Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 6/8 maq. 9-10
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Teka-tekano
  • Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle
    Tsoha!—1995
  • Ha ho Kula ho se ho le Sieo!
    Tsoha!—2007
  • Boloka Tumelo ea Hao le Bophelo bo Botle ba Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Haufinyane ha ho sa Tla ba le ho Kula Kapa Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 6/8 maq. 9-10

Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!

FOCUS, makasine ea Jeremane, ea tlaleha: “Morao tjena ho atile . . . khopolo ea hore motho a se hlole a kula le ka mohla.” Leha ho le joalo, khopolo ena ha e ncha. Ha bophelo ba motho bo qala, ho hang ’Mōpi o ne a sa rera hore motho a kule. Morero oa hae e ne e se feela hore ho be le “boemo bo amohelehang ba bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa batho bohle lefatšeng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) ’Mōpi oa rōna o ne a reretse motho e mong le e mong bophelo bo phethahetseng!

Ka hona, ke hobane’ng ha kaofela re kula ’me re tšoaroa ke maloetse? Bibele e re bolella hore Jehova Molimo o ne a bōpile batsoali ba moloko oohle oa batho, Adama le Eva, ba phethahetse. Hang ha a qeta pōpo ea hae, “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” Ha ho mohla ’Mōpi oa rōna ea lerato a kileng a rera hore bophelo ba motho bo tlale ka maloetse le lefu. Empa ha Adama le Eva ba khetha ho lahla tsela eo ba neng ba e raletsoe, ba ile ba oela sebeng. Phello ea sebe sa Adama e bile lefu, le ileng la fetisetsoa ho batho bohle.—Genese 1:31; Baroma 5:12.

Jehova ha aa ka a lahla moloko oa batho. Ha aa ka a lahla le morero oa hae oa tšimolohong bakeng sa bona le lefatše. Ho pholletsa le Bibele eohle, o tsebahatsa morero oa hae oa ho khutlisetsa batho ba mamelang boemong ba bona ba tšimolohong ba bophelo bo botle ba ’mele. Ha Jesu Kreste, Mora oa Molimo a ne a le lefatšeng, o ile a bontša matla a Molimo a ho folisa maloetse. Ka mohlala, Jesu o ile a phekola bofofu, lepera, botholo, ho khora seema, sethoathoa le ho shoa litho.—Matheu 4:23, 24; Luka 5:12, 13; 7:22; 14:1-4; Johanne 9:1-7.

Haufinyane Molimo o tla laela Morena oa hae oa Bomesia, Jesu Kreste, hore a buse moloko oa batho. Tlas’a puso ea hae, boprofeta ba Esaia bo tla phethahala: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.” (Esaia 33:24) See se tla etsahala joang?

Rea hlokomela hore moprofeta o ngola ka batho ba “tšoaretsoeng liphoso tsa bona.” Ka hona, sesosa sa bokuli—e leng sebe seo moloko oa batho o se futsitseng—se tla felisoa. Joang? Bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo sa Jesu bo tla sebetsa ho moloko oa batho o mamelang, ka hona, bo tlose motheo oa ho kula le lefu. Boemo ba Paradeise bo tla ba lefatšeng lohle. Moapostola oa Mokreste, Johanne, o ngotse: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Seo se haufi le ho etsahala!—Tšenolo 21:3, 4; Matheu khaolo ea 24; 2 Timothea 3:1-5.

Ho Boloka Teka-tekano

Khabareng, batho ba limilione baa kula ebile ba tšoeroe ke maloetse. Ka hona, ke ha tlhaho hore batho ba amehe ka bophelo ba bona le ba batho bao ba ba ratang.

Bakreste kajeno ba ananela haholo boiteko bo etsoang ke lingaka. Ba nka mehato e metle hore ba phele hantle kapa ba lule ba phela hantle. Leha ho le joalo, tšepiso ea Bibele ea bokamoso boo ho bona ho ke keng ha e-ba le bokuli e ba thusa hore ba leka-lekane tabeng ena. Ntle le nakong ea ha Morena oa Bomesia a se a busa moloko oa batho, bophelo bo phethahetseng bo ke ke ba e-ba teng. Joalokaha re bone, esita le lintho tse thabisang tse sibolloang ha lia thusa lefapha la bongaka hore le fihlele tholoana e rothisang mathe ka ho fetisisa e holimo-limo sefateng—e leng bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa bohle.

Pakane ea “boemo bo amohelehang ba bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa batho bohle lefatšeng” e haufi le ho phethahala. Empa e ke ke ea finyelloa ke Machaba a Kopaneng, kapa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, batho ba hlokomelang tikoloho, batho ba etsang liphetoho sechabeng, esita le tsona lingaka. Pakane eo e tla finyelloa ke Jesu Kreste. E tla ba thabo e kaakang ha qetellong moloko oa batho o ‘lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me o e-ba le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo’!—Baroma 8:21.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ho tla ba le bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa bohle lefatšeng le lecha la Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela