Ke Lokolohile Litlamong Tsa Lehloeo
JOALOKAHA HO BOLETSE JOSÉ GOMEZ
KE HLAHILE ka la 8 September, 1964, motsaneng oa Rognac, karolong e ka boroa ea Fora. Batsoali ba ka le batsoali ba bona e ne e le Magypsy a Andalusia, a hlahetseng Algeria le Morocco, Afrika Leboea. Joalokaha e le tloaelo setsong sa Magypsy, lelapa leso le ne le le leholo, re kopane le beng ka rōna.
Ntate e ne e le motho ea mabifi ’me tse ling tsa lintho tseo ke li hopolang bonyenyaneng li akarelletsa linako tseo ka tsona a neng a otla ’Mè. Ka mor’a nako ’Mè o ile a khetha ho mo hlala—e leng ntho e sa tloaelehang bathong ba Magypsy. O ile a ea Belgium le ’na le moen’a ka le ausi oa ka, moo re ileng ra phela ka khotso ka lilemo tse robeli tse ileng tsa latelang.
Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha. Rōna bana re ile ra batla ho bona ntate oa rōna, ka hona, ’Mè o ile a re isa Fora eaba baa boelana le Ntate. Ho phela le Ntate hape ho ile ha ntlisetsa mathata. Ha re ne re le Belgium, re ne re e-ea hohle le ’Mè. Empa ka habo Ntate, banna ba ne ba lokela ho tloaelana le banna ba bang. Banna ba ne ba e-na le maikutlo a matla a hore ba na le litokelo tsohle ’me mesebetsi eohle e lokela ho etsoa ke basali. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ha ke ne ke batla ho thusa Rakhali ho phutha lijana tafoleng le ho li hlatsoa ka mor’a lijo tsa motšehare, Rangoane o ile a ntšoma ka hore ke mosodoma. Lelapeng labo, ho hlatsoa lijana e ne e le mosebetsi oa basali feela. Qetellong ke ile ka hahlameloa ke monahano ona o sothehileng.
Ha hoa ka ha feta nako e telele pele Ntate a boela a otla ’Mè ka botho ba hae bo mabifi. Makhetlo a ’maloa ha ’na le moena oa ka re ne re leka ho namola, re ile ra tlameha ho tsoa ka fensetere ho baleha lipaputla tsa Ntate. Ausi oa ka le eena o ne a jelelloa. Ka lebaka leo, ke ne ke leka ka hohle ho qeta nako e ngata ke se lapeng. Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke se na se ntataisang bophelong.
Qetellong ke ile ka tsebahala ka botho bo mabifi. Ke ne ke natefeloa ke ho ba mpoli. Ka linako tse ling ke ne ke qholotsa bahlankana ba bang ka boomo, empa e ne e le ba ’maloa haholo ba qholotsehang—haholo hobane hangata ke ne ke tsamaea ka thipa kapa ka ketane. Ke ile ka qala ho utsoa likoloi le ho li rekisa. Ka linako tse ling ke ne ke li hotetsa ’me ke thabele ho shebella ha bo-ralitima-mollo ba tima malakabe. Hamorao ke ile ka qala ho pshatla mabenkeleng le litorong tse khōlō. Ke ile ka tšoaroa ka makhetlo a ’maloa. ’Me lekhetlo ka leng, ke ne ke rapela Molimo hore a nthuse!
E, ke ne ke e-na le tumelo ho Molimo. Ha re ne re le Belgium, ke ne ke kena sekolo sa kereke. Kahoo, ke ne ke tseba hore seo ke se etsang se fosahetse. Leha ho le joalo, tumelo ea ka ho Molimo e ne e sa ame le hanyenyane tsela eo ke itšoarang ka eona. Ke ne ke nahana hore sohle seo ke lokelang ho se etsa ke ho kōpa tšoarelo ’me libe tsa ka li ne li tla tšoareloa.
Ka 1984, ke ile ka ahloleloa ho hlola chankaneng likhoeli tse 11 ka lebaka la ho utsoa. Ke ile ka romeloa Chankaneng ea Baumettes, Marseilles. Ha ke le moo, ke ile ka itaka libakeng tse sa tšoaneng ka mengolo e cheselletsoang letlalong. Mongolo o mong o ne o re “lehloeo le boiphetetso.” Ho e-na le hore ke fetohe, ke ile ka lumella chankana hore e tebise lehloeo la ka ho balaoli le ho batho ka kakaretso. Ha ke lokolloa, ka mor’a ho hoehla chankaneng likhoeli tse tharo, ke ne ke e-na le lehloeo ho feta pele. Joale ketsahalo e ’ngoe e sehlōhō e ile ea fetola tsela ea ka ea bophelo.
Pakane ea ka e ba Boiphetetso
Lelapa leso le ne le loantšana le le leng la Magypsy. ’Na le Bo-rangoane re ile ra etsa qeto ea ho iteanya le bona ho lokisa bothata. Malapa ana ka bobeli a ne a hlometse. Ha ho ntse ho arabisanoa, Ntate-moholo Pierre le motsoala oa Ntate ba ile ba thunngoa ba ba ba shoa. Ke ne ke ferekane hoo ke ileng ka ema seterateng ke nkile sethunya, ke hoelelitse ka bohale bo tšosang. Qetellong rangoane e mong oa ka o ile a nkamoha sethunya seo.
Lefu la Ntate-moholo Pierre, eo ke neng ke mo nka e le ntate, le ile la nkutloisa bohloko bo tebileng. Ke ile ka ba nakong ea bofifi ho latela moetlo oa Magypsy. Ke ile ka qeta matsatsi a mangata ke sa kute kapa hona ho ja nama. Ke ile ka hana ho shebella thelevishene kapa ho mamela ’mino. Ke ile ka ikana hore ke tla phetetsa lefu la Ntate-moholo, empa beng ka ’na ba ile ba nthibela ho fumana sethunya.
Ka August 1984, ke ile ka bitsetsoa tšebeletso ea sesole. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka kenela lebotho la poloko ea khotso la Machaba a Kopaneng, Lebanone. Ke ne ke ikemiselitse ho bolaea kapa ho bolaoa. Ka nako eo, ke ne ke tsuba khomo ea fatše haholo. Ntle le hore sethethefatsi sena se ne se etsa hore ke ikutloe ke thabile, se ne se boetse se etsa hore ke se ke ka tšaba letho.
Ho ne ho le bonolo ho fumana libetsa Lebanone, kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho romela libetsa Fora e le ho ntšetsa pele morero oa ka oa ho iphetetsa ka Ntate-moholo. Ke ile ka reka lithunya tse peli hammoho le liqhomane ho baahi ba moo. Ke ile ka qhaqha lithunya tseo ’me ka li pata ka har’a liea-le-moea tse peli ’me ka li romela hae.
Libeke tse peli pele ke qeta tšebeletso ea ka ea sesole, ’na le metsoalle ea ka e meraro re ile ra ba sieo mosebetsing re sa kōpa. Ha re khutlela liahelong, re ile ra koalloa. Ha re le chankaneng, ke ile ka loloma ke bohale ’me ka hlasela molebeli. Ke ne ke sa utloisise ho nyenyefatsoa ke payo—motho eo e seng oa morabe oa Magypsy. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka loana e mahlo-mafubelu, lekhetlong lena le ofisiri. Ke ile ka romeloa Chankaneng ea Montluc, Lyons, ho ea qetela nako ea ka e setseng tšebeletsong ea sesole.
Ke Fumana Tokoloho—Chankaneng
Letsatsing la pele ke le Chankaneng ea Montluc, ke ile ka lumelisoa ka mofuthu ke mohlankana e mong ea mosa. Ke ile ka utloa hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore eena hammoho le balumeli-’moho le eena ba ne ba le chankaneng hobane feela ba hanne ho nka libetsa. Sena se ile sa ’makatsa. Ke ile ka batla ho tseba ho eketsehileng.
Ke ile ka fumana hore Lipaki Tsa Jehova li rata Molimo ka tieo, ’me ke ile ka khahloa ke litekanyetso tsa tsona tse phahameng tsa boitšoaro. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-na le lipotso tse ngata. Ka ho khetheha ke ne ke batla ho tseba hore na bafu ba ka bua le ba phelang ka litoro—e leng seo Magypsy a mangata a se lumelang. Paki e bitsoang Jean-Paul e ile ea ithaopela ho ithuta Bibele le ’na, re sebelisa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a
Ke ile ka bala buka ena ka bosiu bo le bong ka ba ka e qeta, ’me ka angoa ka ho teba ke seo ke se balileng. Ke ile ka fumana tokoloho ea ’nete moo chankaneng! Qetellong ha ke lokolloa chankaneng, ke ile ka ea hae ka terene, mokotla oa ka o tletse lingoliloeng tsa Bibele.
Ke ile ka ea Holong ea ’Muso e Martigues ho ea iteanya le Lipaki tsa sebakeng sa heso. Ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele, lekhetlong lena ke thusoa ke mocha oa mosebeletsi oa nako e tletseng ea bitsoang Eric. Matsatsi a ’maloa hamorao, ke ile ka khaotsa ho tsuba ka ba ka khaotsa ho bonana le metsoalle ea ka ea pele ea linokoane. Ke ne ke ikemiselitse ho phela tumellanong le Liproverbia 27:11, e reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” Ke ile ka fumana Jehova e le Ntate ea lerato eo ke neng ke batla ho mo thabisa.
Phephetso ea ho Fetoha
Ho ne ho se bonolo hore ke sebelise melao-motheo ea Bokreste. Ka mohlala, ke ne ke khutlela bothateng ba ka ba ho sebelisa lithethefatsi ’me bo ne bo nka libeke tse ’maloa. Empa phephetso e boima ka ho fetisisa e ne e le ea ho tlosa takatso ea ka ea ho iphetetsa. Ke ne ke lula ke tsamaea ka sethunya Eric a sa tsebe ’me ke ntse ke ntšetsa pele morero oa ka oa ho iphetetsa ho babolai ba Ntate-moholo. Ke ne ke qeta masiu ke ba tsoma.
Ha ke bolella Eric sena, o ile a ntlhalosetsa ka ho hlaka hore nke ke ka ba le botsoalle bo botle le Molimo ha ke ntse ke sebelisa libetsa ’me ke batla ho iphetetsa. Ke ile ka tlameha ho etsa khetho. Ke ile ka nahana ka ho teba ka keletso ea moapostola Pauluse e ho Baroma 12:19: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka.” Sena hammoho le thapelo e matla li ile tsa nthusa hore ke laole maikutlo a ka. (Pesaleme ea 55:22) Qetellong ke ile ka lahla libetsa tsa ka. Ka mor’a selemo ke ithuta Bibele, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing ka la 26 December, 1986.
Lelapa Leso le Arabela Hantle
Liphetoho tseo ke ileng ka li etsa boitšoarong ba ka li ile tsa susumelletsa batsoali ba ka hore ba ithute Bibele. Ba ile ba nyalana hape, ’me ’Mè o ile a kolobetsoa ka July 1989. Ha nako e ntse e ea, litho tse ’maloa tsa lelapa leso li ile tsa arabela hantle molaetseng oa Bibele ’me tsa fetoha Lipaki Tsa Jehova.
Ka August 1988, ke ile ka etsa qeto ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Joale ke ile ka khahloa ke morali e mong oabo rōna e mocha, Katia, ka phuthehong ea rōna. Re ile ra nyalana ka la 10 June, 1989. Ho ne ho nyolosetsa selemong sa rōna sa pele lenyalong kaha ke ne ke ntse ke lokela ho etsa liphetoho tse itseng boikutlong boo ke neng ke e-na le bona ka basali. Ke ne ke thatafalloa ho sebelisa mantsoe a ho 1 Petrose 3:7, a khothalletsang banna ho abela basali ba bona tlhompho. Ke ne ke tlameha ho rapela ka makhetlo hore ke fumane matla a ho hlōla boikhohomoso ba ka le ho fetola monahano oa ka. Butle-butle maemo a ile a ntlafala.
Lefu la Ntate-moholo le ntse le nkutloisa bohloko haholo ’me ka linako tse ling ke sitoa ho thiba likeleli ha ke nahana ka eena. Ha ke hopola polao eo ea hae e sehlōhō, ke tsoheloa ke maikutlo a matla ao ke lokelang ho a loantša. Esita le ka mor’a lilemo tse ngata ke kolobelitsoe, ke ne ke tšaba hore nka tšoha ke kopana le litho tsa lelapa leo re ileng ra qoaketsana le lona. Ke ne ke tla etsa eng haeba li ne li ka ntlhasela? Ke ne ke tla itšoara joang? Na ke ne ke tla khutlela bothong ba ka ba khale?
Ka letsatsi le leng ke ne ke fana ka puo phuthehong e ’ngoe e haufi. Ha ke le moo, ka bona Pepa, ea amanang le banna ba bolaileng Ntate-moholo. Ho bua ’nete, ho mo bona ho ile ha leka botho ba ka ba Bokreste. Empa ke ile ka qhela maikutlo ao a ka. Hamorao, letsatsing leo Pepa a neng a kolobetsoa ka lona, ke ile ka mo haka ka ba ka mo lebohela ka qeto eo a e entseng ea ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe sohle se etsahetseng, ke ile ka mo amohela e le morali’eso oa moea.
Ke leboha Jehova kamehla ka ho nthusa ho lokoloha litlamong tsa lehloeo. Ha e ne e se ka mohau oa Jehova, nka be ke le kae? Ka thuso ea hae, ke na le lelapa le thabileng. Ke bile ke na le tšepo ea bokamoso—e leng ea lefatše le lecha le se nang lehloeo le pefo. E, ke na le kholiseho e tiileng ea hore tšepiso ea Molimo e tla phethahala: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha ke le lebothong la poloko ea khotso la Machaba a Kopaneng Lebanone, ka 1985
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
’Na, Katia le bara ba rōna, Pierre le Timeo