Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 325-leq. 329
  • Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhatlo o Hlophisitsoeng
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ipoloke U Sireletsehile U le Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova ke Molimo oa Tlhophiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Hlophisetsoa ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 325-leq. 329

Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Tlhaloso: Kopano kapa mokhatlo oa batho bao boiteko ba bona bo hokahanngoang bakeng sa mosebetsi kapa morero o khethehileng. Litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng li momahanngoa ke litokisetso tsa puso le ka litekanyetso kapa litlhoko. Batho bao e leng Lipaki tsa Jehova tse inehetseng tsa ba tsa kolobetsoa ba kena ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka lebaka la boikhethelo ba botho, e seng ka tsoalo kapa ka ho qobelloa leha e le hofe. Ba huletsoe mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae o lefatšeng ke lithuto tsa oona le mekhoa ea oona le hobane ba batla ho kopanela mosebetsing oo o o etsang.

Na Jehova o hlile o na le mokhatlo o hlophisitsoeng moo lefatšeng?

Ho araba potso eo, nahana ka se latelang:

Na libopuoa tsa Molimo tsa leholimo, mangeloi, li hlophisitsoe?

Dan. 7:9, 10: “Ka talima ho fihlela literone li ba li beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joale ka lehloa, moriri oa hloho ea hae o no o le mosoeu joale ka boea ba nku bo hlatsoehileng; terone ea hae e ne e tsoa malakabe a mollo, le mabili a eona a na a le joale ka mollo o tukang. Nōka ea mollo e ne e tsoa ho eena, e matha pel’a hae; o na a sebeletsoa ke likete tsa likete, limillione tsa limillione li ne li eme pel’a hae; baahloli ba lula, ’me libuka tsa phetloa.”

Pes. 103:20, 21: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela, lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!” (“Lekhotla” ke sehlopha se hlophisitsoeng.)

Mehleng e fetileng Molimo o ne o fetisetsa litaelo ho bahlanka ba oona ba lefatšeng joang?

Ha barapeli ba Jehova ba sa fokola ka palo, o ne a fana ka litaelo ho lihlooho tsa malapa tse kang Noe le Abrahama, ’me joale ba ne ba sebetsa joaloka babuelli ba Jehova ho malapa a bona. (Gen. 7:1, 7; 12:1-5) Ha Jehova a lopolla Baiseraele Egepeta, a ba nea litaelo ka Moshe. (Ex. 3:10) Thabeng ea Sinai, Molimo oa hlophisa batho ho ba etsa sechaba, oa fana ka melao le litaelo ho tsamaisa borapeli ba bona le hore na ba sebelisane joang. (Ex. 24:12) Oa hloma boprista hore bo etelle pele litabeng tsa borapeli le ho laea batho ka se hlokoang ke Jehova; ka linako tse ling o ne a hlahisa baprofeta ba laeang le ho fana ka taeo le ho lemosa sechaba kamoo ho hlokahalang. (Deut. 33:8, 10; Jer. 7:24, 25) Ka hona, le hoja Jehova a ile a mamela lithapelo tsa batho ka bomong, o ba neile litaelo ka tokisetso ea mokhatlo o hlophisitsoeng.

Ha ho atamela nako ea hore Jehova a qale ho ikopanya le barapeli ba ’nete ka Jesu Kreste, Molimo oa mo romela lefatšeng hore a sebetse e le ’muelli oa Oona. (Ba-Heb. 1:1, 2) Eare ha ho tšolloa moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., hoa tsoaloa phutheho ea Bokreste. Hoba Jesu a khutlele leholimong, phutheho ena ea fetoha tokisetso ea Jehova bakeng sa ho laea le ho hokahanya boiteko ba Bakreste ka bomong. Ho ne ho e-na le balebeli ba etellang pele liphuthehong tsa libaka ka bomong, le sehlopha se busang se setsing se neng se etsa liqeto tse hlokahalang le ho thusa ho hokahanya tšebetso. Ka ho hlakileng, Jehova o ne a hlahisitse mokhatlo o hlophisitsoeng lefatšeng, o entsoeng ka Bakreste ba ’nete.—Lik. 14:23; 16:4, 5; Ba-Gal. 2:7-10.

Na mesebetsi e bonahalang ea pōpo ea Jehova e bontša hore ke Molimo oa tlhophiso?

Esa. 40:26: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” (Linaleli li arotsoe ka lihlopha ’me li tsamaea kamanong hammoho, le hoja litšobotsi tsa linaleli ka bomong li fapana. Mafatše a potolohang letsatsi a tsamaea ka nako e nepahetseng, litseleng tseo a li lokiselitsoeng. Likaroloana tse nyenyane tse fumanoang athomong ka ’ngoe ea karolo ka ’ngoe le tsona li na le litsela. ’Me kaheho ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entseng bokahohle lipalo tsa eona li tsitsitse hoo ho leng bonolo hore bo-ramahlale ba bolele pele ho nako boteng ba likarolo tse itseng pele ba li fumana. Hona hohle ke bopaki ba tlhophiso e tsoileng matsoho.)

Na Bibele e bontša hore Bakreste ba ’nete e ne etlaba batho ba hlophisitsoeng?

Matt. 24:14; 28:19, 20: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse.” (Hoo ho ne ho ka etsoa joang ntle ho tlhophiso? Ha Jesu a ne a koetlisa barutuoa ba hae ba pele bakeng sa mosebetsi ona, ha A ka a ba bolella feela hore e mong le e mong a ee moo a lakatsang ho ea le ho kopanela tumelo ea hae le ba bang ka tsela efe le efe eo a ka ikhethelang eona. O ile a ba koetlisa, a ba laea le ho ba roma ka mokhoa o hlophisitsoeng. Bona Luka 8:1; 9:1-6; 10:1-16.)

Ba-Heb. 10:24, 25: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Empa motho o ne a tla lebisa ba thahasellang hokae e le hore ba ka utloa taelo ee haeba ho ne ho se mokhatlo o hlophisitsoeng o nang le liboka tsa kamehla tseo ba ka bokanang ho tsona?)

1 Ba-Kor. 14:33, 40: “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso, . . . Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.” (Mona moapostola Pauluse o bua ka mokhoa o laolehileng libokeng tsa phutheho. Ho sebelisa keletso ena e bululetsoeng ho hloka ho hlonepha tlhophiso.)

1 Pet. 2:9, 17: “Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang; . . . ratang banab’abo lōna bohle.” (Kopano ea batho bao boiteko ba bona bo tobisitsoeng ho finyella mosebetsi o itseng ke mokhatlo o hlophisitsoeng.)

Na bao e leng bahlanka ba khabane ba Molimo ke batho ba hasa-hasaneng likerekeng tse fapa-fapaneng tsa Bokreste-’mōtoana?

2 Ba-Kor. 6:15-18: “Ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela, ’me ke tla ba Ntat’a lōna, lōna le be bara ba ka le barali ba ka, ho thualo ke Morena ea matla ’Ohle.” (Na ka sebele motho ke mohlanka ea khabane oa Molimo haeba a tsoela pele ho kopanela borapeling le ba bontšang ka tsela eo ba phelang ka eona hore ruri hase balumeli? Bona sehlooho se seholo “Babylona e Moholo.”)

1 Ba-Kor. 1:10: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (Bonngoe bo joalo ha bo teng har’a likereke tse fapa-fapaneng tsa Bokreste-’mōtoana.)

Joh. 10:16: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (Kaha Jesu o ne a tla etsa ba joalo ‘mohlape o le mong,’ na ha hoa totobala hore ba ne ba ke ke ba hasa-hasana malumeling a Bokreste-’mōtoana?)

Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang o ka khetholloa joang mehleng ea rōna?

(1) O phahamisa Jehova kannete e le oona Molimo feela oa ’nete, o hōlisa lebitso la hae.—Matt. 4:10; Joh. 17:3.

(2) O ela hloko ka botlalo karolo ea bohlokoa ea Jesu Kreste morerong oa Jehova—e le mophahamisi oa borena ba Jehova, Moemeli e Moholo oa bophelo, hlooho ea phutheho ea Bokreste, Morena ea busang oa Messia.—Tšen. 19:11-13; 12:10; Lik. 5:31; Ba-Ef. 1:22, 23.

(3) O khomarela haufi le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, o thea lithuto tsohle tsa oona le litekanyetso tsa boitšoaro Bibeleng.—2 Tim. 3:16, 17.

(4) O lula o arohile lefatšeng.—Jak. 1:27; 4:4.

(5) O boloka boemo bo phahameng ba boitšoaro bo hloekileng har’a litho tsa oona, hobane Jehova ka boeena o-oa halalela.—1 Pet. 1:15, 16; 1 Ba-Kor. 5:9-13.

(6) Boiteko bo boholo ba oona o bo tobisa mosebetsing oo Bibele e o profetileng bakeng sa mehla ea rōna, e leng, ho boleloa hoa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle bakeng sa bopaki.—Matt. 24:14.

(7) Ho sa tsotellehe ho se phethahale hoa botho, litho tsa oona li hlaolela le ho bea litholoana tsa moea oa Molimo—lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo le boitšoaro—li ho etsa hoo li khethehang lefatšeng ka kakaretso.—Ba-Gal. 5:22, 23; Joh. 13:35.

Re ka bontša ho hlompha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova joang?

1 Ba-Kor. 10:31: “Etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”

Ba-Heb. 13:17: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa.”

Jak. 1:22: “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela.”

Tite 2:11, 12: “Mohau oa Molimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse; o ntse o re ruta ho tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, re tle re phele nakong ea joale ka kelello, ka ho loka, le ka borapeli.”

1 Pet. 2:17: “Ratang banab’abo lōna bohle.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela