Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 7 leq. 10
  • Bua Litaba Tse Nepahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bua Litaba Tse Nepahetseng
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nepahala ha Polelo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Kenyeletsa Mangolo Hantle
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Ho Botsa Lipotso
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 7 leq. 10

KHAOLO 7

Bua Litaba Tse Nepahetseng

Lengolo le qotsitsoeng

Luka 1:3

NTLHA-KHOLO: Qotsa libuka tseo batho ba li tšepang ho thusa bamameli ba hao ho etsa qeto e nepahetseng.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Sheba libuka tseo batho ba li tšepang. Seo u se buang se lokela ho thehoa Lentsoeng la Molimo, ha ho khoneha le bale. Haeba u bua ka taba ea saense, u qotsa se builoeng litabeng, mecheng e meng ea litaba, kapa u bua ka taba e etsahaletseng motho e mong, batlisisa hore na taba eo e ka tšeptjoa le hore na e sa le joalo.

  • Sebelisa lintho tseo u li qotsitseng hantle. Hlalosa mangolo ka tsela e lumellanang le seo ho buuoang ka sona, e lumellanang le molaetsa oa Bibele le e lumellanang le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ha u qotsa libuka tse ngotsoeng ke batho ba bang, u se ke oa fetola seo mongoli a se ngotseng le sepheo seo a ngotseng ka sona.

    Keletso

    U se ke oa feteletsa litaba kapa oa bala lipalo tse holimo haholo. Ela hloko hore ha ho thoe “batho ba bang” ha ho boleloe “batho ka kakaretso.” Ha ho thoe “ka linako tse ling” ha ho boleloe “kamehla.” Hape ha ho thoe “ntho e ka ’na ea etsahala” ha ho boleloe hore “e tla feela e etsahale.”

  • Hlalosa mabaka. Ha u qeta ho bala lengolo kapa u qeta ho qotsa buka e itseng, ka bohlale botsa lipotso kapa u etse papiso e tla thusa bamameli hore ba etse qeto e nepahetseng.

TŠIMONG

Ha u itokisetsa ho ea tšimong, nahana ka lipotso tseo u ka ’nang oa li botsoa, ebe u batla likarabo tsa tsona. Haeba motho a u botsa potso eo u sa tsebeng karabo ea eona, kopa ho khutla ka letsatsi le leng ha u se u entse lipatlisiso ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela