Pono ea Bibele
Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
BATHO ba batšo ba fufuletsoeng le ba kotlobaneng ka lebaka la ho imeloa ke meroalo e boima bo tšabehang ea k’hothone ba tšela borokho ba maiketsetso ba ho palama sekepe. Balebeli ba sehlōhō ba ba qobella ho sebetsa ba ntse ba ba shapa ka liphali. Bana ba bokollang ba phamoloa matsohong a bo-’m’a bona ba llang ’me ba rekisetsoa moreki ea ipehelang theko e phahameng ho feta ba bang fantising. Tsena ke litšoantšo tse nyarosang le tse sehlōhō tseo u nahanang ka tsona ha ho buuoa ka bokhoba.
Ka lehlakoreng le leng, ho boleloa hore barekisi ba bangata ba makhoba le benghali ba ’ona e ne e le batho ba inehetseng bolumeling. Rahistori James Walvin o ile a ngola a re: “Ho ne ho e-na le makholo-kholo a batho ba joalo, ba tsoang Europe le Amerika ba neng ba rorisa Morena ka lebaka la ho ba hlohonolofatsa ha hae, ba mo leboha ka khoebo e atlehileng le e sireletsehileng ea Afrika ha ba tšelela mose ho maoatle ka likepe tsa bona tse tletseng makhoba ba e-ea Lefatšeng le Lecha.”
Batho ba bang ba ile ba ba ba bolela hore Molimo o ile a iphapanyetsa khoebo ea makhoba. Ka mohlala, puong eo a ileng a e behela Seboka se Akaretsang sa Kereke ea Methodiste ea Prostanta ka 1842, Alexander McCaine o ile a bolela hore tloaelo ea bokhoba e ne e “khethiloe ke Molimo ka Boeena.” Na McCaine o ne a nepile? Na Molimo o ne a ananela ho koeteloa le ho betoa ha baroetsana, ho aroloa ha litho tsa malapa ka mokhoa o hlokang kutloelo-bohloko, le ho otloa ka sehlōhō hoo e neng e le karolo e ka sehloohong ea khoebo ea makhoba mehleng ea McCaine? Hona ho thoe’ng ka batho ba limilione ba qobelloang ho phela le ho sebetsa e le makhoba ka tlas’a maemo a sehlōhō kajeno? Na Molimo o iphapanyetsa bobatana bo joalo?
Bokhoba le Baiseraele
Bibele e bolela hore ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Mohlomong sena se totobetse ka ho fetisisa mefuteng ea bokhoba e ’nileng ea qaptjoa ke batho. Jehova Molimo ha aa iphapanyetsa mahlomola a bakiloeng ke bokhoba.
Ka mohlala, ak’u nahane ka boemo bo ileng ba hlaha har’a Baiseraele. Bibele e re bolella hore Baegepeta ba ile “ba ’na ba hlokofatsa bophelo ba bona ka bokhoba bo boima ka ho etsa seretse sa letsopa le litene le ka mofuta o mong le o mong oa bokhoba masimong, e, mofuta o mong le o mong oa bokhoba ba bona oo ba neng ba ba sebelisa ho oona e le makhoba tlas’a khatello.” Baiseraele ba ile “ba tsoela pele ho feheloa ka lebaka la bokhoba le ho etsa mohoo oa pelaelo, ’me mohoo oa bona o kōpang thuso oa ’na oa nyolohela ho Molimo oa ’nete.” Na Jehova o ne a iphapanyelitse mahlomola a bona? Ho fapana le hoo, “Molimo a utloa ho bobola ha bona ’me Molimo a hopola selekane sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.” Ho feta moo, Jehova o ile a bolella batho ba hae a re: “Ke tla le ntša tlas’a meroalo ea Baegepeta ke le lopolle bokhobeng ba bona.”—Exoda 1:14; 2:23, 24; 6:6-8.
Ho hlakile hore Jehova o ne a sa rate hore ‘motho a buse motho’ ka bokhoba bo hlekefetsang. Empa ka mor’a nako e itseng, na Molimo ha aa ka a lumella bokhoba har’a batho ba hae? E, o ile a bo lumella. Leha ho le joalo, bokhoba bo neng bo le teng Iseraeleng bo ne bo fapane haholo le mefuta e hatellang ea bokhoba e bileng teng ho pholletsa le histori.
Molao oa Molimo o ne o bolela hore ho koetela le ho rekisa motho ho ne ho lokeloa ke kotlo ea lefu. Ho feta moo, Jehova o ile a fana ka melao e tataisang e neng e sireletsa makhoba. Ka mohlala, lekhoba le neng le holofalitsoe ke monghali oa lona le ne le lokolloa. Haeba lekhoba le ne le shoele hobane monghali oa lona a ile a le otla, monghali o ne a ka bolaoa. Basali ba hapiloeng ntoeng e ne e ka ba makhoba, kapa ba ne ba ka nkoa ’me ba nyaloa. Empa ba ne ba sa lokela ho sebelisoa feela bakeng sa ho ikhotsofatsa ka ho kopanela likobo le bona. E tlameha ebe moko-taba oa Molao o ile oa susumelletsa Baiseraele ba lipelo li lokileng hore ba tšoare makhoba ka tlhompho le ka mosa, joalokaha eka ke basebetsi ba hiriloeng.—Exoda 20:10; 21:12, 16, 26, 27; Levitike 22:10, 11; Deuteronoma 21:10-14.
Bajuda ba bang ka ho ithatela e ile ea e-ba makhoba a Bajuda ba habo bona e le hore ba ka lefa melato ea bona. Tloaelo ena e ne e sireletsa batho tlaleng e khōlō ’me ha e le hantle e ne e fa ba bangata monyetla oa ho tsoa bofutsaneng. Ho feta moo, ka liketsahalo tsa bohlokoa tse neng li hlahella almanakeng ea Sejuda, makhoba a ne a lokela ho lokolloa haeba a ne a rata.a (Exoda 21:2; Levitike 25:10; Deuteronoma 15:12) Ha se bua ka melao ena e amanang le makhoba, setsebi sa Mojuda Moses Mielziner, se ile sa bolela hore “lekhoba le ne le sa khaotse ho ba motho, le ne le talingoa joaloka motho ea nang le litokelo tse itseng tsa botho tsa tlhaho, tseo esita le monghali oa lona a neng a ke ke a kena-kenana le tsona a sa natse letho.” Hoo ho ne ho fapane hakaakang ha ho bapisoa le mefuta ea tsamaiso ea bokhoba e hlekefetsang e silafalitseng litlaleho tsa histori!
Bokhoba le Bakreste
Bokhoba e ne e le karolo ea tsamaiso ea moruo ea ’Muso oa Roma, oo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba phela ka tlas’a oona. Kahoo, Bakreste ba bang e ne e le makhoba, ’me ba bang ba ne ba e-na le makhoba. (1 Bakorinthe 7:21, 22) Empa na see se bolela hore barutuoa ba Jesu e ne e le benghali ba makhoba ba hlekefetsang? Le hanyenyane! Ho sa tsotellehe seo molao oa Roma o neng o se lumella, re ka kholiseha hore Bakreste ba ne ba sa sotle ba neng ba le ka tlas’a bolaoli ba bona. Moapostola Pauluse o ile a ba a khothalletsa Filemone hore a tšoare lekhoba la hae Onesimase, eo e neng e se e le Mokreste, joaloka “mor’abo rōna.”b—Filemone 10-17.
Bibele ha e bontše hore ho etsoa ha batho makhoba ke batho ba bang e ne e le karolo ea morero oa Molimo oa mathomo bakeng sa moloko oa batho. Ho feta moo, ha ho boprofeta ba Bibele bo bolelang hore batho ba bang e tla ba makhoba a batho ba bang lefatšeng la Molimo le lecha. Ho e-na le hoo, Paradeiseng eo e tlang, “e mong le e mong [ea lokileng] o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.
Ka ho hlakileng, Bibele ha e iphapanyetse ho tšoaroa hampe ha batho ba bang ka tsela leha e le efe. Ho e-na le hoo, e khothalletsa tlhompho le ho lekana har’a batho. (Liketso 10:34, 35) E khothalletsa batho ka matla hore ba tšoare ba bang ka tsela eo le bona ba batlang hore batho ba ba tšoare ka eona. (Luka 6:31) Ho feta moo, Bibele e khothalletsa Bakreste hore ka boikokobetso ba nke ba bang joalokaha eka ba ba phahametse, ho sa tsotellehe boemo ba bona sechabeng. (Bafilipi 2:3) Melao-motheo ena e loantšana ka ho feletseng le mefuta e hlekefetsang ea bokhoba e ’nileng ea sebelisoa ke lichaba tse ngata, haholo-holo makholong a morao-rao tjena a lilemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba ea hore Molao o ne o lumella a mang ho lula le benghali ba ’ona e bontša ka ho hlaka hore bokhoba ba Iseraele e ne e se bo hlekefetsang.
b Ka mokhoa o tšoanang, Bakreste ba bang kajeno ke bahiri; ba bang ke bahiruoa. Feela joalokaha mohiri oa Mokreste a ne a ke ke a tšoara ba mo sebeletsang hampe, e tlameha ebe barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tšoara bahlanka ho ea ka melao-motheo ea Bokreste.—Matheu 7:12.