Pina ea 102
Thabo ea Tsoho
1. Lazaro o robetse
Bitleng le batang (bitleng).
Ea ka thusang h’a eo,
Ke feela ba llang (meokho).
‘Hoja Jes’o tlile
A e-s’o k’a shoa
A ka be a sa k’a
Bona lebitla’ (le lefu).
Ka mor’a matsatsi
O’a fihla Jesu
’Me o laela mofu:
“Lazaro tsoa moo!”
A ntse a tlameletsoe,
Lazaro a tsoa (bitleng).
’Me metsoalle eohle
Ea nyakallisoa (ke hoo)!
2. Ba tšepang hore
Kreste Ke Molopolli (k’eena).
Ba sareloa bohle
Ha se a shoele (Morena).
Ba tletse masoabi
Ka ho hlomoha,
Ba khathatsehile
Ba ea mo pata (lebitleng).
A ke ke a thijoa
Jah’a tsosa Kreste.
Tsatsing la boraro
A tle a putsoe.
Barutuoa ba thaba
Ha ba mo bona (hape).
Lefu le lebitla
Li hlōtsoe k’eena (feela).
3. Adama o tlisitse
Lefu ho batho (bohle).
Empa ba ka tsoha
Ka Kreste Jesu (Konyana).
Bohle ba’ileng ba shoa
O tla ba bitsa.
’Me ba tsoe ho ’ona
Ho tla tla phela (lefatšeng).
Pel’a tulo sa Jah
Ba tla ahloloa.
Leseling la
’Muso Ketsong tsa bona.
Bao mabitso a bona
A ngotsoeng bukeng (ea Jah).
Ba tla phela khotsong
Ka thabo fatšeng (lena).