‘E-bang ba Seatla se Bulehileng, le Itokisetse ho Arolelana’
1 Makholo a lilemo a fetileng moapostola Pauluse o ile a laela Timothea hore a khothalletse balumeli-’moho le eena “hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana.” (1 Tim. 6:18) Hape Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore ba se ke ba lebala “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang.” (Baheb. 13:16) Ke hobane’ng ha a ile a ngola litaelo tsee? Hobane o ne a tseba hore ho ne ho tla ba le “khanya le tlhompho le khotso bakeng sa e mong le e mong ea sebetsang se molemo.”—Baroma 2:10.
2 Kaha ke eena ’Mōpi, Jehova Molimo ke eena Mong’a lintho tsohle. (Tšen. 4:11) Ka sebele re ananela seo a se etsang molemong oa pōpo ea hae. Ho sa tsotellehe boikutlo ba ho hloka teboho ba ba bangata ba moloko oa batho, Ea Holimo-limo o tsoela pele ho lumella bohle hore ba rue molemo litokisetsong tsa hae tseo a fanang ka tsona ka seatla se bulehileng bakeng sa ho boloka bophelo. (Mat. 5:45) O bile a fana ka Mora oa hae ea ratoang ho ba sehlabelo e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng. Na lerato leo re le bontšitsoeng ha lea lokela ho re susumelletsa hore re ipake re le ba nang le teboho ka hore re be ba seatla se bulehileng bathong ba bang?—2 Bakor. 5:14, 15.
3 Re ka Arolelana Eng? Ke ntho e nepahetseng hore re sebelise lintho leha e le life tseo re nang le tsona ka tsela e thabisang mahlong a Molimo. Ke ’nete hore re rata ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara ka lintho tse bonahalang le ka tsela ea moea. Ke ’nete hore litaba tse molemo ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo mang kapa mang a ka bang le lona, hobane “ke matla a Molimo a poloko.” (Baroma 1:16) Ka hore re sebelise nako ea rōna le matlotlo a rōna ka bolokolohi khoeli e ’ngoe le e ’ngoe hore re kopanele mosebetsing oa ho bolela le ho ruta, re ka ’na ra khona ho arolela ba bang letlotlo lena la moea, le lebisang hore ba fumane bophelo bo sa feleng.
4 Jehova o thaba haholo ha re thusa ba hlokang. O tšepisa mahlohonolo, ’me o boetse oa re hopotsa: “Maruo ha a thuse letho mohl’a letsatsi la bohale, empa ho Ioka ho loela lefung.” (Liprov. 11:4; 19:17) Ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka lintho tse bonahalang le ho kopanela ka botlalo ho boleleng litaba tse molemo ke litsela tse babatsehang tseo re ka bontšang hore re hlile re seatla se bulehileng, re loketse ho arolelana.