“Tsoha! e Pholositse Bophelo ba Ka!”
Bahatisi ba Tsoha! ba ile ba fumana lengolo la kananelo le tsoang Italy. Karolo e ’ngoe ea lona e baleha tjena:
“Ke balile Tsoha! ka lilemo tse 40, ’me ke khahloa ke tsela eo ka eona e behang lihlooho tsa eona tse sa tšoaneng tse molemo. Haufinyane tjena, ha ke le mosebetsing ke ile ka hlajoa habohloko ke lehlaba ka mpeng le ka sefubeng. Ke ile ka etsa qeto ea ho ea hae, empa ha le ntlhaba lekhetlo la bobeli, ke ile ka hopola ho hong. Ke ile ka hopola hantle sehlooho se seng sa Tsoha! se hlalosang matšoao a lefu la pelo.a Ke ile ka etsa qeto ea ho ea sepetlele. Ke ne ke ntse ke emetse ho kena ka ngakeng ha hlooho ea ka e kebela ka lehlakoreng ’me ke akheha. Sena ke ile ka se bolelloa letsatsing le hlahlamang ha ke le kamoreng ea bakuli ba kulang haholo.
“Ha le mpona ke phela tjena ke ka lebaka la ho kenella ka potlako ha lingaka tse nang le tsebo. Empa hape ke tlameha ho leboha makasine ea lōna, e mphileng boitsebiso bo nthusitseng hore ke etse qeto e bohlale ea ho ea sepetlele. Tsoha! e pholositse bophelo ba ka!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona tokollo ea rōna ea December 8, 1996, leqepheng la 18.