Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 7/8 maq. 26-29
  • Ho Batla Metsi a Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Metsi a Bophelo
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tharollo ka Mekhoa e sa Tsoelang Pele
  • Se Hlokahalang Bakeng sa Katleho
  • Metsi a Mofuta o Phahameng
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 7/8 maq. 26-29

Ho Batla Metsi a Bophelo

LILEMONG tse fetang 2 000 tse fetileng, motse o hōlang oa batho ba 30 000 o ile oa hlahella Lehoatateng la Arabia. Ho sa tsotellehe boemo bo bobe ba leholimo sebakeng seo, moo pula ka kakaretso e nang ho fihlela limilimithareng tse 150 feela ka selemo, baahi ba Petra ba ithutile ho sebetsana ka katleho le boemo ba bona ba ho ba le metsi a fokolang. ’Me Petra e ile ea e-ba e ruileng le e atlehileng.

Baahi ba Manabataea ba Petra ba ne ba se na lipompo tsa motlakase tse hulang metsi. Ba ne ba sa haha matamo a maholo. Empa ba ile ba ithuta mokhoa oa ho bokella le ho baballa metsi. Tšebeliso e atolohileng ea matamo a manyenyane, liforo, likotopo le liliba e ile ea ba nolofalletsa ho tsamaisa ka hloko metsi a bokeletsoeng ho a isa motseng oa bona le masimong a bona a manyenyane. Ke ka thata le lerotholi la metsi le neng le senyeha. Liliba tsa bona li ne li hahiloe hantle hoo batho ba kajeno ba Bedouin ba ntseng ba li sebelisa.

Moenjiniere e mong oa metsi o ile a tsota: “Saense ea metsi ke bokhabane bo patehileng ba Petra. Batho ba moo ba ne ba le bohlale haholo.” Haufinyane tjena, litsebi tsa Iseraele li ’nile tsa batla ho ithuta bohlale ba Manabataea, bao le bona ba lemang lijalo Negeb, moo ka seoelo metsi a pula e fetang limilimithara tse 100 ka selemo. Litsebi tsa temo ea lijalo li hlahlobile mesaletsa ea mapolasi a manyenyane a likete a Manabataea ao beng ba ’ona ba neng ba tsamaisa ka tsebo eohle metsi a pula ka likotopo ho a isa masimong a bona a manyenyane a nang le makorota.

Thuto e seng e fumanoe ho Manabataea e thusa lihoai tse libakeng tse omeletseng tsa Sahel tse Afrika. Leha ho le joalo, mefuta ea kajeno ea ho baballa metsi e ntse e ka atleha. Lanzarote e lebōpong la leoatle la Afrika, e leng se seng sa Lihlekehleke tsa Canary, lihoai tsa teng li ithutile ho lema morara le lifeiga hona moo, moo pula e sa neng. Li lema lifate tsa morara kapa tsa feiga mekoting ebe ka holim’a mobu o koahetseng li ala molora oa seretse se chesang se ileng sa foqoha e le ho thibela metsi hore a fetohe mouoane. Joale phoka e lekaneng e ka monyela tlaase metsong e le hore semela se hōle hantle.

Tharollo ka Mekhoa e sa Tsoelang Pele

Hohle lefatšeng ho ka fumanoa litlaleho tse tšoanang tsa mekhoa ea ho phela tlas’a maemo a leholimo a libakeng tse omeletseng—bathong ba Mabishnoi ba phelang Lehoatateng la Thar, India; basaling ba Maturkana ba Kenya; le Maindieng a Manavajo, Arizona, U.S.A. Mekhoa ea bona ea ho bokella metsi a pula, eo ba ithutileng eona makholo-kholo a lilemo a fetileng, e ipaka e atleha haholo ho rarolleng mathata a temo ho feta tharollo e etsoang ka theknoloji e phahameng.

Lekholo la bo20 la lilemo e bile mehla ea kaho ea matamo. Ho ile ha sebelisoa linōka tse khōlō ’me ha hlahisoa mekhoa e meholohali ea ho nosetsa. Rasaense e mong o hakanyetsa hore karolo ea 60 lekholong ea melapo ea lefatše le linōka e ’nile ea laoloa ka litsela tse itseng. Le hoja mesebetsi e joalo e hlahisitse melemo, litsebi tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona li lebisa tlhokomelo tšenyong e entsoeng tikolohong, ho se ho sa thoe letho ka phello e bileng teng bathong ba lahlehetsoeng ke mahae a bona.

Ho feta moo, ho sa tsotellehe sepheo se setle, melemo ea litokisetso tsena ke seoelo e finyellang ho lihoai tse hlokang metsi haholo. Ha a bua ka merero ea ho nosetsa ea India, eo e kileng ea e-ba Tona-khōlō, Rajiv Gandhi o itse: “Ka lilemo tse 16, re sebelisitse chelete e ngata. Empa ha ho seo batho ba se fumaneng, ha ho na lintho tse nosetsang, ha ho na metsi, ha hoa ba le keketseho lihlahisoeng ’me ha ho thuso e bileng teng bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi.”

Ka lehlakoreng le leng, tharollo ka mekhoa e sa tsoelang pele e ipakile e sebetsa ’me ho se na tšenyo eo e e bakang tikolohong. Matamo a manyenyane le a maholo a hahiloeng ke baahi ba motse a ’nile a atleha haholo Chaena, moo ho hahiloeng a limilione tse tšeletseng. Iseraele, batho ba teng ba fumane hore ka ho sebelisa bohlale bo bonyenyane, metsi a ka sebelisetsoa ho hlatsoa, ka mor’a moo, a boela a sebelisetsoa likhoerekhoere ’me a qetella ka ho nosetsa.

Tharollo e ’ngoe e sebetsang ke ea mokhoa oa ho nosetsa oo metsi a rothisoang, e leng mokhoa o baballang mobu le ho sebelisa feela karolo ea 5 lekholong ea metsi a hlokahalang haeba ho nosetsoa ka litsela tse tloaelehileng. Tšebeliso e ntle ea metsi e boetse e bolela hore ho khethoe limela tse lokelang sebaka se omeletseng, tse kang mabele kapa nyalothe, ho e-na le ho lema tse hlokang metsi a mangata tse kang ’moba kapa koro.

Ka boiteko bo fokolang, ba sebelisang metsi malapeng le indastering ka ho tšoanang ba ka fokotsa metsi ao ba a sebelisang. Ka mohlala, k’hilograma e le ’ngoe ea pampiri e ka hlahisoa ka hoo e ka bang lithara ea metsi haeba feme e sebelisa metsi ao hape—e leng ho bolokang karolo e fetang ea 99 lekholong ea metsi a sebelisoang. Mexico City e felisitse matloana a tloaelehileng ’me e entse a sebelisang karolo ea boraro feela ea metsi. Motse oo o boetse o tšehetsa letšolo le fanang ka boitsebiso le reretsoeng ho fokotsa tšebeliso ea metsi.

Se Hlokahalang Bakeng sa Katleho

Tharollo qakeng ena ea metsi—le mathateng a mang a tikoloho—e hloka hore ho fetoloe maikutlo. Batho ba lokela ho sebelisana hammoho ho e-na le ho ba baithati, ba lokela ho itela moo ho hlokahalang le ho ikemisetsa ho hlokomela lefatše bakeng sa baahi ba ka moso. Tabeng ena Sandra Postel bukeng ea hae ea Last Oasis—Facing Water Scarcity, oa hlalosa: “Re hloka tataiso ka metsi—tataiso ea hore na re sebetsane joang le liqeto tse rarahaneng tabeng ea mehloli ea tlhaho eo re sa e utloisiseng ebile re ke ke ra e utloisisa ka ho feletseng.”

Ha e le hantle, ho hlokahala hore ‘tataiso e joalo ka metsi’ e akaretse libaka tsohle. Linaha hammoho le baahelani ba lokela ho sebetsa hammoho, etsoe linōka ha li felle sebakeng se le seng. Tlalehong ea hae ho Beating the Water Crisis, Ismail Serageldin o re: “Ho ameha ka bongata ba metsi le boleng ba ’ona—tseo nakong e fetileng li neng li nkoa e le lintho tse arohaneng—hona joale li lokela ho nkoa e le taba e amang lefatše lohle.”

Joalokaha Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan a lumela, ha ho bonolo ho etsa hore lichaba li sebelisane litabeng tse amang lefatše lohle. O re: “Lefatšeng lohle kajeno, mehato ea ho finyella lintho tse itseng tsa lefatše e sa ntse e le methating e qalang. Ena joale ke nako ea hore re nke bohato ba sebele ba ho ‘sebelisana re le machaba.’”

Ho hlakile hore phepelo e lekaneng ea metsi a hloekileng—le hoja e le ea bohlokoa—hase eona feela e hlokahalang bakeng sa hore re be le bophelo bo atlehileng le bo thabileng. Batho ba tlameha ho qala ka ho lemoha tlamo eo ba nang le eona ho Ea ba fileng metsi hammoho le bophelo ka bobona. (Pesaleme ea 36:9; 100:3) ’Me ho e-na le ho senya lefatše le lihlahisoa tsa lona ka ho se nahanele pele, ba tlameha ho ‘le lema le ho le hlokomela’ joalokaha ’Mōpi oa rōna a ile a laela batsoali ba rōna ba pele hore ba etse joalo.—Genese 2:8, 15; Pesaleme ea 115:16.

Metsi a Mofuta o Phahameng

Kaha metsi ke a bohlokoa, ha ho makatse hore ebe ka Bibeleng a tšoantšetsa ntho ea bohlokoa. Ka sebele, hore re thabele bophelo ka tsela eo re neng re reretsoe ka eona, re tlameha ho lemoha mohloli oa metsi ana a tšoantšetso. Re boetse re tlameha ho ithuta ho bonahatsa boikutlo ba mosali e mong oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a kōpa Jesu Kreste: “Mohlomphehi, mphe metsi ana.” (Johanne 4:15) Hlahloba se ileng sa etsahala.

Jesu o ile a ema pel’a seliba se tebileng se haufi le Nablus ea kajeno—kamoo ho bonahalang kateng, sona seliba seo batho ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše ba atisang ho se etela kajeno. Nakong eo, ho ne ho e-na le mosali oa Mosamaria selibeng seo. Joaloka basali ba bangata ba lekholong la pele la lilemo, ha ho pelaelo hore o ne a e-ea selibeng seo hangata hore a khelle lelapa la hae metsi. Empa Jesu o ile a re a ka mo fa “metsi a phelang”—mohloli oa metsi a ke keng a hlola a e-psha.—Johanne 4:10, 13, 14.

Ka ho utloahalang, seo se ile sa tsosa thahasello ea mosali eo. Empa ho hlakile hore “metsi a phelang” ao Jesu a neng a bua ka ’ona e ne e se metsi a sebele. Jesu o ne a nahanne ka litokisetso tsa moea tse ka nolofalletsang batho ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ho na le kamano lipakeng tsa metsi a tšoantšetso le a sebele—rea hloka ka bobeli hore re thabele bophelo ka ho feletseng.

Liketsahalong tse ’maloa, Molimo o ile a fa batho ba hae tharollo tabeng ea metsi a neng a haella. O ile a fana ka metsi ka mohlolo ho letšoele le leholo la Baiseraele ba babalehi, ba neng ba tšela lehoatata la Sinai ho ea Naheng ea bona e Tšepisitsoeng. (Exoda 17:1-6; Numere 20:2-11) Elisha, moprofeta oa Molimo, o ile a hloekisa seliba sa Jeriko se neng se silafetse. (2 Marena 2:19-22) ’Me ha masala a Baiseraele ba bakileng a ne a khutlela naheng ea habo ’ona a tsoa Babylona, Molimo o ile a a lebisa ‘metsing lefeelleng.’—Esaia 43:14, 19-21.

Lefatše la rōna kajeno le hloka ka hohle-hohle phepelo e sa khaotseng ea metsi. Kaha ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o ile a fana ka tharollo mathateng a metsi nakong e fetileng, na a ke ke a etsa se tšoanang nakong e tlang? Bibele ea re tiisetsa hore o tla etsa joalo. Ha Molimo a hlalosa maemo a tla ba teng ’Musong oa hae o tšepisitsoeng, o re: “Ke tla etsa linōka holim’a maralla a se nang letho, le liliba har’a lithota. Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka, le naha e se nang metsi ke e etse mehloli ea metsi, . . . e le hore batho ba ka bona le ho tseba le ho ela hloko le ho ba le temohisiso ka nako e tšoanang, hore letsoho la Jehova le entse sena.”—Esaia 41:18, 20.

Bibele e re tšepisa hore ha nako eo e fihla, batho “ba ke ke ba lapa, kapa ba nyoroa.” (Esaia 49:10) Ka lebaka la tsamaiso e ncha lefatšeng lohle, ho tla ba le tharollo ea ka ho sa feleng qakeng ea metsi. Tsamaiso ena—’Muso oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle—e tla sebetsa “ka toka le ka ho loka, ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 9:6, 7; Matheu 6:9, 10) Ka hona, qetellong batho lefatšeng lohle ba tla fetoha sechaba se le seng se momahaneng.—Pesaleme ea 72:5, 7, 8.

Haeba re batla metsi a bophelo hona joale, re ka lebella ho bona letsatsi leo ka sebele ho tla ba le metsi a lekaneng bakeng sa batho bohle.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ka holimo: Baahi ba boholo-holo ba Petra ba ne ba tseba ho baballa metsi

Ka tlaase: Kotopo ea metsi ea Nabataea e Petra

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lihoai ho se seng sa Lihlekehleke tsa Canary li ithutile ho lema lijalo sebakeng seo ho sona ho tšoanang le ha pula e sa ne

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Jesu o ne a bolela’ng ha a tšepisa mosali eo “metsi a phelang”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela