Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
“Le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”—BAEFESE 4:24.
1. Ke hobane’ng ha re e-na le molato oa botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo?
HO THULANA le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho na le litšobotsi tse ngata. Ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo. Ruri, ka lebaka la hore na Jehova ke mang le hore na o re etselitse’ng, le ka lebaka la boinehelo ba rōna ho eena, re na le molato oa botšepehi bo sa sekisetseng ho eena. Re ka bontša botšepehi bo sa sekisetseng joang ho Jehova Molimo? Tsela e ka sehloohong ke ea ho tšepahala ka ho sa sekisetseng melao-motheong ea Jehova e lokileng.
2, 3. Botšepehi bo sa sekisetseng bo amana joang le ho loka?
2 Ho thulana le phephetso eo, re tlameha ho ela hloko mantsoe a fumanoang ho 1 Petrose 1:15, 16: “Tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lōna ka bolōna le fele le be ba halalelang boitšoarong bohle ba lōna, hobane ho ngoliloe: ‘Le lokela ho halalela, hobane kea halalela.’” Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo bo tla etsa hore re mo utloe ka linako tsohle, re etse hore menahano ea rōna, lipolelo le liketso li lumellane le thato ea hae e halalelang. Ho bolela ho lula re e-na le letsoalo le letle, joalokaha re laeloa ho 1 Timothea 1:3-5: “Ka sebele sepheo sa taelo ena [ea ho se rute thuto e fapaneng kapa ho se mamele litšōmo] ke lerato le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.” Ke ’nete hore ha ho le ea mong oa rōna ea phethahetseng, empa re lokela ho leka ho etsa sohle seo re ka se khonang, na ha ho joalo?
3 Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova bo tla re thibela hore ka boithati re sekisetse melao-motheo e lokileng. Ruri, botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thibela ho ba baikaketsi. Botšepehi bo sa sekisetseng ke seo mopesaleme a neng a se nahanne ha a ne a bina: “Jehova, mpontše tsela ea hao, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao! u tlamelle pelo ea ka eohle le tšabo ea lebitso la hao!” (Pesaleme ea 86:11) Botšepehi bo sa sekisetseng bo hloka se hlalositsoeng ka ho hlaka e le “ho mamela melao-motheo e sa qobelloeng.”
4, 5. Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla etsa hore re be seli, esere ra etsa’ng?
4 Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo bo tla boela bo re thibele ho etsa eng kapa eng e neng e tla tlisetsa lebitso la hae le ’Muso oa hae thohako. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba babeli ba kile ba e-ba le bothata bo boholo pakeng tsa bona hoo ka ho sa lokelang ba ileng ba retelehela lekhotleng la lefatše. Moahloli o ile a botsa, ‘Na ka bobeli le Lipaki tsa Jehova?’ Ho hlakile hore o ne a sitoa ho utloisisa hore na ba etsa’ng lekhotleng. Hoo e bile mahlabisa-lihlong a makaakang! Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo bo ka be bo ile ba etsa hore bara bao babo rōna ba ele hloko keletso ea moapostola Pauluse: “Ka sebele, ho bolela ho hlōleha ka ho feletseng bakeng sa lōna hore ebe lea qosana. Ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore ho e-na le hoo le fosetsoe?” (1 Bakorinthe 6:7) Ka sebele, tsela ea botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo ke ho lumela hore u lahleheloe ho e-na le ho tlisetsa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng thohako.
5 Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo bo boetse bo akarelletsa ho se inehele tšabong ea motho. “Ho tšaba batho ho isa sefing; empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.” (Liproverbia 29:25) Kahoo, ha re sekisetse ha re talimane le mahloriso, empa re latela mohlala o behoang ke Lipaki tsa Jehova tsa moo pele e neng e le Soviet Union, tsa Malawi, tsa Ethiopia le tsa linaheng tse ling tse ngata haholo.
6. Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thibela ho etsa setsoalle le bo-mang?
6 Haeba re tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova Molimo, re tla qoba ho etsa setsoalle le bohle bao e leng lira tsa hae. Ke ka lebaka leo morutuoa Jakobo a ileng a ngola: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Re batla ho ba le botšepehi bo sa sekisetseng bo ileng ba bontšoa ke Morena Davida ha a ne a re: “Jehova, ha ke re, ke hloile ba u hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba u phahamelang? Ke ba hloile ka hloeo ea sebele, ho ’na ke lira.” (Pesaleme ea 139:21, 22) Ha re batle ho etsa setsoalle le moetsalibe ofe kapa ofe oa ka boomo, hobane ha ho letho leo re tšoanang le bona ka lona. Na botšepehi bo sa sekisetseng ho Molimo bo ne bo ke ke ba re thibela ho etsa setsoalle le lira leha e le life tse joalo tsa Jehova, ebang ke ka seqo kapa ka thelevishene?
Ho Emela Jehova
7. Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thusa ho etsa eng mabapi le Jehova, ’me Elihu o ile a etsa see joang?
7 Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re susumeletsa ho emela Jehova Molimo. Tabeng ena re na le mohlala o motle hakaakang oa Elihu! Jobo 32:2, 3 ea re bolella: “Bohale ba Elihu . . . ba tukela Jobo, hobane a ipeile ea lokileng ho fetisa Molimo; hape, bohale ba hae ba tukela metsoalle ea hae e meraro, hobane leha ba ne ba hlokile see ba ka arabang ka sona, leha ho le joalo, ba ne ba tsoile [Molimo, NW].” Ho Jobo khaolo ea 32 ho ea ho 37, Elihu o emela Jehova. Ka mohlala, o itse: “Ak’u mpehele pelo hanyenyane, ke tle ke u lemose, hobane ke sa na le seo nka buellang Molimo ka sona. . . . Ke tle ke bontše ho loka ha ’Mōpi oa ka. . . . Ha o furalle ba lokileng.”—Jobo 36:2-7.
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho emela Jehova?
8 Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Jehova a emeloe? Kajeno, Molimo oa rōna Jehova o nyefotsoe ka litsela tse ngata haholo. Ho boleloa hore ha a eo, hore ke karolo ea Boraro-bo-bong, hore o hlokofatsa batho ka ho sa feleng liheleng tse tukang, hore o etsa boiteko bo fokolang ba ho sokolla lefatše, hore ha a tsotelle moloko oa batho, le tse ling tse joalo. Re bontša botšepehi ba rōna bo sa sekisetseng ho eena ka ho mo emela le ho paka hore ka sebele Jehova o teng; hore ke Molimo ea bohlale, ea nang le toka, ea matla ’ohle le ea lerato; hore o behile nako bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe; le hore ha nako ea hae e tšoanetseng e e-tla, o tla felisa bobe bohle ’me a etse lefatše lohle paradeise. (Moeklesia 3:1) Sena se hloka hore re sebelise monyetla o mong le o mong bakeng sa ho pakela lebitso la Jehova le ’Muso oa hae.
Botšepehi bo sa Sekisetseng Mokhatlong oa Jehova o Hlophisitsoeng
9. Ba bang ba bontšitse ho hloka botšepehi bo sa sekisetseng ba bona litsekong life?
9 Joale re tla tabeng ea ho tšepahala ka ho sa sekisetseng mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng o bonahalang. Ka sebele, re na le molato oa botšepehi bo sa sekisetseng ho oona, ho akarelletsa le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” leo ka lona phutheho ea Bokreste e feptjoang moeeng. (Matheu 24:45-47) Nka hore ho na le ntho e itseng e hlahang libukeng tsa Watch Tower eo re sa e utloisiseng kapa re sa lumellaneng le eona ka nako eo. Re tla etsa’ng? Re khopehe ebe re furalla mokhatlo o hlophisitsoeng? Ke seo ba bang ba ileng ba se etsa lilemong tse ngata tse fetileng ha Molula-Qhooa o ne o bolela hore selekane se secha se sebetsa ho batho ba tla beng ba phela lefatšeng nakong ea Lilemo tse Sekete. Ba bang ba ile ba khopisoa ke seo Molula-Qhooa o kileng oa se bolela le tabeng ea ho se jele paate. Haeba ba ileng ba khopisoa ke lintho tsena ba ne ba ile ba tšepahala ka ho sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng le ho barab’abo bona, ba ka be ba ile ba letela hore Jehova a hlakise litaba tsena, e leng seo a ileng a se etsa ka nako ea hae e loketseng. Kahoo, botšepehi bo sa sekisetseng bo akarelletsa ho leta ka mamello ho fihlela kutloisiso e eketsehileng e hatisoa ke lekhoba le tšepahalang le le masene.
10. Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thibela ho ba bohele-hele mabapi le eng?
10 Botšepehi bo sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang bo boetse bo bolela ho se amane ka eng kapa eng le bakoenehi. Bakreste ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng ba ke ke ba ba bohele-hele ka seo batho ba joalo ba se buang. Ruri, ba sebelisoang ke Jehova Molimo hore ba tsamaise mosebetsi oa hae lefatšeng ha baa phethahala. Empa Lentsoe la Molimo le re bolella hore re etse’ng? Re furalle mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo? Che. Boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho bo lokela ho re boloka re tšepahala ka ho sa sekisetseng ho oona, ’me re lokela hore re ’ne re “ratane ka matla haholo ho tloha pelong.”—1 Petrose 1:22.
Botšepehi bo sa Sekisetseng ho Baholo ba Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng
11. Botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thusa ho itebela khahlanong le monahano ofe o fosahetseng?
11 Ha ho e-na le ntho e buuoang kapa e etsoang ka phuthehong eo ho leng thata hore re e utloisise, botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thibela ho ba ba ahlolang ’me bo tla re thusa ho nahana hore mohlomong ke taba e amang tsela eo motho a utloisisang lintho ka eona. Na ha ho molemo haholo ho nahana haholo ka litšoaneleho tse molemo tsa baholo ba khethiloeng le balumeli ba bang ba habo rōna ho e-na le ho nahana haholo ka mefokolo ea bona? E, re rata ho itebela khahlanong le ho nahana hohle ho joalo ho fosahetseng, hobane ho amana le ho hloka botšepehi bo sa sekisetseng! Hape botšepehi bo sa sekisetseng bo tla re thusa ho utloa taelo ea Pauluse ea “ho se bue ka mokhoa o kotsi ka le ea mong.”—Tite 3:1, 2.
12, 13. Baholo ba lokela ho talimana le liphephetso life tse khethehileng?
12 Botšepehi bo sa sekisetseng bo tlisa liphephetso tse khethehileng ho baholo. E ’ngoe ea liphephetso tsena ke taba ea ho boloka lekunutu. Setho sa phutheho se ka ’na sa bolella moholo ea itseng lekunutu la sona. Botšepehi bo sa sekisetseng ho motho eo bo tla thibela moholo eo ho tlōla molao-motheo oa ho boloka lekunutu. O tla ela hloko keletso e ho Liproverbia 25:9: “U se ke ua phunya lekunutu la e mong.” Sena se bolela hore a se ke a bolella leha e le eena mosali oa hae!
13 Hape ho na le liteko tse ling tsa botšepehi bo sa sekisetseng tseo baholo ba lokelang ho thulana le tsona. Na e tla ba ba thabisang batho, kapa na ka sebete le ka bonolo ba tla thusa ba hlokang khalemelo, esita leha e le beng ka bona kapa metsoalle e haufi? Botšepehi bo sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova bo tla etsa hore bao e leng baholo har’a rōna ba leke ho thusa mang kapa mang ea hlokang thuso ea moea. (Bagalata 6:1, 2) Le hoja re tla ba mosa, botšepehi bo sa sekisetseng bo tla etsa hore re be ba tobang taba ho baholo ba habo rōna, feela joalokaha Pauluse a ile a bua le moapostola Petrose ka tsela e tobang taba. (Bagalata 2:11-14) Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore balebeli ba be seli, esere ka ho etsa lintho ka tsela e seng bohlale kapa ka ho ba leeme kapa ka tsela e ’ngoe e itseng ba sebelisa matla a bona a ho laela hampe, ba thatafaletsa ba tlhokomelong ea bona ho tšepahala ka ho sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Bafilippi 4:5.
14, 15. Ke maemo afe a ka ’nang a leka botšepehi bo sa sekisetseng ba litho tsa phutheho?
14 Ho na le litšobotsi tse ling tabeng ea ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng phuthehong le ho baholo ba eona. Haeba ho na le maemo a itseng a tšoenyang ka phuthehong, sena se re fa monyetla oa ho bontša botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova le ho baemeli ba hae. (Bona Molula-Qhooa oa June 15, 1987, maqepheng a 15-17.) Ha motho a khaotsoe, botšepehi bo sa sekisetseng bo hloka hore re tšehetse baholo, re se ke ra leka ho nyatsa qeto e entsoeng ka ho nahana hore na ebe ho ne ho e-na le mabaka a lekaneng a ho nka khato e nkiloeng.
15 Botšepehi bo sa sekisetseng phuthehong bo boetse bo hloka hore re tšehetse liboka tsohle tse hlano ho isa moo maemo a rōna le matla li re lumellang. Botšepehi bo sa sekisetseng bo hloka hore re se ke ra kopanela ho tsona kamehla feela empa hape re li lokisetse re be re fane ka litlhaloso tse hahang ha monyetla o hlaha.—Baheberu 10:24, 25.
Botšepehi bo sa Sekisetseng Lenyalong
16, 17. Bakreste ba leng lenyalong ba tlameha ho talimana le liphephetso life tsa botšepehi bo sa sekisetseng?
16 Ke mang hape eo re nang le molato oa botšepehi bo sa sekisetseng ho eena? Haeba re lenyalong, ka lebaka la likano tsa rōna tsa lenyalo, re tlameha ho thulana le phephetso ea ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho balekane ba rōna ba lenyalo. Ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho balekane ba rōna ba lenyalo ho tla re thibela ho etsa phoso ea hore re be mosa haholoanyane ho basali ba bang kapa ho banna ba bang ho feta ho basali kapa banna ba rōna. Ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho balekane ba rōna ho boela ho hloka hore re se ke ra senolela ba kantle mefokolo kapa liphoso tsa balekane ba rōna. Ho bonolo haholoanyane ho belaela ho ba bang ho feta ho sebetsa ka thata ho boloka mecha ea puisano e bulehile pakeng tsa rōna le balekane ba rōna, e leng seo re lokelang ho se etsa tumellanong le Molao oa Khauta. (Matheu 7:12) Ha e le hantle, lenyalo le hlahisa phephetso ea sebele ea botšepehi ba rōna bo sa sekisetseng ba Bokreste.
17 Ho thulana le phephetso ena ea botšepehi bo sa sekisetseng, ha rea tlameha feela ho qoba ho ba molato oa boitšoaro bo hlephileng empa hape re tlameha ho lebela menahano ea rōna le maikutlo a rōna. (Pesaleme ea 19:14) Ka mohlala, haeba lipelo tsa rōna tse mano li le meharo bakeng sa menyaka le boithabiso, ho bonolo haholo hore ka boithati re fetele ka ’nģane ho ho khahloa ke tsona ebe rea li lakatsa. Morena Solomone ha a khothaletsa botšepehi lenyalong o eletsa banna ho ‘noa metsi a sekoti seo ba se chekileng’ ka tsela ea tšoantšetso. (Liproverbia 5:15) ’Me Jesu o itse: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Banna ba inehelang takatsong ea ho fumana boitsebiso bo reretsoeng ho tsosa takatso ea likamano tsa botona le botšehali ba kotsing ea ho susumeletseha ho etsa bofebe, kahoo e ba ba sa tšepahaleng ho basali ba bona tabeng ea likamano tsa botona le botšehali ’me ba sekisetsa botšepehi ba bona. Ka lebaka le tšoanang, mosali ea inehetseng haholo lipaleng tse tsoelang pele tse nang le liketsahalo tsa bofebe a ka ’na a lekeha hore e be ea sekisetsang botšepehi ba hae ho monna oa hae. Leha ho le joalo, ka ho ba ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng e le kannete ho balekane ba rōna, re tiisa tlamo ea lenyalo, ’me rea thusana boitekong ba rōna ba ho thabisa Jehova Molimo.
Lithuso Tsa ho Ipoloka U Tšepahala ka ho sa Sekisetseng
18. Ke ho ananela eng ho tla re thusa ho tšepahala ka ho sa sekisetseng?
18 Ke’ng se tla re thusa ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng libakeng tsee tse ’nè: botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova, mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng, phuthehong le ho balekane ba rōna ba lenyalo? Thuso e ’ngoe ke ho ananela hore ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho amana haufi-ufi le ho tlosa qoso bobusing ba Jehova. E, ka ho lula re tšepahala ka ho sa sekisetseng re bontša hore re talima Jehova e le ’Musi oa Bokahohle. Kahoo hape re ka ba le boitlhompho ’me ra ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova. Re ka ithusa hore re lule re tšepahala ka ho sa sekisetseng ka ho hlahloba mehlala e metle ea botšepehi bo sa sekisetseng, ho qala ka Jehova ho theosa ho fihlela ho ba boletsoeng ka Bibeleng le ka libukeng tsa rōna tsa Watch Tower, ho akarelletsa le litlaleho tsa Yearbook.
19. Tumelo e phetha karolo efe tabeng ea ho tšepahala ha rōna ka ho sa sekisetseng?
19 Tumelo e matla ho Jehova Molimo le tšabo ea ho mo khopisa li tla re thusa ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng. Re matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova le tšabo ea rōna ho eena ka hore ka mafolo-folo re ithute Lentsoe la Molimo le ka ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Sena se tla re thusa ho sebetsa tumellanong le keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baefese 4:23, 24: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”
20. Ka holimo ho tsohle, ke tšoaneleho efe e tla re thusa ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova le ho ba bang bohle bao re nang le molato oa botšepehi bo sa sekisetseng ho bona?
20 Ho ananela litšoaneleho tsa Jehova ho re thusa hore re tšepahale ka ho sa sekisetseng. Ka holimo ho tsohle, lerato le hlokang boithati bakeng sa Ntate oa rōna oa leholimo le ho leboha sohle seo a re etselitseng sona, ho mo rata ka lipelo tsohle tsa rōna le ka lisoule le ka likelello le ka matla ho tla re thusa ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho eena. Ho feta moo, ho ba le lerato leo Jesu a ileng a re le tla khetholla balateli ba hae ho tla re thusa hore re tšepahale ka ho sa sekisetseng ho Bakreste bohle ka phuthehong le ka malapeng a rōna. Ka mantsoe a mang, ha e le hantle ke taba ea ho ba moithati kapa ho se be moithati. Ho sekisetsa botšepehi ho bolela ho ba moithati. Botšepehi bo sa sekisetseng bo bolela ho se be moithati.—Mareka 12:30, 31; Johanne 13:34, 35.
21. Taba ea ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng e ka akaretsoa joang?
21 Ho akaretsa taba: Botšepehi bo sa sekisetseng ke tšoaneleho e ikhethang e bontšoang ke Jehova Molimo, Jesu Kreste le bahlanka bohle ba ’nete ba Jehova. Ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo, re tlameha ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho eena ka ho phelela litlhoko tsa hae tse lokileng, ka hore re se ke ra amana ka eng kapa eng le lira tsa hae, le ka ho emela Jehova ka ho bolela ka tsela e reriloeng le e sa reroang. Hape re tlameha ho thulana le phephetso ea ho tšepahala ka ho sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang. Re tlameha ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho liphutheho tsa rōna le ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho balekane ba rōna ba lenyalo. Ka ho thulana ka katleho le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng, re tla be re kopanela ho tloseng qoso bobusing ba Jehova, ’me re tla be re nka lehlakore la hae tsekong. Ka mokhoa oo re tla hapa kamohelo ea hae re be re fumane moputso oa bophelo bo sa feleng. Seo moapostola Pauluse a ileng a se bua ka boinehelo ba bomolimo se ka boela sa boleloa le tabeng ea ho thulana ha rōna le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng. Ho molemo bakeng sa bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.—Pesaleme ea 18:25; 1 Timothea 4:8.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Re ka thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho Molimo ka litsela life?
◻ Botšepehi bo sa sekisetseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova bo re hloka eng?
◻ Baholo ba ka thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng joang?
◻ Bakreste ba leng lenyalong ba tlameha ho thulana le phephetso efe e amanang haufi-ufi le botšepehi bo sa sekisetseng?
◻ Ke litšoaneleho life tse tla re thusa ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Botšepehi bo sa sekisetseng ho litho tsa phutheho bo tla thibela baholo ho senola litaba tsa lekunutu
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Botšepehi bo sa sekisetseng ho molekane oa motho oa lenyalo bo matlafatsa tlamo ea lenyalo