Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 9/8 maq. 15-18
  • Maikutlo a Fetohang ka Botsofali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Fetohang ka Botsofali
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Tloaelehileng
  • Maikutlo ka Botsofali
  • Palo ea Batho ba Tsofetseng ea Eketseha
  • Ho Ngola Tšoantšiso Bocha
  • Tlatsetso e Khōlōhali
  • Leka ka Matla ho Lula U le Mahlahahlaha
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bokhabane ba Moriri o Moputsoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Phela Haleletsana ’me U Ikutloe Hamolemonyana
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 9/8 maq. 15-18

Maikutlo a Fetohang ka Botsofali

UBA motho ea tsofetseng ha u le lilemo li kae? Ho bonahala karabo e itšetlehile ka hore na u botsa mang. Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka thabo ba tla re mang kapa mang ea lilemo tse ka holimo ho 25 o oela sehlopheng sena.

Ka lehlakoreng le leng, libini tsa opera li fihla sehlohlolong sa bocha ba tsona lilemo li se li ile. ’Me tlaleho e hlahang koranteng ea Australia ea The Sun-Herald e re mabapi le ba ikemiselitseng ho fumana boemo bo phahameng haholo mosebetsing: “’Nete ke hore hona joale haeba ha u e-s’o fihle boemong boo pele u e-ba le lilemo tse 40, u ke ke ua hlola u bo fihlela.”

Maikutlo a Tloaelehileng

Ba bang ba ka ’na ba nka hore batho ba baholo ba pepesehetse likotsi ba bile ba lieha ho tšoara, ’me ba tsofala kapele ’meleng. Na ho loketse ho ba le maikutlo a joalo? Ha e le hantle, ho latela lipalo-palo tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, sebakeng sohle sa Europe “lefu la motho a le mong ho a mang le a mang a mararo a likotsi tsa tseleng ke la batho ba ka tlase ho lilemo tse 25.” Ho feta moo, ho tsofala ha ’mele ho etsahala ka potlako lilemong tse pakeng tsa 30 le 40, ’me ha ho na bopaki ba hore matla a kelello ea motho ea phelang hantle a tsofala le ’mele.

Ho thoe’ng ka maikutlo a hore batho ba hōlileng ha e le hantle baa kula? The Medical Journal of Australia e re: “Khopolo-taba e tloaelehileng ke ea hore botsofali le maloetse ke ntho e le ’ngoe.” ’Nete ke hore batho ba bangata ba hōlileng ba ntse ba iphelela hantle ’meleng ’me ha ba inke ba tsofetse. Ba bang ba inka ka tsela e tšoanang le ea setsebi sa Leamerika litabeng tsa ’muso, Bernard Baruch ea ileng a re: “Kamehla ke nka motho ea tsofetseng e le motho ea mphetang ka lilemo tse leshome le metso e mehlano.”

Joale ke hobane’ng ha batho ba hōlileng hangata ba khetholloa ’me ka linako tse ling, ba bile ba sebetsoa ka leeme le totobetseng? Karabo e itšetlehile haholo boikutlong boo batho ba nang le bona ka botsofali.

Maikutlo ka Botsofali

Max Frankel o re ho The New York Times Magazine: “Maamerika a tahoa ke bocha hoo a fetotseng maikutlo a mecha ea litaba ka batho ba tsofetseng.” O re: “Batho ba hōlileng ba batla ba ntšitsoe ka ho feletseng mecheng ea litaba.” Sena se ka ’na sa thusa ho hlalosa ho ikhanyetsa ha kajeno ho lemohiloeng ke The UNESCO Courier: “Ha ho mohla . . . sechaba se kileng sa etsa ho hongata hakana bakeng sa baahi ba sona ba hōlileng. Ba rua molemo tšireletsong eo ba e fuoang moruong le boiketlong ba sechaba, empa pono eo sechaba se nang le eona ka bona ke e fosahetseng.”

Esita le lingaka li keneletse leemeng lena. Ho latela The Medical Journal of Australia: “Lingaka tse ngata, hammoho le sechaba ka kakaretso, ba lumela hore batho ba ka holimo ho lilemo tse 65 ba se ba fetiloe ke monyetla oa ho hlokomeloa pele bothata bo hlaha. . . . Boikutlo bona bo fosahetseng . . . bo bolela hore batho ba hōlileng ba ’nile ba qheleloa ka thōko litlhahlobong tse ngata tsa bohlokoa.”

Eona koranta ena e re: “Boikutlo bo fosahetseng ka batho ba baholo bao ho thoeng ke ‘maqheku,’ bo ka sebelisoa e le seitšireletso sa ho ba fa tlhokomelo e fokolang ea meriana. Mathata a mangata a tloaelehileng a ’mele, empa e le a fokolang, a kang ho fokotseha ha sekala sa mahlo le ho fokotseha ha kutlo aa hlokomolohuoa kapa a nkoe e le karolo e tloaelehileng ea ho tsofala. . . . Ho fetola tsela eo batho ba baholo ba nkoang ka eona ke habohlokoa haholo lenaneong la tlhokomelo ea pele ho hlaha bothata.”

Koranta ea tsa bongaka ea Brithani, The Lancet e re: “Mohlomong ho fihlile nako ea hore ho hlahlojoe haholoanyane tlhaloso e tloaelehileng ea se boleloang ke botsofali, bonyane linaheng tse tsoetseng pele.” Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Koranta eo ea hlalosa: “Tlhaloso e lokisitsoeng e ka ’na ea felisa lipolelo tse nyahamisang, tse mpe le tse tepelletsang tseo hangata li sebelisoang ho hlohlelletsa leeme le teng ka batho ba baholo ‘ba eketsehang,’ ba fumanang ‘tšebeletso e leeme’ cheleteng e fokolang e behelletsoeng ka thōko bakeng sa tlhokomelo ea bophelo.”

Palo ea Batho ba Tsofetseng ea Eketseha

’Nete ke hore batho ba tsofetseng ba eketsehile—le hona e le ka lebelo le leholo. The UNESCO Courier ea tlaleha: “Lefatšeng ka bophara, palo ea batho ba lilemo li 65 le ba ka holimo e tla be e eketsehile ka makhetlo a mane lipakeng tsa 1955 le 2025, ’me kakaretso ea baahi e tla be e imenne habeli.”

Palo ea batho ba hōlileng India e se e ntse e feta palo ea baahi bohle ba Fora. ’Me ho boleloa hore United States, limilione tse 76 tsa batho ba hlahileng nakong e ’nileng ea bitsoa ea seoa sa ho hlaha ha bana ka bongata lilemong tse 18 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše ba tla tlohela mosebetsi lilemong tse bohareng ba lekholo le tlang la lilemo. Leha tšekamelo ena e lebisoang baahing ba hōlileng ba lefatše e ntse e ngongorehisa litsebi tse ngata tsa moruo le basebeletsi ba tsa tlhokomelo ea bophelo, e boetse e etsa hore re hlahlobe bocha a mang a maikutlo ao re nang le ’ona ka botsofali.

Ho Ngola Tšoantšiso Bocha

Ba bang ba ka ’na ba bapisa bophelo le tšoantšiso e liketsahalo li tharo. Ho lebeletsoe hore mahlahahlaha a bocha le thuto e be tsona tse renang ketsahalong ea pele. Ketsahalo ea bobeli e thehiloe boikarabelong ba ho hōlisa lelapa le khatello ea mosebetsi o sa khaotseng. Ketsahalong ea boraro, batšoantšisi ba khothalletsoa hore ba tlohe sethaleng ba lule khocheletsaneng moo ba ke keng ba bonahala ’me ba emele ha ho koaloa lesira qetellong ea tšoantšiso.

Leha ho le joalo, ka mabaka a fapaneng, ho akarelletsa le lintlafatso tse ikhethang tlhokomelong ea bophelo le bohloeki ba ’mele lekholong la bo20 la lilemo, nako eo hona joale “batšoantšisi” ba e qetang ba sa nke karolo “ketsahalong ea boraro” e eketsehile ho fihlela lilemong tse 25. Ba bangata ha ba sa khotsofalla ho behelloa ka thōko mosebetsing. Palo e eketsehang ea batho bana ba hōlileng ba ntseng ba le mahlahahlaha e batla hore tšoantšiso e ngoloe bocha.

Tlatsetso e Khōlōhali

Khopolo e atileng ea hore boholo ba batho ba tsofetseng ba itšetlehile ka ba bang ho hang hase ’nete. The New York Times Magazine e tlaleha hore United States, “boholo ba batho ba tsofetseng baa ikhona, ba boemong bo bohareng licheleteng ’me ba na le matlotlo a fetang a banyalani ba bacha . . . hape litsebi litabeng tsa kahisano li lemoha ho hlaha ha sehlopha se matla sa . . . batho ba hōlileng ba ikhonang.” Philip Kotler eo e leng moprofesa oa ’maraka Univesithing ea Leboea-bophirimela United States o ile a fana ka maikutlo a hae tabeng ena. O itse: “Haufinyane bo-ralimmaraka ba tla nka mabota a bona a tšepahalang e le baahi ba ruileng ba lilemo li 55 le ho feta.”

Tlatsetso e etsoang ke batho ba hōlileng ba mafolofolo e akarelletsa lintho tse sa amaneng le chelete. The Sunday Telegraph ea Sydney e ile ea hlokomela hore Australia, “bo-nkhono hona joale ke bona ba hlokomelang bana, kaha basali ba fetang a le mong ho ba bararo ba sebetsang ba hlokomelloa bana ke bona ha ba le mosebetsing.”

Libakeng tsa metse ea Fora e kang Troyes, bohlale bo bokellaneng ba batho ba hōlileng bo nkoa e le letlotlo la bohlokoa. Bohlale bona bo rafshoa ho batho ba hōlileng ba sebelisoang lihoreng tsa ka mor’a sekolo hore ba rute bana litsebo tse kang ho betla mapolanka, ho etsa lintho tsa khalase, ho betla majoe, ho haha le ho sebetsana le lipompo tsa metsi. Ho phaella ho ruteng, batho ba hōlileng ba boetse ba ea sekolong ka bongata ho ea ithuta litsebo tse fapaneng.

Ho latela THE UNESCO Courier ea January 1999, “Mokhatlo oa Machaba o Paris oa Liunivesithi tsa Batho ba Hōlileng” o bolela hore “ho na le liunivesithi tse fetang 1 700 lefatšeng ka bophara tsa baahi ba hōlileng.” Mabapi le liunivesithi tsena, koranta eo ea tlaleha: “Le hoja tlhophiso le tsamaiso ea tsona e fapana ho ea ka linaha, liunivesithi tsa batho ba hōlileng hangata li na le takatso ea ho thusa batho ba hōlileng hore ba phethe karolo e khōlō mekhoeng le maemong a bophelo.” Se seng sa likolo tseo se Japane, se tlalehiloe se e-na le liithuti tse 2 500!

Alexandre Kalache eo e leng moeta-pele oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo le Lenaneo la ho Tsofala le la Bophelo bo Botle, o re: “Tlatsetso eohle e etsoang ke batho ba hōlileng malapeng a bona le sechabeng ka kakaretso ke e ke keng ea lekanngoa kaha e ngata hoo e ke keng ea buseletsoa.” O re: “Linaha . . . ha lia lokela ho nka baahi ba tsona ba hōlileng e le mathata empa ho e-na le hoo, li lokela ho ba nka e le bona ba ka rarollang mathata . . . , e le bona mohloli o ka sehloohong o ka sebelisoang.”

Ho ke ke ha latoloa hore ho thabela lilemo tsa rōna tsa botsofali ho ka susumetsoa ke maikutlo le leeme la ba bang, empa haholo-holo ho itšetlehile ka tsela eo rōna re talimang bophelo ka eona. U ka etsa eng hore u lule u le sehlahlo kelellong le ’meleng, esita leha ’mele oa hao o ntse o tsofala? Ka kōpo, bala lebokose le leqepheng la 12 le 13 ’me u utloe seo ba bang ba hōlileng ba reng ke lekunutu la ho lula ha bona ba le mahlahahlaha ba bile ba thabela bophelo.

Leka ka Matla ho Lula U le Mahlahahlaha

U tla hlokomela hore tšobotsi e tloaelehileng ea batho bana ba hōlileng ke ho boloka ha bona kemiso ea mosebetsi o nang le morero—ebang ke oa boipheliso kapa oa boithaopo. Ba boetse ba ikoetlisa kamehla, ba lula ba thahasella batho ba lilemo tsohle le ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa motheo tsa moea. Joalokaha u tla hlokomela, makunutu ana a bophelo bo thabileng bo mafolofolo a tla ruisa ba banyenyane le ba baholo molemo ka tsela e tšoanang.

Hona joale ’nete e bohloko ke ea hore le uena ha u ntse u bala sehlooho sena, u ntse u tsofala. (Moeklesia 12:1) Leha ho le joalo, e tla ba bohlale ho mamela kakaretso ea taba e ileng ea hlaha ho Bulletin of the World Health Organization: “Joalokaha bophelo bo ntšetsa mosebetsi pele, ho ba mahlahahlaha ho hlahisa monyetla oa bophelo bo botle.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Ba Lula ba le Mafolofolo ’me ba Thabela Bophelo

◼ AFRIKA BOROA: Piet Wentzel ea lilemo li 77 ke mosebeletsi oa moithaopi oa kamehla.

“Ke hlokometse hore ke habohlokoa ho ikoetlisa kamehla hore ke lule ke koenne ’meleng. E se e le lilemo tse ’maloa joale ke hlokomela serapa se senyenyane sa limela. Ke ikutloa ka tsela e fapaneng ka mor’a boikoetliso bo joalo. E le hore ke etse sohle se matleng a ka, ke ’nile ka leka ho susumetsoa ke molao-motheo o reng, ‘Ho hlōleha ho etsa qeto ho utsoa nako ’me tieho e feteletsa boemo.’”

[Setšoantšo]

“Ke ananela bohlokoa ba ho ikoetlisa kamehla.”—Piet

◼ JAPANE: Yoshiharu Shiozaki ea lilemo li 73 o sebetsa e le morekisi oa litša le mehaho.

“Ke tšoeroe ke seholoholo, khatello ea methapo ea mali le Meniere’s disease. Matsatsi a mane bekeng ke sebelisa baesekele ho ea mosebetsing; ’me ho ea le ho khutlela hae ke sebaka sa lik’hilomithara tse 12. Bona ke boikoetliso bo botle ho ’na, ’me ha bo utloise letheka la ka bohloko empa bo matlafatsa mesifa ea ka ea maoto. Ke leka ka matla ho boloka khotso le ba bang, ho akarelletsa le baahelani ba ka. Ke leka ho se batle mefokolo le liphoso tsa ba bang. Ke lemohile hore batho ba arabela ka potlako ha ba khothatsoa ho e-na le ha ba nyatsuoa.”

[Setšoantšo]

“Ke leka ho se batle mefokolo ea ba bang.”—Yoshiharu

◼ FORA: Léone Chalony ea lilemo li 84 ke moevangeli oa kamehla.

“Ha ke ne ke tlohela mosebetsi ka 1982, ho ne ho le boima hobane ke ne ke rata mosebetsi oa ka oa ho lokisa moriri. Kaha ke ne ke se na boikarabelo, ke ile ka ba pula-maliboho, kamoo baevangeli ba kamehla ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng. Ho ba le lithuto tse ngata tsa Bibele le batho ba thahasellang ho nthusitse hore ke lule ke le sehlahlo kelellong. Kaha ha ke na koloi, ke tsamaea ka maoto haholo. Sena se mpoloka ke phela hantle.”

[Setšoantšo]

“Ho ba le lithuto tse ngata tsa Bibele ho nthusa hore ke lule ke le sehlahlo kelellong.”—Léone

◼ BRAZIL: Francisco Lapastina ea lilemo li 78 ke mosebeletsi oa moithaopi oa kamehla.

“Hangata ha ke khopehe ha motho e mong a nkutloisa bohloko kapa a ntlhokomoloha. Ke nka hore e ka ’na eaba motho o na le ntho e mo hateletseng kelellong kapa mathata a itseng. Kaofela ha rōna re ba le matsatsi ao re sa beng le botsoalle ka ’ona. Ke leka ho se tšoare motho ka pelo le hona ho hopola hore le ’na batho ba ntse ba tlameha ho ’mamella. Sena se nthusitse hore ke be le metsoalle e mengata ea sebele.”

[Setšoantšo]

“Ke leka ho se tšoare motho ka pelo.”—Francisco

◼ AUSTRALIA: Don MacLean ea lilemo li 77, o ntse a sebetsa lihora tse 40 ka beke.

“Lilemo tse ’nè ka mor’a hore ke buuoe pelo, ke ntse ke e-na le bophelo bo botle. Ha kea ka ka nka ho buuoa hona e le qalo ea ho ba sekooa bophelo bohle ba ka. Ke ntse ke tsoela pele ho otlolla maoto ka ho tsamaea letsatsi le leng le le leng joalokaha ke ’nile ka ho etsa ka lilemo. Ha ke ne ke sa le monyenyane ’me ke bona ba bang ba tsofala pele ho nako ea bona, kamehla ke ’nile ka etsa qeto ea hore ha ke na ho itlohella hore ke tsofale pele ho nako. Ke thabisoa haholo ke ho tseba batho ba bang le ho qoqa le bona. Haeba re etsa lintho tsa moea karolo ea bophelo ba rōna, re tla fumana molemo oa se hlalositsoeng ho Pesaleme ea 103:5: ‘[Jehova] o khotsofatsa nako ea hao ea bophelo ka se molemo; bocha ba hao bo lula bo inchafatsa feela joaloka ba ntsu.’”

[Setšoantšo]

“U se ke ua tsofala pele ho nako.”—Don

◼ JAPANE: Chiyoko Chonan ea lilemo li 68 ke moevangeli oa kamehla.

“Senotlolo sa ho boloka bophelo bo botle ke ho qoba ho imetsa kelello ka lintho tse sithabetsang le ho khathala. Ke leka ho se amehe ho tlōla tekanyo ka lintho ’me ke fumana hore ho fetola tsela eo ke phelang ka eona nako le nako hoa nthusa. Haufinyane tjena ke sa tsoa ithuta ho sebelisa sesebelisoa se nkoetlisang menoana le kelello. Ke nahana hore ho molemo ho qala lintho tse ncha.”

[Setšoantšo]

“Ke nahana hore ho molemo ho qala lintho tse ncha.”—Chiyoko

◼ FORA: Joseph Kerdudo ea lilemo li 73 ke mosebeletsi oa moithaopi oa kamehla.

“Tsela ea bohlokoa ea ho tsofala hantle ke ho lula u le mahlahahlaha ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho sebetsa ho tlisa khotsofalo, ’me u tlameha ho hlokomela seo u se jang le ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ke nahana hore ha bophelo bo e-na le morero, ho ba le phapang e itseng. Ke nka hore bomoea bo bohlokoa haholo ho re thusa hore re lule re phela hantle. Pele ke e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne ke le motho ea hlōlehang ho etsa liqeto le ea hlokang tšepo haholo. Ho tseba linnete tsa Bibele ke matla a sa tloaelehang a fang motho matla a kelello a mo thusang hore a sebetsane ka katleho le maemo a fapaneng.”

[Setšoantšo]

“Bomoea bo bohlokoa haholo.”—Joseph

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela