Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 maq. 8-10
  • Ho Sebelisa Bana Hampe ho Haufi le ho Fela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Bana Hampe ho Haufi le ho Fela!
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Ho Tlatlaptjoa ha Bana ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1997
  • Ke Mang ea Tla Sireletsa Bana ba Rōna?
    Tsoha!—1999
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 2/8 maq. 8-10

Ho Sebelisa Bana Hampe ho Haufi le ho Fela!

SELELEKELA sa Seboka sa Litokelo Tsa Bana se re: “Phatlalatsong e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho, Machaba a Kopaneng a phatlalalitse hore ngoana o na le tokelo ea ho hlokomeloa ka tsela e khethehileng le ho thusoa.” Mabapi le bohlokoa ba lelapa, sea phaella: “Hore ngoana a hōle ka tsela e feletseng le ho haha botho ba hae, o lokela ho hōlela tikolohong ea lelapa le thabileng, le lerato le le nang le kutloisiso.” Leha ho le joalo, sena se hōle le ho finyelloa.

Ho bua ka lefatše le molemo bakeng sa bana ha hoa lekana. Boitšoaro bo hlephileng bo jele setsi ’me batho ba bangata ba bo nka e le ntho e tloaelehileng. Ho kenngoa ha molao tšebetsong ho ke ke ha laola bobolu le meharo tse atileng. Batsoali le bona ho e-na le hore ba bontše bana ba bona lerato le ho ba sireletsa, ba atisa ho tlatsetsa moeeng oa boitaolo. Joale ke tšepo efe eo re nang le eona ea hore botekatse ba bana bo tla fela?

Le hoja tsamaiso ena e bolileng e hlōlehile ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba hōlela malapeng a lerato le ho ba le bokamoso bo sireletsehileng, ’Mōpi oa rōna o tla felisa bobolu ba mofuta o mong le o mong le boitšoaro bo hlephileng, ho akarelletsa le botekatse ba bana. Ka tsela e tla makatsa lefatše, haufinyane Jehova Molimo o tla kenella litabeng tsa batho ka ho tlisa ’Muso oa hae. Batho ba etsang bobolu le ba sebelisang ba bang hampe ba ke ke ba pholoha kahlolo ea Molimo. Ke batho ba ratang batho ba bang feela ba tla pholoha ho ea phela lefatšeng le lecha la Molimo. “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.

Nahana kamoo bana le batho ba baholo ba tla imoloha kateng ha ba se ba phela ho se na boitšoaro bo hlephileng le ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate! Esita le bohloko ba maikutlo le kholofalo tse bakiloeng ke ho sebelisoa hampe le ke pefo e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Ba kileng ba sebelisoa hampe ka ho kopanela liphate ba tla khona ho phela ba sa khathatsoe ke mehopolo e bohloko kapa liphello tsa ka mor’a moo. “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17.

Joale, ha ho ngoana ea tla tsoalloa ho hlokofatsoa kapa ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate. Thabo, lerato le kutloisiso e ke ke ea e-ba toro feela. Mabapi le baahi ba lefatšeng le lecha la Molimo, Esaia 11:9 e re: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo.”

Ka sebele, e tla ba thabo e kaakang ha ho se ho se bofutsana, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, malapa a sa thabang le boitšoaro bo bobe! Ho tla rena khotso, ho loka le tšireletseho. “Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.”—Esaia 32:18.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Tlhokomelo e Lerato ea Batsoali e ka Thibela ho Qhalana ha Lelapa

● “Batsoali ba ka ba ile ba nkhothalletsa ho sebelisa lilemo tsa ka tsa ho kena sekolo hamolemo le hore ke ithutele tsebo e itseng. Ha baa ka ba leka ho nqobella ho etsa seo ba se ratang, empa ba ile ba nthusa hore ke khethe likolo tse tla nkoetlisetsa tsebo eo ke e hlokang.”—Tais.

● “Ha ’na le ngoan’eso re ne re e-ea mabenkeleng, ’Mè o ne a tsamaea le rōna. Ntle le ho re thusa hore re baballe chelete, o ile a boela a re thusa ho qoba liaparo tse khabileng ka tsela e feteletseng kapa tse bonaletsang.”—Bianca.

● “Ha re ne re e-ea liphathing, kamehla batsoali ba ka ba ne ba botsa hore na ho tla ea bo-mang, ho tla letsoa ’mino oa mofuta ofe le hore na e ne e tla qala neng ’me e fele neng. Liphathing tse ngata re ne re e-ea re le lelapa.”—Priscila.

● “Ha ke sa le ngoana leha ke se ke le lilemong tsa bocha, ’na le batsoali ba ka re ne re buisana ka bolokolohi kamehla. Ngoana e mong eo ke neng ke kena sekolo le eena o ile a lemoha seo ’me a re: ‘Ke khalla tsela eo u lokolohileng ka eona ha u bua le batsoali ba hao ka ntho leha e le efe. Ha ke ikutloe ke lokolohile le ho bua le ’mè oa ka, ’me lintho tseo ke batlang ho li tseba ke ithuta tsona ho batho ba bang.’”—Samara.

● “Ke ne ke le mocha ea thabileng. Ke ne ke sa bone bobe bo itseng ho batho ’me ke ne ke lula ke tšeha. Ke ne ke ikutloa ke lokolohile ha ke e-na le metsoalle ea ka ’me ke thabela ho soasoa le bona. Batsoali ba ka ba ne ba utloisisa hore ke botho ba ka ’me ba ne ba sa leke ho fetola tsela eo ke leng ka eona. Empa ka lerato ba ile ba nthusa hore ke be hlokolosi le ho itšoara ka tsela e loketseng ha ke e-na le ba bong bo fapaneng.”—Tais.

● “Joaloka bacha ba bang ba bangata, ke ile ka thahasella ba bong bo fapaneng. Ntate o ile a mpehela lilemo tse itseng tseo nka qalang ho laetsana ka tsona. Sena ha sea ka sa ntlhonamisa. Ho e-na le hoo, ke ile ka utloisisa hore batsoali ba ka ba ne ba amehile ka ’na ’me ba batla ho ntšireletsa likotsing tse ka ntlhahelang.”—Bianca.

● “Ke ne ke nka lenyalo e le ntho e ntle, haholo-holo ka lebaka la mohlala oa batsoali ba ka. Ba ne ba e-na le kamano e ntle ka linako tsohle ba bile ba e-na le puisano e ntle. Ke sa hopola ha ke ne ke sa intša le mohlankana oa ka, ’me ’Mè a mpha keletso ea hore na ke itšoare joang tlas’a maemo a itseng le ho hlalosa hore na sena se ne se tla ama lenyalo la ka joang.”—Priscila.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lefatšeng le lecha la Molimo, ha ho sa tla ba le ngoana ea tla hlokofatsoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela