KHAOLO EA 6
Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngolla phutheho e Filipi, a re: “Pauluse le Timothea, makhoba a Kreste Jesu, ho bahalaleli bohle ba bonngoeng le Kreste Jesu ba leng Filipi, hammoho le balebeli le bahlanka ba sebeletsang.” (Bafil. 1:1) Hlokomela hore o ile a lumelisa bahlanka ba sebeletsang. Ho totobetse hore banna bana ba ne ba phetha karolo ea bohlokoa ho thusa baholo phuthehong ka nako eo. Hoa tšoana le kajeno. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e mengata e thusang balebeli le e etsang hore ho be le tlhophiso ka phuthehong.
2 Na u tseba bahlanka ba sebeletsang phuthehong ea heno? Na ua tseba hore ba etsa mesebetsi efe e ruisang phutheho eohle molemo? Ka sebele Jehova o ananela boiteko ba banna bana. Pauluse o ile a ngola a re: “Banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle ba iphumanela boemo bo botle le ho bua ka bolokolohi bo boholo tumelong mabapi le Kreste Jesu.”—1 Tim. 3:13.
LITŠOANELEHO TSA BAHLANKA BA SEBELETSANG
3 Ho lebeletsoe hore bahlanka ba sebeletsang ba phele ka tsela e loketseng Mokreste, ba be le boikarabelo ’me ba phethe likabelo tsa bona hantle. Sena se totobala ha re nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua ha a ne a ngolla Timothea ka litšoaneleho tseo ba lokelang ho ba le tsona ha a re: “Bahlanka ba sebeletsang ka ho tšoanang ba lokela ho nka lintho ka botebo, ba se ke ba ba teme-peli, ba se ke ba inehella veine e ngata, ba se ke ba ba meharo ea leruo la ho se tšepahale, e be ba tšoereng sephiri se halalelang sa tumelo ka letsoalo le hloekileng. Hape, ba ke ba lekoe pele mabapi le ho tšoaneleha, ba ntan’o sebeletsa e le basebeletsi, ha ho se seo ba qosoang ka sona. Bahlanka ba sebeletsang e ke e be banna ba nang le mosali a le mong, ba okamelang bana le ba matlo a bona ka mokhoa o motle.” (1 Tim. 3:8-10, 12) Ha bahlanka ba sebeletsang ba phela ka tsela e bontšang hore ba iphaphatha ka litšoaneleho tseo tsa Mangolo, ba sireletsa phutheho liqosong tse lebisoang ho banna ba fuoang boikarabelo bo khethehileng.
4 Bahlanka ba sebeletsang ba etsisa Jesu ka ho bolela litaba tse molemo ka mafolofolo khoeli le khoeli, ebang ba sa le bacha kapa ba se ba holile. Tsela eo ba chesehang ka eona e bontša hore Jehova o rata hore batho ba bolokehe.—Esa. 9:7.
5 Ba boetse ba beha mohlala tseleng eo ba aparang ka eona, ba buang ka eona le eo ba itšoarang ka eona. Ba hlaphohetsoe likelellong, e leng se etsang hore ba bang ba ba hlomphe. Ho ekelletsa moo, ba nka ka botebo kamano ea bona le Jehova le tlotla eo ba e fuoeng ea ho sebeletsa phutheho.—Tite 2:2, 6-8.
6 Banna bana ba ‘lekiloe mabapi le ho tšoaneleha’ ha bona. Esita le pele ba khethoa, ba ile ba bontša hore ka sebele ke banna ba inehetseng. Ba bontšitse hore ’Muso oa Molimo o tla pele bophelong ba bona le hore ba hahamalla litokelo leha e le life ka phuthehong. Ka sebele ke mehlala eo ba bang ka phuthehong ba ka e etsisang.—1 Tim. 3:10.
MOSEBETSI OA BONA
7 Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng ka phuthehong, kahoo ba thusa balebeli hore ba be le nako e eketsehileng ea ho phetha boikarabelo ba ho ruta le ho lisa. Ha baholo ba ba fa likabelo, ba nahana ka bokhoni ba bona le ka litlhoko tsa phutheho.
Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng, kahoo ba thusa balebeli hore ba be le nako e eketsehileng ea ho phetha boikarabelo ba ho ruta le ho lisa
8 Nahana ka e meng ea mesebetsi ena: Mohlanka e mong ea sebeletsang a ka ’na a abeloa ho hlokomela lingoliloeng e le hore re fumane tseo re tla li bala le tseo re tla li sebelisa tšebeletsong ea tšimo. Ba bang ba abeloa ho boloka litlaleho tsa liak’haonte tsa phutheho kapa tsa tšimo. Ba bang ba abeloa ho tsamaisa libuela-hole, ho hlokomela tsamaiso ea molumo, ho sebeletsa e le bahlokomeli le ho thusa baholo ka litsela tse ling. Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle e bile e hloekile, kahoo hangata ho kopuoa bahlanka ba sebeletsang ho thusa mesebetsing ena.
9 Liphuthehong tse ling, mohlanka a le mong ea sebeletsang a ka ’na a abeloa mosebetsi o le mong. Libakeng tse ling, mohlanka ea sebeletsang a ka ’na a etsa likabelo tse ’maloa. Maemong a mang, ho ka ’na ha etsahala hore mosebetsi o itseng o abeloe bahlanka ba sebeletsang ba ’maloa. Haeba ho se na bahlanka ba sebeletsang ba lekaneng ho etsa e meng ea mesebetsi ena, sehlopha sa baholo se ka ’na sa lokisetsa hore bara ba bang babo rona ba kolobelitsoeng ba behang mohlala o motle ba e etse. Ka tsela ena, bara bana babo rona ba tla ba le phihlelo e tla ba tsoela molemo hamorao ha e se e le bahlanka ba sebeletsang. Haeba barab’abo rona ba le sieo, ho ka koptjoa morali’abo rona ea behang mohlala o motle hore a thuse ka lintho tse ling, le hoja ka ho hlakileng a ke ke a khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang. Motho ea behang mohlala o motle ke eo ba bang ba ka etsisang boitšoaro ba hae le tsela eo a chesehelang borapeli ka eona. O behela ba bang mohlala o motle ka ho ba teng kamehla libokeng, ka ho ea tšimong, ka tsela eo lelapa la hae le itšoereng ka eona, ka boikhathollo boo a bo khethang, ka tsela eo a aparang le ho itlhopha ka eona le ka lintho tse ling.
10 Liphuthehong tseo ho tsona baholo ba fokolang ka palo, bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba ka koptjoa ho tšohla lipotso tsa kolobetso le batho ba batlang ho ea kolobetsong. Lipotso tsena li hlaha Sehlomathisong, “Karolo 1—Lithuto Tsa Motheo Tsa Bibele,” le “Karolo 3—Tokisetso ea Jehova ea Lintho.” Kaha “Karolo 2—Melao ea Jehova e Lokileng” e bua ka litaba tse ka ’nang tsa hlabisa motho lihlong, e lokela ho etsoa ke moholo.
11 Nako le nako, haeba ho e-na le mabaka a utloahalang, sehlopha sa baholo se ka ’na sa bona ho le molemo hore mohlanka ea sebeletsang a etse mesebetsi e fapaneng. Leha ho le joalo, ho molemo haholo hore barab’abo rona ba etse mosebetsi o le mong ho fihlela ba o tseba hantle.
12 Ho itšetlehile ka maemo a sebaka ka seng, ho ka ’na ha e-ba le mesebetsi e meng e ka abeloang bahlanka ba sebeletsang bao tsoelo-pele ea bona ‘e bonahalang ho batho bohle.’ (1 Tim. 4:15) Haeba ho se na baholo ba lekaneng, mohlanka ea sebeletsang a ka abeloa ho ba mothusi oa molebeli oa sehlopha kapa, maemong a mang a ka abeloa ho ba mohlanka oa sehlopha ea iphaphathang le litaelo tsa baholo. Bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba abeloa lipuo tse itseng Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona, ho khanna Thuto ea Bibele ea Phutheho haeba ho hlokahala le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Ba ka ’na ba fuoa litokelo tse ling haeba palo ea baholo e fokola ’me ba tšoaneleha hore ba ka phetha kabelo eo. (1 Pet. 4:10) Ha bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo, ba lokela ho etsa seo ka ho rata.
13 Le hoja mosebetsi oa bona o fapane le oa baholo, le oona e ntse e le karolo ea tšebeletso e halalelang ho Molimo ’me ke oa bohlokoa e le hore lintho li tsamaee hantle ka phuthehong. Hamorao, haeba bahlanka ba sebeletsang ba phetha mesebetsi ea bona hantle ’me ba e-ba le litšoaneleho tsa ho ba balisa le mesuoe, ba ka buelloa hore e be baholo.
14 Haeba u mor’abo rona ea ka tlaase ho lilemo tse 20 kapa u sa tsoa kolobetsoa, na u hahamalla tokelo ea ho ba mohlanka ea sebeletsang? (1 Tim. 3:1) Kaha selemo le selemo ho kena batho ba bangata haholo ka phuthehong, ho hlokahala banna ba tšoanelehang moeeng ba tla jara boikarabelo ka phuthehong. U ka hahamalla litokelo ka hore u be le takatso ea ho thusa ba bang. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho thuisa ka mohlala o motle oa Jesu. (Mat. 20:28; Joh. 4:6, 7; 13:4, 5) U tla lakatsa ho thusa ba bang le ho feta ha u bona hore ho fana ho tlisa thabo. (Lik. 20:35) Kahoo, ithaopele ho thusa ba bang, ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle, kapa ho ithaopela puo Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona. Ho hahamalla litokelo ho boetse ho akarelletsa ho ntlafatsa litšoaneleho tsa moea ka ho ba le lenaneo le letle la thuto ea botho. (Pes. 1:1, 2; Bagal. 5:22, 23) Ho ekelletsa moo, mor’abo rona ea hahamallang litokelo oa tšepahala ha a fuoe mosebetsi ka phuthehong.—1 Bakor. 4:2.
15 Bahlanka ba sebeletsang ba khethoa ke moea o halalelang molemong oa phutheho. Phutheho e ka bontša hore e ananela mosebetsi o boima oo bahlanka ba sebeletsang ba o etsang ka hore e sebelisane ’moho le bona ha ba ntse ba etsa mesebetsi eo ba e abetsoeng. Ka tsela ena, phutheho e tla be e bontša hore e ananela tokisetso ea Jehova ea hore a be le lelapa le laolehileng.—Bagal. 6:10.