Etsa se Molemo ’me U Abele ba Bang
1 Dorkase “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36, 39) Moea oa hae oa ho fana ka seatla se bulehileng o ile oa etsa hore a ratoe ke batho ba neng ba mo tseba a be a ratoe ke Jehova Molimo. Baheberu 13:16 e re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” Re ka etsa se molemo joang le ho se abela ba bang kajeno?
2 Tsela e ’ngoe eo re ka ruisang ba bang molemo ka eona ke ka ho ba abela ‘lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’ (Liprov. 3:9) Menehelo ea rōna ea mosebetsi oa lefatše lohle e etsa hore ho be bonolo ho haha Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Likopano le mehaho ea lekala lefatšeng ka bophara. Ho fana ha rōna ka seatla se bulehileng ho entse hore ba limilione ba rue molemo thupelong ea puso ea Molimo le botsoalleng ba moea bo hahang.
3 Ho Abela ba Bang Matšeliso: Ha ho e-ba le koluoa, batho ba Jehova ba lula e le malala-a-laotsoe ho ‘sebetsa se molemo’ ho balumeli-’moho le bona hammoho le ho ba seng tumelong e le ’ngoe le bona. (Bagal. 6:10) Ka mor’a ho qhoma ho ileng ha e-ba teng fekthering ea lik’hemik’hale Fora, banyalani ba bang ba neng ba lula haufi le fektheri eo ba ile ba re: “Barab’abo rōna ba Bakreste ba ile ba tla kapele ho tla hloekisa folete ea rōna hammoho le tsa ba bang mohahong oo. Baahelani ba rōna ba ne ba makaletse ho bona batho ba bangata hakaalo ba tlil’o thusa.” Morali e mong oabo rōna o ile a phaella ka ho re: “Baholo ba ile ba re phallela. Ba ile ba tla ho tla re khothatsa. Ha e le hantle, sena ke sona seo re neng re se hloka ho feta thuso ea lintho tse bonahalang.”
4 Le hoja ho e-na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka etsetsang baahelani ba rōna se molemo, tsela e molemohali eo re ka ba thusang ka eona ke ka ho ba abela tsebo ea bohlokoa ea ’nete, e akarelletsang “tšepo ea bophelo bo sa feleng” boo Jehova a bo tšepisitseng. (Tite 1:1, 2) Molaetsa oa Bibele o fana ka matšeliso a ’nete ho batho ba siameng ka lebaka la maemo a lefatše le boemo ba bona ba boetsalibe. (Mat. 5:4) E se eka re ka etsa se molemo ’me re abele ba bang ha ho le matleng a matsoho a rōna ho etsa joalo.—Liprov. 3:27.