho ba khopo kapa haeba rōna re sebeletsoa ka ho hloka toka. Liphihlelo tse joalo li ka ba tsa etsa hore re tepelle kapa re be re felloe ke tšepo. Haeba re ikutloa joalo, re lokela ho etsa’ng? Taba ea pele, re lokela ho hopola hore ba khopo ba ke ke ba qhoaolla ba nahana hore phetetso ha e-na ho tla. Temana ea 2 ea Pesaleme ea 37 e tsoela pele ho re tiisetsa: “Joalo ka joang, [ba khopo] ba ea phakisa ba heloe, ba se ba ea pona joalo ka motalane.”

Ho feta moo, re ka tsoela pele ho etsa se lokileng, re lule re e-na le tšepo ea ho atleha ’me re behe litaba matsohong a Jehova. Mopesaleme o ile a tsoela pele: “Sesefa bobe, u etse botle, . . . Hobane Jehova o rata ho loka, ’me ha a tlohele bakhethoa ba hae.”—Pesaleme ea 37:27, 28.

Ha Tšepo ea Sebele e Hlōla!

Joale ho thoe’ng ka bokamoso ba rōna? Buka ea Bibele ea Tšenolo e re bolella “litaba tse tšoanetseng ho hlaha kapele.” Har’a tsona, ho hlahella mopalami oa pere e ’mala oa mollo, e tšoantšetsang ntoa, “hore [e] tlose khotso lefatšeng.”—Tšenolo 1:1; 6:4.

Maikutlo a neng a atile—ho bile ho tšeptjoa hore a tla atleha—a neng a le teng Brithani nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, e ne e le hore eo e ne e tla ba ntoa ea ho qetela e khōlō. Ka 1916, David Lloyd George, setsebi sa lipolotiki sa Brithani, o ile a talima lintho ka leihlo la sebele haholoanyane. O ile a re: “Ntoa ena, joaloka ntoa e tla latela, ke e tla felisa ntoa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) O ne a nepile. Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea mpa ea eketsa ho etsoa ha lintho tse sehlōhō tsa ho rinya matšoele. Lilemo tse fetang 50 hamorao, ho ntse ho bonahala ho se tšepo ea hore ntoa e ka fela.

Bukeng eona eo ea Tšenolo, re bala ka bapalami ba bang ba lipere—ba tšoantšetsang tlala ea sekoboto, mafu a seoa le lefu. (Tšenolo 6:5-8) Ke litšobotsi tse eketsehileng tsa pontšo ea linako.—Matheu 24:3-8.

Na lintho tsee ke mabaka a ho felloa ke tšepo? Le hanyenyane, hobane pono eo e boetse e hlalosa “pere e tšoeu; ’me ea lutseng holim’a eona o ne a e-na le seqha; ’me a fuoa moqhaka, hape a tsoa e le ea hlōlang le ho phetha tlhōlo ea hae.” (Tšenolo 6:2) Mona re bona Jesu Kreste joaloka Morena oa leholimo, a tlosa bokhopo bohle, a kaletse ho hloma khotso le kutloano lefatšeng ka bophara.a

Jesu Kreste, e le Morena ea Khethiloeng, o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapella ’Muso oo ha a sa le lefatšeng. Mohlomong le uena u rutiloe ho etsa “Ntate oa rōna,” kapa Thapelo ea Morena. Ho eona, re rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, hore thato ea hae e phethoe mona lefatšeng joaloka leholimong.—Matheu 6:9-13.

Ho e-na le hore Jehova a leke ho lokisa tsamaiso ena ea hona joale ea lintho, o tla e felisa ka ho feletseng ka Morena oa hae oa Bomesia, Kreste Jesu. Bakeng sa eona, Jehova o re: “Ke ea bopa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Tlas’a puso ea ’Muso oa leholimo, lefatše e tla ba lehae la batho le nang le khotso, le thabileng, moo ho phela le ho sebetsa e tlang ho ba thabo ea kamehla. Jehova o re: ‘Le tla ba le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bopa . . . bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.’ (Esaia 65:17-22) Haeba u tšetleha tšepo ea hao ea bokamoso tšepisong eo e ke keng ea hlōleha ho phethahala, u tla ba le mabaka ’ohle a ho ba le tšepo—hona joale le ka ho sa feleng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa moo pono ena e hlalositsoeng ka ho qaqileng, ka kōpo bona khaolo ea 16 ea buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

H. G. Wells

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Corbis-Bettmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela