Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 28-29
  • Ho Bua Leshano—Na ho na le Mohla ho Loketseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua Leshano—Na ho na le Mohla ho Loketseng?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tekanyetso e Phahameng ea Bibele
  • ‘Le be Seli Joaloka Linoha’
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bonolo Hakaale ho Bua Leshano?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na ho Bua Leshano ho Hobe Haholo?
    Tsoha!—1987
  • ’Nete Mabapi le ho Bua Leshano
    Tsoha!—1997
  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Ho Bua Leshano—Na ho na le Mohla ho Loketseng?

“KA LINAKO TSE LING ’NETE E SOTHA-SOTHEHILENG E THIBELA LITLHALOSO TSE NGATA TSE SA HLOKAHALENG.”

TLHALOSO ena e bontša kamoo batho ba bangata ba ikutloang kateng ka ho bua leshano. Ba beha lebaka la hore ho bua leshano ha ho phoso haeba ho se motho eo ho mo ntšang kotsi. Monahano o joalo o bile o qapetsoe lebitso la hore ke melao ea boitšoaro e laoloang ke boemo, e leng ho bolelang hore molao feela oo u lokelang ho o latela ke seo ho thoeng ke molao oa lerato. Ka mantsoe a mang, mohlophisi Diane Komp o hlalosa hore, “haeba sepheo sa hao se nepahetse le pelo ea hao e lokile (joale) taba ea hore u buile leshano . . . hase ea bohlokoa hakaalo.”

Maikutlo a joalo a atile lefatšeng la kajeno. Mahlabisa-lihlong a mashano a builoeng ke bo-ralipolotiki ba hlahelletseng le baeta-pele ba bang ba lefatše a tšositse sechaba. Ba susumelitsoe ke boemo bona, batho ba bangata ba khoehlisitse boikemisetsong ba bona ba ho bua ’nete. Libakeng tse ling ho bua leshano ho bile ho fetohile leano la molao. Morekisi e mong oa tletleba: “Ke lefelloa ho bua leshano. Ke hapa litlhōlisano tsa thekiso le ho fumana pabatso e khethehileng ha ho hlahlojoa mosebetsi oa ka selemo le selemo haeba ke bua leshano. . . . Ho bonahala sena e le eona khubu ea koetliso ea ho rekisetsa mabenkele hohle.” Ba bangata ba lumela hore ha ho na kotsi e kaalo ho se bitsoang leshano le lenyenyane. Na see ke ’nete? Na ho na le maemo a itseng a lokafatsang hore Bakreste ba ka bua leshano?

Tekanyetso e Phahameng ea Bibele

Bibele e nyatsa ka matla mefuta eohle ea ho bua leshano. Mopesaleme oa phatlalatsa: “[Molimo o tla] felisa ba bolelang leshano.” (Pesaleme ea 5:6; bona Tšenolo 22:15.) Ho Liproverbia 6:16-19, Bibele e thathamisa lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng. “Leleme le mano” le “paki e lehata, e bolelang mashano” li qollotsoe ka ho hlaka lethathamong lena. Hobane’ng? Hobane Jehova o hloile tšenyo eo ho bua leshano ho e bakang. Lena ke lona lebaka le leng le entseng hore Jesu a bitse Satane ea leshano le ’molai. Ho bua ha hae leshano ho lahletse moloko oa batho masisa-pelong le lefung.—Genese 3:4, 5; Johanne 8:44; Baroma 5:12.

Tsela eo Jehova a nkang ho bua leshano ka ho teba ka eona e totobatsoa ke se ileng sa etsahalla Ananiase le Safira. Batho bana ba babeli ba ile ba thetsa baapostola ka boomo, ka ho hlakileng e le ka boiteko ba hore ba bonahale ba le seatla se bulehileng ho feta kamoo ba neng ba hlile ba le kateng. Ketso ea bona e ne e le ea ka boomo ebile e reriloe esale pele. Kahoo moapostola Petrose o ile a phatlalatsa: “[Le] entse ka bolotsana, eseng ho batho, empa ho Molimo.” Ka lebaka la sena, Molimo o ile a ba bolaea ka bobeli ba bona.—Liketso 5:1-10.

Lilemo hamorao moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Le se ke la ba ba buang leshano e mong ho e mong.” (Bakolose 3:9) Khothatso ena ke ea bohlokoa ka ho khetheha ka phuthehong ea Bokreste. Jesu o ile a bolela hore lerato le laoloang ke melao-motheo e ne e tla ba letšoao le khethollang balateli ba hae ba ’nete. (Johanne 13:34, 35) Lerato le joalo le se nang boikaketsi le ka ata le ho matlafala feela tikolohong eo ho eona batho ba tšepahalang ba bileng ba tšepanang ka ho feletseng. Re thatafalloa ke ho rata motho haeba re sa tšepe hore o tla re bolella ’nete kamehla.

Le hoja ho bua leshano e le ntho e nyonyehang, mashano a mang a tebile ho feta a mang. Ka mohlala, motho a ka ’na a bua leshano ka lebaka la ho soaba kapa ho tšoha. E mong ka bokhopo a ka ’na a itloaetsa ho bua leshano ka sepheo sa ho ntša kotsi kapa ho senya. Ka lebaka la sepheo sa hae se khopo, motho ea joalo ea buang leshano ka boomo o kotsi ho ba bang ’me o lokela ho khaoloa ka phuthehong haeba a sa bake. Kaha hase mashano ’ohle a susumetsoang ke bokhopo, re tlameha ho ba hlokolosi hore re se ahlole ka ho sa hlokahaleng empa re netefatse hore re tseba lintlha tsohle tse amehang ha motho a buile leshano. Ho lokela hore ho nahaneloe sepheo le maemo a bebofatsang kahlolo.—Jakobo 2:13.

‘Le be Seli Joaloka Linoha’

Ka sebele, ho bua ’nete ha ho bolele hore re tlameha ho bolella motho leha e le ofe boitsebiso bohle boo a re batlang bona. Jesu o ile a lemosa ho Matheu 7:6: “Le se ke la fa lintja se halalelang, leha e le ho lahlela liperela tsa lōna ka pel’a likolobe, e le hore le ka mohla li se ke tsa . . . reteleha ’me [tsa] le rusolla.” Ka mohlala, mohlomong batho ba nang le sepheo se khopo ha ba na tokelo ea ho tseba lintho tse itseng. Bakreste baa tseba hore ba phela lefatšeng le tletseng bora. Ke kahoo Jesu a ileng a hlokomelisa barutuoa ba hae hore ‘ba be seli joaloka linoha’ leha ho le joalo, ba lule e “le ba hlokang molato joaloka maeba.” (Matheu 10:16; Johanne 15:19) Hase kamehla Jesu a neng a senola ’nete e feletseng, haholo-holo ha ho senola lintlha tsohle ho ne ho ka ’na ha mo ntša kotsi kapa ha ntša barutuoa ba hae kotsi ka ho sa hlokahaleng. Leha ho le joalo, esita le linakong tse joalo, o ne a sa bue leshano. Ho e-na le hoo, o ne a khetha ho thōla kapa ho lebisa moqoqo hosele.—Matheu 15:1-6; 21:23-27; Johanne 7:3-10.

Banna le basali ba tšepahalang ba boletsoeng ka Bibeleng, ba kang Abrahama, Isaka, Rahaba le Davida le bona ba ne ba le masene ba bile ba le seli ha ba sebelisana le bao e neng e ka ’na ea e-ba lira tsa bona. (Genese 20:11-13; 26:9; Joshua 2:1-6; 1 Samuele 21:10-14) Bibele e hlalosa banna le basali ba joalo e le barapeli ba tšepahalang bao bophelo ba bona bo neng bo khetholleha ka kutlo. Seo se etsa hore e be ba tšoanelang ho etsisoa.—Baroma 15:4; Baheberu 11:8-10, 20, 31, 32-39.

Ho ka ’na ha e-ba le linako tse ling tseo ka tsona ho bua leshano ho ka ’nang ha bonahala ho fana ka tsela e bonolo ea ho tsoa bothateng. Empa Bakreste kajeno ba etsa hantle ha ba etsisa tsela ea Jesu le ha ba latela matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba tobane le maemo a thata ka ho khetheha.—Baheberu 5:14.

Bibele e re khothalletsa ho bua ’nete le ho tšepahala. Ho bua leshano ho fosahetse, ’me re lokela ho latela keletso ea Bibele: “Le bue ’nete e mong le e mong oa lōna le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) Ka ho etsa joalo, re tla lula re e-na le letsoalo le hloekileng, re tla haha khotso le lerato ka phuthehong, ’me re tla tsoela pele ho tlotla “Molimo oa ’nete.”—Pesaleme ea 31:5; Baheberu 13:18.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ananiase le Safira ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona ka lebaka la ho bua leshano

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela