Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 maq. 14-16
  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaolela Tabatabelo ea ho Bolela
  • Itsebahatse
  • Ho Thoe’ng Haeba ke Teana le eo ke Kenang Sekolo le Eena?
    Tsoha!—2002
  • Nka Etsa Hore ’Nete e be ea ka Joang?
    Tsoha!—1998
  • Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 4/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?

“Ke ne ke ntse ke etsa mosebetsi oa boboleli ha ke tla kopana le motho eo ke mo tsebang. Ke ile ka tšoha haholo! Motho ea neng a sebetsa le ’na o ile a tlameha ho ’namolela.”—Alberto.

“Ke ne ke tseba hore e mong oa bao ke kenang sekolo le bona o lula seterateng sena, kahoo ke ile ka etsa bonnete ba hore moholoane oa ka o bua ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mor’a nako e itseng o ile a khathala ke ho bua eaba o kōpa hore ke bue ntlong e latelang. Ke ile ka kokota, ’me—jooe!—e ne e le habo eo ke kenang sekolo le eena! Ke ile ka oma ke letsoalo!”—James.

HANGATA bacha ba nahana hore ho bua ka bolumeli ho siiloe ke nako. Leha ho le joalo, har’a Bakreste ba ’nete, bacha ba thabela tokelo eo ba e filoeng ke Molimo ea ho arolelana tumelo ea bona le ba bang. Ka lebaka leo bacha ba Lipaki tsa Jehova ba likete ba kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Empa ba bang ba etsa joalo ka tšabo ea hore ba ka ’na ba kopana le e mong eo ba mo tsebellang sekolong. Le hoja e se e le lilemo tse ngata Jennifer a qetile sekolong se phahameng, o re: “Ke sa ntse ke ferekana ha ke teana le batho bao ke neng ke kena sekolo le bona.”

Haeba u Mokreste ea sa ntseng a le mocha, ka linako tse ling le uena u ka ikutloa joalo. Ke ’nete hore kaofela ha rōna ha re batle ho qheleloa thōko, kahoo ke ntho ea tlhaho ho otloa ke letsoalo ha u lokela ho buisana le bao u kenang sekolo le bona ka bolumeli.a Empa ha ho na lebaka la hore u tšabe. Na u sa hopola monna eo Bibele e reng ke “Josefa ea tsoang Arimathea”? O ne a lumela lintho tseo a ileng a ithuta tsona ho Jesu. Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa Josefa e le “morutuoa oa Jesu empa oa sephiri ka lebaka la ho tšaba Bajuda.” (Johanne 19:38) U ne u ka ikutloa joang ka motsoalle ea batlang ho boloka setsoalle sa lōna e le sephiri? (Luka 12:8, 9) Kahoo, ha ho makatse hore ebe Molimo o lebeletse hore Bakreste bohle ba ‘bolele tumelo ea bona phatlalatsa.’ (Baroma 10:10) Sena se ka akarelletsa ho bua le bana bao u kenang sekolo le bona.

Josefa oa Arimathea o ile a hlōla tšabo ea hae, bonyane ho ea bohōleng boo a ileng a batla tumello ea ho pata setopo sa Jesu. U ka hlōla tšabo ea hao joang?

Ho Hlaolela Tabatabelo ea ho Bolela

Ka sebele moapostola Pauluse o ne a sa tšabe ho arolelana tumelo ea hae le ba bang. Ho Baroma 1:15, o itlhalosa e le ea labalabelang ho bolela molaetsa oa Bibele. Tabatabelo e joalo e ne e bakoa ke eng? Joalokaha ho tlalehiloe temaneng ea 16, o re: “Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.” Ho thoe’ng ka uena? Na u hlile u ipakela e le uena hore ke ’nete? (Baroma 12:2) Na u kholisehile hore molaetsa oa Bibele ke “matla a Molimo a poloko”?

Ho ba teng libokeng tsa Bokreste le batsoali ba hao ha hoa lekana. Mocha e mong ea bitsoang Deborah o re: “Ho bonolo ho ea libokeng, hobane batsoali ba hao ba re u ee. Empa ha batho ba ne ba mpotsa lipotso tse amanang le Bibele, ke ne ke sa tsebe ho itlhalosa.” Mocha e mong ea bitsoang Mi Young ka ho tšoanang oa lumela: “Re lokela ho ikholisa hore ena ke ’nete.”

Ke eng e ka u susumelletsang ho abela ba bang tsebo ea hao ea Bibele? Thuto ea botho. Mocha e mong ea bitsoang Sean o re: “Ha u qala ho ba le thuto ea botho ea Bibele, u qala ho phelela ’nete. U ithuta eona.” Ke ’nete hore ka tlhaho hase motho e mong le e mong ea ratang ho ithuta. Shevon o re: “Ha ke rate ho bala. Qalong ho ne ho le thata ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! kapa ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. Empa ka mor’a nako e itseng, ke ile ka qala ho li bala.”

Phello ea thuto e mafolofolo joalo ke eng? Moapostola Pauluse o re: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Ha tumelo le kholiseho ea hao li ntse li hōla, ha ho pelaelo hore boitšoaro ba hao bo tla fetoha. Mocha e mong oa Brazil ea bitsoang Elisângela o lihella likhala ka ho re: “Ho ba Mokreste ke tokelo, hase ntho eo u ka hlajoang ke lihlong ka eona.” Ka sebele, ha tumelo ea hao e ntse e hōla, u susumelletseha ho bua le ba bang—ho kopanyelletsa le liithuti-’moho le uena. Pauluse o itse: “Re bontša tumelo ’me ka hona rea bua.” (2 Bakorinthe 4:13) Ntle ho moo, u ka ‘hloeka maling’ a ba bang joang haeba u tima bacha bao u ba bonang kamehla tsebo e fanang ka bophelo?—Liketso 20:26, 27.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba Bakreste ba ikutloa eka ha baa hlomelloa ka ho lekaneng hore ba ka bua le ba bang ka Bibele. Mocha e mong ea bitsoang Joshua o re: “Haeba u sa tsebe seo u lokelang ho se bua, ho leka ho etsa mosebetsi oa boboleli ha ho thabise ho hang.” Hape, ho ba le kutloisiso e tebileng ea Bibele ho tla u thusa ho ba ea tšoanelehang ka ho feletseng. (2 Timothea 2:15) Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, bacha ba ka atamela baholo ba phutheho ’me ba kōpa thuso e le hore ba ka hlaolela tsebo ea ho ruta. Mocha e mong oa Lejeremane ea bitsoang Matthias o re: “Ha ke ne ke qala ho buisana le batho—eseng ke ba fa lingoliloeng tsa Bibele feela—ke ile ka qala ho thabela mosebetsi oa boboleli.”

Qetellong, u ka rapela Molimo hore a u thuse ho bua le ba bang ka sebete. (Liketso 4:29) Moapostola Pauluse ka boeena o ile a latsoa thuso ea Molimo ntlheng ena. Ho 1 Bathesalonika 2:2, o re: ‘Re ile ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.’ Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, polelo ena e ka ’na ea fetoleloa tjena, “Molimo o ile a ntša tšabo lipelong tsa rōna.” Kahoo, ke hobane’ng ha u sa rapele Molimo ’me u mo kōpe hore a ntše tšabo pelong ea hao?

Itsebahatse

U ka nka mehato e bontšang sebete tumellanong le thapelo eo. Mocha e mong oa Brithani ea bitsoang Chic oa eletsa: “Bolella liithuti-’moho le uena hore u Mokreste.” Ha u batle ho ba ‘morutuoa oa sephiri.’ Mocha e mong ea bitsoang Rebecca o re o ne a tšoha ha a teana le motho ea mo tsebang mosebetsing oa boboleli. Empa o re o lemohile hore “haeba u ba bolella hore u Mokreste le hore u ea ka ntlo le ntlo, ka linako tse ling ba ee ba botse, ‘Na ho na le mohla u tla tla heso?’”

Empa ke hobane’ng ha u lokela ho ema ho fihlela u teana le e mong u sa lebella? Batla menyetla ea ho bolella ba bang ka tumelo ea hao sekolong. Hopola potso eo moapostola Pauluse a ileng a e botsa: “Ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” (Baroma 10:14) U boemong bo botle haholo ba ho thusa liithuti-’moho le uena ho utloa. Mocha e mong ea bitsoang Iraida oa hlokomela: “Sekolo ke tšimo ea ho etsa mosebetsi oa boboleli e ka finyelloang ke rōna feela.” Kahoo bacha ba bangata ba nka monyetla oa boemo bona ka ho etsa mosebetsi oa boboleli ka mokhoa o sa reroang.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho na le mesebetsi ea sekolo e u bulelang monyetla oa ho abela ba bang linnete tsa Bibele. Ngoanana e mong oa Brithani ea bitsoang Jaimie o re: “Re ne re buisana ka khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng ea saense, eaba ke bua ka tumelo ea ka. E mong oa bashemane o ile a mphoqa ka hore Lipaki tsa Jehova lia fokola kelellong ebile ha lia lokela ho lumelloa ho kena sekolo. Leha ho le joalo, kapele-pele bana ba bang ka tlelaseng ba ile ba ba ka lehlakoreng la ka.” Ka ho hlakileng, botumo ba hae bo botle e le Mokreste ea behang mohlala bo ile ba hlahisa litholoana. Jaimie oa phaella: “Ke ile ka qetella ke tsamaiselitse seithuti-’moho le ’na buka ea Is There a Creator Who Cares About You?”b

Ngoanana e mong ea lilemo li 14 oa Romania ea bitsoang Roxana o pheta phihlelo e tšoanang, o re: “Tichere ea ka e ile ea re tlelase e ne e tla ba le puisano ka tšebeliso ea joala, koae le lithethefatsi. Kahoo ke ile ka tla le Tsoha! ea March 22, 2000 [ka Sesotho ke ea April 8, 2000], e nang le sehlooho se reng ‘Tsela ea ho Khaotsa ho Tsuba.’ Seithuti-’moho le ’na se ile sa bona makasine eo, sa e nka, ’me sa hana ho e khutlisa. Ka mor’a hore se e bale se ile sa re se ikemiselitse ho tlohela ho tsuba.”

Hase kamehla u tla teana le batho ba arabelang hantle joalo. Empa Moeklesia 11:6 ea re khothatsa: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho.” Le haeba lintho li sa u tsamaele hantle, ho arolelana tumelo ea hao le ba bang sekolong e tla ba motheo bakeng sa puisano e thabisang haholoanyane haeba u ka teana le eo u kenang sekolo le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Mocha oa Brithani ea bitsoang Jessica o re: “Ha e le hantle ho bonolo ho pakela bao u kenang sekolo le bona hobane u se u ba tloaetse.” U ka ’na ua makatsoa ke kamoo ba bang bao u kenang sekolo le bona ba labalabelang ho tseba ka tumelo ea hao kateng.

Ke ’nete hore hase bohle ba tla u amohela ka tsela e mosa. Empa Jesu o ile a fana ka keletso ena e sebetsang: “Kae kapa kae moo mang kapa mang a sa le amoheleng kapa a sa mameleng mantsoe a lōna, ha le tsoa ntlong eo . . . le hlohlore lerōle maotong a lōna.” (Matheu 10:14) Ka mantsoe a mang, ha ua lokela ho nka ho qheleloa thōko e le khopiso. Itsamaele ka khotso ’me u batle motho e mong ea ikemiselitseng ho mamela. Ka nako e ’ngoe u tla fumana ba lipelo li tšepahalang ba lapetseng ’nete le ba ikemiselitseng ho mamela. Na e ne e ke ke ea e-ba ho putsang haeba e mong oa bona e le seithuti-’moho le uena? Haeba ho joalo, u tla thabela hore u ile ua hlōla tšabo ea hao ea ho arolelana tumelo ea hao le bao u kenang sekolo le bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ho Thoe’ng Haeba ke Teana le eo ke Kenang Sekolo le Eena?” se hlahileng tokollong ea rōna ea March 8, 2002.

b E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

“Ha u qala ho ba le thuto ea botho ea Bibele, u qala ho phelela ’nete.”—Sean.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

U se ke ua tšaba ho itsebahatsa u le Mokreste

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Mesebetsi ea sekolo e u bulela monyetla oa ho abela ba bang linnete tsa Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela