Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 4/8 leq. 31
  • Ho Etsa Hore Naha e sa Beheng e Behe Litholoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsa Hore Naha e sa Beheng e Behe Litholoana
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tharollo ke Efe?
    Tsoha!—1997
  • Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 4/8 leq. 31

Ho Etsa Hore Naha e sa Beheng e Behe Litholoana

KA MONGOLI OA TSOHA! INDIA

Ke joang ho ka etsoang hore libaka tse sa beheng tse kang Ladakh, setereke se ka leboea India, e be tse behang haholoanyane? Potso ena e ne e hanella kelellong ea Tsewang Norphel, moenjiniere oa mesebetsi ea sechaba ea neng a se a tlohetse mosebetsi. Ho phalla ha metsi a tsoang liqhoqhoaneng tsa tlhaho tse qhibilihang holimo Lithabeng tsa Himalaya ho qala ka khoeli ea June, eseng ka April ha pula e sa ne ’me lihoai li hloka metsi a ho nosetsa masimo a tsona. Norphel o ile a hlaha ka tharollo e bohlale: Ho haha liqhoqhoane tsa maiketsetso libakeng tse tlaasana moo ho qhibiliha ho tla qala pejana selemong.

Ho latela makasine ea litaba ea India, The Week, Norphel le sehlopha sa hae ba ile ba khelosa molapo o thabeng ho o etsa kotopo ea maiketsetso e bolelele ba limithara tse 200 e nang le melomo e 70. Metsi a ne a tsoa melomong ena butle le ka tsela e laolehileng ho theosa thaba ’me a hoame pele a fihla maboteng a hahiloeng tlaase thabeng ho thibeletsa metsi. Butle-butle leqhoa le ne le tla pakellana ho fihlela le koahela mabota. E le moriting oa thaba, qhoqhoane eo e pakellaneng e ne e tla qhibiliha feela ha mocheso o phahama ka April, e fane ka metsi a hlokoang haholo hore ho nosetsoe lijalo ka nako eo.

Na khopolo ea ho haha qhoqhoane ea maiketsetso e ile ea atleha? Ha e le hantle, khopolo eo ea Norphel e ipakile e sebetsa hoo ho seng ho bile ho hahiloe liqhoqhoane tse joalo tse leshome hona Ladakh, ’me ho ntse ho reroa hore ho hahoe tse ling tse eketsehileng. Qhoqhoane e ’ngoe e joalo e hahiloeng, e bophahamong ba limithara tse 1 370, e fana ka lilithara tse limilione tse 34 tsa metsi. Ebe e ja bokae? The Week, e re: “Ho haha qhoqhoane ea maiketsetso ho nka likhoeli tse ka bang peli ’me ho ja chelete e kaalo ka Rs80 000 [R14 400], eo boholo ba eona e leng ea ho lefa basebetsi.”

Ha bohlale ba motho bo sebelisoa hantle, ruri bo ka ipaka bo le molemo. Ak’u nahane feela hore na batho ba tla khona ho finyella eng tlas’a tataiso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo! Bibele ea tšepisa: “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone. . . . Metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata.” (Esaia 35:1, 6) E tla ba thabo e kaakang ho kenya letsoho ho ntlafatseng lefatše la rōna!

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 31]

Arvind Jain, The Week Magazine

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela