Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 maq. 3-4
  • “Tlōlo ea Molao e Sehlōhō ka ho Fetisisa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tlōlo ea Molao e Sehlōhō ka ho Fetisisa”
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha e le Bothata bo Hōlang?
    Tsoha!—2003
  • “Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ho Khetholloa ha Batho ba Batšehali
    Tsoha!—1998
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 2/8 maq. 3-4

“Tlōlo ea Molao e Sehlōhō ka ho Fetisisa”

MARIAa e ile ea e-ba letekatse la ngoana ha a le lilemo li 14. O ile a kena mokhoeng ona o tšabehang oa bophelo ka ho phehelloa ke ’m’ae, ea ileng a mo bolella hore o motle le hore banna ba ne ba tla mo rata haholo. Ho feta moo, o ne a tla fumana chelete e ngata. Linakong tsa mantsiboea ’mè oa Maria o ne a mo isa hoteleng e nyenyane moo ba neng ba kopana le banna teng. ’Mè oa hae o ne a e-ba haufi le moo e le hore ho lefuoe ho eena. Bosiu bo bong le bo bong, Maria o ne a robala le banna ba bararo kapa ba bane.

Carina ea lilemo li 13 ea lulang haufi le habo Maria le eena o ile a qobelloa hore e be letekatse. Joaloka malapa a mang a mangata a phelang ka ho sebetsa masimong a ’moba, batsoali ba Carina ba ile ba rekisa ka ’mele oa hae e le hore ba tlatseletse chelete e nyenyane eo ba e fumanang. Sebakeng se seng Estela o ile a tlohela sekolo a sa le monyenyane, a sa tsebe ho bala kapa hona ho ngola, ’me a qala ho sebetsa e le letekatse la seterateng. Daisy eena o ne a ka ba lilemo li tšeletseng ha a hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ke abuti oa hae e mong—ketso ea pele ho tse ngata tsa ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ke beng ka eena. E ile ea e-ba letekatse ha a le lilemo li 14.

Libakeng tse ngata tsa lefatše, bothata ba botekatse ba bana ke ’nete e tšosang. Liphello tsa bona li bohloko. Hangata bana ba matekatse, ebang ke ba bo etsang ka linako tse ling, kapa ke ba kamehla, ba boetse ba ameha le tlōlong e ’ngoe ea molao le tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Ba bangata ba bona ba ikutloa ba ferekane ’me ba se na thuso, ba bona monyetla o fokola kapa ho hang ba se na oona oa ho pholoha bophelong bona ba bona ba mahlomola.

Batho ba nang le tšusumetso e matla ba lemoha liphello tse kotsi tsa botekatse ba bana. Eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Brazil, Fernando Henrique Cardoso o itse ka nepo: “Botekatse ba bana ke tlōlo ea molao e sehlōhō ka ho fetisisa.” Koranta ea Brazil e ile ea hatisa mantsoe ana a etsang hore re nahane ka ho teba ka botekatse ba bana: “Letsatsi le leng le le leng ho ’nile ha e-ba le liphello tse bohloko linaheng tseo ho tsona sena se atileng, se mamelloang, se amohetsoeng le hona ho ratoa hobane feela se tlisa [chelete]. Molemo oa chelete leha e le efe e kenang ka lebaka la sena o senngoa ke tlokotsi e hlahelang letekatse, lelapa labo kapa sechaba sa habo ka lebaka la mokhoa ona oa bophelo.”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba ba batlang ho felisa botekatse ba bana, bothata bona bo ntse bo eketseha. Boemo boo bo sisimosang bo bakoa ke eng? Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba lumella kapa hona ho khothalletsa tlōlo e tjee ea molao?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a lihloohong tsena a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

“Botekatse ba bana ke tlōlo ea molao e sehlōhō ka ho fetisisa.”—EO E KILENG EA E-BA MOPRESIDENTE OA BRAZIL FERNANDO HENRIQUE CARDOSO

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Mefuta eohle ea ho sebelisa batho hampe ka ho kopanela liphate e ba tlosa seriti, ’me ka tsela eo, e hatakela litokelo tsa mantlha tsa batho, ho sa tsotellehe hore na motho ea sebelisoang o mokae, ke oa bong bofe, morabe, setso kapa oa boemo bofe.”—UNESCO SOURCES.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela