Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 6/8 maq. 30-31
  • Na Bakreste ba Lokela ho Bolella Batho ba Bang ka Bolumeli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Bolella Batho ba Bang ka Bolumeli?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ruta ka Matla a ho Laela
  • Qobello Kapa Tšusumetso—Ke Hofe?
  • Qeto ea Botho
  • “Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Ho ba Basebeletsi ba Khemang le Linako le ba Tenyetsehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “U Tsoele Pele ho Ikitlaetsa . . . ho Ruteng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Sebelisa Temohisiso le Tšusumetso ha U Ruta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 6/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Na Bakreste ba Lokela ho Bolella Batho ba Bang ka Bolumeli?

MOHLOMONG tsela eo u hōlisitsoeng ka eona kapa setso sa hao se bolela hore bolumeli ke ntho e lokelang ho tšohloa ka lelapeng kapa ka kerekeng feela. Ka lebaka leo, mohlomong u ka teneha haeba motho a tla lelapeng la hao a tšoere Bibele a sa u tsebisa. Ba bang ba bile le pono e joalo ka lebaka la liketso tse nyarosang historing ea bolumeli tse ileng tsa etsoa ke batho ba neng ba ikhakantse ka hore ba tliselitse batho poloko.

Histori ea lichaba tse ngata e bua ka batho ba bangata ba ileng ba sokoloha, eseng hobane ba ne ba rata Kreste, empa hobane ba ne ba tšaba hore ba tla bolaoa. Batho ba bangata ba ile ba ipata, ba siea mahae le linaha tsa habo bona kapa ba lahleheloa esita le ke bophelo ba bona—ba bang ba bolaoa ka ho chesoa thupeng—ho e-na le hore ba sokolohele bolumeling ba bahlorisi ba bona.

Mangolo a bululetsoeng a Bibele ha a tšehetse liketso tse joalo tsa ho qobella batho ho sokoloha. Kahoo, na see se bolela hore ho abela ba bang lithuto tsa bolumeli ba hao ha hoa loka? Bibele ka boeona ea araba.

Ho Ruta ka Matla a ho Laela

Pele, ak’u nahane ka mohlala o behiloeng ke Jesu Kreste. E ne e le mosuoe ea hloahloa ea neng a e-na le tšusumetso bophelong ba bamameli ba hae. (Johanne 13:13, 15) Thutong ea Thabeng, thuto ea hae e ne e le bonolo empa e le matla. E ile ea siea bamameli ba hae ba ‘hloletsoe ke tsela ea hae ea ho ruta; kaha o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le matla.’ (Matheu 7:28, 29) Lilemo tse ka bang 2 000 hamorao, lithuto tsa hae li ntse li susumetsa bophelo ba bohle ba li hlahlobang. E le ha a hatella ntlha ena, moprofesa Hans Dieter Betz o ile a bolela hore “Thuto ea Thabeng e na le tšusumetso e fetang hōle meeli ea Bojuda le ea Bokreste, kapa esita le ea mekhoa ea Bophirimela ea bophelo.”

Pelenyana a nyolohela leholimong, Jesu o ile a fana ka taelo e ileng ea tiisa hore ka mor’a lefu la hae mosebetsi oa ho ruta oo a o qalileng o ne o tla tsoela pele le ho atleha. (Johanne 14:12) O ile a laela barutuoa ba hae ho ea ho batho ba lichaba tsohle, ba “ba rute ho boloka lintho tsohle” tseo a neng a ba laetse tsona. Morero o ka sehloohong oa mosebetsi ona o ile oa hlakisoa ha Jesu a ne a re lengolong lona leo: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.”—Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8.

Hape nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ka mor’a hore a sokolohele Bokresteng, o ne a sa tšabe ho arolela ba bang tumelo ea hae e ncha. (Liketso 9:17-19, 22) Pauluse o ne a tloaetse ho bua lisynagogeng le ho paka “ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” Ka bohlale o ile a “behelana mabaka le bona ka Mangolo” e le hore a ka “susumetsa Bajuda le Bagerike.” Ho ea ka mohloli o mong oa boitsebiso, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa lentsoe “susumetsa” le bolela “ho etsa hore motho a fetole kelello ea hae ka ho mo behela mabaka kapa ka ho mo hapa ka mekhoa e metle.” Hobane Pauluse o ne a behelana mabaka le batho ka mokhoa o susumetsang, qetellong o ile a ‘susumetsa bongata bo boholo eaba o bo retelletsa maikutlong a mang.’—Liketso 15:3; 17:1-4, 17; 18:4; 19:26.

Qobello Kapa Tšusumetso—Ke Hofe?

Mehleng ea kajeno, lentsoe “ho sokolla” le ’nile la sebelisoa ho bolela ho qobella batho ho fetoha ka tsela e itseng. Bibele ha e tšehetse mokhoa o joalo. Ho e-na le moo, e ruta hore batho ba bōpiloe ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela seo ba batlang ho se etsa hammoho le tokelo le boikarabelo ba ho ikhethela tsela eo ba batlang ho phela ka eona. Sena se akarelletsa le qeto ea kamoo ba batlang ho rapela Molimo kateng.—Deuteronoma 30:19, 20; Joshua 24:15.

Jesu o ne a hlompha tokelo ena e fanoeng ke Molimo ka hore le ka mohla a se ke a sebelisa matla a hae a maholo le bolaoli ho hatella, kapa ho qobella motho e mong ho amohela mantsoe a hae. (Johanne 6:66-69) O ile a susumetsa bamameli ba hae ka ho ba behela mabaka a utloahalang, ka ho etsa lipapiso, le ka ho ba botsa lipotso tse fatang maikutlo e le hore a ka finyella lipelo tsa bona. (Matheu 13:34; 22:41-46; Luka 10:36) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho bontša ba bang tlhompho e tšoanang.—Matheu 10:14.

Ho totobetse hore Pauluse o ile a nka Jesu e le mohlala bakeng sa tšebeletso ea hae. Le hoja a ne a susumetsa bamameli ba hae ka ho behelana mabaka le bona ka Mangolo, Pauluse o ne a hlompha maikutlo le pono ea ba bang. (Liketso 17:22, 23, 32) O ne a utloisisa hore lerato bakeng sa Molimo le Kreste ke lona le neng le tlameha ho re susumelletsa ho sebeletsa ’Mōpi oa rōna ka mafolofolo. (Johanne 3:16; 21:15-17) Ka lebaka leo, qeto ea rōna ke ea botho.

Qeto ea Botho

Batho ba nang le kahlolo e molemo ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong, tse joaloka hore na ba reke ntlo e joang, ba sebetse hokae le hore na ba hōlise bana joang, ha ba etse joalo ka ho nkeha maikutlo. Ba ka batla menyetla e meng e eketsehileng, ba nahanisisa ka seo ba se fumaneng, ’me mohlomong, ba kōpe keletso. Ba ka etsa qeto feela ka mor’a hore ba nahanisise ka lintho tsena.

Qeto ea kamoo re lokelang ho rapela Molimo kateng e lokela ho fuoa nako e eketsehileng le boiteko ho feta qeto leha e le efe e ’ngoe eo re e etsang bophelong. E tla ama tsela eo re phelang ka eona hona joale, ’me habohlokoa le ho feta ke hore, e tla ama tebello ea rōna ea bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Sena se ile sa utloisisoa ka ho hlaka ke Bakreste ba Berea ba lekholong la pele la lilemo. Le hoja ba ile ba bolelloa litaba tse molemo ke moapostola Pauluse ka boeena, ba ile ba tsoela pele ho hlahlobisisa Mangolo ka hloko kamehla ho tiisa hore seo ba neng ba se rutoa e ne e le ’nete. Ka lebaka leo, ‘ba bangata ba bona e ile ea e-ba balumeli.’—Liketso 17:11, 12.

Kajeno, Lipaki tsa Jehova li ntšetsa pele mosebetsi oa ho ruta le ho etsa barutuoa o ileng oa hlophisoa ke Jesu. (Matheu 24:14) Li hlompha tokelo ea ba bang ea ho ba le bolumeli ba bona. Empa ha ho tluoa tabeng ea ho arolelana bolumeli ba tsona le batho ba bang, li latela mohlala o fumanoang Bibeleng. E, li beha mabaka ka Mangolo ka mokhoa o tšepahalang ha li etsa mosebetsi o bolokang bophelo.—Johanne 17:3; 1 Timothea 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela