Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 9 leq. 12
  • Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Lithuso Tse Bonahalang Tsa ho Ruta ka Katleho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Sebelisa Livideo Tse Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Sebelisa Livideo ho Ruta Liithuti Tsa Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 9 leq. 12

KHAOLO 9

Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang

Lengolo le qotsitsoeng

Genese 15:5

NTLHA-KHOLO: E le hore bamameli ba tle ba hopole lintlha tsa bohlokoa ’me li ba hlakele, ruta ka lintho tseo ba ka li bonang.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha lintho tse tla hlakisa ntlha ea hao. Bontša bamameli litšoantšo, limmapa, kapa lintho tse ling tse tla hlakisa lintlha tsa sehlooho, eseng lintlha tsohle tse puong. Ba thuse hore ba se ke ba hopola feela seo u ba bontšitseng sona, empa hore na ba ithutile’ng ho sona.

  • Etsa bonnete ba hore bamameli ba hao ba bona ntho eo u batlang ho ba bontša eona.

    Keletso

    Pele u qala puo ea hao, etsa bonnete ba hore lintho tseo u tl’o li bontša batho li teng ebile li sebetsa hantle.

TŠIMONG

Bontša motho setšoantšo se bukeng e be u mo kopa hore a bue hore na o bona’ng ho sona. Haeba ho hlokahala, botsa lipotso tse ling tse totobatsang ntlha ea sehlooho. Haeba u mo bapalla video, e shebise ka ho eena. Ha ho hlokahale hore u bue ha motho a ntse a shebeletse video.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela