Ua Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo”!
BA LIMILIONE BA TLA BA TENG libakeng tse makholo lefatšeng ka bophara. Afrika Boroa feela, ho lokiselitsoe hore ho be le likopano tse 50. Ea pele e tla tšoaroa ka la 23-25 November, ’me ea ho qetela e be ka la 4-6 January, 2002. Ho ka etsahala hore ’moka o mong ho ena ea matsatsi a mararo—Labohlano ho ea ho Sontaha—o tšoareloe motseng o haufi le moo u lulang teng.
Libakeng tse ngata, lenaneo le tla qala ka ’mino letsatsi le leng le le leng ka 9:30 hoseng. Puo e amohelang ba teng ka Labohlano e tla lateloa ke lipuo tse thehiloeng Bibeleng tse nang le lihlooho tse reng “Ho Bolela ka ’Muso ho Hlahisa Litholoana Tse Molemo,” “Ho Susumetsoa ke ‘Lintho Tse Babatsehang Tsa Molimo’” le “Ithabele ho Lokeng ha Jehova.” Lenaneo la hoseng le tla qetella ka puo ea sehlooho e reng “Ho Hlomelloa ka ho Feletseng Joaloka Mesuoe ea Lentsoe la Molimo.”
Puo ea pele thapama, e nang le sehlooho se reng, “Ba Hloekisitsoeng Joaloka Batho ba Mesebetsi e Metle,” e tla lateloa ke neheletsano ea lipuo tse tharo e reng, “Ho Ithuta ha re Ntse re Ruta ba Bang.” Sena se tla hatisa bohlokoa ba ho etsa seo re se rutang ba bang tabeng ea boitšoaro, thuto ea botho ea Bibele le tlhokahalo ea ho hanela boiteko ba Diabolose ba ho re khelosa. Ho tla latela puo e reng “Nyonya Mokhoa oa Lefatše oa ho Sheba Litšoantšo Tsa Bootsoa.” Joale lenaneo la letsatsi lena le tla qetella ka puo e tšohlang khaolo ea 60 ea Esaia e nang le sehlooho se reng “Jehova o Khabisa Batho ba Hae ka Leseli.”
Lipuo tsa Moqebelo, tse nang le lihlooho tse reng, “Ho Fumana Khatholoho Tlas’a Joko ea Kreste,” “Etsisang Mosuoe e Moholo” le “Na U Ikemiselitse ho Sebeletsa ba Bang?” li tla totobatsa tlhokahalo ea ho latela mohlala oa Kreste. Lipuo tsa neheletsano tse tla nka lihora tse peli tse nang le sehlooho se reng, “Basebeletsi Bao ba Bang e Bang Balumeli ka Bona” le se reng “Ruang Molemo o Feletseng Thutong ea Bomolimo” le tsona li tla behoa ka Moqebelo. Neheletsano ea hoseng e tla fana ka litlhahiso tsa ho etsa barutuoa, ’me ea thapama e tla totobatsa litsela tseo ka tsona re ka ruang molemo ka ho feletseng thutong ea Bibele le ho beng teng libokeng tsa Bokreste. Lenaneo la hoseng le tla qetella ka puo ea kolobetso, eo ka mor’a eona ho tla ba le monyetla oa hore batho ba tšoanelehang ba kolobetsoe. Ba bangata ba tla chesehela ho mamela puo e phethang ka Moqebelo thapama e nang le sehlooho se reng, “Litokisetso Tse Ncha Bakeng sa Khatelo-pele ea Rōna ea Moea.”
Lenaneo la Sontaha hoseng le tla kopanyelletsa neheletsano ea lipuo tse tharo e tšohlang buka ea Malakia le ho bontša kamoo e sebetsang kateng maemong a teng kajeno. Eona e tla lateloa ke tšoantšiso e aparetsoeng ka ho feletseng e buang ka borabele ba Kora, Dathane le Abirame khahlanong le matla a ho laela ao Molimo a neng a a file Moshe. Ka mor’a eona, puo e ’ngoe e tla hatisa molaetsa o fetisoang ke tšoantšiso eo. Lenaneo la thapama le tla ba le puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Ke Bo-mang ba Rutang Lichaba Tsohle ’Nete?”
Ka sebele u tla rua molemo moeeng ka ho ba teng matsatsi ana ’ohle a mararo. Bakeng sa ho fumana boitsebiso ka sebaka se haufi le moo u lulang teng seo kopano e tla tšoareloa ho sona, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng seo u lulang ho sona kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.