Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 1/8 maq. 29-31
  • Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bala Litšenyehelo
  • Tšebeliso e Nang le Boikarabelo ea Karete ea ho Reka ka Mokitlane
  • Thabela Melemo
  • Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane na li Tla U Sebeletsa Kapa li Tla U Etsa Lekhoba?
    Tsoha!—1997
  • Tokisetso e Ncha Bakeng sa ho re Thusa ho Ila Mali
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na U Etsa Sohle Seo U ka se Khonang Hore U Sebelise Likarete Tsa Boitsebiso Tsa JW.ORG?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 1/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?

“Ke qalile ho fumana memo ea ho ba le karete ea ho reka ka mokitlane ka poso ha ke le lilemo li 16. . . . Ha ke le lilemo li 18, mokitlane oa ka o ne o tsamaela ho $60,000 [R364 000].”—Kristin.

QALONG, Kristin o ne a rerile ho sebelisa karete ea hae ea ho reka ka mokitlane maemong a tšohanyetso feela—mohlomong le bakeng sa lintho tse itseng tseo a batlang ho li reka ngope-setšoha empa a ke ke a li lefella k’heshe. Empa lintho li ile tsa tsoa taolong. Kristin oa lumela: “Ke ile ka qala ho reka ka tsela e sa laoleheng le ho odara ka ho hohola lik’hathalokung. Ke ile ka reka le lintho tseo ke neng ke bile ke sa li rate.” Hona joale Kristin o na le maikutlo a fapaneng ka likarete tsa ho reka ka mokitlane. O re: “Ke ne ke sa elelloe kamoo karete eo e nyenyane ea polasetiki e ka harasoanyang bophelo ba ka kateng.”—Makasine ea Teen.

Phihlelo ea Kristin hase e ikhethang. Palo e ntseng e eketseha ea bacha e nkile tsela e lebisang koluoeng ea lichelete ka ho sebelisa polasetiki eo e nyenyane, e leng karete ea ho reka ka mokitlane. Maemong a mang, lik’hamphani li phehella ho tšoasa bacha ka tsela e hatellang. Mohlomong lia tseba hore ho bareki ba bangata ba chesehelang ho reka, likarete tsa ho reka ka mokitlane li ka fetoha “sethethefatsi sa lichelete,” kamoo moeletsi oa lichelete Jane Bryant Quinn a se bitsang kateng. O re: “Ha li ntse li sebelisoa haholoanyane, ho ntse ho e-ba thata haholoanyane ho emisa.”

Ke ’nete hore ho ba le karete ea ho reka ka mokitlane ho ka ba le melemo e itseng—ka mohlala, nakong ea ha ho hlaha boemo ba tšohanyetso kapa ha ho se bohlale ho tsamaea ka chelete. Ke lona lebaka le leng le etsang hore likarete tsa ho reka ka mokitlane li ate hakana United States le linaheng tse ling. Leha ho le joalo, haeba e sa sebelisoe ka tsela e nang le boikarabelo, karete ea ho reka ka mokitlane e ka kenya motho ea e sebelisang tebetebeng e khōlō ea lichelete. Ke kahoo, tlaleho e phatlalalitsoeng ho Globe and Mail ea Toronto e tlalehileng keketseho e imenneng hararo “palong ea bacha ba lilemo li 20 ho isa ho 23 ba khanngoeng ke likoloto ba tlileng ho tla kōpa thuso Tšebeletsong ea ho Fana ka Keletso Mabapi le Mokitlane ea Toronto.” Tlaleho eo e bolela hore ba bangata ba ne ba kolota chelete e ka bang $25 000 (R99 000) le hore likoloto tsa karete ea ho reka ka mokitlane e ne e le tsona lisosa tse khōlō tsa sekoloto.

Na u lokela ho ba le karete ea ho reka ka mokitlane? Eo ke qeto e lokelang ho etsoa ke batsoali ba hao. Haeba ba nahana hore u lokela ho leta, e-ba le mamello. Haeba u ipaka u le bohlale ka mokhoa oo u sebelisang chelete ka oona, mohlomong ho ke ke ha nka nako e telele pele batsoali ba hao ba u fa boikarabelo bo eketsehileng ba lichelete. (Bapisa le Luka 16:10.) Ka nako e tšoanang, u lokela ho tseba hore ho sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane—ho tšoana feela le ho khanna koloi—ho na le meputso esita le likotsi.

Ho Bala Litšenyehelo

Ho reka ka karete ea ho reka ka mokitlane ha e le hantle ho tšoana le ho alima chelete. Joaloka maemong ’ohle a ha u alimile, u lokela ho lefa seo u se alimiloeng. (Liproverbia 22:7) Empa u lefella lintho tseo u li rekileng ka karete ea ho reka ka mokitlane joang?

Ka tloaelo, u romeloa seteitemente se hatisitsoeng ho elella qetellong ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, se bontša lintho tse rekiloeng ka karete hammoho le kakaretso ea chelete eo u e kolotang. Seteitemente se boetse se bontša hore na ke chelete e kae eo ho lebeletsoeng hore u e lefe hang-hang. Hangata, chelete ena e ba e fokolang haholo. Ka lebaka leo, u ka ’na ua ipolella hore, ‘Ha e mpe hakaalo. Haeba ke lefa chelete e tlaase ka ho fetisisa e batloang khoeli le khoeli, ka mor’a nakoana ke tla be ke lefile sekoloto sa ka.’ Leha ho le joalo, bothata ke hore ka mor’a hore ho fete nako pele u lefisoa tsoala, u tla qala ho lefella litšenyehelo tsa kalimo—tsoala—ea chelete eo u tla beng u ntse u e kolota. ’Me tefiso ea tsoala kareteng ea ho reka ka mokitlane e ka ba holimo haholo.a

Nahana ka Joseph, eo seteitementeng sa hae sa khoeli e ’ngoe a neng a kolota chelete e ka bang R6 000. Ke ’nete hore Joseph o ne a lokela ho lefa feela chelete e tlaase ka ho fetisisa, e leng R121. Empa ha a shebisisa seteitemente sa hae, Joseph o ile a hlokomela hore chelete e lokelang ho lefshoa khoeling eo e kenyelelitse chelete ea litšenyehelo tsa kalimo e ka bang R103! Sena se ne se bolela hore haeba Joseph a ne a lefa chelete eo e tlaase ka ho fetisisa ea R121, o ne a tla be a fokolitse sekoloto sa hae sa R6 000 ka R18 feela!

Ho nka nako e kae ho qeta sekoloto sa karete ea ho reka ka mokitlane haeba u lefa feela chelete e tlaase ka ho fetisisa e lokelang ho lefshoa? Ha e qotsa mohlala oa taba e inahaneloang, bukana e hatisitsoeng ke Federal Trade Commission and American Express ea hlalosa: “Haeba u e-na le sekoloto sa $2 000 [R12 000], se lefelloang tsoala ea 18.5% le chelete e tlaase ka ho fetisisa khoeli le khoeli, ho tla u nka lilemo tse fetang 11 ho lefella sekoloto seo ’me ho u bitse chelete e ’ngoe e etsang $1 934 [R11 720] bakeng sa tsoala feela, e leng e batlang e mena habeli litšenyehelo tsohle tsa seo u se rekileng.”

Joalokaha u hlokomela, haeba u se hlokolosi, u ka ichekela lemena le tebileng haholo la lichelete ka karete ea ho reka ka mokitlane. Kristin o re: “Ha e le hantle ke ne ke lefella ntho e ’ngoe le e ’ngoe hoo e batlang e le habeli. Ha ke qala ho ba le mathata a ho lefa, batho bao ke ba kolotang ba ile ba phaella ka tefiso ea ho lieha ho lefa. Ke ne ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa.”

Tšebeliso e Nang le Boikarabelo ea Karete ea ho Reka ka Mokitlane

Kristin o ile a ithuta ka tsela e bohloko hore mokhoa oa “reka hona joale, u lefe hamorao” o ka ba kotsi. Likoloto li ka phaellana ka potlako, ’me le pele u hlokomela, chelete e tlaase ka ho fetisisa eo u e lefang khoeli le khoeli e ka ’na ea be e lefella litšenyehelo tsa kalimo feela. Batho ba sebelisang karate ee ka tsela e nang le boikarabelo ba qoba ho oela sefing se joalo sa lichelete joang?

● Ba boloka tlaleho ea lintho tseo ba li rekileng ’me ba hlahloba ka hloko liteitemente tsa bona tsa khoeli le khoeli e le hore ba tiise hore ba lefisoa feela lintho tseo ba li rekileng.

● Ba lefa likoloto tsa bona ka potlako, ba hlokomela hore tlaleho e ntle ea mokitlane e ka ’na ea ba thusa hamorao—mohlomong ha ba etsa kōpo ea mosebetsi kapa ea inshorense kapa ba reka koloi kapa ntlo ka mokitlane.

● Haeba ho khoneha, ba lefa chelete eo ba e kolotang kaofela e le hore ba ka qoba ho lefisoa tsoala e holimo bakeng sa chelete e setseng.

● Ha ba fane ka linomoro tsa likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane le letsatsi leo li felang ka lona ka fono ntle le haeba ba tseba motho kapa k’hamphani eo ba sebetsanang le eona.

● Ha ho mohla ba alimang motho leha e le ofe likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane, esita le motsoalle. Etsoe, ke tlaleho ea mokitlane ea mong’a karete e tla ameha haeba karete e sebelisoa hampe.

● Ba qoba ho sebelisa likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane e le tsela ea ho fumana chelete hang-hang, joalokaha eka ke karete ea banka. Hopola hore hangata kalimo ea chelete e lefisa tsoala e holimo ho feta ho reka.

● Ha ba tlatse le ho romela foromo e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e fumanang ea kōpo ea karete ea ho reka ka mokitlane. Bakeng sa bacha ba bangata, karete e le ’ngoe e lekane.

● Ba sebelisa likarete tsa bona tsa ho reka ka mokitlane ka bohlale, ba hlokomela ka ho feletseng hore ha ba reka ka tsona, ba ntse ba hlile ba ntša chelete ea sebele, le hoja ba sa sebelise chelete ea pampiri kapa ea tšepe.

Thabela Melemo

Ebang u na le karete ea ho reka ka mokitlane hona joale kapa u nahana ho e fumana haufinyane, tseba melemo hammoho le likotsi tsa eona ka ho feletseng. Ipotse lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha ke ikutloa hore ke hloka karete ea ho reka ka mokitlane? Na e mpa e le feela bakeng sa ho fumana lintho tse bonahalang, ho ba le lintho tsa morao-rao tse fesheneng le ho khahlisa metsoalle ea ka? Na ke lokela ho ithuta ho khotsofalla lintho tsa motheo haholoanyane, tseo moapostola oa Mokreste Pauluse a li bitsitseng “tsa ho phela le liaparo le tšireletso”? (1 Timothea 6:8) Na likoloto tsa karete ea ho reka ka mokitlane li tla lebisa mathateng a sithabetsang a lichelete a tla etsa hore ke fifalloe ke pono ea lintho tsa bohlokoa haholoanyane bophelong?—Matheu 6:33; Bafilippi 1:8-11.

Nahanisisa ka lipotso tsena, ’me u li tšohle le batsoali ba hao. Haeba u ka etsa joalo, ebang u na le karete ea ho reka ka mokitlane kapa che, u tla qoba mathata a lichelete ao ba bangata ba itliselitseng ’ona.—Liproverbia 22:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka fumana hore na tsoala e lefisoang ke k’hamphani e fanang ka karete e itseng ea ho reka ka mokitlane ke bokae ka ho sheba tekanyo ea chelete e lefshoang ka selemo ho phaella sekolotong sa sebele (APR [annual percentage rate]) e bontšitsoeng foromong ea kōpo kapa seteitementeng sa khoeli le khoeli.

[Lebokose le leqepheng la 30]

Bohlokoa ba Tumello ea Batsoali

Bacha ba bangata ba qala ho ba le monyetla oa hore ba iphumanele karete ea ho reka ka mokitlane ha ba fumana foromo ea kōpo ka poso. Ha e le hantle, ha nako e ntse e ea, ba bang ba fumana liforomo tse ’maloa tsa likōpo. Jane Bryant Quinn oa hlalosa: “Ho na le tlhōlisano e matla har’a bafani ea hore likarete tsa ho reka ka mokitlane li fihle matsohong a bacha, kaha liphuputso li bontša hore re na le tšekamelo ea ho boloka karete eo re qalileng ka eona.”

Hangata motsoali kapa motho e mong e moholo ea nang le phihlelo ea ho reka ka mokitlane o tlameha ho tekenela foromo ea kōpo ea karete ea ho reka ka mokitlane e le hore mofani oa karete a be le tiiso e itseng ea hore lintho tse rekiloeng ka eona li tla lefelloa. Ka masoabi, bacha ba bangata ba sebelisa ho qhekella e le hore ba pote mohato ona ka thōko. Mocha e mong o ile a ngola lebitso la nkhono’ae e le lona la mokōpi ’me la hae e le la mokōpi-’moho le eena empa nkhono’ae a sa tsebe. Nahana kamoo nkhono’ae a ileng a makala kateng ha a hlokomela hore o kolota liranta tse mashome a likete!

Ho kopitsa motekeno oa motsoali kapa oa motho e mong e moholo bakeng sa ho o sebelisa foromong ea kōpo ea karete ea ho reka ka mokitlane ke ho se tšepahale, ’me Molimo o nyatsa ho se tšepahale. (Liproverbia 11:1; Baheberu 13:18) Kahoo, haeba u batla karete ea ho reka ka mokitlane, buisana le batsoali ba hao ka eona. Ho fumana tumello ea bona ho molemong oa hao oa nako e telele. Hopola hore mohlomong batsoali ba hao ba na le phihlelo ea ho lefella likoloto, ’me ba ka u fa keletso e molemo. Kahoo buisana le bona, ’me le ka mohla u se ke ua sebelisa ho se tšepahale e le hore u fumane karete ea ho reka ka mokitlane.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tšebeliso e bohlasoa ea karete ea ho reka ka mokitlane e ka lebisa tlokotsing ea lichelete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela