Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho le Batho ba Lemaletseng ho Lahla Lintho
“LINTHONG tsa tlhaho . . . ha ho na ntho eo ho ka thoeng e senyehile.” Ho latela makasine ea Time, ao ke maikutlo a setsebi se seng se hlomphehang sa ho tsosolosa lintho hore li sebelisoe hape. Se ne se bua ka tsela e hlollang eo lintho tse shoeleng kapa tse lahliloeng karolong e ’ngoe ea tikoloho ha li sebelisoa karolong e ’ngoe li bang le molemo o itseng. Ho ea ka tlaleho, sona setsebi seo se nka hore “batho ba ka latela mohlala oa tlhaho oa ho se lahle-lahle lintho, empa ho tla hlokahala theknoloji e ncha le phetoho e khōlō maikutlong a batho.”
Boholo ba rōna re ka etsa ho fokolang ho hlahiseng theknoloji e ncha. Empa re lokela ho laola maikutlo a rōna! ’Me boikutlo bo botle litekanyetsong tse itseng tsa tsela e nepahetseng ea ho itšoara bo tla re thusa ho sebetsana ka katleho le mathata a ho phela le batho ba lemaletseng ho lahla lintho.
Qoba ho Senya
Motho a le mong ho ba bahlano lefatšeng o robala a sa ja. Ho tseba sena ho lokela ho hatisa ka ho rōna tlhokahalo ea ho ananela lijo le ho qoba ho li senya. Banyalani ba bang ba khutletseng Europe ka mor’a ho qeta lilemo tse 28 mosebetsing oa boromuoa Afrika ba re bothata bo boholo boo ba ileng ba lokela ho bo tloaela hape naheng ea habo bona e ne e le ba ho sebetsana le “tšenyo eo batho ba e etsang ka ho lahla lijo.”
Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona hore ba ingoathele lijo tseo ba tla li qeta. Ho etsa joalo ho fokotsa lijo tse lahloang le tšenyo. Ho molemo ho ingoathela lijo tse nyenyane pele u ka batla ho li eketsa. Taba ke hore batsoali ba tlameha ho beha mohlala. Jesu o ile a re behela mohlala kaofela ka ho bontša kananelo ea sebele bakeng sa tlhokomelo ea Molimo nameng le moeeng. Bibele e bontša hore Jesu o ne a qoba ka hohle-hohle ho senya lijo—le hoja li ne li hlahile li le ngata ka mohlolo!—Johanne 6:11-13.
Tekanyetso ea ho qoba ho senya e ka boela ea sebelisoa tabeng ea liaparo, thepeng ea ka tlung le mechineng. Ho boloka lintho li le boemong bo botle le ho li sebelisa hafeela li ntse li sebetsa hantle ho bontša hore re ananela seo re nang le sona. Ha rea lokela ho tšoasoa ke mano a tsa papatso tse lekang ho etsa hore re se khotsofalle seo re nang le sona ka ho re bolella hore re ka fumana se seholoanyane, se betere, se sebetsang ka potlako haholoanyane le se matla ho feta sa pele. Ke ’nete hore re na le tokelo ea ho chencha lintho le ha li ntse li sebetsa. Empa pele re etsa joalo, re ka iphenya ho fumana hore na maikutlo a rōna le sepheo sa rōna ke life.
Qoba Meharo
Ha Baiseraele ba hahlaula lehoatateng ba lebile Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba fuoa manna hore ba a je. Ho latela tlaleho ea Bibele, manna a ne a fanoa ka bongata bo lekaneng. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ile ba lemosoa hore ba se ke ba e-ba meharo; ba ne ba lokela ho nka feela se lekaneng ho ja ka nako eo. Ba sa kang ba mamela ba ile ba fumana hore meharo ea bona ha e putse kaha manna a setseng a ile a tsoa libōkō ’me a qala ho nkha. (Exoda 16:16-20) Ka ho hlakileng, Bibele e nyatsa meharo ka matla le ka makhetlo a mangata.—Baefese 5:3.
Hase Bibele feela e nyatsang meharo. Ka mohlala, Seneca, rafilosofi oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo, ebile e le sengoli sa litšoantšiso, o ile a hlokomela hore ha ho mohla motho ea meharo a khotsofalang. O itse: “Ho motho ea meharo, lintho tsohle tse lefatšeng lia mo fokolla.” Erich Fromm, rafilosofi oa lekholong la bo20 la lilemo o ile a fihlela qeto e tšoanang: “Meharo ke mokoti o sa tlaleng o qetang matla a motho boitekong ba hae bo sa khaotseng ba ho leka ho ikhotsofatsa, empa ho se mohla a finyellang khotsofalo eo.” Ho na le mehato e sebetsang eo ba bangata ba khethileng ho e latela e le ho qoba ho ba meharo le ho ba ba senyang.
Ithute ho Arolelana le ba Bang
Pele u lahla lintho tse ntseng li le boemong bo botle, nahana hore na ke mang ea ka thabelang ho ba le tsona. Ka mohlala, ha bana ba hōla ’me liaparo tsa bona li e-ba nyenyane, na li ka se apoleloe bana ba bang ba ka li sebelisang? Na u ka etsa se tšoanang le ka lintho tse ling tse ntseng li sebetsa empa e le hore ha u sa li sebelisa khafetsa joaloka pele? Arolela ba bang thabo eo u bileng le eona ka ho ba apolela. Mark Twain, sengoli le sesoasoi sa Leamerika, o kile a ngola: “E le hore u thabe ho tloha botebong ba pelo, u lokela ho ba le e mong eo u thabang le eena.” Mohlomong u na le phihlelo ea hore ha ho e-na le motho eo u thabang le eena, nyakallo ea teng e imena habeli. Ho feta moo, ho arolelana le ba bang ka tsela ena ho etsa hore u thuse ho felisa liphello tse sa thabiseng tsa khopolo ea ho lemalla ho lahla lintho.
Ho arolelana le ba bang ke bokhabane boo Bibele e bo khothalletsang haholo. (Luka 3:11; Baroma 12:13; 2 Bakorinthe 8:14, 15; 1 Timothea 6:18) Ka sebele, ho ne ho tla ba monate hakaakang lefatšeng haeba bohle ba ho lona ba ne ba ka ikemisetsa ho arolelana le ba bang!
Khotsofalla ho ba le Lintho Tsa Motheo
Motho ea khotsofetseng o thabile. Ena ke ’nete e se nang litsoako. Maele a Segerike a re: “Ea sa khotsofalleng se senyenyane a ke ke a khotsofatsoa ke letho.” A Sejapane a re: “Ea sa khotsofaleng o futsanehile.” Bibele le eona e thoholetsa khotsofalo. Rea bala: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:6-8; Bafilipi 4:11.
Ke ’nete hore ho khotsofalla tseo re nang le tsona ho tla hloka “phetoho e khōlō maikutlong.” Moroetsana e mong ea bitsoang Susanne o sa tsoa hlokomela hore ho hlokahala hore a etse liphetoho tse joalo. O itse: “Ke entse qeto ea hore kaha ke sitoa ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang, ke tlameha ho ithuta ho rata tseo ke nang le tsona. Hona joale ke thabile ’me ke khotsofetse.”
Khotsofalo ruri e tlisa thabo. Moprofesa Argir Hadjihristev, setsebi sa Mobulgaria tabeng ea ho tsofala o re: “Ntho ea pele e mpe ke ho se khotsofalle ha motho se senyenyane seo a nang le sona.” Ha a bua ka melemo ea bophelo bo botle ba ’mele e tlisoang ke ho khotsofala, oa phaella: “Motho ea sa lekeng ho phela hamolemo ho feta moahelani oa hae, ea sa luleng a leka ho ba le lintho tse eketsehileng, ha a phelele ho hlōlisana le ba bang ’me o lula a sa imeloa kelellong. ’Me sena se molemo methapong.”
E, ha ho mohla batho ba lemaletseng ho lahla lintho ba ka tlisang thabo ea sebele. Ho joalo le ka khopolo ea ho rata ho lahla lintho! Ho bonahala eka batho ba bangata ba qala ho utloisisa sena. Uena?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bana ba tlameha ho ithuta mokhoa oa ho qoba ho senya lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o behile mohlala o motle oa ho qoba ho ba ea senyang
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke hobane’ng ha u sa fe ba bang lintho tseo u seng u sa li sebelise ho e-na le ho li lahla?