Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 7/8 maq. 9-11
  • Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi—Tharollo e Teng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi—Tharollo e Teng!
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Bang ba Atlehile
  • Lebaka Leo ka Lona Boiteko ba Batho bo Hlōlehang
  • Tharollo ea Molimo ke Efe?
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Ke Hobane’ng ha Batho ba li Sebelisa Hampe?
    Tsoha!—2001
  • Bacha le Lithethefatsi
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 7/8 maq. 9-11

Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi—Tharollo e Teng!

“MOQEQEKO oa K’hok’heine e Mokotsoeng o Fumanoa ka Har’a Libotlolo Tsa Veine.” Sehloohoana sa koranta se neng se le ka tlas’a sehlooho seo sa litaba se ile sa hlalosa kamoo mapolesa a Johannesburg, Afrika Boroa, a ileng a tšoara k’hontheinara ea thepa e romeloang e neng e e-na le libotlolo tse 11 600 tsa veine ea moetso oa Amerika Boroa. Ka har’a veine eo ho ne ho tsoakiloe k’hok’heine ea boima ba lik’hilograma tse lipakeng tsa 150 le 180. Ho lumeloa hore bona e bile bomokolara bo boholohali ba k’hok’heine e keneng ka har’a naha eo bo kileng ba etsoa ho tla fihlela joale.

Le hoja ho tšoara liketso tsa mofuta ona ho ka ’na ha khothatsa, ’nete ke hore mapolesa a tšoara feela karolo e hakanyetsoang ho 10 ho ea ho 15 lekholong ea lithethefatsi tse seng molaong lefatšeng ka bophara. Ka bomalimabe, sena se tšoana le molemi ea kutang makhasi a mofoka o hōlang ka potlako empa a sa fothole metso ea ’ona.

Phaello e ngata e etsoang ke lithethefatsi e sitisa boiteko ba ’muso ba ho thibela ho hlahisoa le ho rekisoa ha tsona. United States feela, ho hakanyetsoa hore ka selemo, thekiso ea lithethefatsi tse seng molaong e hlahisa liranta tse milione tse likete-kete. Ka chelete e ngata joalo, ha ho makatse hore ebe mapolesa le liofisiri tsa ’muso, haesita le ba bang ba maemong a phahameng, ba nkha lefotha.

Alex Bellos oa koranta ea The Guardian Weekly o tlalehile a le Brazil hore ho latela patlisiso e entsoeng ke paramente, “litho tse tharo tsa k’honkrese, batlatsi ba ’muso ba 12 le bo-ramotse ba bararo ba ile ba balelloa . . . har’a lethathamo la batho ba fetang 800 bao ho bonahalang ba ameha tlōlong ea molao e hlophisitsoeng le ho rekiseng lithethefatsi ka ntle ho molao Brazil.” Lethathamo leo le boetse le akarelletsa “mapolesa, maqoetha, bo-rakhoebo le lihoai liprofinseng tse 17 ho tse 27.” Mabapi le liphuputso tsena, moprofesa e mong oa lipolotiki Univesithing ea Brasília o itse: “Mafapha ’ohle a sechaba sa Brazil aa qosoa .” Ho ka buuoa se tšoanang ka lichaba tse ngata tseo ho tsona lithethefatsi li atileng. Bothata bona bo hlohlelletsoa haholo ke ho fumaneha ha tsona le ho hlokoa ha tsona ke bareki.

Ha ba nahana ka katleho e fokolang lithibelong tse behiloeng ke molao, ba bang ba buella hore lithethefatsi tse itseng li lumelloe ka molao. Khopolo e akaretsang ke ea hore batho ba lumelloe ho ba le lithethefatsi tse seng kae hore ba li sebelise. Ho lumeloa hore sena se tla nolofalletsa ’muso hore o laole tsamaiso ea lithethefatsi ’me ho tla fokotsa phaello e khōlō e etsoang ke baeta-pele ba lithethefatsi.

Ba Bang ba Atlehile

Ho sokolla batho ho lemalleng lithethefatsi ho ka qala ka ho ba tlohelisa tsona, ebe bophelo ba bona boa ntlafala. Ka bomalimabe, hang ha motho ea kileng a lemalla lithethefatsi a khutlela tikolohong eo ha a le ho eona a neng a li sebelisa, o tla ba tekong ea hore a khutlele ho tsona. Sengoli Luigi Zoja o fana ka lebaka la sena: “Ho tlohelisa mokuli mokhoa o itseng ha ho bonolo ntle le hore a lebisoe tseleng e ncha ka ho feletseng ea ho nahana.”

Darren ea boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena, o ile a fumana “tsela e ncha ea ho nahana” e ileng ea fetola bophelo ba hae. Oa hlalosa: “Ke ne ke ipolela ke le ea sa lumeleng hore Molimo o teng, empa ha nako e ntse e tsamaea, ke ile ka lemoha hore Molimo o tlameha a le teng le hoja ke ne ke sebelisa lithethefatsi ho tloha ho seng ho fihlela bosiu. Ka likhoeli tse peli kapa tse tharo, ke ile ka leka ho tlohela lithethefatsi, empa metsoalle ea ka e ne e sa batle ha ke li tlohela. Le hoja ke ne ke ntse ke sebelisa lithethefatsi, ke ile ka qala ho bala Bibele kamehla pele ke robala. Ke ile ka fokotsa ho ba hammoho le metsoalle ea ka. Mantsiboeeng a mang, ’na le motho eo ke lulang le eena re ne re tahiloe haholo ke lithethefatsi. Ke ile ka bua le eena ka Bibele. Letsatsing le hlahlamang, o ile a founela abuti oa hae, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a re bolella ka Paki e lulang motseng oo re leng ho oona ’me ke ile ka e etela.

“Re ile ra bua ho fihlela ka hora ea 11 bosiu, ’me ke ile ka tloha ke e-na le lingoliloeng tse ngata tsa Bibele. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le eena ’me ka khaotsa ho sebelisa lithethefatsi le ho tsuba. Likhoeli tse robong hamorao, ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova.”

Ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi ha ho bonolo. Michael ea boletsoeng sehloohong se etellang sena pele, o hlalosa mathata ao a ileng a ba le ’ona ha a khaotsa ho sebelisa lithethefatsi ka mor’a lilemo tse 11: “Ke ile ka thatafalloa ke ho ja ’me kahoo ka ota. Ke ne ke boela ke e-ba le mahlaba a kang ke hlajoa ke linalete ’me ke ne ke fufuleloa ’me ke bona batho ba potolohiloe ke khanya. Ke ne ke e-ba le takatso e matla ea ho khutlela lithethefatsing, empa ho atamela haufi le Jehova ka thapelo le ho bala Bibele ho ile ha nthusa hore ke lule ke hloekile.” Batho bana ba kileng ba sebelisa lithethefatsi hampe baa lumela hore e bile habohlokoa ho bona hore ba khaohane ka ho feletseng le metsoalle ea bona ea pele.

Lebaka Leo ka Lona Boiteko ba Batho bo Hlōlehang

Tšebeliso e seng molaong ea lithethefatsi e mpa e le bo bong ba mathata a maholo lefatšeng. Lefatše lohle le tletse ka tšusumetso e khōlō ea bobe, pefo le bokhopo. Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Eo “ea khopo” o hlalosoa ke moapostola Johanne ho Tšenolo 12:9: “Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”

Ho phaella mefokolong ea hae, motho ka boeena o ’nile a tlameha ho talimana le sera sena se matla. Tšimolohong Satane ke eena ea ileng a lihela batho tsietsing. O ikemiselitse ho hlephisa boitšoaro ba batho le ho feta le ho etsa hore ba furalle Molimo. Ho sebelisa lithethefatsi ha batho ho bonahala e le karolo ea maqiti a hae. O halefile haholo hobane oa tseba hore “nako ea hae e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:12.

Tharollo ea Molimo ke Efe?

Bibele e senola tokisetso e lerato ea ’Mōpi ea ho lokolla batho boemong ba bona ba sebe. Ho 1 Bakorinthe 15:22 rea bala: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” Jesu o ile a tla lefatšeng ka boithatelo e le motho ea phethahetseng ’me a fana ka bophelo ba hae ba lefatšeng e le sehlabelo ho rekolla batho liphellong tsa sebe le lefu.

Ho tseba lebaka leo re shoang ka lona hammoho le hore na tharollo ea mathata a batho ke efe, ho file ba bangata matla le sebete sa hore ba tlohele ho lemalla lithethefatsi. Empa Bibele ha e re thuse feela bothateng ba rōna ba ho sebelisa lithethefatsi hona joale. E re bolella ka nako eo mathata ’ohle a lefatše, ho kopanyelletsa le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, li tla fela ka ho feletseng ka mor’a hore ho felisoe tšusumetso ea Satane.

Buka ea Tšenolo e hlalosa “nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e phalla ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana.” (Tšenolo 22:1) Nōka ena ea tšoantšetso e tšoantšetsa tokisetso ea Molimo ea ho khutlisetsa batho bophelong bo phethahetseng ba paradeise lefatšeng, ka Jesu Kreste. Tšenolo e hlalosa lifate tsa bophelo tse atlehileng mahlakoreng a nōka ’me e re: “Makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.” (Tšenolo 22:2) Makhasi ao a tšoantšetso a tšoantšetsa litokisetso tsa Jehova tse phekolang tse tla khutlisetsa moloko oa batho phethehong ea moea le ea ’mele.

Qetellong, motho o tla lokoloha tšebelisong e mpe ea lithethefatsi hammoho le mathateng ’ohle a mo hlahelang tsamaisong ena e senyehileng!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na Matekoane ha a na Kotsi?

Linaha tse ngata li lohotha ho lumella matekoane ka molao, haholo-holo bakeng sa ho phekola maloetse. Ho sibolotsoe hore sethethefatsi sena se fokotsa ho nyekoa ke pelo ho bakoang ke ho phekoloa ka lik’hemik’hale, hape ho bonahala se thusa batho ba tšoeroeng ke AIDS hore ba boele ba be le takatso ea lijo. Se boetse se sebelisitsoe e le sethethefatsa-bohloko.

Le hoja ho e-na le ho se utloane ka liphello tse fumanoeng ke lipatlisiso, liteko tse entsoeng, tse tlalehiloeng makasineng ea New Scientist li tiisitse tse ling tsa likotsi tse bakoang ke matekoane.

Tlhahlobo ea Univesithi ea Harvard e ile ea bapisa sehlopha se tsubang matekoane letsatsi le leng le le leng le sehlopha se sa a tsubeng kamehla. E ile ea fumana ho se na phapang litlhahlobong tse ileng tsa etsoa bokong. Leha ho le joalo, tlhahlobong e ’ngoe e neng e sheba bokhoni ba ho sebetsana le boemo bo bocha, ba tsubang matekoane haholo ba ile ba fumana limaraka tse tlaase haholo.

Ka lilemo tse fetang 15, univesithi e ’ngoe e ile ea hlahloba sehlopha sa ba tsubang matekoane kamehla ’me ea se bapisa le sa ba tsubang sakerete. Ka tloaelo, ba tsubang matekoane ba thata lisolo tse tharo kapa tse ’nè tsa matekoane ka letsatsi, ha ba tsubang sakerete e tloaelehileng ba tsuba tse 20 kapa ho feta ka letsatsi. Palo e lekanang e tsoang lihlopheng tseo ka bobeli e na le bothata ba ho khohlela le ba bronchitis. Tlhahlobo e entsoeng matšoafong e bontša tšenyo e tšoanang ea lisele lihlopheng ka bobeli.

Le hoja ba tsubang matekoane ba tsuba makhetlo a fokolang ho feta ba tsubang sakerete, ho fumanoe hore solo e le ’ngoe ea ’ona e ntša mooa o fetang oa sakerete e tloaelehileng ka makhetlo a mararo. Ho feta moo, New Scientist e ile ea tlaleha: “Ba tsubang matekoane ba hula mosi haholo ’me ba fupa moea nako e teletsana.”

Ho phaella moo, lisele tse sa amehang matšoafong a batho ba tsubang matekoane li fumanoe li e-na le matla a fokotsehileng ka karolo ea 35 lekholong bakeng sa ho loantša libaktheria ho feta lisele tse sa amehang matšoafong a ba tsubang sakerete.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Navy photo

[Lebokose le leqepheng la 11]

“Qoso e Bohloko” ho Batsoali

Mohlophisi koranteng ea Afrika Boroa ea Saturday Star o ile a bolela ngongoreho ea hae ka keketseho e tšosang ea bacha ba sebelisang lithethefatsi hampe Afrika Boroa ’me a re:

“Hangata ke qoso e bohloko ho rōna re le batsoali le sechaba ka kakaretso hore ebe bana ba rōna ba etsa sena [ba sebelisa lithethefatsi]. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, re sebetsa ka thata ho fumana chelete, re tele nako le matla a rōna hore re atlehe linthong tse bonahalang. Bana ba rōna ba re khathatsa likelello, le ho re qeta matla. Na re ba le nako eo re e sebelisang hamolemo le bona? Ho bonolo ho ba fa chelete hore feela ba re siruhe. Sena se bonolo ho feta ho ba mamela—ho mamela lintho tseo ba li tšabang, tseo ba li tšepileng le mathata a bona. Mantsiboeeng a kajeno ha re lutse tafoleng ea reschorente kapa re robile monakeli ka pel’a TV, na re tla be re tseba hore na ba etsa eng moo ba leng teng?”

Kapa re ka ’na ra eketsa, na re tla be re tseba seo ba se nahanang?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ba bangata ba susumeletsehile hore ba tlohele ho sebelisa lithethefatsi hampe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela