KHAOLO EA 30
“Le ’Ne le Ratane”
1-3. Ho ba le liphello life ha re etsisa mohlala oa Jehova oa ho bontša lerato?
“HO FANA ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.” (Liketso 20:35) Mantsoe ao a Jesu a hatisa ’nete ena ea bohlokoa: Lerato le se nang boithati lea putsa. Le hoja ho e-na le thabo e kholo ho amoheleng lerato, ho na le thabo e eketsehileng le ho feta ho faneng kapa ho bontšeng lerato ho ba bang.
2 Ha ho ea tsebang sena hamolemo ho feta Ntate oa rona oa leholimo. Joalokaha re bone likhaolong tse fetileng tsa karolo ena, Jehova ke mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa lerato. Ha ho ea bontšitseng lerato ka litsela tse kholo kapa ka nako e telele ho mo feta. Kahoo, na ke ho makatsang ha Jehova a bitsoa “Molimo ea thabileng”?—1 Timothea 1:11.
3 Molimo oa rona ea lerato o batla hore re leke ho tšoana le eena, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea ho bontša lerato. Baefese 5:1, 2 e re: “Le etsise Molimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang. Le ’ne le ratane.” Ha re etsisa mohlala oa Jehova oa ho bontša lerato, re ba le thabo e eketsehileng e tlisoang ke ho fana. Re boetse re ba le khotsofalo ea ho tseba hore re thabisa Jehova, kaha Lentsoe la hae le re phehella ho bontšana “lerato.” (Baroma 13:8) Empa ho na le mabaka a mang hape ao ka ’ona re lokelang hore re ‘’ne re ratane.’
Lebaka Leo ka Lona Lerato e Leng la Bohlokoa
Lerato le re susumelletsa ho bontša hore re tšepa bara ba bo rona
4, 5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša lerato le nang le boitelo ho Bakreste-’moho le rona?
4 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bontše lerato ho Bakreste-’moho le rona? Ka mantsoe a bonolo, lerato ke motheo oa Bokreste ba ’nete. Kantle ho lerato re ke ke ra ba le kamano e haufi le Bakreste-’moho le rona, ’me habohlokoa le ho feta, re ba ba se nang thuso mahlong a Jehova. Hlokomela kamoo Lentsoe la Molimo le totobatsang linnete tsena kateng.
5 Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatšeng, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ke le fa taelo e ncha ea hore le ratane. Le ratane feela joalokaha ke le ratile. Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Johanne 13:34, 35) Ha Jesu a ne a re: “Feela joalokaha ke le ratile,” o ne a re laela hore re bontše lerato le kang leo a le bontšitseng. Khaolong ea 29, re bone hore Jesu o fane ka mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa ho bontša lerato le nang le boitelo ka ho beha litlhoko le lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa hae. Le rona ka ho tšoanang re lokela ho bonahatsa lerato le se nang boithati, ’me re lokela ho le bonahatsa ka ho hlaka hoo lerato la rona le totobalang esita le ho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Ka sebele, lerato la bara ba motho le nang le boitelo ke letšoao leo ka lona re khetholloang re le balateli ba ’nete ba Kreste.
6, 7. (a) Re tseba joang hore Lentsoe la Jehova le totobatsa bohlokoa ba ho bontša lerato? (b) Mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 13:4-8 a tšohla karolo efe ea lerato?
6 Ho thoe’ng haeba re se na lerato? Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke se na lerato ke tšoana le tšepe e llang kapa simbala e lerata.” (1 Bakorinthe 13:1) Simbala e otlanngoang e etsa molumo o hlohlontšang litsebe. U se u ka nahana hore na tšepe e llang eona e etsa molumo o mokae. Ke lipapiso tse loketseng hakaakang! Motho ea se nang lerato o joaloka seletsa sa ’mino se lerata, se etsang molumo o lelekang batho ho fapana le ho ba hohela. Ke joang motho ea joalo a ka thabelang kamano e haufi le ba bang? Pauluse o ile a boela a re: “Leha nka . . . ba le tumelo e matla ea ho tlosa thaba moo e lutseng teng, ha ke se na lerato ha ke letho.” (1 Bakorinthe 13:2) Ak’u nahane feela, motho ea se nang lerato “ke motho feela tjee ea se nang thuso,” ho sa tsotellehe mesebetsi leha e le efe eo a ka ’nang a e etsa! (The Amplified Bible) Na ha ho hlake hore Lentsoe la Jehova le hatisa bohlokoa ba ho ba lerato?
7 Leha ho le joalo, re ka bonahatsa tšobotsi ee joang litšebelisanong tsa rona le ba bang? Ho araba potso eo, a re hlahlobeng mantsoe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe 13:4-8. Litemana tsena ha li hatise lerato la Molimo ho rona kapa lerato la rona ho Molimo. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a tšohla tsela eo re lokelang ho bontšana lerato ka eona. O ile a hlalosa seo lerato le leng sona le seo le seng sona.
Seo Lerato le Leng Sona
8. Mamello e re thusa joang tšebelisanong tsa rona le batho ba bang?
8 “Motho ea lerato o na le mamello.” Lerato le bolela ho tsoela pele re mamella batho ba bang. (Bakolose 3:13) Na re hloka mamello e joalo? Kaha re tšoarisane mosebetsi re le libopuoa tse sa phethahalang, ke ho utloahalang ho lebella hore nako le nako, barab’abo rona ba Bakreste ba ka ’na ba re khopisa ’me le rona ra ba khopisa. Empa ho se fele pelo le ho ithiba ho ka re thusa ho sebetsana ka katleho le likhopiso le liqabang tse sa reng letho tse bang teng litšebelisanong tsa rona le ba bang re sa luke khotso ea phutheho.
9. Re ka bontša mosa ho ba bang ka litsela life?
9 “Motho ea lerato . . . o mosa.” Mosa o bontšoa ka liketso tse molemo le ka mantsoe a nahanelang. Lerato le re susumelletsa ho batla litsela tsa ho bontša mosa, haholo-holo ho ba hlokang. Ka mohlala, e ka ’na eaba Mokreste-’moho le rona ea seng a holile o jeoa ke bolutu ’me o hloka ea mo etelang ho mo khothatsa. ’Mè ea se nang molekane kapa morali oa bo rona ea lulang lelapeng le arohaneng bolumeling a ka ’na a hloka thuso e itseng. Motho ea kulang kapa ea thulaneng le bothata bo tebileng a ka ’na a hloka ho utloa mantsoe a mosa a motsoalle ea tšepahalang. (Liproverbia 12:25; 17:17) Ha re bontša mosa ka litsela tsena, re bonahatsa bonnete ba lerato la rona.—2 Bakorinthe 8:8.
10. Lerato le re thusa ho emela ’nete le ho e bua joang, esita le ha ho se bonolo ho etsa seo?
10 “Motho ea lerato . . . o thabela ’nete.” Phetolelo e ’ngoe e re: “Lerato . . . le emela ’nete ka thabo.” Lerato le re susumelletsa ho emela ’nete le ho ‘bolellana ’nete.’ (Zakaria 8:16) Ka mohlala, haeba motho eo re mo ratang a kopanetse sebeng se tebileng, lerato la rona ho Jehova le ho mofosi le tla re thusa ho khomarela litekanyetso tsa Molimo ho e-na le ho leka ho pata phoso, ho beha mabaka a e emelang, esita le hona ho qala leshano ka eona. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela ’nete boemong boo. Empa haeba re amehile ka lithahasello tsa eo re mo ratang, re tla batla hore a amohele pontšo ea taeo e lerato ea Molimo le hore a e sebelise. (Liproverbia 3:11, 12) Joaloka Bakreste ba lerato, re boetse re lakatsa “ho etsa lintho tsohle ka botšepehi.”—Baheberu 13:18.
11. Kaha motho ea lerato “ha a tele,” re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa’ng ka mefokolo ea Bakreste-’moho le rona?
11 “Motho ea lerato . . . ha a tele.” Ha e le hantle polelo eo e bolela hore lerato “le koahela lintho tsohle.” (Kingdom Interlinear) Petrose oa Pele 4:8 e re: “Motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” E, Mokreste ea tataisoang ke lerato ha a pepese liphoso le mefokolo eohle ea bara ba bo ba Bakreste. Maemong a mangata, liphoso tsa Bakreste-’moho le rona le mefokolo ea bona ke tse sa tebang ’me li ka koaheloa ke lerato.—Liproverbia 10:12; 17:9.
12. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o lumela hore Filemone o tla etsa se molemo, hona re ka ithuta eng mohlaleng oa Pauluse?
12 “Motho ea lerato . . . o lumela lintho tsohle.” Phetolelo ea Moffatt e re lerato le “labalabela ho lumela se molemo ka linako tsohle.” Ha re belaelle Bakreste-’moho le rona ho sa hlokahale, ha re phenya-phenye lebaka le leng le le leng leo ba etsang lintho ka lona. Lerato le re thusa “ho lumela se molemo” ka bara ba bo rona le ho ba tšepa.a Hlokomela mohlala o lengolong la Pauluse le eang ho Filemone. Pauluse o ne a ngola ka sepheo sa ho khothalletsa Filemone ho amohela ka mosa lekhoba le balehileng Onesimase ha le khutla, leo e neng e se e le Mokreste. Ho e-na le ho leka ho qobella Filemone, Pauluse o ile a ipiletsa ka lerato. O ile a bontša hore o tšepa hore Filemone o tla etsa se nepahetseng, a re: “Ke u ngolla ke kholisehile hore u tla amohela kopo ea ka, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang ntho eo ke e kopileng.” (Temana ea 21) Ha lerato le re susumelletsa ho bontša hore re tšepa bara ba bo rona joalo, re ba susumelletsa hore ba hlahise botle bo ka ho bona.
13. Re ka bontša joang hore re tšepa hore ho tla etsahala se molemo ka bara ba bo rona?
13 “Motho ea lerato . . . o tšepa lintho tsohle.” Lerato lea tšepa, ebile le tletse tšepo. Kaha re susumetsoa ke lerato, re tšepa hore ho tla etsahala se molemo ka bara ba bo rona. Ka mohlala, haeba mor’abo rona “a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele,” re tšepa hore o tla arabela hantle boitekong bo lerato ba ho mo khutlisetsa tseleng. (Bagalata 6:1) Re boetse re tšepa hore ba fokolang tumelong ba tla hlaphoheloa. Ha re ba felle pelo, re etsa sohle se matleng a rona ho ba thusa ho tiea tumelong. (Baroma 15:1; 1 Bathesalonika 5:14) Esita le ha ea ratoang a kheloha, ha re lahle tšepo ea hore ka le leng o tla hlaphoheloa ’me a khutlele ho Jehova, joaloka mora ea lahlehileng oa papisong ea Jesu.—Luka 15:17, 18.
14. Mamello ea rona e ka ’na ea lekoa ka litsela life ka phuthehong, hona lerato le tla re thusa ho itšoara joang?
14 “Motho ea lerato . . . o mamella lintho tsohle.” Mamello e re nolofalletsa ho ema re tiile ha re thulana le maemo a nyahamisang kapa mathata. Liteko tsa mamello ha li hlahe ka ntle ho phutheho feela. Ka linako tse ling re ka ’na ra lekoa hona ka hare ho phutheho. Ka lebaka la ho se phethahale, ka linako tse ling re ka ’na ra soetsoa ke bara ba bo rona. Re ka ’na ra utloisoa bohloko ke puo e sa nahaneleng. (Liproverbia 12:18) Kapa taba e ’ngoe e itseng ka phuthehong ha e sebetsoe ka tsela eo re nahanang hore e lokela ho sebetsoa ka eona. Tsela eo mor’abo rona ea itseng ea hlomphehang a etsang lintho ka eona e ka ’na ea re khopisa, ea etsa hore re ipotse, ‘Mokreste a ka etsa ntho e tjee joang?’ Ha re tobane le maemo a kang ao, na re tla ikhula phuthehong ebe re khaotsa ho sebeletsa Jehova? Eseng haeba re e-na le lerato! Ka sebele, lerato le re thibela ho foufatsoa ke mefokolo ea mor’abo rona hoo re seng re ke ke ra hlola re bona molemo leha e le ofe ho eena kapa ho phutheho ka kakaretso. Lerato le re nolofalletsa ho lula re tšepahala ho Molimo re bile re tšehetsa phutheho ho sa tsotellehe seo motho e mong ea sa phethahalang a ka ’nang a se bua kapa a se etsa.—Pesaleme ea 119:165.
Seo Lerato le Seng Sona
15. Mona ke eng, hona lerato le re thusa ho qoba boikutlo boo bo kotsi joang?
15 “Motho ea lerato . . . ha a mona.” Mona o ka re etsa hore re honohele seo ba bang ba nang le sona joaloka thepa, litokelo, kapa bokhoni boo ba nang le bona. Mona o joalo ke boikutlo ba boithati, bo kotsi, boo ha bo sa laoloe bo ka senyang khotso ea phutheho. Ke eng e tla re thusa ho hanela ho ba mona? (Jakobo 4:5) Ke lerato. Tšobotsi ena ea bohlokoa e ka re nolofalletsa ho thaba le bao ho bonahalang ba e-na le menyetla e itseng bophelong eo rona re se nang eona. (Baroma 12:15) Lerato le re thusa hore re se ke ra nka hore ha motho e mong a rorisoa ka lebaka la bokhoni bo itseng bo ikhethang kapa katleho eo a e finyeletseng hoo ke ho re qholotsa.
16. Haeba re hlile re rata bara ba bo rona, ke hobane’ng ha re ka qoba ho ithorisa ka seo re se etsang tšebeletsong ea Jehova?
16 “Motho ea lerato. . . ha a ithorise, ha a ikhohomose.” Lerato le re thibela ho etsa mponeng ka litalenta tsa rona kapa ka seo re se finyeletseng. Haeba re hlile re rata bara ba bo rona, ke joang re ka lulelang ho ithorisa ka seo re atlehileng ho se finyella tšebeletsong kapa ka litokelo tseo re nang le tsona ka phuthehong? Ho ithorisa ho joalo ho ka nyahamisa ba bang, ha ba etsa hore ba ikutloe ba le tlase ha ba bapisoa le rona. Lerato ha le re lumelle ho ithorisa ka seo Molimo a re lumellang hore re se etse tšebeletsong ea hae. (1 Bakorinthe 3:5-9) Ho feta moo, motho ea lerato “ha a ikhohomose,” kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e beha taba, ha a “thabele ho ikakasa ka bohlokoa ba hae.” Lerato le re thibela ho inka re le ba phahameng.—Baroma 12:3.
17. Lerato le re susumelletsa ho bontša ho nahanela ba bang joang, hona re lokela ho qoba boitšoaro ba mofuta ofe?
17 “Motho ea lerato . . . ha a itšoare ka tsela e soabisang.” Motho ea itšoarang ka mokhoa o sa hlompheheng o etsa lintho tse tsoileng tseleng kapa tse khopisang. Boitšoaro bo joalo bo bontša ho hloka lerato, kaha bo bontša ho se tsotelle maikutlo le boiketlo ba ba bang ka ho feletseng. Ka lehlakoreng le leng, lerato le na le tlhompho le mosa tse re susumelletsang ho bontša ho nahanela ba bang. Lerato le re thusa ho hlahisa mekhoa e metle, boitšoaro ba bomolimo le ho hlompha balumeli-’moho le rona. Ka hona, lerato le ke ke la re lumella ho kopanela ‘boitšoarong bo soabisang’ le boitšoarong leha e le bofe bo tla nyarosa kapa bo khopise bara ba bo rona ba Bakreste.—Baefese 5:3, 4.
18. Ke hobane’ng ha motho ea nang le lerato a sa tsitlelle hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela ea hae?
18 “Motho ea lerato . . . ha a ichebe boeena feela.” Phetolelo e ’ngoe mona e re: “Lerato ha le tsitlelle hore lintho li be ka tsela ea lona.” Motho ea nang le lerato ha a tsitlelle hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela ea hae, joalokaha eka likhopolo tsa hae li lula li nepahetse kamehla. Ha a hule ba bang ka nko, ka ho sebelisa matla a hae a ho susumetsa ho hatella ba nang le maikutlo a fapaneng le a hae ho fihlela ba inehela. Manganga a joalo a bontša ho ikakasa ho itseng, ’me Bibele e re: “Boikakaso bo etella ho oa pele.” (Liproverbia 16:18) Haeba re hlile re rata bara ba bo rona, re tla hlompha maikutlo a bona ’me ha ho khoneha, re tla bontša hore re ikemiselitse ho tenyetseha. Boikutlo ba ho tenyetseha bo lumellana le mantsoe a Pauluse a reng: “Lulang le etsa lintho tse tla tsoela ba bang molemo eseng tse tla tsoela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.
19. Lerato le re thusa hore re itšoare joang ha ba bang ba re khopisa?
19 “Motho ea lerato . . . ha a halefe habonolo, ha a jare ba bang ka pelo.” Motho ea lerato ha a halefisoe feela-feela tjee ke seo ba bang ba se buang kapa ba se etsang. Ke ’nete hore ke ha tlhaho ho hlabeha ha ba bang ba re khopisa. Empa le haeba re e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa, lerato ha le re lumelle hore re lule re halefile. (Baefese 4:26, 27) Ha re na ho boloka tlaleho ea mantsoe kapa liketso tse khopisang joalokaha eka re li ngola bukeng ea likoloto e le hore re tle re se ke ra li lebala. Ho e-na le hoo, lerato le re susumelletsa ho etsisa Molimo oa rona ea lerato. Joalokaha re bone Khaolong ea 26, Jehova oa tšoarela ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore a tšoarele. Ha a tšoarela, oa lebala, e leng ho bolelang hore a ke ke a re ahlolela libe tseo nakong e tlang. Na ha re thabe hore ebe Jehova ha a re jare ka pelo?
20. Re lokela ho itšoara joang ha Mokreste-’moho le rona a oela phosong ’me seo se mo hlahisetsa mathata?
20 “Motho ea lerato . . . ha a thabisoe ke lintho tse sa lokang.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena mona: “Lerato . . . ha le thabisoe ke libe tsa batho ba bang.” Phetolelo ea Moffatt e re: “Lerato ha le thabe ha ba bang ba etsa phoso.” Motho ea lerato ha a thabele lintho tse mpe, ka lebaka leo ha a emele kapa hona ho amohela boitšoaro leha e le bofe bo litšila. Re itšoara joang ha Mokreste-’moho le rona a oela sebeng ’me seo se mo hlahisetsa mathata? Lerato le ke ke la re lumella ho thaba joalokaha eka re re: ‘Eke! O laehile!’ (Liproverbia 17:5) Leha ho le joalo, rea thaba ha mor’abo rona oa mofosi a nka mehato e loketseng e le hore a tsosolose setsoalle sa hae le Jehova.
“Ntho e Bohlokoa ho Feta Tsohle”
21-23. (a) Pauluse o ne a bolela eng ha a re “lerato ha le fele”? (b) Ho tla tšohloa eng khaolong e qetellang?
21 “Lerato ha le fele.” Pauluse o ne a bolela eng ka mantsoe ao? Joalokaha taba e potolohileng e bontša, o ne a bua ka limpho tsa moea tseo Bakreste ba pele ba neng ba e-na le tsona. Limpho tseo li ne li sebeletsa e le pontšo ea hore Molimo o amohela phutheho e sa tsoa thehoa. Empa e ne e se Bakreste bohle ba neng ba ka folisa, ba profeta kapa ba bua maleme. Leha ho le joalo, seo se ne se sa tsotellehe. Qetellong limpho tsa mohlolo li ne li tla khaotsa ho ba teng. Empa ho na le ntho e ’ngoe e neng e tla sala, eo Mokreste e mong le e mong a neng a ka e hlaolela. Ke e ikhethang haholo, e tšoarellang ho feta mpho leha e le efe ea mohlolo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a e bitsa “ntho e bohlokoa ho feta tsohle.” (1 Bakorinthe 12:31) “Ntho e bohlokoa ho feta tsohle” ke eng? Ke lerato.
22 Ha e le hantle, lerato la Bokreste leo Pauluse a le hlalosang “ha le fele,” ke hore, le ke ke la khaotsa ho ba teng le ka mohla. Le kajeno, balateli ba ’nete ba Jesu ba ntse ba khetholloa ka lerato la bara ba motho le nang le boitelo. Na ha re bone bopaki ba lerato lee liphuthehong tsa barapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara? Lerato leo le tla tšoarella ka ho sa feleng, kaha Jehova o tšepisa bahlanka ba hae ba tšepahalang bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 37:9-11, 29) E se eka re ka tsoela pele ho etsa sohle se matleng a rona hore re “ratane.” Ka ho etsa joalo, re tla fumana thabo e kholoanyane e tlisoang ke ho fana. Ho feta moo, re ka tsoela pele re phela, ra tsoela pele re bontša ba bang lerato ka ho sa feleng ’me re etsisa Molimo oa rona ea lerato e leng Jehova.
Batho ba Jehova ba khetholloa ka ho ratana
23 Khaolong ena e phethelang karolo e buang ka lerato, re tšohlile tsela eo re ka bontšanang lerato ka eona. Empa ha re nahana ka litsela tse ngata tseo re ruang molemo ka tsona leratong la Jehova, matleng a hae, tokeng le bohlaleng ba hae re lokela ho ipotsa: ‘Nka bontša Jehova joang hore ke hlile kea mo rata?’ Potso ena e tla tšohloa khaolong ea rona e qetellang.
a Ke ’nete hore lerato la Bokreste ha le ee le khongoana holimo. Bibele ea re phehella: “Le hlokomele ba bakang likarohano le ba khelosang ba bang tumelong . . . Le ba qobe.”—Baroma 16:17.