Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr23 November maq. 1-11
  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea “Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona”
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lihloohoana
  • LA 6-12 NOVEMBER
  • LA 13-19NOVEMBER
  • LA 20-26 NOVEMBER
  • LA 27 NOVEMBER–LA 3 DECEMBER
  • LA 4-10 DECEMBER
  • LA 11-17 DECEMBER
  • LA 18-24 DECEMBER
  • LA 25-31 DECEMBER
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2023
mwbr23 November maq. 1-11

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 6-12 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 13-14

“Ha Motho a Shoa, na a ka Phela Hape?”

w99 10/15 3 ¶1-3

Ho Batla ha Rona Bophelo bo Boleletsana

ESITA le kajeno ke ba seng bakae ba ka hanyetsang polelo ena e mabapi le bokhutšoanyane ba bophelo, le hoja e ngotsoe lilemong tse fetileng tse ka bang 3 500. Kamehla batho ba ’nile ba fumana ho sa khotsofatse ho latsoa bophelo bo mahlahahlaha ka nako e khutšoanyane ebe ba se ba tsofala ’me ba e-shoa. Ka lebaka leo, mekhoa ea ho lelefatsa bophelo e ’nile ea eketseha ho theosa le histori.

Mehleng ea Jobo Baegepeta ba ne ba e-ja makoalata a liphoofolo e le ha ba leka ho boela bocheng. E ’ngoe ea lipakane tse ka sehloohong tsa mekhoa ea ho lelefatsa bophelo tsa mehleng e bohareng e ne e le ho etsa selelefatsa-bophelo se neng se ka lebisa bophelong bo boleletsana. Litsebi tse ngata tsa mekhoa ea ho lelefatsa bophelo li ne li lumela hore khauta ea maiketsetso e ne e ka lebisa bophelong ba ho se shoe le hore ho jella lipoleiting tsa khauta ho ne ho ka lelefatsa bophelo. Machaena a boholo-holo a neng a latela setso le bolumeli ba Setao a ne a nahana hore a ka fetola metsoako ea lintho tseo ’mele o entsoeng ka tsona ka ho sebelisa mekhoa e kang boikoetliso ba ho nahanisisa, ho phefumoloha le ho itima lijo ’me kahoo a finyelle boemo ba ho se shoe.

Juan Ponce de León mohloeli oa naha oa Lesepanishe o tsebahala ka ho batlana le seliba sa bocha a sa khotsofale. Bukeng ea hae ea Hermippus Redivivus, ngaka ea lekholong la bo18 la lilemo e ile ea buella hore baroetsana ba sa ntseng ba le bacha ba lule ka kamoreng e nyenyane nakong ea selemo ebe phefumoloho ea bona e bokelloa ka libotlolong ’me e sebelisoe e le moriana o lelefatsang bophelo. Ha ho potang hore ha ho le o mong oa mekhoa ena o ileng oa atleha.

w15 4/15 32 ¶1-2

Na Sefate se Renngoeng se ka Hlomela Hape?

SEFATE sa mohloaare se sothehileng se ka ’na sa bonahala eka ha se khahlehe ha se bapisoa le sefate se setle sa kedare ea Lebanone. Leha ho le joalo, lifate tsa mohloaare li khona le ho phela maemong a thata. Tse ling li se li phetse lilemo tse ka bang sekete. Methapo ea sefate sena e tebela tlaase mobung, ebile se ka boela sa hlomela le haeba se ka rengoa. Hafeela methapo e ntse e phela, se tla hlomela hape.

Monna ea tšepahalang Jobo o ne a kholisehile hore le haeba a ka shoa o tla boela a phele. (Jobo 14:​13-15) O ile a etsa mohlala ka sefate, mohlomong sefate sa mohloaare, ho bontša hore o kholisehile hore Molimo a ka mo tsosa bafung. Jobo o ile a re: “Etsoe le sefate se na le tšepo. Haeba se rengoa, se tla hlomela hape.” Ha se utloa pula ka mor’a komello, sefate sa mohloaare se a hlaphoheloa ’me se “hlahisa lekala joaloka semela se secha.”—Jobo 14:​7-9.

w11 3/1 22 ¶5

“U Tla Hloloheloa”

Mantsoe a Jobo a re ruta kamoo Jehova a leng lerato kateng: O na le kamano e khethehileng le ba ipehang tlas’a tataiso ea hae, joaloka Jobo, ba mo lumellang hore a ba bope hore e be batho ba ratehang ho eena. (Esaia 64:8) Jehova o nka barapeli ba hae ba tšepahalang e le ba bohlokoa haholo. O “hloloheloa” batho ba hae ba tšepahalang ba seng ba hlokahetse. Setsebi se seng se re lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona “ho hlakile hore ke le leng la mantsoe a matla ka ho fetisisa a hlalosang boikutlo ba ho labalabela ho itseng.” Ka sebele, Jehova ha a hopole barapeli ba hae feela empa o boetse o labalabela ho ba tsosa bafung.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 191

Molora

Molora o ne o boetse o tšoantšetsa lintho tse se nang thuso kapa tseo e seng tsa bohlokoa. Ka mohlala, Abrahama o ile a re ho Jehova: “Ke lerole le molora.” (Ge 18:27 nal.; sheba le Esa 44:20; Job 30:19.) Le Jobo o ile a bapisa litaba tsa batšelisi ba hae ba bohata le “maele a se nang thuso joaloka molora.”—Job 13:12.

LA 13-19NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 15-17

“U se ke oa Etsisa Elifaze ha u Tšelisa ba Bang”

w05 9/15 26 ¶4-5

Hana Monahano o Fosahetseng!

Lipuong tsohle tsa hae tse tharo, Elifaze o ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o hatella hoo ho seng letho leo bahlanka ba hae ba le etsang le mo khotsofatsang. Elifaze o ile a re ho Jobo: “Bona! Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae, ’me o qosa mangeloi a hae ka hore a molato.” (Jobo 4:​18, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Hamorao Elifaze o ile a re ka Molimo: “Ha a na tumelo ho bahalaleli ba hae, maholimo ha aa hloeka mahlong a hae.” (Jobo 15:15) Eaba oa botsa: “Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile?” (Jobo 22:3) Bildade o ne a lumellana le maikutlo ana, hobane o ile a re: “Ho na le khoeli, ’me ha e khanye; linaleli ha lia hloeka mahlong a [Molimo].”—Jobo 25:5.

Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra susumetsoa ke monahano o joalo. O ka etsa hore re nahane hore Molimo o batla lintho tse ngata haholo ho rona. Boikutlo bona bo ka hlasela kamano ea rona le Jehova. Ho feta moo, haeba re lumellana le monahano oa mofuta ona, re tla itšoara joang ha re fuoa taeo eo re e hlokang? Ho e-na le ho amohela taeo re ikokobelitse, re ka ’na ra “halefela Jehova” ka lipelong tsa rona ra ba ra mo koetlela lehloeo. (Liproverbia 19:3) Ruri seo se ne se tla senya kamano ea rona le Molimo!

w15 2/15 8 ¶16

Etsisang Boikokobetso le Qenehelo ea Jesu

16 Re bue le ba bang ka bonolo. Boikutlo bo mofuthu bo re susumelletsa ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathes. 5:14) Re ka re’ng ho khothatsa batho ba joalo? Re ka ba bolella kamoo re ba tsotellang kateng. Ra ba babatsa ’me ra ba thusa hore ba lemohe litšobotsi tsa bona tse ntle le bokhoni ba bona. Hape re ka ba hopotsa hore ke Jehova ea ba thusitseng hore ba tsebe ’nete, ’me kahoo ke ba bohlokoa ho eena. (Joh. 6:44) Re ka boetse ra ba tiisetsa hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae “ba lipelo li robehileng” le “ba sithabetseng moeeng.” (Pes. 34:18) Ha re bua ka bonolo re ka khatholla batho ba hlokang matšeliso.—Liprov. 16:24.

Matlotlo a Patiloeng

w06 3/15 14 ¶11

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Jobo

7:​9, 10; 10:21; 16:22—Na lipolelo tsee li bontša hore Jobo o ne a sa lumele tsohong? Lipolelo tsena li bua ka nako eo Jobo a neng a tla tobana le eona haufinyane. Ebe o ne a bolela’ng? E ka ’na eaba o ne a bolela hore ha a ka shoa, batho ba mehleng ea hae ba ne ba ke ke ba hlola ba mo bona. Ponong ea bona, o ne a sa tl’o khutlela tlung ea hae ebile a sa tl’o hlola a amoheleha ho be ho fihle nako e behiloeng ea Molimo. Ho ka etsahala hore ebe hape Jobo o ne a bolela hore motho a ke ke a ikhutlisa Sheole. Jobo 14:​13-15 e hlakisa hantle hore Jobo o ne a e-na le tšepo ea ho tsoha nakong e tlang.

LA 20-26 NOVEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 18-19

“U se ke oa Lahla Bakreste-’moho le Uena”

w22.01 16 ¶9

Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makhetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka ’Ona

9 U ka tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng. Jesu ha aa ka a lla le Maria le Maretha feela empa o ile a boela a ba mamela le ho ba tšelisa. Le rona re ka etsa se tšoanang ho batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona. Mora oa bo rona Dan oa moholo ea lulang Australia o re: “Ka mor’a hore mosali oa ka a hlokahale, ke ne ke hloka tšehetso. Bara ba bo rona ba bangata le basali ba bona, ba ne ba lutse ba itokiselitse ho ’mamela. Ba ne ba ntumella ho ntša maikutlo ka bohloko boo ke neng ke bo utloile ’me ba ne ba sa ikutloe ba soabile ha ke lla. Ba ile ba boela ba nthusa ka mesebetsi e meng e kang ho hlatsoa koloi, ho ea mabenkeleng le ho pheha, ha ke ne ke sa khone ho etsa lintho tsena. Hape ba ne ba rapela le ’na hangata. Ba ile ba ipaka e le metsoalle ea ’nete le barab’eso ba ‘tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’”—Liprov. 17:17.

w21.09 30 ¶16

Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova

16 Tsoela pele u tšehetsa litho tsa lelapa. Ba hloka u ba rate u be u ba khothatse ho feta le ha e le neng pele. (Baheb. 10:​24, 25) Ka linako tse ling, litho tsa lelapa lia hlokomela hore ka phuthehong ho na le batho ba seng ba sa ba buise joalokaha eka ke bona ba khaotsoeng. Ha re batle hore ba ikutloe ka tsela eo. Re lokela ho babatsa le ho khothatsa bana bao batsoali ba bona ba ileng ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. Morali’abo rona Maria eo monna oa hae a ileng a tlohela phutheho le lelapa la hae o re: “Metsoalle e meng ea ka e ne e tla ha ka, e pheha ebile e nthusa hore ke ithute Bibele le bana ba ka. E ne e utloisisa bohloko boo ke bo utloang ebile e lla le ’na. E ne e mpuella ha batho ba bua lintho tse fosahetseng ka ’na. E ne e mpha matla.”—Bar. 12:​13, 15.

w90 9/1 22 ¶20

Na U Hahamalla Litokelo?

20 Sehlopha sa baholo se lokela ho hlokomela hore ho tlosoa ha motho lethathamong ho ka ’na ha bakela motho eo e neng e le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang khatello, esita le haeba a tlohela tokelo eo ka boithaopo. Haeba a sa khaoloa, empa baholo ba bona hore moena eo o tepelletse maikutlo, ba tšoanela ho fana ka thuso ea moea e lerato. (1 Bathesalonika 5:14) Ba lokela ho mo thusa ho hlokomela hore oa hlokahala ka phuthehong. Esita le haeba keletso e matla e ile ea hlokahala, e ka ’na eaba ha ho na ho feta nako e telele hakaalo pele monna ea ikokobelitseng le ea nang le kananelo a ka boela a amohela litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso ka phuthehong.

Matlotlo a Patiloeng

w94 10/1 32

Matla a Lentsoe le Mosa

Leha ho le joalo, ha Jobo ka boeena a ne a hloka khothatso, Elifaze le metsoalle ea hae ha baa ka ba bua mantsoe a mosa. Ba ile ba beha Jobo molato bakeng sa mahlomola a hae, ba fana ka maikutlo a hore o tlameha a e-na le molato ka sephiring. (Jobo 4:8) The Interpreter’s Bible ea hlalosa: “Seo Jobo a se hlokang ke qenehelo e tsoang pelong ea motho. Seo a se fumanang ke letoto la lipolelo tsa ‘’nete’ e khelohileng, le tsa bolumeli tse pheta-phetoang hamonate le litlhaloso tse bosula tsa boitšoaro.” Jobo o ne a ferekane haholo ha a utloa puo ea Elifaze le metsoalle ea hae hoo a ileng a qobelleha hore a bokolle: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lona ho isa kae?”—Jobo 19:2.

Le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore mohlanka-’moho le rona oa Molimo a bokolle ka baka la mantsoe a rona a sa kang a nahanoa, a hlokang mosa. (Bapisa le Deuteronoma 24:15.) Maele a Bibele aa lemosa: “Seo u se buang se ka boloka bophelo kapa sa bo timetsa; kahoo u lokela ho amohela liphello tsa mantsoe a hao.”—Liproverbia 18:​21, TEV.

LA 27 NOVEMBER–LA 3 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 20-21

“Ho Rua ha ho Bolele Hore Motho o Lokile”

w07 8/1 29 ¶12

Na U “Ruela ho Molimo”?

12 Polelong ena ea Jesu, ho ruela ho Molimo ho bapisoa le ho ipolokela letlotlo, kapa ho ipokellela lintho tse bonahalang. Kahoo, Jesu o ne a bolela hore ho ipokellela maruo a lintho tse bonahalang kapa ho ithabisa ka lintho tseo re nang le tsona ha ea lokela ho ba eona ntho ea sehlooho bophelong ba rona. Ho e-na le hoo, re lokela ho sebelisa matlotlo a rona ho ntlafatsa kapa ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova. Ha re etsa joalo ruri re tla ruela ho Molimo. Hobane’ng? Hobane ho tla re fa monyetla oa hore re fumane mahlohonolo a mangata a tsoang ho eena. Bibele e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.

Matlotlo a Patiloeng

w95 1/1 9 ¶19

Ho Hlola Satane le Mesebetsi ea Hae

19 Hoa thahasellisa hore ebe mohlanka oa Molimo Jobo o ile a lokela ho loana le “likhopolo tse tšoenyang” tseo Satane a neng a li fetisa ka Elifaze le Tsofare. (Jobo 4:​13-18, NW; 20:​2, 3, NW) Ka lebaka leo Jobo o ne a hlokofatsoa ke “ho tšoenyeha,” ho neng ho fella ka hore a bue “puo e hlaha” ka ‘lintho tse tšosang’ tse hlasetseng kelello ea hae. (Jobo 6:​2-4, NW; 30:​15, 16, NW) Elihu o ile a mamela Jobo a khutsitse ’me ka tieo a mo thusa hore a be le pono ea litaba e bohlale ka hohle ea Jehova. Ka ho tšoanang kajeno, baholo ba utloisisang ba bontša hore ba tsotella ba tšoenyehileng ka ho se eketse “khatello” ea ba joalo. Ho e-na le hoo, ho tšoana le Elihu, ba ba mamela ka hloko ’me ba ba tlotsa ka oli e thobang ea Lentsoe la Molimo. (Jobo 33:​1-3, 7; Jakobo 5:​13-15) Kahoo motho leha e le mang eo maikutlo a hae a tšoentsoeng ke ho ferekana kelellong, ebang ke ha ’nete kapa ho inahaneloang, kapa ea ‘tšosoang ke litoro le lipono’ joaloka Jobo, a ka fumana matšeliso a thobang a Mangolo ka phuthehong.—Jobo 7:14; Jakobo 4:7.

LA 4-10 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 22-24

“Na Motho o na le Molemo ho Molimo?”

w05 9/15 27 ¶1-3

Hana Monahano o Fosahetseng!

Taba e amanang le khopolo ea hore Molimo oa hatella ke ea hore o nka batho e le ba se nang thuso. Puong ea boraro ea Elifaze ho ile ha hlaha potso e reng: “Na monna ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo, e le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena?” (Jobo 22:2) Elifaze o ne a fana ka maikutlo a hore ho Molimo, motho ha a na thuso. Bildade le eena o ile a pheha khang ka tsela e tšoanang, a re: “Motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang ka pel’a Molimo, kapa motho ea tsoetsoeng ke mosali e ka ba ea hloekileng joang?” (Jobo 25:4) Ho ea ka khopolo eo, Jobo, eo e neng e le motho feela ea shoang, e ne e le mang hore a ka bolela hore o lokile ka pel’a Molimo?

Kajeno batho ba bang ba khathatsoa ke ho se itšepe. Lintho tse kang kholiso, likhatello tsa bophelo kapa ho khetholloa le ho hlouoa ka lebaka la morabe kapa bochaba li ka ’na tsa etsa hore motho a be le maikutlo a joalo. Empa Satane le bademona ba hae le bona ba thabela ho sithabetsa motho. Haeba ba ka susumetsa motho ho nahana hore ha ho letho leo a le etsang le khotsofatsang Molimo ea Matla ’Ohle, ho tla ba bonolo hore a nyahame. Hamorao motho eo a ka kheloha, a ba a suthela hole le Molimo ea phelang.—Baheberu 2:1; 3:12.

Ho tsofala le mathata a ho kula ho lekanyetsa seo re ka khonang ho se etsa. Seo re se etsang tšebeletsong ea ’Muso se ka bonahala se le senyenyane haholo ha se bapisoa le seo re neng re se etsa ha re ne re sa le bacha, re phetse hantle re bile re le matla. Ruri ke habohlokoa hore re lemohe hore Satane le bademona ba hae ba batla hore re nahane hore Molimo ha a khotsofatsoe ke seo re se etsang! Re lokela ho hana monahano o joalo.

w95 2/15 27 ¶6

Thuto Mabapi le ho Sebetsana le Mathata

Metsoalle e meraro ea Jobo e ile ea mo nyahamisa ka ho eketsehileng ka ho bua likhopolo tsa botho ho e-na le bohlale ba bomolimo. Elifaze o ile a ba a ea boholeng ba ho re ‘Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona’ le hore ho ne ho hlile ho sa tsotellehe ho Jehova hore na Jobo o lokile kapa che. (Jobo 4:18; 22:​2, 3) Ho thata ho nahana ka polelo e nyahamisang—kapa e se nang bonnete—ho feta eo! Ha se ho makatsang ha hamorao Jehova a ile a khalemela Elifaze le metsoalle ea hae bakeng sa nyefolo ena. O ile a re: “Ha lea ka la bolela tsa ka hantle.” (Jobo 42:7) Empa phatlalatso e kotsi le ho feta e ne le hona e tlang.

w03 4/15 14-15 ¶10-12

Bacha ba Thabisang Pelo ea Jehova

10 Joalokaha ho bontšitsoe tlalehong ea Bibele, Satane ha aa ka a belaella botšepehi ba Jobo feela empa o ile a belaella le botšepehi ba batho bohle ba sebeletsang Molimo—ho akarelletsa le uena. Ha e le hantle, ha Satane a ne a bua ka batho ka kakaretso o ile a re ho Jehova: “Motho [eseng Jobo feela empa mang kapa mang] o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Na uena ua bona hore na u ameha joang tsekong ee ea bohlokoa? Joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 27:​11, Jehova o bolela hore ho na le seo u ka mo fang sona—e leng se ka etsang hore a arabele Satane ea mo nyelisang. Ak’u nahane feela—’Musi Morena oa Bokahohle o ipiletsa ho uena hore u be le seabo tsekong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa. U bulehetsoe ke boikarabelo le tokelo tse hlollang hakaakang! Na u ka etsa seo Jehova a se kopang ho uena? Jobo o ile a se etsa. (Jobo 2:​9, 10) Le Jesu o ile a se etsa haesita le ba bang ba bangata ho theosa le lilemo, ho akarelletsa le bacha ba bangata. (Bafilipi 2:8; Tšenolo 6:9) Le uena u ka se etsa. Leha ho le joalo, u se ke ua ithetsa, u ke ke ua lula u sa nke lehlakore. Ka liketso tsa hao, u tla bontša hore na u tšehetsa nyeliso ea Satane kapa karabo ea Jehova. U tla tšehetsa hofe?

Jehova oa U Tsotella!

11 Na hoa tsotelleha ho Jehova hore na u khetha eng? Na e se e ntse e se batho ba bangata ba tšepahetseng ka ho lekaneng hore a ka fa Satane karabo e tšoanelehang? Ke ’nete hore Diabolose o ile a bolela hore ha ho motho ea ka sebeletsang Jehova ka lerato, e leng qoso eo ho seng ho bonahetse hore ke ea bohata. Ho ntse ho le joalo, Jehova o batla hore u eme le eena tsekong ea bobusi hobane oa u tsotella. Jesu o itse: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”—Matheu 18:14.

12 Ho hlakile hore Jehova o thahasella hore na u khetha ho ema le mang. Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore khetho ea hao ea mo ama. Bibele e bolela ka ho hlaka hore liketso tse ntle kapa tse mpe tsa batho li ama Jehova ka ho tebileng. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba mo fetohela khafetsa, Jehova o ne a ‘utloa bohloko.’ (Pesaleme ea 78:​40, 41) Pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, ha “bobe ba motho bo [ne bo le] bongata,” “pelo ea [Jehova e ile] ea utloa bohloko.” (Genese 6:​5, 6) Nahana hore na sena se bolela eng. Haeba u ka nka tsela e fosahetseng, u tla utloisa ’Mopi oa hao bohloko. Sena ha se bolele hore Molimo oa fokola kapa hore o nkoa ke maikutlo. Ho e-na le hoo, oa u rata ebile oa u tsotella. Empa ha u etsa se nepahetseng, pelo ea Jehova ea thaba. Ha a thabisoe feela ke hore ho na le se eketsehileng seo a ka arabang Satane ka sona empa hape o thabisoa ke hore joale u mocheng oa hore e be Moputsi oa hao. Ehlile o batla ho u putsa. (Baheberu 11:6) Jehova Molimo ke Ntate oa hao ea u ratang hakaakang!

Matlotlo a Patiloeng

w04 7/15 21-22

Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mopi oa Hao

Nahana kamoo Jehova a ileng a phetha popo ea bokahohleng kateng. Jehova o ile a tšoaea linako tse latellanang tsa popo ka mantsoe a reng, “ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng.” (Genese 1:​5, 8, 13, 19, 23, 31) Qalong ea nako ka ’ngoe ea ho bopa, o ne a tseba hantle hore na pakane kapa sepheo sa hae ke sefe letsatsing leo. ’Me Molimo o ile a phetha morero oa hae oa ho bopa lintho. (Tšenolo 4:11) Mopatriareka Jobo o ile a re: “Moea oa [Jehova] o na le takatso, ’me o tla e phetha.” (Jobo 23:13) E tlameha ebe Jehova o ile a khotsofala hakaakang ha a bona “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng” ’me a phatlalatsa hore e “molemo haholo”!—Genese 1:31.

E le hore lipakane tsa rona li phethahale, re tlameha ho ba le takatso e matla ea ho li finyella. Ke eng e tla re thusa hore re be le takatso e matla joalo? Esita leha lefatše le ne le se na sebopeho le bile le se na letho, Jehova o ne a ka bona esale pele hore qetellong, e ne e tla ba lehakoe le letle sebakeng, le mo tlotlisang le le etsang hore a hlomphuoe. Ka ho tšoanang, takatso ea rona ea ho phetha seo re ikemiselitseng ho se etsa e ka hlaoleloa ka ho nahanisisa ka liphello le ka melemo ea ho finyella pakane eo. Eo e bile phihlelo ea Tony ea lilemo li 19. Ha aa ka a lebala boikutlo ba pele boo a bileng le bona ha a ne a etetse ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Europe Bophirimela. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, potso e neng e luma ka kelellong ea Tony e ne e le ho re, ‘Ho ne ho ka ba joang haeba motho a ne a ka lula le ho sebeletsa sebakeng se tšoanang le seo?’ Tony ha aa ka a tlohela ho nahana ka monyetla oa seo, empa o ile a ’na a loanela ho finyella pakane eo. O ile a thaba hakaakang ha kopo ea hae ea ho sebeletsa lekaleng e amoheloa lilemo tse ’maloa hamorao!

LA 11-17 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 25-27

“Re ka Tšepahala le Hoja re Etsa Liphoso”

it-1-E 1210 ¶4

Botšepehi

Jobo. Ho bonahala eka Jobo o phetse ka mor’a lefu la Josefa le mehleng ea Moshe. Bibele e re “e ne e le monna ea lokileng [Seheb., tam] le ea tšepahalang. O ne a tšaba Molimo a bile a hloile lintho tse mpe.” (Job 1:1; sheba JOB.) Taba ea hore Satane o ne a belaela hore batho ba ka tšepahalla Jehova Molimo, e ile ea hlaka ha Jehova a ne a mo botsa ka Jobo nakong eo Jehova a neng a e-na le seboka le mangeloi leholimong. Satane o ile a qosa Jobo ka leshano a re Jobo o sebeletsa Molimo hobane a batla ho fumana melemo e itseng, eseng hobane a mo rata. Ka mantsoe a mang, o ne a re Jobo ha a tšepahale. Le hoja Molimo a ile a lumella Satane hore a amohe Jobo lintho tsohle tsa hae ho akareletsa le bana ba hae, o ile a hloleha ho etsa hore Jobo a se ke a tšepahalla Molimo. (Job 1:6–2:3) O ile a re Jobo o amehile feela ka hore o phetse hantle hoo a neng a sa tsotelle hore na o hlokahalloa ke bana kapa o senyeheloa ke thepa ea hae. (Job 2:​4, 5) Ka mor’a moo, o ile a otla Jobo ka boloetse bo bohloko. Jobo o ile a boela a hanyetsoa ke mosali oa hae a ba a nyefoloa ke metsoalle ea hae e neng e sa hlomphe Molimo. (Job 2:​6-13; 22:​1, 5-11) Leha ho le joalo, Jobo o ile a ba araba ka tsela e bontšang hore o ne a sa ikemisetsa ho tlohela ho tšepahalla Molimo. O ile a re: “Ke tla lula ke tšepahala ho fihlela ke shoa. Ke tla lula ke lokile. Ha feela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutloe ke le molato.” (Job 27:​5, 6) Tsela eo Jobo a ileng a tšepahala ka eona e ile ea bontša hore Mohanyetsi oa Molimo o ne a bua leshano.

w19.02 2-3 ¶3-5

Lula U Tšepahala!

3 Bahlanka ba Jehova ba ka bontša joang hore baa tšepahala? Ka hore ba rate Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ho etsa thato ea hae. A re hlahlobeng hore na lentsoe botšepehi le sebelisitsoe joang ka Bibeleng. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “botšepehi” le bolela ho hloka sekoli. Mohlala, ha Baiseraele ba ne ba etsetsa Jehova sehlabelo, Molao o ne o re ba sebelise liphoofolo tse phetseng hantle. (Lev. 22:​21, 22) Ba ne ba sa lokela ho etsa sehlabelo ka phoofolo e se nang leoto, tsebe, leihlo kapa e kulang. Jehova o ne a batla hore ba sebelise phoofolo e se nang sekoli. (Mal. 1:​6-9) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla lintho tse phetseng hantle. Mohlala, ha re reka litholoana, libuka kapa lithulusi, re batla tse hantle. Ka tsela e tšoanang, Jehova o batla hore re mo rate le ho mo tšepahalla ka lipelo tsohle tsa rona. Ebile ha rea lokela ho ikaketsa.

4 Na u nahana hore re lokela ho phethahala e le hore re lule re tšepahala? U ka ’na oa lumela joalo hobane u nka hore re etsa liphoso hangata. Nahana ka mehlala ena e ’meli e tl’o re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala le hoja re sa phethahala. Taba ea pele ke hore Jehova ha a lule a shebile liphoso tsa rona feela. Bibele e re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Jehova oa tseba hore ha rea phethahala, re etsa liphoso ’me o re tšoarela ka bolokolohi. (Pes. 86:5) Taba e ’ngoe ke hore Jehova o tseba mefokolo ea rona, kahoo ha a lebella hore re etse lintho tseo re ke keng ra li khona. (Bala Pesaleme ea 103:​12-14.) Joale ke ka tsela efe re ka hlokang sekoli mahlong a hae?

5 Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ho tšepahala ke lerato. Re lokela ho rata Jehova, re be re inehele ho eena ka ho feletseng. Haeba re etsa joalo esita le ha re e-na le mathata, re tla be re bontša hore rea mo tšepahalla. (1 Likron. 28:9; Mat. 22:37) A re ke re khutleleng ho barab’abo rona le morali’abo rona bao re buileng ka bona qalong. Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa lintho ka tsela eo ba li entseng ka eona? Na u ka re morali’abo rona o rata ho tšehuoa ha a le sekolong, kapa na mor’abo rona ea tšimong o rata ho hobosoa ha a kena matlong, kapa na mor’abo rona e mong o ne a batla ho felloa ke mosebetsi? Che, ha ho joalo. Empa ba ne ba tseba melao eo Jehova a e behileng, ’me ba batla ho etsa ka hohle ho mo khahlisa. Kaha ba rata Molimo, kamehla ba nahana ka eena pele ba etsa liqeto. Ka tsela ena, ba bontša hore baa tšepahala.

Matlotlo a Patiloeng

w16.11 9 ¶3

Batho ba Molimo ba Hlophisitsoe

3 Popo e bontša hantle hore Molimo o hlophisehile. Bibele e re: “Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale. A tiisa maholimo ka temoho.” (Liprov. 3:19) Re tseba ‘linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ le ‘mohoeshetso o utloiloeng ka eena.’ (Jobo 26:14) Empa lintlha tse seng kae tseo re li tsebang ka lipolanete le linaleli li re thusa ho lemoha hore lihloliloeng tsena tsa leholimo li hlophisehile ka tsela e hlollang. (Pes. 8:​3, 4) Lihlopheng tsa linaleli ho na le linaleli tse limilione tse tsamaeang sepakapakeng ka tsela e hlophisehileng. Lipolanete tse setsing sa rona li potoloha letsatsi joalokaha eka li latela melao ea tsela! Tsela e hlollang eo bokahohle bo hlophisehileng ka eona e re thusa ho lemoha hore re lokela ho rorisa Jehova, ea ‘entseng maholimo le lefatše ka kutloisiso’ le hore re lokela ho tšepahala ho eena esita le ho mo rapela.—Pes. 136:​1, 5-9.

LA 18-24 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 28-29

“Na u na le Botumo bo Tšoanang le ba Jobo?”

w02 5/15 22 ¶19

Bontša Mosa o Lerato ho ba Hlokang

19 Litlaleho tsa Bibele tseo re li tšohlileng li boetse li hatisa ’nete ea hore mosa o lerato o lokela ho bontšoa ho ba hlokang seo bona ka bobona ba ke keng ba iketsetsa sona. Abrahama o ne a hloka tšebelisano-’moho ea Bethuele hore a ntšetse pele lesika la hae. Jakobo o ne a hloka thuso ea Josefa hore setopo sa hae se tle se isoe Kanana. ’Me Naomi o ne a hloka thuso ea Ruthe hore a fumane mojalefa. Abrahama, Jakobo kapa Naomi ba ne ba ke ke ba iketsetsa lintho tsena tseo ba li hlokang. Ka ho tšoanang kajeno, mosa o lerato o lokela ho bontšoa ka ho khetheha ho ba hlokang. (Liproverbia 19:17) Re lokela ho etsisa mopatriareka Jobo, ea ileng a lebisa tlhokomelo ho “ea hlorileng ea hoeletsang ho kopa thuso, le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi” haesita le ho “ea leng lekhatheng la ho timela.” Hape Jobo o ne a “nyakallisa pelo ea mohlolohali” hape o ile a fetoha ‘mahlo a sefofu le maoto a ea holofetseng.’—Jobo 29:​12-15.

it-1-E 655 ¶10

Moaparo

Hangata ka Bibeleng moaparo o sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso. Hangata moaparo o khetholla motho hore na ke oa mokhatlo ofe kapa hore na o tšehetsa sehlopha sefe. Ka tsela e tšoanang, le ka Bibeleng moaparo o khetholla motho hore na o tšehetsa lehlakore lefe le hore na lintho tseo a li etsang li bontša joang hore o tšehetsa lehlakore leo. Taba ena e tšoana le papiso eo Jesu a ileng a e etsa ea motho ea tlang lenyalong empa a sa aparela ho tla lenyalong. (Mat 22:​11, 12; sheba HEADDRESS; SANDAL.) Ho Tšenolo 16:​14, 15, Morena Jesu Kreste o re lemosa hore re lule re falimehile le hore re lule re apere moaparo o bontšang hore re lipaki tsa Molimo oa ’nete tse tšepahalang. Haeba moaparo oa rona o sa bontše hore re ka lehlakoreng la Molimo, re ka iphumana re le kotsing bosiung ba pele ho “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.”

w09 2/1 15 ¶3-4

Mabitso a Mang a na le Seo a se Bolelang

Ha ho letho leo re ka le etsang ka mabitso ao re a rehiloeng ha re hlaha. Leha ho le joalo, ke rona feela ba ka iketsetsang botumo ka tsela eo re phelang ka eona. (Liproverbia 20:11) Ak’u ipotse: ‘Haeba Jesu le baapostola ba hae ba ne ba e-na le monyetla, ba ne ba tla ntheha lebitso lefe? Ke ne ke tla tšoaneloa ke lebitso lefe le neng le tla hlalosa tšobotsi ea ka e ka sehloohong kapa tsela eo ke tummeng ka eona?’

Re lokela ho nahanisisa ka thata ka potso ena. Hobane’ng? Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola tjena: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liproverbia 22:1) Ka sebele, haeba motseng re e-na le lebitso le letle, kapa botumo bo botle, re na le letlotlo la bohlokoa. Leha ho le joalo, haeba re iketsetsa lebitso le letle le Molimo, re tla be re e-na le letlotlo la ka ho sa feleng. Ka tsela efe? Molimo o re o tla ngola mabitso a ba mo tšabang ‘bukeng ea hae ea khopotso’ a be a ba fe tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Malakia 3:16; Tšenolo 3:5; 20:​12-15.

Matlotlo a Patiloeng

g00 7/8 29 ¶3

Ho Bososela—Ho U Tsoela Molemo!

Na ho bososela ho hlile ho etsa phapang? Na u hopola nakong eo motho e mong a neng a bososela le uena u ileng ua ikutloa u imoloha kapa hona ho khatholoha kateng? Kapa nakong eo u ileng ua tšoha kapa hona ho ikutloa u sa batlehe ha motho a ne a sa bososele? E, pososelo e etsa phapang. E ama motho ea bososelang hammoho le eo ho bososeloang le eena. Motho oa Bibeleng, Jobo, o ile a re ka lira tsa hae: “Ke ne ke ba bososella—ba ne ba sa lumele—leseli la sefahleho sa ka ba ne ba sa le fetole masoabi.” (Jobo 29:​24, NW) “Leseli” la sefahleho sa Jobo e ka ’na eaba le ne le bolela ho khanya ha sona le ho nyakalla.

LA 25-31 DECEMBER

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 30-31

“Jobo o Ile a Etsa’ng Hore a Lule a Itšoere Hantle”

w10 4/15 21 ¶8

Tlosa Mahlo a Hao Linthong Tse se Nang Thuso!

8 Bakreste ba ’nete le bona ba ntse ba angoa ke takatso ea mahlo le ea nama. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re itšoare mabapi le seo re se shebang le seo re se lakatsang. (1 Bakor. 9:​25, 27; bala 1 Johanne 2:​15-17.) Monna ea khabane, e leng Jobo o ile a lemoha hore ho bona ho amana haholo le ho lakatsa. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang?” (Jobo 31:1) Jobo o ne a sa qobe feela ho ama mosali ka tsela ea boitšoaro bo bobe empa o ne a sa lumelle kelello ea hae hore e nahane ka ntho e joalo. Jesu o ile a hatisa hore kelello e lokela ho lula e hloekile mabapi le menahano ea boitšoaro bo bobe ha a ne a re: “Ke re ho lona e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Mat. 5:28.

w08 9/1 11 ¶4

Nahana ka ‘Qetello Hamorao’

Pele u tsamaea tseleng e joalo, ipotse, ‘Tsela ee e tla ntebisa hokae?’ Ho ema motsotsoana feela u nahana ka kotsi e tla hlaha ‘qetellong hamorao’ e ka ba ho lekaneng ho etsa hore u se ke ua tsamaea tseleng e tla u isa kotsing. AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima u sa rera, ho ntša mpa, ho qhalana ha malapa, le ho khoebethoa ke letsoalo ke lintho tse hlahelang bao ka boomo ba sa eleng likeletso tse joalo hloko. Moapostola Pauluse o boletse ka ho hlaka hore na ba etsang boitšoaro bo bobe ba tla fella hokae. O re “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:​9, 10.

w10 11/15 6 ¶15-16

Bacha—Tataisoang ke Lentsoe la Molimo

15 U nahana hore botšepehi ba hao ho Molimo bo tla lekoa haholo nakong efe—ha u e-na le batho ba bang kapa ha u le mong? Ha u le sekolong kapa mosebetsing, ho ka etsahala hore ebe u lula u itebetse moeeng. U ela hloko lintho tse ka ’nang tsa u ntša kotsi moeeng. Ha u iketlile ’me u sa falimeha, ke hona ha boitšoaro ba hao bo ba kotsing le ho feta.

16 Ke hobane’ng ha u lokela ho batla ho mamela Jehova esita leha u le mong? Hopola sena: U ka utloisa Jehova bohloko kapa u ka thabisa pelo ea hae. (Gen. 6:​5, 6; Liprov. 27:11) Liketso tsa hao li ama Jehova hobane ‘oa u tsotella.’ (1 Pet. 5:7) O batla hore u mo mamele e le hore u itsoele molemo. (Esa. 48:​17, 18) Ha bahlanka ba bang ba Jehova ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba iphapanyetsa keletso ea hae, ba ne ba mo utloisa bohloko. (Pes. 78:​40, 41) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a rata moprofeta Daniele kaha lengeloi le ile la re ke “monna ea khahlehang haholo.” (Dan. 10:11) Hobane’ng? Hobane Daniele o ile a lula a tšepahala ho Molimo, eseng feela ha a ne a le har’a batho empa leha a ne a le mong.—Bala Daniele 6:10.

Matlotlo a Patiloeng

w05 11/15 11 ¶3

Tsebo ea ho Mamela ka Thahasello

Metsoalle ea monna ea bitsoang Jobo e ile ea utloa ha a bua le eona bonyane ka makhetlo a leshome. Leha ho le joalo, Jobo o ile a re: “Hoja ho ne ho e-na le ea ’mametseng.” (Jobo 31:35) Ke hobane’ng ha a ile a bua joalo? Hobane ho mamela ha bona ha hoa ka ha mo tšelisa ka letho. Ha baa ka ba tsotella Jobo ebile ha baa ka ba batla ho utloisisa maikutlo a hae. Ka sebele ha ea ka ea e-ba bamameli ba nahanelang le ba nang le qenehelo. Empa moapostola Petrose o fana ka keletso ena: “Kaofela ha lona le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Re ka bontša joang hore rea qenehelana? Re ka bontša hore rea qenehelana ka ho ameha ka maikutlo a motho e mong le ka ho leka ho a utloisisa. Tsela e ’ngoe hape eo ka eona re ka bontšang kameho ke ka ho bua ka qenehelo re re, “ke lumela hore u ile ua halefa,” kapa “u ile ua bona hore ha u utloisisoe.” Ntle ho moo, re ka pheta ka mantsoe a rona seo motho eo a se buang e le hore re bontše hore re utloisisitse seo a se buileng. Ho mamela ka thahasello ho bolela ho ela hloko mantsoe le morero oo a buuoang ka oona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela