Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 7/8 maq. 16-18
  • Nka Sebelisana Joang le Motho eo ke Lulang le Eena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebelisana Joang le Motho eo ke Lulang le Eena?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebanang
  • Ho Phela ka Molao oa Khauta
  • Ho Sebetsana le ho Phehisana Khang
  • Melemo
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Sebelisana le Motho eo ke Lulang le Eena?
    Tsoha!—2002
  • Nka Fumana Motho ea Nepahetseng eo Nka Lulang le Eena Joang?
    Tsoha!—2002
  • Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa o Amme Liqeto Tsa ka Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na ke se ke Loketse ho Tloha Lapeng?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 7/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebelisana Joang le Motho eo ke Lulang le Eena?

“Ke ne ke batla kichine e hloekileng. Empa batho bao ke lulang le bona ba ne ba se na taba le hore ho tletse lijana hohle kapa ba siile lintho holim’a setofo. Hoo ho ne ho sa re letho ho bona.”—Lynn.a

BATHO bao u lulang le bona. Mongoli Kevin Scoleri o re: “E ka ba metsoalle e molemo ka ho fetisisa kapa lira tse mpe ka ho fetisisa.” Mohlomong maikutlo a hao ka taba ena ha a matla hakaalo, empa ke ’nete e ke keng ea latoloa hore ho lula le motho e mong ke phephetso ea sebele.b Lintoa tsa batho ba lulang hammoho li atile haholo har’a liithuti tsa univesithi hoo ho ea ka U.S.News & World Report, likolo tse ngata li etsang “boiteko bo khethehileng” ho thusa liithuti tse lulang hammoho hore li sebelisane, haesita le ho ba le “mananeo a ho lokisa likhohlano” le liseminare.

Ho arolelana folete le motho e mong ho ka ba thata esita le ho Bakreste ba bacha ba tlohileng lapeng ka lebaka la ho hahamalla mosebetsi oa ho bolela evangeli oa nako e tletseng. Ho hotle ho hopola hore ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ka ho bontša “bohlale bo sebetsang,” hangata mathata a ka rarolloa.—Liproverbia 2:7.

Tsebanang

Ka mor’a hore ho susumetsoa ke maikutlo a ho falla ho fele, u ka iphumana u hloloheloa tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona lapeng. (Numere 11:4, 5) Leha ho le joalo, ho tsepamisa mohopolo liketsahalong tsa nako e fetileng, ho tla u thatafalletsa ho ikamahanya le maemo. Moeklesia 7:10 e fana ka keletso ena: “U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’ etsoe hase ka lebaka la bohlale u botsitseng ka sena.” E, ho molemo ho etsa hore boemo ba hao e be bo thabisang haholoanyane.

Qala ka ho leka ho tseba motho eo u lulang le eena. Ke ’nete hore, ha ho hlokahale hore batho ba lulang ’moho e be metsoalle ea hlooho ea khomo. Ha e le hantle, ho ka ’na ha etsahala hore ebe ha a na litšoaneleho tseo u li batlang ho motsoalle. Leha ho le joalo, empa haeba u tlameha ho phela le motho eo, na hase ho utloahalang ho ba le kamano e ntle kamoo ho ka khonehang le eena?

Bafilipi 2:4 e re bolella hore re ele hloko eseng ‘lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ Le hoja ho sa hlokahale hore puisano ea lōna e be joalokaha eka motho o hlongoa lipotso, empa u ka botsa motho eo u lulang le eena hore na o tsoa lelapeng le joang, o thahasella eng bophelong, lipakane tsa hae ke life le lintho tseo a li ratang. Mo bolelle ho hong ka uena. Ha le tsebana haholoanyane, le tla qala ho utloisisana haholoanyane.

Nako le nako, etsang litokisetso tsa ho etsa lintho hammoho. Lee o re: “Ka linako tse ling ’na le motho eo ke lulang le eena re ee re intše, kapa re etele sebaka sa lipontšo tsa mesebetsi ea bonono hammoho.” Bakeng sa Bakreste ba lulang hammoho, ho etsa mesebetsi ea moea hammoho, joaloka ho lokisetsa liboka tsa phutheho kapa ho etsa mosebetsi oa boevangeli hammoho, ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho theha setsoalle.

David o re: “Mohla motho eo ke lulang le eena a neng a fana ka puo ea Bibele ea phatlalatsa, ke ile ka etela phutheho ea habo ho ea mo tšehetsa.” Le hoja eena le motho eo a lulang le eena ba sa rate lintho tse tšoanang ha ho tluoa lipapaling le ’minong, lerato la bona la lintho tsa moea le ba entse metsoalle. David o re: “Re ba le meqoqo e mengata ea lintho tsa moea. Ha e le hantle, re ka qeta lihora tse ngata re bua ka lintho tsa moea.”

Keletso: U se ke ua khomarela motho eo u lulang le eena haholo hoo u hlōlehang ho ba le botsoalle bo botle le batho ba bang. Haeba motho eo u lulang le eena a bona eka u batla ho mo sala-sala morao hohle moo a eang teng, a ka ’na a qala ho ikutloa eka ha u sa mo fa sebaka sa ho hema. Keletso ea Bibele ke hore re “atolohe” botsoalleng ba rōna.—2 Bakorinthe 6:13.

Ho Phela ka Molao oa Khauta

Ke ’nete hore, ha le ntse le tloaelana, le tla hlokomela hape hore le fapana ka mekhoa, lintho tseo le li ratang le maikutlo. Joalokaha Mark e monyenyane a eletsa, “u lokela ho lebella ho se phethahale.” Ho se tenyetsehe kapa ho icheba bouena ho ka baka khatello kelellong le khohlano. Ho lebella hore motho eo u lulang le eena a etse liphetoho tse khōlō e le hore a ka u khotsofatsa le hona ho baka khatello kelellong.

Ka ho lula le motho e mong, Fernando o ithutile sena: “U lokela ho hloka boithati ’me u se ke ua icheba bouena.” Mantsoe a hae a lumellana le Molao oa Khauta o tummeng, o reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ka mohlala, kapele Fernando le motho eo a lulang le eena ba ile ba iphumana ba loantšana ka mocheso oa kamore; o ne a batla hore ho lule ho futhumetse, empa motho eo a lulang le eena o ne a rata ho robala ho pholile. Pheko e bile efe? Fernando o re: “Ke ile ka eketsa likobo tseo ke robalang ka tsona.” E, joalokaha Mark a boletse, “tenyetseha. Ha ho hlokahale hore u lahle mekhoa eohle ea hao, empa u tla tlameha ho lahla mokhoa o le mong kapa e ’meli.”

Karolo e ’ngoe eo u ka sebelisang Molao oa Khauta ho eona ke ena: Ithute ho mamella mekhoa ea motho eo u lulang le eena. Ha re re ha u rate ’mino oa hae. Mohlomong le eena ha a rate ’mino oa hao. Kahoo haeba ’mino oa motho eo u lulang le eena e le o sa hlephiseng boitšoaro, ho ka ba molemo hore u be le mamello. Fernando o re: “Ke ne ke tla thaba haholo haeba eo ke lulang le eena a ne a e-na le mefuta e sa tšoaneng ea ’mino. Empa ke se ke tloaetse oona oo.” Ka lehlakoreng le leng, motho a ka mamela ’mino oa hae a sebelisa li-headphone e le hore a se ke a tšoenya motho eo a lulang le eena, eo ho ka etsahalang hore o ntse a ithuta.

Ho sebelisa Molao oa Khauta ho ka boela ha thibela liphehisano tse mabapi le ho ba le lintho tse bonahalang. Ka mohlala, haeba u rata ho ipha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a sehatsetsi—empa ho se mohla u kenyang tse ncha—ho ka tsoha khang. Ka nako e tšoanang, ho halefa kapa ho hlaba eo u lulang le eena ka leihlo nako le nako ha a sebelisa ntho eo u e rekileng le hona ho ke ke ha hōlisa kamano e mofuthu. Bibele e re khothalletsa hore re be le ‘seatla se bulehileng, ’me re itokisetse ho fana.’ (1 Timothea 6:18) Haeba u nahana hore motho e mong oa u hanyapetsa, u se ke ua thōla. Mo bolelle bothata ba hao ka bonolo le ka mosa.

E mong le e mong a hlomphe thepa ea e mong. Ke boikhohomoso ho alima ntho ea motho e mong kantle ho tumello ea hae. (Liproverbia 11:2) Hape hopola hore motho eo u lulang le eena o hloka nako ea ho ba mong. Bontša mekhoa e metle joaloka ho kokota pele u kena ka kamoreng ea hae. Ha u mo bontša tlhompho, le eena o tla u hlompha. David o re: “Ke ntho e ntle hore ka bobeli re ithutele lapeng. Ka bobeli re hlompha seo ’me ha nako eo e fihla re tla khutsa. Empa ka linako tse ling ke tla tlameha ho ea laebraring haeba motho eo ke lulang le eena a batla ho etsa ntho e itseng.”

Hape ho sebelisa Molao oa Khauta ho akarelletsa ho phetha karolo ea hao ha ho tluoa linthong tse kang ho lefa karolo ea hao ea rente ka nako kapa ho etsa karolo ea hao ea mosebetsi oa ntlo.

Ho Sebetsana le ho Phehisana Khang

Morao koana mehleng ea Bibele, banna ba babeli ba hlomphuoang ba Bakreste ba bitsoang Pauluse le Barnabase ba ile ba e-ba “le ho phatloha ho hoholo ka bohale.” (Liketso 15:39) Ho ne ho tla etsahala’ng haeba ho hong ho tšoanang ho ne ho ka etsahala pakeng tsa lōna ka bobeli? Mohlomong ho na le phapang ea botho kapa mekhoa e halefisang ea botho e lekang mamello ea hao. Na ho se lumellane ho le hong kapa ho phatloha ka bohale ho bolela hore le lokela ho khaotsa ho lula ’moho? Eseng joalo. Kamoo ho bonahalang kateng, Pauluse le Barnabase ba ile ba khona ho lokisa phapang ea bona. Mohlomong le uena u ka leka ho etsa joalo pele u nka bohato bo boholo joaloka ho khaotsa ho lula ’moho. E meng ea melao-motheo ea Bibele e ka thusang ke ena.

● ‘U se ke ua etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong nka hore ba bang ba u phahametse.’—Bafilipi 2:3.

● “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle. Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.”—Baefese 4:31, 32.

● “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”—Matheu 5:23, 24; Baefese 4:26.

Melemo

Bacha ba bangata (le ba seng ba hōlile) ba Bakreste ba nang le batho ba lulang le bona ba ithutile ka ho toba ’nete ea mantsoe a Morena Solomone ea bohlale: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Ka sebele, ba bang phihlelo ea ho lula le motho e mong e ba ruisitse molemo. Mark o re: “Ke ithutile ho sebelisana le batho haholoanyane le ho ikamahanya le maemo.” Renee oa phaella: “U ithuta ho hongata ka uena. Ka nako e tšoanang, batho ba lulang hammoho ba ka ba le tšusumetso e ntle.” Lynn oa lumela: “Ke ne ke senyehile haholo ha ke qala ho lula le motho e mong. Empa ke ithutile ho ba ea tenyetsehang. Ke elelletsoe hore hobane feela motho e mong a etsa lintho ka tsela e fapaneng le eo ke li etsang ka eona, hoo ha ho bolele hore o fositse.”

Ke ’nete hore, ho sebelisana le motho eo u lulang le eena ho hloka boiteko le ho itela. Empa ha u etsa sohle se matleng a hao ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, le tla iphumana le etsa ho fetang ho phelisana ka khotso; le ka ’na la iphumana le thabela ho lula hammoho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bona sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Sebelisana le Motho eo ke Lulang le Eena?” se hlahileng tokollong ea rōna ea May 8, 2002.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho itšebelisetsa lintho tseo e seng tsa hao ho ka baka tsitsipano

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Nahanelanang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela