Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/05 leq. 4
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 4/05 leq. 4

Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao

1, 2. Molula-Qhooa le Tsoha! li amme bophelo ba batho joang?

1 “Lia thahasellisa, li nakong ’me lia khothatsa.” “Ke likoranta tse khothatsang ka ho fetisisa tseo nkileng ka li bala.” Litlhaloso tsena li bontša hantle kamoo babali lefatšeng ka bophara ba ikutloang kateng ka Molula-Qhooa le Tsoha! Ka sebele, limakasine tsa rōna li ipakile e le likofuto tsa bohlokoa bakeng sa ho finyella “batho ba mefuta eohle” ka litaba tse molemo.—1 Tim. 2:4.

2 Rakhoebo e mong o ile a fumana makasine ea Tsoha! e nang le sehlooho se ileng sa mo khahla. Hamorao, o ile a bala Molula-Qhooa o tsamaeang le eona, o neng o e-na le sehlooho se ileng sa mo susumelletsa ho hlahlobisisa thuto ea Boraro-bo-bong eo e neng e le khale a e lumela. Sena se ile sa etsa hore a be le thahasello. O ile a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng. Monna e mong o ne a fumana limakasine kamehla empa ho se mohla a li balang. Ka lehlakoreng le leng, mosali oa hae o ne a baleha Lipaki empa a bala limakasine tse sietsoeng monna oa hae. O ile a angoa pelo ke tšepiso ea Bibele ea lefatše la paradeise le tletseng batho ba lokileng. Ka mor’a nako, mosali eo, mora oa hae le ngoan’abo mosali eo e ile ea e-ba bahlanka ba Jehova.

3. Molemo oa ho tsamaisa limakasine ka bobeli ke ofe?

3 Li Tsamaise li le Peli: Joalokaha mehlala e ka holimo e bontša, ha re tsebe hore na ke bo-mang ba tla bala limakasine tsa rōna kapa ke eng se ka hapang thahasello ea bona. (Moek. 11:6) Ka hona, ho molemo ho tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka bobeli, le hoja hangata re ka buella makasine e le ’ngoe feela nehelanong ea rōna. Maemong a mang, ho ka ’na ha e-ba molemo ho tsamaisa limakasine tse fapa-fapaneng leetong la rōna.

4. Re ka etsa kemiso ea ho kopanela mosebetsing oa limakasine joang?

4 Ho molemo ho behella ka thōko letsatsi le le leng beke ka ’ngoe bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa limakasine. Almanakeng ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, Moqebelo o mong le o mong o bontšitsoe e le “Letsatsi la Limakasine.” Ka ho hlakileng, kaha maemo a sebaka le a motho ka mong a fapane, ba bang ba ka ’na ba behella letsatsi le leng ka thōko bakeng sa ho tsamaisa limakasine tsa rōna ka ho khetheha. Na kemiso ea hao ea beke le beke e akarelletsa ho tsamaisa limakasine?

5. Re lokela ho falimehela menyetla efe ea ho tsamaisa limakasine, hona re ka thusoa ke’ng ho etsa joalo?

5 Ipehele Pakane: Ho ipehela pakane ea khoeli le khoeli ea ho tsamaisa limakasine ho ka re thusa ho falimehela ho tsamaisa limakasine haholoanyane. Na u na le tselana ea limakasine? Na u tsamaisa limakasine ho batho bao u kopanang le bona tšebeletsong? Na u ka tsamaisa limakasine seterateng, tšimong ea khoebo le libakeng tsa sechaba? Na u lula u e-na le limakasine ha u le leetong, ha u e-ea mabenkeleng le ha u e-ea mabakeng a mang? Sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong o loketseng ho thusa ba bang ho rua molemo Molula-Qhooeng le Tsoheng!

6. Re ka sebelisa limakasine tsa rōna tsa khale hamolemo joang?

6 Hape re ka ipehela pakane ea ho tsamaisa limakasine tsa khale tseo re nang le tsona. Esita le haeba limakasine li sa tsamaisoe ka mor’a khoeli kapa tse peli li hatisitsoe, boitsebiso bo lula e le ba bohlokoa. Li fetisetse bathong ba thahasellang. Ho batho ba limilione, limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! e ’nile ea e-ba “lentsoe . . . ka nako e nepahetseng.” (Liprov. 25:11) A re li sebeliseng ho thusa batho ba bang ba limilione hore ba tsebe Jehova ’me ba mo sebeletse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela