Ha Lelapa le Oeloa ke Boloetse bo sa Foleng
THABO ea lelapa la ha Du Toit ea tšoaetsanoa. Hoa thabisa ho hlokomela ho ratana ha bona ho mofuthu. Ha u kopana le bona, u ke ke ua nahana hore ba mamelletse mathata a tebileng.
Taba ea pele, ha letsibolo la bona Michelle, a ne a le lilemo li peli, Braam le Ann ba ile ba tseba hore o na le lefu le sa foleng le futsitsoeng, le fokolisang mesifa.
’Mè oa teng, Ann, oa hlalosa: “Ka tšohanyetso u tlameha ho ithuta ho tobana ka katleho le lefu le sa foleng, le qhoalisang. Ua hlokomela hore bophelo ba lelapa ha e sa tla ba bo tšoanang.”
Empa ka mor’a hore ho hlahe morali e mong le mora, lelapa lena le ile la boela la oeloa ke tlokotsi e ’ngoe. Ka letsatsi le leng ha bana bana ba bararo ba ntse ba bapala ka ntle, banana ba babeli ba ile ba kena ka tlung ba matha. Ba ile ba lla: “’Mè! ’Mè! Tloo ka potlako. Ho na le ho phoso ka Neil!”
Ha Ann a mathela ka ntle, o ile a bona hlooho ea Neil ea lilemo li tharo e kebesella ka lehlakoreng le le leng. O ne a sitoa ho emisa hlooho ea hae e otlolohile.
Ann oa hopola: “Ke ile ka haroha letsoalo, ’me ka potlako ke ile ka lemoha hore na ke eng. Ke ile ka sithabetsoa ke hore moshanyana enoa e monyenyane ea neng a phela hantle o ne a tla tobana le phephetso ea ho phela le bothata ba mesifa e fokolang eo ausi oa hae a neng a e-na le eona.”
Ntate oa teng, Braam, o re: “Thabo ea ho qala ka lelapa le nang le bophelo bo botle e ile ea pupetsoa ka potlako ke liphephetso tse ling tse khōlō ka ho fetisisa tseo re kileng ra tlameha ho tobana le tsona.”
Qetellong, ho sa tsotellehe phekolo e molemohali eo sepetlele se neng se e-fa Michelle, o ile a shoa ka lebaka la mathata a neng a bakoa ke boloetse ba hae. O ne a le lilemo li 14 feela ka nako eo. Neil o ntse a tsoela pele ho loantšana le liphello tsa bokuli ba hae.
Sena se phahamisa potso, Malapa a kang a bo-Du Toit a tobana ka katleho joang le liphephetso tsa ho kula ho sa foleng ha setho sa lelapa? E le hore re tsebe ho arabela potso eo, a re sekasekeng tse ling tsa litsela tseo boloetse bo sa foleng bo amang malapa ka tsona.