Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sn pina 75
  • Mabaka a Rōna a ho Thaba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mabaka a Rōna a ho Thaba
  • Binelang Jehova
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a Rona a ho Thaba
    Binelang Jehova le Thabile
  • “Ke Thabela ho Etsa Thato ea Hao”
    Binelang Jehova le Thabile
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Thabo e sa Feleng
    Binelang Jehova le Thabile
Bala Tse Ling
Binelang Jehova
sn pina 75

Pina ea 75

Mabaka a Rōna a ho Thaba

E Hatisitsoeng

(Matheu 5:12)

1. Mabaka a thabo’a mangata,

Re nyakaletse ka hohle.

Tse lakatsehang tsa lichaba

Li hlaha lefatšeng lohle.

Pelo tsa rōna li thabile,

Li bile li nyakaletse.

Re ithuta Lentsoe la ’Mōpi;

Joale re ba le tumelo.

Mabaka a thabo a matla,

Joaloka rato le tukang.

Leha re ena le mathata,

Jehova o tla re thusa.

(K’HORASE)

Jehova o re fa thabo,

Re thabela pōpo ea hae

Ea babatseha hape ea hlolla,

O khabane ’me o matla!

2. Re ananela pōpo ea hae,

Lefatše le maholimo.

Re nyakalla ha re li bona,

Re thoholetsa Molimo.

A re mo pakeleng ka tlhōlo,

Re phatlalatseng ka ’Muso.

Litaba tsa tsoalo ea oona,

A re li haseng ka thabo.

Joale nyakallo e haufi,

Tsatsi leo le atametse.

O tšepisa fatše le lecha,

Moo bohle re tla nyakalla.

(K’HORASE)

Jehova o re fa thabo,

Re thabela pōpo ea hae

Ea babatseha hape ea hlolla,

O khabane ’me o matla!

(Sheba le Deut. 16:15; Esa. 12:6; Joh. 15:11.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela