Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
© 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 23-26
“Borapeli ba Tempeleng e ba bo Hlophisehileng Haholo”
it-2-E 241
Balevi
Ha Davida e ne e ntse e le morena, mosebetsi o neng o etsoa ke Balevi o ne o hlophisehile haholo. O ile a khetha batsamaisi ba mosebetsi, balaoli, baahloli, balebeli ba likeiti le batšoari ba matlotlo. O ile a boela a khetha batho ba bangata hore ba thuse baprista mabaleng a tempele, ka likamoreng tsa ho jela, ho nyehela mahlabelo, ho hloekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e halalelang hammoho le mosebetsi oohle oa ho lekanya boholo ba lintho le bongata ba tsona le mosebetsi leha e le ofe oa ho lebela. Joaloka lihlopha tse neng li le teng tsa baprista, Balevi ba neng ba bina ba ne ba arotsoe ka lihlopha tse 24 ’me ba etsa mosebetsi oa bona ka ho chenchana. Ba ne ba abeloa mesebetsi ka hore ho lahloe lotho. Le lihlopheng tsa balebeli ba likeiti, ho ne ho etsoa se tšoanang ha ba abeloa mesebetsi.—1Kr 23, 25, 26; 2Kr 35:3-5, 10.
it-2-E 686
Baprista
Bakeng sa mosebetsi o neng o etsoa tempeleng, balaoli ba ne ba abela baprista mesebetsi e sa tšoaneng ’me ba ne ba lahla lotho ho etsa seo. Lihlopheng tse 24 tsa baprista, sehlopha se seng le se seng se ne se etsa mosebetsi oo se o abetsoeng ka beke, e leng habeli ka selemo. Ho bonahala baprista bohle ba ne ba sebetsa nakong ea mekete ha batho ba ne ba nyehela mahlabelo a likete, joalokaha ho ile ha etsoa nakong eo tempele e neng e neheloa. (1Kr 24:1-18, 31; 2Kr 5:11; bapisa le 2Kr 29:31-35; 30:23-25; 35:10-19.) Moprista o ne a ka sebetsa ka linako tse ling, hafeela seo se ne se sa sitise baprista ba neng ba etsa mesebetsi eo ba e abetsoeng. Ho latela litloaelo tsa bo-rabi, ho bonahala nakong eo Jesu a neng a le teng mona lefatšeng, baprista ba ne ba le bangata hoo lihlopha tsa baprista li neng li arola mesebetsi eo ba neng ba e abetsoe tempeleng le ba malapa a bona. Seo se ne se bolela hore motho e mong ka lapeng o ne a ka sebetsa letsatsi kapa matsatsi a eketsehileng ho itšetlehile ka hore na lelapa labo le lekae.
it-2-E 451-452
’Mino
Davida o ile a hlophisa hore ho be le Balevi ba 4 000 ba neng ba tla rorisa Jehova ka ’mino tempeleng. (1Kr 23:4, 5) Palong eo, ‘ba neng ba koetliselitsoe ho binela Jehova e ne e le ba 288 ’me kaofela e le litsebi.’ (1Kr 25:7) Litokisetso tsohle li ne li ikarabella tlas’a tataiso ea banna ba bararo bao e neng e le litsebi tsa ’mino, e leng Asafe, Hemane le Jeluthune (ea neng a boetse a bitsoa Ethane). Kaha banna bana e ne e le litloholo tsa bara ba Levi ba bararo, e leng Gershome, Kohathe le Merari, banna bana ba ne ba emela lihlooho tse tharo tsa lelapa la Levi sehlopheng sa ’mino tempeleng. (1Kr 6:16, 31-33, 39-44; 25:1-6) Bara ba banna bana ba bararo ba ne ba le 24 ’me kaofela ha bona e ne e le karolo ea ba 288 bao e neng e le litsebi tsa ’mino. Mora e mong le e mong o ne a khethoa ka hore ho lahloe lotho hore e be hlooho ea sehlopha ka seng sa ’mino. Ba ne ba boetse ba khetha “litsebi” tse ling tse 11 ho bara ba bona kapa ho Balevi ba bang. Ka tsela eo, joaloka baprista, litsebi tsa ’mino tsa Balevi tse 288 ([1 + 11] × 24 = 288) li ne li aroloa ka lihlopha tse 24. Haeba palo e neng e setse ea ‘baithuti’ ba 3 712 e ne e ka aroloa, seo se ne se tla etsa hore sehlopha se seng le se seng ho tseo tse 24 se eketsehe ka banna ba ka bang 155. Ho bolela’ng hore ho setsebi se le seng, ho ne ho e-na le Balevi ba 13 nakong eo ho neng ho rutoa le ho koetlisa batho bakeng sa ’mino. (1Kr 25:1-31) Kaha baprista e ne e le bona ba letsang literompeta, ba ne ba balelloa palong ea Balevi bao e neng e le libini.—2Kr 5:12; bapisa le Nu 10:8.
it-1-E 898
Balebeli ba Likeiti
Mosebetsi oo ba Neng ba o Etsa Tempeleng. Nakoana pele Morena Davida a hlokahala, o ile a khetha Balevi, batho ba neng ba tla sebeletsa tempeleng ho akarelletsa le balebeli ba likeiti ba 4 000. Ba ne ba arotsoe ka lihlopha ’me sehlopha ka seng se ne se etsa mosebetsi oa sona ka matsatsi a supileng. Mosebetsi oa bona e ne e le ho lebela ntlo ea Jehova le ho etsa bonnete ba hore menyako e ne e buloa le ho koaloa ka nako e loketseng. (1Kr 9:23-27; 23:1-6) Ba ne ba boetse ba fuoa mosebetsi oa ho bokella monehelo o neng o tlisoa bakeng sa tempele. (2Ma 12:9; 22:4) Hamorao ha moprista ea phahameng Jehojada a ne a tlotsa Joase hore e be morena, balebeli ba khethehileng ba ile ba khethoa hore ba lebele likeiti tsa tempele e le ho sireletsa Joase e monyenyane ho Mofumahali Athalia ea ileng a nka ’muso ka mahahapa. (2Ma 11:4-8) Ha Morena Josiase a felisa borapeli ba litšoantšo, balebeli ba menyako ba ile ba thusa ka ho tlosa lisebelisoa tsa Baale tempeleng. Lisebelisoa tsena li ile tsa chesetsoa ka ntle ho motse.—2Ma 23:4.
Matlotlo a Patiloeng
Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao
10 Ho binela Jehova. (Pes. 28:7) Baiseraele ba ne ba nka ho bina e le ntho ea bohlokoa borapeling ba bona. Morena Davida o ile a khetha Balevi ba 288 hore e be libini tempeleng. (1 Likron. 25:1, 6-8) Mehleng ena re ka bontša Molimo hore rea mo rata ka ho mo binela lipina tsa thoriso. Ha se hore re lokela ho ba likheleke e le hore re binele Jehova. Nahana ka taba ena: Le hoja ha re bua “re khoptjoa hangata,” taba eo ha e re sitise hore re bue ha re le phuthehong kapa re le tšimong. (Jak. 3:2) Ka tsela e tšoanang, re ntse re ka binela Jehova lipina tsa thoriso le hoja re nahana hore ha re likheleke.
LA 13-19 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 LIKRONIKE 27-29
“Keletso e Lerato ea Ntate ho Mora oa Hae”
Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rōna ba Bokreste
9 Ipakele ’nete ea Bibele e le uena. Pono ea rōna ka boitsebahatso ba rōna ba ho ba bahlanka ba Jehova, e ka fokola haeba e sa thehoa ka ho feletseng tsebong ea Mangolo. (Bafilipi 1:9, 10) Mokreste e mong le e mong—e monyenyane kapa e moholo—o lokela ho ipakela ho fihlela a khotsofetse hore seo a se lumelang efela e le ’nete e fumanoang ka Bibeleng. Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena sena: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Bakreste ba bacha ba hōletseng malapeng a tšabang Molimo ba lokela ho elelloa hore e ke ke ea e-ba Bakreste ba ’nete feela ka lebaka la tumelo ea batsoali ba bona. Ntat’a Solomone ka boeena, Davida, o ile a mo fa keletso ena: “Tseba Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng.” (1 Likronike 28:9) Ho ne ho ke ke ha lekana hore Solomone e mocha a shebe kamoo ntat’ae a ileng a matlafatsa tumelo ho Jehova kateng. Ho ne ho hlokahala hore eena ka boeena a tsebe Jehova, ’me o ile a etsa joalo. O ile a kōpa Molimo ka tieo: “Joale mphe bohlale le tsebo e le hore nka tsoa ka pel’a sechaba sena le hore nka kena.”—2 Likronike 1:10.
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
13 Seo re ithutang sona mona se hlakile. Ke hantle ha re kenya letsoho kamehla mesebetsing e molemo le e khotsofatsang e kang ho ba teng libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo. Empa ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng ha ho felle moo feela. (2 Likron. 25:1, 2, 27) Haeba botebong ba pelo Mokreste a tsoela pele ho rata “lintho tse ka morao”—e leng lintho tsa lefatše—o kotsing ea ho lahleheloa ke kamano ea hae e ntle le Molimo. (Luka 17:32) Ke feela haeba re ‘nyonya se khopo ’me re khomarela se molemo’ e le kannete re tla be re ‘loketse ’muso oa Molimo.’ (Bar. 12:9; Luka 9:62) Ka hona, kaofela ha rona re lokela ho tiisa hore ha ho ntho efe kapa efe e lefatšeng la Satane e lokelang ho re sitisa ho sebeletsa Molimo ka lipelo tsa rona tsohle, ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le molemo kapa e le monate hakae.—2 Bakor. 11:14; bala Bafilipi 3:13, 14.
“E-ba Sebete . . . ’me U Nke Bohato”
20 Morena Davida o ile a hopotsa Solomone hore Jehova o tla ba le eena ho fihlela a qeta ho haha tempele. (1 Likron. 28:20) Kaha Solomone o ne a nahana ka lintho tseo ntate oa hae a mo boleletseng tsona, ha aa ka nyahama hobane a le mocha a bile a se na boiphihlelo. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebete eaba Jehova o mo thusa hore a hahe tempele ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng.
21 Feela joalokaha Jehova a ile a thusa Solomone, le rona a ke re thusa hore re etse mosebetsi oa rona ebang ke ka lapeng kapa ke ka phuthehong. (Esa. 41:10, 13) Haeba re e-ba sebete ha re sebeletsa Jehova, o tla re hlohonolofatsa hona joale le nakong e tlang. Kahoo, a re beng sebete ’me re sebeletseng Jehova.
Matlotlo a Patiloeng
Lula U le Motsoalle Leha ho Hlaha Mathata
Davida o ne a boetse a e-na le metsoalle e ileng ea lula e le ka lehlakoreng la hae le linakong tse thata. E mong oa bona e ne e le Hushai, eo Bibele e reng ke “motsoalle oa Davida.” (2 Sam. 16:16; 1 Likron. 27:33) Eena le Morena Davida e ne e le metsoalle. E ka ’na eaba Hushai ne e le moahloli, hoo ka linako tse ling a neng a tšoara litaba tsa molao tse neng li tebile.
Ha Absalome mora oa Davida a nka borena ka mahahapa, Baiseraele ba bangata ba ile ba mo tšehetsa, empa Hushai ha aa ka a etsa joalo. Ha Davida a baleha, Hushai o ile a ea ho eena. Davida o ile a utloa bohloko haholo ke ho soetsoa ke mora oa hae le batho bao a neng a ba tšepa. Leha ho le joalo, Hushai o ile a lula a tšepahala, ’me o ne a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing ka ho thusa Davida. Hushai ha aa ka a etsa sena hobane feela e le moahloli, empa o ile a bontša hore ke motsoalle oa ’makhonthe.—2 Sam. 15:13-17, 32-37; 16:15–17:16.
LA 20-26 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 1-4
“Morena Solomone o Etsa Qeto e Seng Bohlale”
it-1-E 174 ¶5
Lebotho
Nakong ea puso ea Solomone, ho ile ha e-ba le phetoho e kholo lebothong la sesole la Iseraele. Ka nako e itseng, ho ne ho e-na le khotso naheng. Leha ho le joalo, Solomone o ile a ba le lipere le likariki tsa ntoa tse ngata. (Sheba CHARIOT.) Boholo ba tsona bo ne bo rekiloe Egepeta. Kahoo, ho ile ha hahoa metse e mengata bakeng sa ho hlokomela lipere le likariki tseo. (1Ma 4:26; 9:19; 10:26, 29; 2Kr 1:14-17) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a hlohonolofatsa qeto eo ea Solomone ’me ka mor’a lefu la hae le ka mor’a hore ’muso o arohane, lebotho la Iseraele le ile la thefuleha. Hamorao Esaia o ile a ngola a re: “Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba tšepang lipere, ba tšepang likariki tsa ntoa hobane li le ngata le lipere tsa ntoa hobane li le matla. Empa ba sa tšepe Mohalaleli oa Iseraele ba bile ba sa batle thuso ea Jehova.”—Esa 31:1.
it-1-E 427
Likariki Tsa Ntoa
Iseraele ho ne ho se na likariki tsa ntoa tse ngata ho fihlela Solomone e e-ba morena. Lebaka ke hore Molimo o ne a lemositse morena hore a se ke a eketsa lipere tsa hae joalokaha eka ho itšetlehile ka tsona hore sechaba se bolokehe. Taelo ena e ne e etsa hore ho se ke ha sebelisoa likariki tsa ntoa tse ngata kaha ho ne ho hlokeha lipere e le hore li ka sebelisoa. (De 17:16) Ha Samuele a lemosa sechaba ka hore se tla imeloa hakae ha se ikhethela morena, o ile a re: “O tla nka bara ba lona, a ba palamise likariking tsa hae.” (1Sa 8:11) Ha Absalome le Adonija ba ne ba batla ho inkela puso ka mahahapa, e mong le e mong o ile a iketsetsa kariki ea ntoa ’me a etsa hore banna ba 50 ba mathe ka pel’a eona. (2Sa 15:1; 1Ma 1:5) Ha Davida a ne a hlola morena oa Zoba ntoeng, o ile a siea lipere tse 100 tse hulang likariki.—2Sa 8:3, 4; 10:18.
Ha Morena Solomone a ne a eketsa lebotho la Iseraele, o ile a eketsa palo ea likariki tsa ntoa hore e be tse 1 400. (1Ma 10:26, 29; 2Kr 1:14, 17) Jerusalema le metse e meng e neng e tsejoa ka hore ke metse ea likariki, e ne e e-na le sebaka se khethehileng moo ho neng ho hlokomeloa thepa ena ea ntoa.—1Ma 9:19, 22; 2Kr 8:6, 9; 9:25.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Likronike Tsa Bobeli
1:11, 12. Seo Solomone a ileng a se kōpa se ile sa bontša Jehova hore takatso e tiileng ea morena e ne e le ho fumana bohlale le tsebo. Lithapelo tsa rōna ho Molimo, ruri li senola lintho tseo re amehileng ka tsona ka ho teba. Re bontša bohlale ha re hlahlobisisa moelelo oa lithapelo tsa rōna.
LA 27 MARCH–LA 2 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 5-7
“Pelo ea ka e Tla Lula e le Moo”
Le se ke la Tlohela ho Bokana
Hamorao ha Davida e se e le morena Jerusalema, o ile a bolela hore o na le takatso e matla ea ho haha ntlo e tla tlotlisa Jehova. Leha ho le joalo, kaha Davida e ne e le mohlabani, Jehova o ile a re ho eena: “U ke ke oa hahela lebitso la ka ntlo.” Ho e-na le hoo, O ile a khetha Solomone mora oa Davida, hore a hahe tempele eo. (1 Likronike 22:6-10) Solomone o ile a khakola tempele ka 1026 B.C.E., ka mor’a ho e haha ka lilemo tse supileng le halofo. Jehova o ile a amohela mohaho ona, a re: “Ke halalelitse ntlo ena eo u e hahileng ka ho beha lebitso la ka moo ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ka sebele mahlo a ka le pelo ea ka li tla ba moo kamehla.” (1 Marena 9:3) Hafeela Baiseraele ba ne ba tšepahala, Jehova o ne a tla amohela ntlo eo. Leha ho le joalo, haeba ba ne ba furalla se nepahetseng, Jehova o ne a ke ke a hlola a amohela mohaho ona ’me ‘ntlo ena e ne e tla fetoha liqubu tsa lithako.’—1 Marena 9:4-9; 2 Likronike 7:16, 19, 20.
it-2-E 1077-1078
Tempele
Histori. Ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatšeng, tempele ena e ile ea felisoa ke lebotho la Bababilona le neng le le tlas’a puso ea Morena Nebukadnezare. (2Ma 25:9; 2Kr 36:19; Jer 52:13) Kaha Baiseraele ba ile ba rapela melimo ea bohata, Molimo o ile a tlohella lichaba tse ling hore li hlorise Baiseraele ba neng ba lula Juda le Jerusalema ’me ka linako tse ling, li ne li nka matlotlo a tempeleng. Ka linako tse ling, tempele e ne e tloheloa feela e sa hlokomeloe. Lilemo tse 33 ka mor’a hore tempele e neheloe, nakong eo Roboame mora oa Solomone e neng e le morena, Morena Shishake oa Egepeta o ile a nka matlotlo a tempele (selemong sa 993 pele Jesu a tla lefatšeng). (1Ma 14:25, 26; 2Kr 12:9) Morena Asa (eo e bileng morena ka selemo sa 977-937 pele Jesu a tla lefatšeng) o ne a hlompha ntlo ea Jehova. Empa e le hore a sireletse Jerusalema, ka booatla o ile a fa Morena Ben-hadade oa Pele oa Siria tjotjo ea silevera le khauta tse neng li tsoa tempeleng e le hore a khaole selekane sa hae le morena Basha oa Iseraele.—1Ma 15:18, 19; 2Kr 15:17, 18; 16:2, 3.
Matlotlo a Patiloeng
O Tseba “Lipelo Tsa Bara ba Moloko oa Batho”
Thapelo ena ea Solomone e khothatsa haholo. Batho ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hantle tsela eo re ikutloang ka eona—“lefu” la rōna le “bohloko” ba rōna. (Liproverbia 14:10) Empa Jehova o tseba lipelo tsa rōna ’me o re tsotella e le kannete. Re ka imoloha haholo ha re tšollela lipelo tsa rōna ho eena ka thapelo. Bibele e re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.
LA 10-16 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 8-9
“O ne a Nka Bohlale e le ba Bohlokoa”
Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata
Ka sebele, mofumahali oa Sheba le eena o ile a tela nako ea hae e ngata le matla e le hore a ka etela Solomone. Kamoo ho bonahalang kateng, Sheba e ne e le sebakeng sa Rephabliki ea Yemen ea kajeno; ka hona, mofumahali enoa le mokoloko oa hae oa likamele o tsamaile sebaka sa lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho ea Jerusalema. Joalokaha Jesu a boletse, “o ile a tla ho tsoa lipheletsong tsa lefatše.” Ke hobane’ng ha mofumahali oa Sheba a ile a ikhathatsa hakaale? O ne a tlile ka ho khetheha “ho tla utloa bohlale ba Solomone.”—Luka 11:31.
Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
Leha ho le joalo, mofumahali o ile a fihla Jerusalema ka “letšoele le leholo, le ka likamele tse bofileng libano le khauta e ngata haholo le mahakoe a bohlokoa.” (1 Marena 10:2a) Ba bang ba re “letšoele le leholo” le ne le akarelletsa basireletsi ba hlometseng. Sena se ka utloisisoa ha ho nahanoa hore mofumahali eo o ne a le boemong bo matla ba ho hlomphuoa ’me o ne a nkile lintho tsa bohlokoa bo ka jang mashome a limilione a liranta.
Leha ho le joalo, hlokomela hore mofumahali enoa o ile a utloela ka botumo ba Solomone “mabapi le lebitso la Jehova.” Kahoo, lena e ne e se feela leeto la khoebo. Ka ho hlakileng, mofumahali eo o ne a tlile ka ho khetheha ho tla utloa bohlale ba Solomone—mohlomong le ho tla ithuta ho itseng ka Molimo oa hae, Jehova. Kaha ho ka etsahala hore ebe e ne e le oa leloko la Sema kapa la Kama, bao e neng e le barapeli ba Jehova, e ka ’na eaba o ne a labalabela ho utloa ka bolumeli ba baholo-holo ba hae.
Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
Mofumahali oa Sheba o ile a khahloa ke bohlale ba Solomone le katleho ea ’muso oa hae hoo a ileng ‘a sala a khathetse matla.’ (1 Marena 10:4, 5, NW) Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahali o ile a sala a “ahlame.” Setsebi se seng sona se bile se re o ile a ilibana! Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala eng, mofumahali eo o ile a hlolloa ke seo a ileng a se bona le ho se utloa. O ile a re bahlanka ba Solomone ba thabile kahobane ba utloa bohlale ba morena, ’me o ile a rorisa Jehova ka ho beha Solomone teroneng. Joale o ile a fa morena limpho tse theko e boima, khauta feela ha e baloa ka lipalo tsa kajeno, e etsa R247 600 000. Solomone le eena o ile a fana ka limpho, a fa mofumahali eo “tsohle tsee a li lakalitseng, le tsee a li kōpileng.”*—1 Marena 10:6-13.
it-2-E 990-991
Solomone
Ka mor’a hore mofumahali a boele a bone tempele le ntlo ea Solomone, tafole ea hae, baqhatsetsi ba hae, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka eona, mahlabelo a hae ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova, “a sala a maketse.” O ile a re: “Ke ne ke sa bolelloa lintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo u atlehileng ka eona li feta hole lintho tseo ke li utloetseng.” Ka mor’a moo, o ile a re ho thaba batho ba sebeletsang morena ea joalo ka eo. Lintho tsena li ile tsa etsa hore a rorise Jehova ea ileng a bonahatsa lerato la hae ho Baiseraele ka ho etsa Solomone morena e le hore a ka ahlola ka toka.—1Ma 10:4-9; 2Kr 9:3-8.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 1097
Terone
Terone eo Solomone a ileng a e etsa, ke eona feela e hlalositsoeng ka botlalo literoneng tsa marena a Iseraele. (1Ma 10:18-20; 2Kr 9:17-19) Ho bonahala eka e ne e le ‘Holong ea Terone’ e leng e meng ea mehaho e neng e le Jerusalema Thabeng ea Moria. (1Ma 7:7) E ne e le terone e kholo ea manaka a tlou ’me e ne e koahetsoe ka khauta e hloekileng. Terone e ne e e-na le ntho e kang marulelo a selika-likoe ka mor’a eona le moo ho behoang matsoho. Le hoja manaka a tlou e le ’ona a sebelisitsoeng haholo ha ho etsoa terone ena e leng setulo sa borena, mokhoa o sebelisitsoeng ha ho ne ho hahoa tempele o bontša hore e ne e entsoe ka lepolanka, e koahetsoe ka khauta e hloekisitsoeng ’me e khabisitsoe haholo ka manaka a tlou. Ha motho a e bona, o ne a ka re e entsoe ka manaka a tlou le khauta feela. Ka mor’a ho hlalosa litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng, tlaleho e tsoela pele ho re: “Mahlakoreng a mabeli a setulo ho ne ho e-na le moo ho behoang matsoho, pel’a teng ho eme litau tse peli. Ho ne ho e-na le litau tse 12 tse emeng holim’a litepisi tse tšeletseng, tse ling li le ka lehlakoreng lena, tse ling li le ka lehlakoreng lane la litepisi.” (2Kr 9:17-19) Ho ne ho loketse hore ebe ho sebelitsoe tau ho tšoantšetsa matla a puso. (Ge 49:9, 10; Tše 5:5) Ho bonahala eka litau tse 12 li ne li emela meloko e 12 ea Iseraele ’me e ka ’na eaba li ne li tšoantšetsa tsela eo ka eona meloko ena e neng e tšehetsa le ho ikokobelletsa morena oa terone ena. Terone ena e ne e boetse e e-na le setuloana sa maoto sa khauta. Mokhoa oo terone ena ea manaka a tlou le khauta e neng e entsoe ka oona, bophahamo ba eona, tsela eo e neng e koahetsoe ka eona le litau tse neng li le ka pel’a eona, li bontša hore e ne e ikhetha ka ho fetisisa literoneng tsa ka nako eo. Lipatlisiso tse entsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale le lintho tsa khale tse bolokiloeng, le tsona li bontša bopaki ba sena. Mongoli oa lengolo la Likronike le eena o ile a bona hore “ha ho na ’muso o mong o neng o entse ntho e tšoanang le ena.”—2Kr 9:19.
LA 17-23 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 10-12
“Rua Molemo ka ho Sebelisa Keletso e Bohlale”
E ka be e Ile ea E-ba Motsoalle oa Jehova
Roboame o ne a lokela ho etsa qeto e boima. Haeba a ne a ka etsa lintho tseo batho ba li batlang, eena le lelapa labo hammoho le ba lulang ntlong ea borena, ba ne ba ke ke ba hlola ba hlaba khobe ka lemao. Empa haeba a ne a ka hana ho etsa joalo, batho e ne e tla ba marabele. O ile a etsa qeto efe? O ile a kopa keletso ho banna ba holileng bao e neng e le baeletsi ba Solomone. Eaba ba mo eletsa hore a mamele sechaba. Empa ka mor’a moo, o ile a boela a batla keletso ho lithaka tsa hae. A mamela keletso ea bona eaba o tšoara batho hampe. O ile a re: “Ke tla etsa hore joko ea lona e be boima haholoanyane ’me ke tla eketsa ho eona. Ntate o le shapile ka liphali, empa ke tla le shapa ka liphali tse metjeka.”—2 Likron. 10:6-14.
Kamoo U ka Etsang Liqeto Tse Bohlale Kateng
Jehova o boetse o lokiselitse ba holileng tsebong ka phuthehong bao re ka tšohlang liqeto tsa rona le bona. (Baefese 4:11, 12) Leha ho le joalo, ha re bua le ba bang, re se ke ra latela mokhoa oa ba eang ho motho enoa le eane ho fihlela ba fumana ea buang seo ba ratang ho se utloa. Ka mor’a moo ba latela keletso ea hae. Re lokela ho nahana hape ka mohlala o lemosang oa Roboame. Ha a ne a talimane le qeto e tebileng, o ile a fumana keletso e babatsehang ho banna ba baholo ba neng ba sebelitse le ntat’ae. Leha ho le joalo, ho e-na le ho latela keletso ea bona, o ile a batla keletso ho banna ba banyenyane bao a hotseng le bona. Ka lebaka la ho latela keletso ea bona, o ile a etsa qeto e booatla ’me ka lebaka leo a lahleheloa ke karolo e kholo ea ’muso oa hae.—1 Marena 12:1-17.
Ha u batla keletso, e batle ho ba nang le phihlelo bophelong le ba nang le tsebo e ntle ea Mangolo le tlhompho e tebileng bakeng sa melao-motheo e nepahetseng. (Liproverbia 1:5; 11:14; 13:20) Ha ho khoneha, iphe nako ea ho nahanisisa ka melao-motheo e amehang le ka boitsebiso bohle boo u bo fumaneng ha u etsa lipatlisiso. Ha u bona lintho leseling la Lentsoe la Jehova, mohlomong qeto e nepahetseng e tla totobala haholoanyane.—Bafilipi 4:6, 7.
it-2-E 768 ¶1
Roboame
Ho se nahanele le ho ikhohomosa ha Roboame ho ile ha khelosa batho ba bangata. Maloko a ileng a tsoela pele ho tšehetsa ntlo ea Davida e ne e le leloko la Juda le la Benjamine. Balevi le Baprista ba mebuso ka bobeli le ba maloko a leshome ba hasaneng, le bona ba ile ba tšehetsa ntlo ea Davida.—1Ma 12:16, 17; 2Kr 10:16, 17; 11:13, 14, 16.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 966-967
Bademona ba Kang Lipoli
Mantsoe a Joshua a ho Joshua 24:14, a bontša hore Baiseraele ba ile ba ameha ka tsela e itseng borapeling ba bohata ba Egepeta ha ba ntse ba le bokhobeng moo. Ezekiele le eena o bontša hore ba ne ba ntse ba e-na le litloaelo tse mpe tsa Baegepeta esita le ka mor’a nako e telele. (Eze 23:8, 21) Ka lebaka lena, litsebi li re melao eo Baiseraele ba ileng ba e fuoa lefeelleng e ne e ba thibela hore ba se ke ba etsa “mahlabelo bakeng sa bademona ba kang lipoli.” (Le 17:1-7) E ne e boetse e ba thibela ho sebeletsa baprista bao Jeroboame a ileng a ikhethela bona “bakeng sa libaka tse phahameng, bakeng sa bademona ba kang lipoli le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.” (2Kr 11:15) Lithibelo tsena li ne li bontša hore ho ne ho ntse ho e-na le borapeli ba bohata Iseraele bo tšoanang le bo neng bo le Egepeta, haholo-holo karolong e tlase ea eona. Bukeng ea hae ea bobeli khaolong ea 46, Herodotus o re Bagerike ba ile ba latela borapeli bona bo neng bo etsoa Egepeta ’me ba itšetlehile ka bona, ba ile ba qala ho rapela Pan le satyrs e leng melimo ea bohata ea meru e neng e shebahala joalokaha eka e na le takatso e matla ea thobalano, eo qetellong e ileng ea hlalosoa e e-na le manaka, mehatla le maoto a lipoli. Batho ba bang ba re taba ea hore melimo ena ea bohata ekare motho-phoofolo, ke lebaka le entseng hore batho ba nahane hore Satane o na le mohatla, manaka le maoto a phoofolo, e leng bolumeli bo neng bo atile ho Bakreste ho tloha selemong sa bo500 ho ea ho sa bo1000.
Lipoli tsena ha lia hlalosoa hore na e ne e le tse phelang kapa che. Batho ba bang ba nahana hore e ne e le lipoli tse phelang kapa litšoantšo tsa tsona empa ha ho bonahale eka ho na le moo taba eo e bontšitsoeng teng ebile mangolo ha a re letho ka eona. Lentsoe le sebelisitsoeng le bontša hore likelellong tsa batho ba li rapelang, melimo ena ea bohata, e ne e ka ke lipoli ka sebopeho ebile li le boea. Hape e ka ’na eaba tšebeliso ea lentsoe “lipoli” e bolela thohako ea mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo. Lentsoe le sebelisitsoeng hangata ha ho buuoa ka litšoantšo tse itseng tse rapeloang, le tsoa lentsoeng leo ha e le hantle le bolelang “bolokoe” le hoja le sa bolele hore litšoantšo tseo li ne li entsoe ka bolokoe.—Le 26:30; De 29:17.
LA 24-30 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 LIKRONIKE 13-16
“Tšepa Jehova Maemong ’Ohle”
Barabʼabo Rona ba Bacha, le ka Etsaʼng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?
12 Ha Morena Asa e sa le mocha, o ne a ikokobelitse a bile a le sebete. Ka mohlala, Asa o ile a hlahlama ntat’ae Abija boreneng eaba o felisa borapeli ba litšoantšo. O ile a boela “a re Bajuda ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe molao le taelo.” (2 Likron. 14:1-7) Hape ha Zera oa Moethiopia a hlasela Juda ka masole a milione, Asa o ile a kopa Jehova hore a mo thuse, a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho uena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla. Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena.” Mantsoe ana ao Asa a a buileng a bontša hantle hore o ne a kholisehile hore Jehova o tla khona ho mo pholosa a be a pholose le batho ba hae. Kahoo, Asa o ne a tšepile Ntate oa hae ’me ‘Jehova o ile a hlola Baethiopia.’—2 Likron. 14:8-12.
Barabʼabo Rona ba Bacha, le ka Etsaʼng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?
13 Ha ho pelaelo hore Asa o ile a tšoha ha a tlameha ho loantšana le masole a milione empa o ile a atleha ho a hlola. Ka masoabi ha Asa a e-ba le bothata bo neng bo sa mo tšose hakaalo, ha aa ka a kopa thuso ea Jehova. Ha Asa a ne a tšosoa ke Morena Baasha ea khopo oa Iseraele, o ile a kopa thuso ho morena oa Syria. Liphello li ile tsa e-ba bosula ka lebaka la qeto eo. A sebelisa moprofeta Hanani, Jehova o ile a re ho Asa: “Kahobane u itšetlehile ka morena oa Syria ’me ha oa ka oa itšetleha ka Jehova Molimo oa hao, ka lebaka leo lebotho la sesole la morena oa Syria le phonyohile letsohong la hao.” Ha e le hantle, ho tloha ka nako eo ho ea pele, Asa o ile a lula a loantšoa. (2 Likron. 16:7, 9; 1 Mar. 15:32) Re ithuta’ng tlalehong ee?
Barabʼabo Rona ba Bacha, le ka Etsaʼng Hore Batho ba Bang ba le Tšepe?
14 Lula u ikokobelitse ’me u tsoele pele u tšepa Jehova. Ha u ne u kolobetsoa, u ile oa bontša hore u na le tumelo e matla ebile u tšepa Jehova. Kahoo, Jehova o ile a thabela ho u fa tlotla ea hore u be karolo ea lelapa la hae. Ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e etsa hona joale ke hore u lule u tšepa Jehova. Ho ka ba bonolo hore u tšepe Jehova ha u lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong ba hao empa na u tla mo tšepa le ha u etsa liqeto tse ling? Ke habohlokoa hore u tšepe Jehova ha u etsa liqeto tse akarelletsang hore na u tla khetha boithabiso bofe, mosebetsi ofe le hore na ke lintho life tseo u batlang ho li finyella bophelong. U se ke oa tšepa bohlale ba hao. Ho e-na le hoo, batla melao-motheo ea Bibele e tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng ’me u e sebelise. (Liprov. 3:5, 6) Haeba u etsa joalo u tla thabisa Jehova ’me le batho ba ka phuthehong ba tla u hlompha.—Bala 1 Timothea 4:12.
Matlotlo a Patiloeng
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
7 E mong le e mong oa rona a ka khona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Molimo ka pelo eohle kapa che. Ipotse, ‘Na ke ikemiselitse ho thabisa Jehova, ho emela borapeli ba ’nete le ho se silafatse phutheho ea Molimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontša ha a ne a ema khahlanong le Maaka “mofumahali” oa motse. E ka ’na eaba ha u e-s’o kopane le motho ea tšoanang le mofumahali eo, empa ho na le boemo boo ho bona u ka etsisang Asa. Ka mohlala, u ka etsa’ng haeba motsoalle oa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake ’me qetellong se khaoloa? Na u tla tlohela ho buisana le eena? Kapa u tla etsa’ng?