Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 5/8 maq. 11-12
  • Ho Hlasela ha Soviet Union Bolumeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlasela ha Soviet Union Bolumeli
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea II ea Lefatše le Bolumeli
  • Tlhaselo e Boea Sekoele
  • Kamoo Bolumeli bo Ileng ba Pholoha
    Tsoha!—2001
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
  • Liphofu Tse ka Sehloohong Tsa Soviet Union
    Tsoha!—2001
  • Bokamoso ba Bolumeli ke Bofe?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 5/8 maq. 11-12

Ho Hlasela ha Soviet Union Bolumeli

UNION of Soviet Socialist Republics e ile ea thehoa ka 1922, Russia e le eona e khōlō ka ho fetisisa le e hlahelletseng haholo lirephabliking tse ’nè tsa eona tsa pele. Qetellong li ile tsa eketseha ho ba lirephabliki tse 15 ’me e le hoo e ka bang karolo ea lefatše e le ’ngoe ho tse tšeletseng. Empa ka 1991, Soviet Union e ile ea qhaloa ka tšohanyetso.a Ha e le hantle, e bile ’Muso oa pele oa ho leka ho timetsa tumelo ho Molimo likelellong tsa batho ba ’ona.

Vladimir Lenin, moeta-pele oa pele oa Soviet Union, e ne e le morutuoa oa Karl Marx ea ileng a hlalosa Bokreste e le sesebelisoa sa ho hatella. Marx o ile a bitsa bolumeli “matekoane ho batho,” ’me hamorao Lenin o ile a re: “Khopolo leha e le efe ea bolumeli, khopolo leha e le efe ea molimo leha e le ofe, . . . ke ntho e nyonyehang ka ho ke keng ha hlalosoa.”

Ha Mopatriareka oa Orthodox ea Russia, Tikhon a e-shoa ka 1925, kereke ha ea ka ea lumelloa hore e khethe mopatriareka e mong. Ho hlasela bolumeli ho ileng ha latela ho ile ha fella ka hore mehaho e mengata ea likereke e senngoe kapa e fetoloe libaka tse sebelisetsoang lintho tseo e seng tsa bolumeli. Baprista ba ile ba ahloleloa likampong tsa mosebetsi oa makhoba moo ba bangata ba ileng ba shoella teng. Encyclopædia Britannica e hlalosa hore “tlas’a puso ea Joseph Stalin mafelong a bo-1920 le lilemong tsa bo-1930, kereke e ile ea ba le mahloriso a sehlōhō a ileng a bolaea bahlaseluoa ba likete. Ka 1939, e bile babishopo ba bararo kapa ba bane ba Orthodox le likereke tse 100 feela tse neng li ka sebetsa ka molao.”

Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka bosiu bo le bong, ho ile ha e-ba le phetoho e makatsang.

Ntoa ea II ea Lefatše le Bolumeli

Ka 1939, Jeremane ea Bonazi eo ka nako eo e neng e entse selekane le Soviet Union, e ile ea hlasela Poland, e leng se ileng sa qhomisa Ntoa ea II ea Lefatše. Selemo se e-s’o fele, Soviet Union e ne e hapile lirephabliki tse 4 ho tse 15 tsa eona—Latvia, Lithuania, Estonia le Moldavia. Leha ho le joalo, ka June 1941, Jeremane e ile ea futuhela Soviet Union ka matla a maholo, e leng se ileng sa emisa Stalin hlooho. Ha selemo se fela, masole a Jeremane a ne a se a fihlile mathokong a Moscow, ’me ho ne ho bonahala ho oa ha Soviet Union ho le haufi.

A tsielehile, Stalin o ile a batla ho lokisetsa sechaba ntoa eo Marussia a neng a re ke Ntoa e Khōlō ea Barati ba Naha. Stalin o ile a lemoha hore o tlameha ho inehela kerekeng hore a tsebe ho fumana tšehetso ea batho ntoeng, kaha ba limilione e ne e ntse e le balumeli. Phello ea phetoho e tsotehang ea leano la Stalin ka bolumeli e bile efe?

Ba sebelisana le kereke, batho ba Russia ba ile ba itokisetsa ntoa, ’me ka 1945 Soviet Union e ile ea hlōla Majeremane ka tlhōlo e khōlō. Ka mor’a hore ho emisoe tlhaselo ea bolumeli Soviet Union, palo ea likereke tsa Orthodox e ile ea nyolohela ho 25 000, ’me palo ea baprista ea fihla ho 33 000.

Tlhaselo e Boea Sekoele

Leha ho le joalo, ’nete ke hore sepheo sa baeta-pele ba Soviet Union sa ho hlakola khopolo ea Molimo likelellong tsa batho ba eona e ne e sa fetoha. The Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Khato e ncha e khahlanong le bolumeli e ile ea nkoa ke Tona-khōlō Nikita Khrushchev ka 1959 ho ea ho 1964, ea fokotsa palo ea likereke tse sebetsang ho re li be ka tlaase ho 10 000. Mopatriareka Pimen o ile a khethoa ka 1971 ka mor’a lefu la Alexis, ’me le hoja kereke e ne e ntse e hloka botšepehi ba batho ba limilione, bokamoso ba eona bo ne bo sa hlaka.”b

Hamorao, re tla tšohla hore na Kereke ea Orthodox ea Russia e ile ea pholoha joang tlhaselong e tsosolositsoeng ea Soviet Union. Empa malumeli a mang Soviet Union a ile a tsoela pele joang? Ho ’ona, ke bofe bo ileng ba fetoha bo ka sehloohong bakeng sa tlhaselo, hona hobane’ng? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tse latelang ke linaha tse 15 tse ipusang tseo e kileng ea e-ba lirephabliki tsa Soviet Union: Armenia, Azerbaijan, Belarus, Estonia, Georgia, Kazakhstan, Kyrgyzstan, Latvia, Lithuania, Moldova, Russia, Tajikistan, Turkmenistan, Ukraine le Uzbekistan.

b Ka linako tse ling, mabitso Alexis I, mopatriareka oa Orthodox ea Russia ho tloha ka 1945 ho ea ho 1970, hammoho le Alexis II, mopatriareka ho tloha ka 1990 ho fihlela joale, a ngoloa e le Alexy, Aleksi, Aleksei le Alexei.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Lenin o ile a bitsa ‘khopolo leha e le efe ea Molimo ntho e nyonyehang ka ho ke keng ha hlalosoa’

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée d’Histoire Contemporaine—BDIC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela