KHAOLO EA 31
“Atamelang ho Molimo ’me o Tla Atamela ho Lona”
1-3. (a) Re ka ithuta eng ka sebopeho sa batho ka ho sheba kamano eo batsoali ba bang le eona le lesea la bona? (b) Ka tlhaho ho etsahala’ng ha motho e mong a re bontša lerato, hona re ka ipotsa potso efe ea bohlokoa?
BATSOALI ba thabela ho bona leseanyana la bona le qetang ho hlaha le bososela. Ba atisa ho sheba lesea ka mahlong, ba le buise ka mosa le ho bososela le lona. Ba labalabela ho bona le lona le bososela. E se neng, le qala ho hlaha likotjana marameng, le betla lisene ebe le bososela ka thabo. Ho bososela hoo ho bonahala ho bontša lerato ka tsela e ikhethang, ho bontša hore lesea le qala ho arabela leratong la batsoali ba lona.
2 Ho bososela ha lesea ho re hopotsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka sebopeho sa batho. Ka tlhaho re arabela leratong ka hore le rona re bontše lerato. Ke kamoo re bopiloeng kateng. (Pesaleme ea 22:9) Ha re ntse re hola, bokhoni ba rona ba ho arabela leratong boa hola. Mohlomong u ka ’na oa hopola kamoo ha u sa le ngoana batsoali ba hao, baamani ’moho le uena kapa metsoalle ba neng ba u bontša lerato kateng. Boikutlo bo mofuthu bo ile ba mela pelong ea hao, ba hola ’me ba hlahisa liketso. Le uena u ile oa arabela ka ho bontša lerato. Na ho etsahala ntho e tšoanang kamanong ea hao le Jehova Molimo?
3 Bibele e re: “Re bontša lerato hobane Molimo o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:19) Ho tloha Karolong ea 1 ho isa ho ea 3 ea buka ena, u hopolitsoe kamoo Jehova Molimo a ’nileng a sebelisa matla a hae, toka ea hae le bohlale ba hae ka litsela tse lerato kateng ho u ruisa molemo. Karolong ea 4, u hlokometse hore o bontšitse lerato ka ho toba molokong oa batho—le ho uena ka bouena—ka litsela tse ikhethang. Joale ho hlaha potso. Ka tsela e itseng, ke potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka ipotsang eona: ‘Ke tla arabela joang leratong la Jehova?’
Se Boleloang ke ho Rata Molimo
4. Ke eng e ferekanyang batho tabeng ea hore na ho rata Molimo ho bolela’ng?
4 Jehova, Mohloli oa lerato, o tseba hantle hore lerato le na le matla a ho hlahisa litšobotsi tse molemo ho ba bang. Kahoo, ho sa tsotellehe borabele bo tsoelang pele ba batho ba sa tšepahaleng, o kholisehile hore batho ba bang ba tla arabela hantle leratong la hae. Ha e le hantle, ba limilione ba arabetse hantle. Leha ho le joalo, ka masoabi malumeli a lefatše lena le silafetseng a siile batho ba ferekane, ba sa utloisise hore na ho rata Molimo ho bolela’ng. Ba bangata ba re ba rata Molimo, empa ho bonahala ba nka hore lerato leo ke boikutlo feela tjee bo ka hlalosoang ka mantsoe. Ho rata Molimo ho ka ’na ha qala ka tsela eo, feela joalokaha lesea le ka qala ho bontša lerato ho batsoali ba lona ka ho bososela. Leha ho le joalo, ho batho ba baholo lerato le akarelletsa ho eketsehileng.
5. Bibele e hlalosa lerato la Molimo joang, hona ke hobane’ng ha tlhaloso ee e lokela ho ipiletsa ho rona?
5 Jehova oa hlalosa hore na ho mo rata ho bolela’ng. Lentsoe la hae le re: “Ha re rata Molimo re tla mamela litaelo tsa hae.” Kahoo, ho rata Molimo ho lokela ho bontšoa ka liketso. Ke ’nete hore batho ba bangata ha ba rate ho mamela. Empa ka mosa temana ena ea phaella: “Hobane litaelo tsa [Molimo] ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Melao le melao-motheo ea Jehova e reretsoe ho re tsoela molemo, eseng ho re hatella. (Esaia 48:17, 18) Lentsoe la Molimo le na le melao-motheo e mengata e re thusang ho atamela ho eena. Joang? A re hlahlobeng litšobotsi tse tharo tsa kamano ea rona le Molimo. Li ama puisano, borapeli le ho mo etsisa.
Ho Buisana le Jehova
6-8. (a) Re ka mamela Jehova ka tsela efe? (b) Re ka phelisa Mangolo joang ha re a bala?
6 Khaolo ea 1 e qalile ka polelo e reng: “Ak’u nahane feela u buisana le Molimo!” Re bone hore ena e ne e se khopolo-taba feela tjee. Ha e le hantle, Moshe o ile a ba le puisano e joalo le eena. Ho thoe’ng ka rona? Ena hase nako ea Jehova ea hore a rome mangeloi a hae hore a tl’o buisana le batho. Empa Jehova o na le tsela e babatsehang eo a buisanang le rona ka eona kajeno. Re ka mamela Jehova joang?
7 Kaha “Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo,” re mamela Jehova ka ho bala Lentsoe la hae, Bibele. (2 Timothea 3:16) Ke kahoo mopesaleme a ileng a phehella bahlanka ba Jehova hore ba le bale “bosiu le motšehare.” (Pesaleme ea 1:1, 2) Ho le bala ho re hloka boiteko bo matla. Empa boiteko bohle bo joalo ke ba bohlokoa. Joalokaha re bone Khaolong ea 18, Bibele e joaloka lengolo la bohlokoa le tsoang ho Ntate oa rona ea leholimong. Kahoo ho e bala ha ea lokela ho ba mokhoa feela tjee. Re tlameha ho phelisa Mangolo ha re a bala. Re ka etsa seo joang?
8 Ha u ntse u bala, bona litlaleho tseo tsa Bibele ka mahlo a kelello. Leka ho nahana ka batho ba hlalosoang ka Bibeleng e le batho ba sebele. Leka ho utloisisa liphihlelo tseo ba bileng le tsona, maemo a bona le lintho tse neng li ba susumetsa. Ebe u nahana ka ho teba ka seo u se balang, u ipotse lipotso tse kang: ‘Tlaleho ee e nthuta’ng ka Jehova? Litšobotsi tsa hae tseo ke li bonang ho eona ke life? Jehova o batla hore ke ithute molao-motheo ofe, hona nka o sebelisa joang bophelong ba ka?’ Bala, u thuise u be u sebelise seo u se balileng. Ha u ntse u etsa joalo, Lentsoe la Molimo e tla ba le phelang ho uena.—Pesaleme ea 77:12; Jakobo 1:23-25.
9. “Mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ke mang, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mamele “mohlanka” eo ka hloko?
9 Jehova o boetse o bua le rona ka “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.” Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, ho khethiloe sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng hore se fane ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng” matsatsing ana a ho qetela a tletseng likhathatso. (Matheu 24:45-47) Ha re bala lingoliloeng tse lokiselitsoeng ho re thusa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele le ha re e-ba teng libokeng le likopanong tsa Bokreste, re feptjoa moeeng ke sehlopha sena sa mohlanka. Kaha ke mohlanka oa Kreste, ka bohlale re sebelisa mantsoe a Jesu: “Le mamele ka hloko.” (Luka 8:18) Re mamela ka hloko hobane re hlokomela hore sehlopha sa mohlanka ea tšepahalang ke tokisetso e ’ngoe eo Jehova a e sebelisang ho buisana le rona.
10-12. (a) Ke hobane’ng ha thapelo e le mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova? (b) Re ka rapela Jehova ka tsela e mo khahlisang joang, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o nka lithapelo tsa rona e le tsa bohlokoa?
10 Empa ho thoe’ng ka ho bua le Molimo? Na re ka bua le Jehova? Re ka ’na ra ikutloa re tšoha ha re nahana ka ho buisana le Jehova. Ha u ne u ka leka ho ea ho ’musi ea matla ka ho fetisisa naheng ea heno ho ea buisana le eena ka ntho eo u tšoenyehileng ka eona, na u bona eka u ne u ka atleha? Maemong a mang, le hona ho leka feela ho ka ’na ha e-ba kotsi! Mehleng ea Esthere le Mordekai, motho o ne a ka bolaoa ka lebaka la ho atamela morena oa Persia a sa bitsoa. (Esthere 4:10, 11) Joale ak’u nahane u e-ea ka pel’a ’Musi Morena oa bokahohle, eo le batho ba matla ka ho fetisisa ba leng “joaloka marutle” ha ba bapisoa le eena. (Esaia 40:22) Na re lokela ho tlakasela ha re lokela ho mo atamela? Le hanyenyane!
11 Jehova o lokiselitse mocha o bulehileng empa e le o bonolo oa ho mo atamela, e leng oa thapelo. Esita le ngoana e monyenyane haholo a ka rapela Jehova ka tumelo, a rapela ka lebitso la Jesu. (Johanne 14:6; Baheberu 11:6) Thapelo e re nolofalletsa ho phetla sefuba le ho ntša menahano ea rona le maikutlo a rona a ka hare-hare a rarahaneng ka ho fetisisa esita le a re utloisang bohloko ao re fumanang ho le thata ho a hlalosa. (Baroma 8:26) Ha ho thuse letho ho leka ho khahlisa Jehova ka ho etsa lithapelo tsa bokheleke, tse khabisitsoeng kapa tse telele, tse eang lolololo. (Matheu 6:7, 8) Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a behe meeli ea hore na re ka buisana le eena halelele hakae kapa khafetsa hakae. Lentsoe la hae le bile le re khothalletsa ho ‘lula re rapela.’—1 Bathesalonika 5:17.
12 Hopola hore ke Jehova feela ea bitsoang “Ea Utloang thapelo” le hore o mamela ka kutloelo-bohloko ea sebele. (Pesaleme ea 65:2) Na o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang hobane a tlamehile? Che, ha e le hantle oa li thabela. Lentsoe la hae le bapisa lithapelo tse joalo le libano, tseo ho chesoa ha tsona ho nyollelang mosi o monko o monate, o khathollang holimo. (Pesaleme ea 141:2; Tšenolo 5:8; 8:4) Na ha se ho tšelisang ho tseba hore lithapelo tsa rona tse tiileng le tsona lia nyoloha ’me li khahlisa ’Musi Morena? Kahoo, haeba u batla ho atamela ho Jehova, mo rapele khafetsa ka boikokobetso, letsatsi le leng le le leng. Mo tšollele pelo ea hao; u se ke oa pata letho. (Pesaleme ea 62:8) Mo bolelle se u tšoenyang, se u thabisang, seo u se lebohang le seo u mo rorisang ka sona. Ka hona, kamano ea hao le eena e tla tiea le ho feta.
Ho Rapela Jehova
13, 14. Ho rapela Jehova ho bolela eng, hona ke hobane’ng ha ho loketse ho etsa joalo?
13 Ha re buisana le Jehova Molimo, hoo ha se feela ho mamela le ho bua joalokaha re qoqa le motsoalle kapa mong ka rona. Ha re bue le Jehova ka tsela e tšoanang le eo re buang le batho ba bang ka eona empa re bua le eena ka tsela e bontšang hore re mo rata ka ho feletseng ebile re mo fa tlhompho e mo tšoanelang. Borapeli ba ’nete bo laola bophelo bohle ba rona. Ke tsela eo ka eona re bontšang Jehova hore rea mo rata le hore re inehetse ho eena ka moea oohle, ’me bo momahanya libopuoa tsohle tsa Jehova tse tšepahalang, ebang ke tse leholimong kapa tse lefatšeng. Ponong, moapostola Johanne o ile a utloa lengeloi le phatlalatsa taelo e reng: “Le rapele ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le liliba.”—Tšenolo 14:7.
14 Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova? Nahana ka litšobotsi tseo re li tšohlileng, tse kang khalalelo, matla, boithibo, toka, sebete, mohau, bohlale, boikokobetso, lerato, qenehelo, botšepehi le molemo.Re ithutile hore Jehova o khona ho bonahatsa e ’ngoe le e ’ngoe ea litšobotsi tsena tsa bohlokoa ka tsela e ikhethang haholo. Ha re leka ho utloisisa litšobotsi tsohle tsa hae, rea hlokomela hore ha se feela Motho ea tummeng haholo, ea ratehang. O khanya ka tsela e hlollang, o re phahametse ka tsela e ke keng ea lekanngoa. (Esaia 55:9) Ntle ho pelaelo, Jehova ke ’Musi oa rona ea loketseng ’me ka sebele o lokeloa ke borapeli ba rona. Leha ho le joalo, re lokela ho rapela Jehova joang?
15. Re ka rapela Jehova re “tataisoa ke moea le ’nete” joang, hona liboka tsa Bokreste li re fa monyetla ofe?
15 Jesu o ile a re: “Molimo ke moea ’me ba mo rapelang ba tla rapela ba tataisoa ke moea le ’nete.” (Johanne 4:24) E le hore re rapele Molimo re “tataisoa ke moea,” re tlameha ho ba le moea o halalelang ʼme re tataisoe ke oona. Ho boetse ho bolela ho rapela ka tsela e lumellanang le ’nete, tsebo e nepahetseng e fumanoang Lentsoeng la Molimo. Re na le monyetla o babatsehang oa ho rapela Jehova re “tataisoa ke moea le ’nete” nako le nako ha re bokane hammoho le Bakreste-’moho le rona. (Baheberu 10:24, 25) Ha re binela Jehova lithoriso, re mo rapela re kopane ’me re mamela re bile re nka karolo ha ho buisanoa ka Lentsoe la hae, re bontša ka borapeli bo hloekileng hore rea mo rata.
Liboka tsa Bokreste ke liketsahalo tse thabisang tsa ho rapela Jehova
16. E ’ngoe ea litaelo tse kholo ka ho fetisisa tseo Bakreste ba li fuoeng ke efe, hona ke hobane’ng ha re ikutloa re tlameha ho e mamela?
16 Re boetse re rapela Jehova ha re bolella ba bang ka eena, re mo rorisa phatlalatsa. (Baheberu 13:15) Ha e le hantle, ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Jehova ke e ’ngoe ea litaelo tse kholo ka ho fetisisa tseo Bakreste ba ’nete ba li fuoeng. (Matheu 24:14) Re e mamela ka cheseho hobane re rata Jehova. Ha re nahana ka tsela eo “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose a “foufalitseng likelello tsa [ba sa lumelang]” kateng, a jetseng mashano a lonya ka Jehova, na ha re labalabele ho sebeletsa re le Lipaki tsa Molimo oa rona, ho tlosa ketselletso eo? (2 Bakorinthe 4:4; Esaia 43:10-12) Hape ha re nahana ka litšobotsi tse babatsehang tsa Jehova, na ha re ikutloe re labalabela ho bolella ba bang ka eena? Ka sebele, ha ho tokelo e fetang ea ho thusa ba bang ho tseba le ho rata Ntate oa rona oa leholimo joaloka rona.
17. Borapeli ba rona ho Jehova bo akarelletsa eng, hona ke hobane’ng ha re tlameha ho rapela ka botšepehi?
17 Borapeli ba rona ho Jehova bo akarelletsa ho eketsehileng. Bo ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rona. (Bakolose 3:23) Haeba re hlile re amohela Jehova Molimo oa rona e le ’Musi oa Lintho Tsohle, joale re tla batla ho etsa thato ea hae linthong tsohle, bophelong ba rona ba lelapa, mesebetsing ea rona ea boipheliso, litšebelisanong tsa rona le ba bang le nakong ea rona ea boikhathollo. Re tla batla ho sebeletsa Jehova “ka pelo eohle,” ka botšepehi. (1 Likronike 28:9) Kahoo re ke ke ra phela bophelo bo habeli, e leng bophelo ba boikaketsi ba hore motho a etse eka o sebeletsa Jehova empa ka nako e tšoanang a etsa libe tse tebileng sephiring. Ha re tšepahala ho ba thata ho ikaketsa; lerato le etsa hore boikaketsi e be ntho e nyonyehang. Ho tšaba Molimo le hona ho tla thusa. Bibele e amahanya tšabo e joalo le ho tsoela pele ha rona re e-na le kamano e haufi le Jehova.—Pesaleme ea 25:14.
Ho Etsisa Jehova
18, 19. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho nahana hore batho feela tjee ba sa phethahalang ba ka etsisa Jehova Molimo?
18 Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka ena e qetella ka khaolo e bontšang kamoo re ka ‘etsisang Molimo kateng hobane re le bana ba hae bao a ba ratang.’ (Baefese 5:1) Ke habohlokoa ho hopola hore le hoja re sa phethahala, re ka etsisa tsela e phethahetseng eo ka eona Jehova a sebelisang matla, toka, a etsang lintho ka bohlale le ho bontša lerato. Re tseba joang hore hoa khoneha ho etsisa Ea Matla ’Ohle? Hopola hore moelelo oa lebitso la Jehova o re ruta hore e ka ba ntho leha e le efe eo a khethang ho ba eona hore a phethahatse merero ea hae. Matla ao a re tlatsa tšabo ka ho loketseng, empa na ho ke ke ha khoneha ho mo etsisa? Che.
19 Re entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Kahoo, batho ha ba tšoane le libopuoa leha e le life tse ling lefatšeng. Ha re etse lintho feela hobane re khannoa ke tšekamelo ea tlhaho, liphatsa tsa lefutso, kapa tikoloho eo re phelang ho eona. Jehova o re file mpho ea bohlokoa e leng bolokolohi ba ho ikhethela. Ho sa tsotellehe mefokolo ea rona le ho se phethahale ha rona, re na le bolokolohi ba ho khetha seo re tla ba sona. Ho feta moo, hopola hore lebitso la Molimo le boetse le bolela hore a ka etsa hore barapeli ba hae ba be ka tsela eo a e batlang. Kahoo, na u batla ho ba motho ea lerato, ea bohlale, ea nang le toka ea sebelisang matla hantle? Ka thuso ea moea oa Jehova, u ka ba sona seo! Nahana ka molemo oo u tlang ho o finyella ka hoo.
20. Re finyella molemo ofe ha re etsisa Jehova?
20 U tla thabisa Ntate oa hao oa leholimo, u thabise pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) U ka ba oa “thabisa Jehova,” kaha o utloisisa mefokolo ea hao. (Bakolose 1:9, 10) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ho etsisa litšobotsi tsena tsa Ntate oa hao ea ratoang, u tla hlohonolofatsoa ka tokelo e ikhethang. U tla ba leseli lefatšeng lena le lefifing le ikarotseng ho Molimo. (Matheu 5:1, 2, 14) U tla kenya letsoho ho phatlalatseng tse ling tsa lintho tse bonahatsang botho ba Jehova bo khanyang lefatšeng lohle. Eo ke tlotla e kaakang!
“Atamelang ho Molimo ’me o Tla Atamela ho Lona”
E se eka u ka ’na oa atamela haufi le Jehova kamehla
21, 22. Bohle ba ratang Jehova ba letetsoe ke leeto lefe le sa feleng?
21 Seo re khothaletsoang ho se etsa ho Jakobo 4:8 ha se ntho eo re e etsang hanngoe feela kapa nako e itseng feela empa ke leeto. Hafeela re ntse re tšepahala, leeto lena le ke ke la fela. Ha ho mohla re tla khaotsa ho atamela haholoanyane ho Jehova. Etsoe ho tla lula ho e-na le ho hong ho eketsehileng hoo re ka ithutang hona ka eena. Ha rea lokela ho nka hore buka ena e re rutile sohle seo re lokelang ho se tseba ka Jehova. Re otlile mabala-nkoe feela ho seo Bibele e se bolelang ka Molimo oa rona! Le Bibele ka boeona ha e re bolelle sohle seo re lokelang ho se tseba ka Jehova. Moapostola Johanne o ile a re haeba ho ne ho ka ngoloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e entseng tšebeletsong ea hae ea lefatšeng, “lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa ho boloka meqolo eo kaofela.” (Johanne 21:25) Haeba ho ne ho ka boleloa joalo ka Mora, ho joalo hakaakang ka Ntate!
22 Esita le bophelo bo sa feleng ha e na ho ba qetello ea ho ithuta ha rona ka Jehova. (Moeklesia 3:11) Joale, ak’u nahane ka tebello e larileng ka pele ho rona. Ha re se re phetse lilemo tse makholo, tse likete, tse limilione, esita le tse limilione tse likete, re tla tseba ho eketsehileng haholo ka Jehova Molimo ho feta kamoo re tsebang kateng hona joale. Empa re tla ’ne re hlokomele hore ho na le lintho tse ngata haholo tse babatsehang tseo re lokelang ho ithuta tsona. Re tla labalabela ho ithuta ho eketsehileng hobane kamehla re tla ba le lebaka la ho ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.” (Pesaleme ea 73:28) Bophelo bo sa feleng bo tla tlala lintho tse sa tšoaneng le tse thabisang ’me ho atamela ho Jehova e tla ’ne e be karolo e putsang ka ho fetisisa ea bona.
23. U khothalletsoa ho etsa’ng?
23 E se eka u ka arabela leratong la Jehova hona joale, ka ho mo rata ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le matla ’ohle a hao. (Mareka 12:29, 30) E se eka lerato la hao e ka ba le tšepahalang le le tiileng. E se eka liqeto tseo u li etsang letsatsi le letsatsi, ho tloha ho tse nyenyane ho isa ho tse kholo, kaofela li ka bontša hore u tataisoa ke molao-motheo o le mong oa hore kamehla u tla khetha tsela e lebisang kamanong e tiileng le ho feta le Ntate oa hao oa leholimo. Ka holim’a tsohle, e se eka kamehla u ka atamela haufi le Jehova, ’me e se eka a ka atamela haufi le uena ka ho sa feleng!