Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/05 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 April
  • Beke e Qalang ka la 18 April
  • Beke e Qalang ka la 25 April
  • Beke e Qalang ka la 2 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 4/05 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 April

Pina ea 4

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea May 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea etsang mosebetsi oa seterateng.

15 mets: “Phehella ho Bolela.”a Haeba nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.

15 mets: “Etsa se Molemo ’me U Abele ba Bang.”b Bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng phuthehong, u bolele litsela tse sebetsang tseo re ka thusang ba bang ka tsona.

Pina ea 47 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 April

Pina ea 76

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 8.”c Akarelletsa le pontšo e khutšoanyane eo ho eona mohoeletsi a fang seithuti se secha sa Bibele bukana ea Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? Mohoeletsi o lebisa tlhokomelo setšoantšong se leqepheng la 20 la bukana ’me o hlalosa Seboka sa Phatlalatsa hakhutšoanyane. O bolela sehlooho sa puo e latelang ea phatlalatsa ’me o mema seithuti hore se be teng.

15 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Pheta liphihlelo tse thabetsoeng phutuhong e khethehileng ea ho aba bukana e ncha. Ho ka etsoa lipontšo tsa se etsahetseng liphihlelong tse ikhethang. Totobatsa se ileng sa finyelloa, ’me u babatse bohle ka boiteko ba bona. Ba bang ba ka ’na ba pheta liphihlelo tseo ba li thabetseng mabapi le mokete oa Sehopotso le puo e khethehileng.

Pina ea 169 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 April

Pina ea 111

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse loketseng. Pontšo e ’ngoe e be eo ho eona ho arajoang motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ha ke thahaselle.” (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 16.) Bolela lihlooho tse ka ’nang tsa ipiletsa kapele ho batho tšimong.

10 mets: “Ba Thuse ho Fumana Bopaki bo Eketsehileng.” Puo eo ho eona bamameli ba kopanelang mona le mane. Bontša kamoo boitsebiso boo bo sebetsang kateng phuthehong. Khothalletsa bohle ho potlakela ho tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ha ho hlokahala.

20 mets: “Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao.”d Ha ho tšohloa serapa sa 3 le sa 4, bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng phuthehong. Ka bokhutšoanyane buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba atlehang ho tsamaisa limakasine litsing tsa khoebo, mosebetsing oa seterata, libakeng tsa sechaba kapa bopaking bo sa reroang. E-re ba hlalose hore na ba tsamaisa limakasine joang maemong ana. Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea nehelano kapa ea se etsahetseng phihlelong e itseng.

Pina ea 8 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 May

Pina ea 148

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane tšohla sehlooho se leqepheng la 6 se reng “Ho Ithuta Bukana ea Le Lule le Lebetse!” Bolela hore sehlooho sena se na le kemiso e tla sebelisoa ha ho tšohloa bukana eo. Khothalletsa bohle ho lokisetsa hantle le ho kopanela thutong beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho qala ka beke ea la 23 May.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha.”e Bontša kamoo boitsebiso bona bo sebetsang kateng tšimong ea phutheho.

Pina ea 112 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela