Lithethefatsi—Li Sebelisoa ke Bo-mang?
Ka mongoli oa Tsoha! Afrika Boroa
“E MONG le e mong o sebelisa lithethefatsi.” Polelo eo e akaretsang e ka sebelisoa ho susumetsa batho ba thetsehang habonolo hore ba sebelise lithethefatsi tse seng molaong. Empa ho itšetlehile ka hore na re hlalosa “lithethefatsi” e le eng, mantsoe ao a na le ’nete e itseng.
Lentsoe “sethethefatsi” le hlalosoa e le: “K’hemik’hale leha e le efe, ebang ke ea tlhaho kapa e iketselitsoeng, e ka sebelisoang bakeng sa ho fetola monahano oa motho, maikutlo a hae kapa maemo a mang a kelello.” Eo ke tlhaloso e molemo, e pharaletseng ea se bitsoang lithethefatsi tse amang kelello, le hoja e sa akaretse lithethefatsi tse ngata tse sebelisoang ho phekola maloetse.
Ho latela tlhaloso eo, joala ke sethethefatsi. Kotsi e bakoa ke tšebeliso e sa lekanyetsoang ea bona, eo ho hlakileng hore e ntse e eketseha. Phuputso e ileng ea etsoa likolecheng le liunivesithing tsa naha e ’ngoe ea Bophirimela e ile ea fumana hore “ho noa ho tlōla ke bothata bo ka sehloohong bo tebileng har’a liithuti.” Phuputso eo e ile ea senola hore karolo ea 44 lekholong ea liithuti e ne e le ba noang ho tlōla.a
Joaloka joala, koae le eona e molaong, le hoja e e-na le chefo e matla, e leng bokoali. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ho tsuba ho bolaea batho ba limilione tse ’nè ka selemo. Leha ho le joalo, bo-rakhoebo ba baholo ba koae ke barui, ke litho tse hlomphehang sechabeng. Ho tsuba sakerete le hona ho etsa hore motho e be lekhoba la eona haholo, mohlomong le ho feta tšebeliso ea lithethefatsi tse ling tse leng molaong.
Lilemong tsa morao tjena linaha tse ngata li thibetse ho bapatsoa ha koae le ho beha lithibelo tse ling. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba nka ho tsuba e le ketso e amohelehang ea boithabiso. Indasteri ea lifilimi e tsoela pele ho hlahisa ho tsuba e le ho hohelang. Tlhahlobo e ileng ea etsoa ke Univesithi ea California e San Francisco lifiliming tse ka sehloohong tse etsang chelete, tse bileng teng lipakeng tsa 1991 le 1996 e ile ea fumana hore karolo ea 80 lekholong ea banna ba li hulang pele ba hlaha ba tsuba lifiliming tseo.
Ho Thoe’ng ka Lithethefatsi Tse “Seng Kotsi”?
Ha ho pelaelo hore lithethefatsi tse phekolang li tsoetse ba bangata molemo, empa li ka sebelisoa hampe. Ka linako tse ling lingaka li ka fana ka lithethefatsi tse itseng habonolo feela, kapa li hatelloe ke bakuli hore li fane ka lithethefatsi tse sa hlokahaleng. Ngaka e ’ngoe e itse: “Hase kamehla lingaka li lulang fatše le bakuli ho fumana hore na matšoao a mokuli a bakoa ke eng. Ho bonolo hore ‘Noa pilisi ena.’ Empa bothata ba sehlooho ha bo rarolloe.”
Esita le lithethefatsi tseo ebang ha lia fanoa ke ngaka, tse kang aspirin le paracetamol (Tylenol, Panadol), li ka baka kotsi e khōlō bophelong haeba li sebelisoa hampe. Batho ba fetang 2 000 lefatšeng ka bophara ba shoa selemo se seng le se seng ka lebaka la ho sebelisa paracetamol hampe.
Ho latela tlhaloso ea rōna ea pejana, caffeine e fumanoang teeng le kofing le eona ke sethethefatsi, le hoja ho se mohla re eeng re nahane hore ke sethethefatsi ha re phoka seno seo re se ratang lijong tsa hoseng. ’Me e ka ba ho sa utloahaleng ho nka lino tse amohelehang sechabeng tse kang tee kapa kofi ka tsela e tšoanang le ea lithethefatsi tse matla tse kang heroine. Hoo ho ne ho tla tšoana le ho bapisa lelinyane la katse e ruiloeng le tau e mabifi. Leha ho le joalo, ho latela litsebi tse ling tsa bophelo bo botle ba ’mele, haeba u tloaetse ho noa likopi tse fetang tse hlano tsa kofi ka letsatsi, kapa likopi tse robong tsa tee ka letsatsi, e ka u ntša kotsi. Ho feta moo, haeba u ne u ka khaotsa ho noa e ngata haholo, u ne u ka ba le matšoao a ho e tlohela a tšoanang le ao motho e mong ea neng a noa tee haholo a ileng a ba le ’ona a ho hlatsa, ho tšoaroa ke hlooho e matla le ho khopeha habonolo.
Ho Thoe’ng ka Tšebeliso e Seng Molaong ea Lithethefatsi?
Taba e tsosang khang ke ea ho sebelisa lithethefatsi lipapaling. Sena se ile sa totobala papaling ea 1998 Tour de France, ha bo-ralibaesekele ba robong ba thimi e li hulang pele ba ne ba lelekoa ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi tse eketsang matla. Baatlelete ba qapile mekhoa e fapaneng ea ho ferekanya liteko tse etsoang bakeng sa lithethefatsi. Makasine ea Time e tlaleha hore ba bang ba bile ba ea bohōleng ba ho “‘kenngoa mosese oa motho e mong,’ ho bolelang hore mosese ‘o hloekileng’ oa motho e mong o kenngoa ka senyeng sa hae ka catheter, mokhoa oo hangata o leng bohloko haholo.”
Re boetse re lokela ho tšohla tšebeliso e matla ea lithethefatsi tse seng molaong ka morero oa “ho ithabisa.” Tsena li akarelletsa matekoane, sethethefatsi se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo (methylenedioxy-methamphetamine, kapa MDMA), LSD (lysergic acid diethylamide), se susumetsang (se kang k’hok’heine le amphetamine), se tetebetsang (se kang sethethefatsi se kokobetsang boikutlo ba kelello ba ho tšoenyeha) le heroine. Re boetse re lokela ho hopola lintho tse tsujoang tse kang glue le peterole, e leng tse atileng har’a bacha. Ka sebele, lintho tsena tse tsujoang ke lintho tse sa thibeloang ’me li fumaneha habobebe.
Khopolo e tloaelehileng ea motho ea lemaletseng lithethefatsi, ea mamaraneng ’me a ikenta mothapong ka sethethefatsi ka kamoreng e litšila, e ka ba e thetsang. Batho ba bangata ba lemaletseng lithethefatsi ba ntse ba khona ho sebetsa ka tsela e tloaelehileng letsatsi le leng le le leng bophelong, le hoja temallo ea bona e tlameha ho ama tsela ea bona ea bophelo ka mokhoa o itseng. Leha ho le joalo, re ke ke ra nyenyefatsa lehlakore le lebe la ho sebelisa lithethefatsi. Mongoli e mong o hlalosa kamoo ba sebelisang k’hok’heine ba “khonang ho ‘ikenta methapong’ makhetlo a mangata ka nako e le ’ngoe, ba etse hore ’mele ea bona e bonahale eka e hlabiloe ka linalete, e e-na le matetetso a mali hohle.”
Ka mor’a ho fokotseha ho neng ho totobetse bofelong ba lilemo tsa bo-1980, tšebeliso ea lithethefatsi tse seng molaong e boetse e phahame hape lefatšeng ka bophara. Makasine ea Newsweek ea hlokomela: “Ba boholong ba eme lihlooho ke keketseho e khōlō ea ho mokola lithethefatsi, ho phahama ha tšebeliso ea lithethefatsi ka mefuta eohle ea tsona le ho haella ha lichelete—le boitsebiso—tse hlokahalang bakeng sa ho e loantša.” Koranta ea Johannesburg, Afrika Boroa, The Star, e ile ea bolela hore ho latela lipalo-palo tsa ’muso, “motho a le mong ho ba bane ba lulang Afrika Boroa o lemaletse joala kapa lithethefatsi.”
Setsi sa Machaba a Kopaneng sa Liphuputso Khōlong ea Sechaba (UN Research Institute for Social Development) se ile sa bontša hore “bahlahisi ba lithethefatsi le ba li mokolang . . . ba itlhophisitse lefatšeng lohle ’me ba kentse phaello e khōlō ea lithethefatsi tseo litsing tsa lichelete tse fanang ka matsete a sephiri le a ipiletsang. . . . Ba mokolang lithethefatsi hona joale ba khona ho fumana phaello e seng molaong ka ho tsamaisa chelete lefatšeng ka mokhoa oa elektronike, oo mebuso e meng e sa khoneng ho fumana bomenemene ba oona.”
Ho bonahala Maamerika a mangata a ka tšoara k’hok’heine letsatsi le leng le le leng, le hoja a sa tsebe. Sehlooho se seng makasineng ea Discover se ile sa hlalosa hore chelete e ngata ea pampiri ea Amerika e na le mehlala ea sethethefatsi.
’Nete ke hore kajeno, tšebeliso ea lithethefatsi, ho kopanyelletsa le tse seng molaong, e amohelehile ho ba bangata, e nkoa e le karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ha ho hlahlojoa tšenyo e phatlalatsoang hohle e bakoang ke lithethefatsi tse seng molaong hammoho le koae le joala, potso e totobetseng ea phahama, Ke hobane’ng ha batho ba li sebelisa hampe? Ha re nahanisisa ka potso ena, ho loketse hore re hlahlobe maikutlo a rōna ka lithethefatsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho noa ho tlōla ho hlalositsoe e le ‘ho noa libotlolo tse hlano kapa ho feta ka ho latellana ho banna, ’me ho basali ke libotlolo tse ’nè kapa ho feta.’
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ho noa ho tlōla ke bothata bo ka sehloohong likolecheng tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ba bangata ba nka lisakerete le lithethefatsi “tsa ho ithabisa” e se lintho tse kotsi