Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 27-29
  • Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Khetho e Bohlale
  • Ho Khetha ho Hong ho Molemo
  • Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 27-29

Pono e Leka-lekaneng ka Mosebetsi

OFISIRI e ’ngoe ea sesole e neng e inehetse e ile ea sebetsa nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare moo e batlang ho qeta mosebetsi o potlakileng oo mookameli oa eona ea boemong bo phahameng a neng a o batla. Ha basebetsi-’moho le eena ba khutla, ba ile ba mo fumana a tjapaletse holim’a mosebetsi o neng o le deskeng ea hae—a shoele.

Ho e-s’o fete le lihora tse peli ka mor’a moo, liofisiri tse neng li sebetsa le eena li ile tsa hlolloa ha mookameli eo a ba founela ’me a re: “Ke masoabi ka ———, empa hosasa hoseng ke batla a be a nketsoe sebaka ke e mong!” Sena se ile sa etsa hore bashebelli ba ipotse, Na se neng se le bohlokoa ho mookameli eo e ne e le feela mosebetsi o etsoang ke ofisiri eo?

Phihlelo ena ea sebele e totobatsa seo e leng ’nete—hore hangata bohlokoa ba motho bo lekanngoa ka ho feletseng tabeng ea hore na o tsoela mohiri oa hae molemo hakae. Sena se ka etsa hore motho a ipotse: Na ke phelela ho sebetsa kapa ke sebeletsa ho phela? Ke likarolo life tsa bophelo ba ka tseo ke li tellang mosebetsi oa ka?

Ho Etsa Khetho e Bohlale

Likhetho tse peli tseo ba bang ba nkang hore ke tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong hangata li etsoa ka ho nkeha maikutlo—khetho ea molekane oa lenyalo le khetho ea mosebetsi. Mosebetsi le lenyalo li kile tsa nkoa e le lintho tsa ka ho sa feleng. Ka hona, ho ne ho nahanoa ka ho teba ha li ne li khethoa. Hangata ho ne ho batloa keletso ho metsoalle e hōlileng kapa ho batsoali.

Leha ho le joalo, matsatsing ana ho bonahala ba bangata ba khetha molekane oa lenyalo ba itšetlehile feela ka botle ba ’mele, ba ipoleletse hore haeba lintho li sa tsamaee hantle, ba ka ipatlela molekane e mong. Ka ho tšoanang, ba bangata ba khetha mosebetsi ba itšetlehile ka ponahalo ea oona e khahlang, ba sa nahane ka mathata a ka bang teng. Kapa bonyane ba qhelela thōko ka potlako mathata a ka ’nang a hlaha, ba ipolelle, ‘Ke tla khona ho a jara.’

Ka masoabi, basali ba linaheng tse futsanehileng haholoanyane hangata ba amohela mesebetsi e bolelisoang e fana ka bophelo bo mabothobotho e sebakeng se seng. Leha ho le joalo, ha ba fihla naheng eo e ’ngoe, hangata ba romeloa matlong a botekatse, moo ho fetoloa ha bona matekatse ho leng hobe ho feta bophelo boo ba neng ba bo phela pele. Ho latela sehlooho se seng se hlahileng ho World Press Review, mokhoa ona o nyarosang oa bokhoba ba mehla ea kajeno ke “seoa se ke keng sa fela.”

Na batho ba ka boela ba ekoa hore ba amohele mosebetsi o bonahalang o le motle ebe hamorao ba iphumana ba le boemong boo ekang ke makhoba? Sena se ’nile sa etsahala! Ka mohlala, lik’hamphani tse ling li fana ka melemo e mabothobotho bakeng sa basebetsi ba tsona. Melemo ena e ka akarelletsa libaka tsa ho jela mosebetsing tse ka sebelisoang ke lelapa le metsoalle, ho lokisetsoa sepalangoang mahala le ho hlatsoetsoa liaparo dry clean, ho ba le ngaka ea meno sebakeng sa mosebetsi, ho sebelisa libaka tsa boikoetliso ba ’mele mahala, le ho khahlametsoa ka chelete ea ho ja lireschorenteng tse bitsang chelete e ngata.

Moqolotsi oa litaba, Richard Reeves oa tlaleha: “K’hamphani e ’ngoe e bile ea lefella litšenyehelo tsa ho intša ha basebetsi ba eona ba sebelitseng ho tlōla tekano.” Empa hlokomela! Oa hlalosa: “Lik’hamphani tsena li etsa litokisetso tsena hore bophelo ba hao bo be bonolo hafeela u li lumella hore li laole bophelo ba hao; haeba u sebetsa lihora tse 18 ka letsatsi ’me u se na khefu le ka mafelo-beke, haeba u e-ja, u ikoetlisa, u bapala esita le hona ho robala ofising molemong oa hore feela tsona li fumane phaello.”

Ho Khetha ho Hong ho Molemo

Maele a boholo-holo a re: “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4) Maele a joalo a phahamisa potso, Na mosebetsi oa ka o bohlokoa hoo nka telang bophelo ba ka kapa boiketlo ba ka? Ha ba arabela, ba bangata ba ’nile ba hlahloba bocha boemo ba bona ’me ba fumana mokhoa oa ho itlhokomela hantle—hammoho le malapa a bona haeba ba e-na le ’ona—haesita le ho phela ba thabile, ba e-na le morero bophelong.

Ke ’nete hore ho etsa sena hangata ho hloka boikokobetso ’me ho ka hloka hore motho a etse qeto ea hore na litlhoko tsa hae ke life, eseng lintho tseo a li batlang tseo e seng tsa bohlokoa. Ba batlang maemo a phahameng le botumo ba ka hana khetho ea bophelo bo itekanetseng ba ba ba nka ba etsang joalo e le maoatla. Empa ha e le hantle ke eng seo e leng sa bohlokoa bophelong? Na morao tjee u kile ua ipotsa potso ee?

Morena Solomone ea bohlale, ea ngotseng maele a qotsitsoeng ka holimo, o ne a finyeletse ho hongata linthong tse bonahalang ho feta mohlomong leha e ka ba mang e mong. Empa ha a akaretsa seo e leng sa bohlokoa ba sebele, o ile a ngola tlas’a pululelo ea bomolimo: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moeklesia 12:13.

Ka nako e tšoanang, Solomone o ne a nka mosebetsi e le oa bohlokoa. O ngotse: “Ha ho letho le molemo ho feta hore [motho] a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moeklesia 2:24) Jesu Kreste, Solomone e Moholoanyane, ka ho tšoanang o ne a nka mosebetsi e le oa bohlokoa ho tšoana le kamoo Ntat’ae oa leholimo a neng a o nka kateng. Jesu o hlalositse: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.”—Johanne 5:17; Matheu 12:42.

Leha ho le joalo, hajoale nako ea ho phela ha motho e lekanyelitsoe. (Pesaleme ea 90:10) Empa Kreste oa tseba hore bophelo bo sa feleng lefatšeng bo tla ba teng tlas’a puso ea ’Muso oo a ileng a rapella balateli ba hae hore ba o rapelle. Ke ka hona a ileng a khothalletsa tjena Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng: “Joale, le ’ne le batle ’muso [oa Molimo] pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:9, 10, 33.

Mabapi le bophelo tlas’a puso ea ’Muso oo, Bibele ea tšepisa: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; . . . bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:21, 22.

Ke tebello e babatsehang hakaakang—ho thabela bophelo bo sa feleng bo tla akarelletsa mosebetsi o khotsofatsang o nang le morero! Ho hlahloba boemo ba rōna ka ho tebileng ho ka senola hore re tlameha ho nahana hape ka likarolo tse itseng tsa mosebetsi oa rōna kajeno e le hore re qobe likotsi tse ka hlahang tse ka amang hampe monyetla oo re nang le oona oa ho thabela “bophelo ba sebele”—bophelo ba ka moso tlas’a ’Muso oa Molimo. (1 Timothea 6:19) Kahoo, e se eka re ka bontša mosebetsing oa rōna kapa nthong leha e le efe eo re e etsang hore re hlompha Ea re fileng bophelo.—Bakolose 3:23.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho ba tla ba le mosebetsi o sireletsehileng le o putsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela