Ho Hlokomela le ho Nka Khato ka Matšoao
HA MATŠOAO a hore tlhaselo ea pelo e ka ’na ea e-ba teng a bonahala, ke habohlokoa ho batla thuso ea bongaka kapele-pele, kaha ho na le kotsi e khōlō ea ho shoa horeng ea pele ka mor’a tlhaselo ea pelo. Phekolo e potlakileng e ka qobisa mesifa ea pelo tšenyeho e ke keng ea lokisoa. Ha mesifa ea pelo e ka sireletsoa, pelo e tla pompa mali hamolemonyana le ka mor’a tlhaselo ea pelo.
Leha ho le joalo, litlhaselo tse ling tsa pelo ha li bonahale, ha li bontše matšoao a letho a ka ntle. Maemong ana motho a ka ’na a se ke a elelloa hore o na le boloetse ba methapo ea pelo e tsamaisang mali ho tsoa pelong (CAD). Ka masoabi, ho ba bang tlhaselo e matla ea pelo e ka ’na ea e-ba letšoao la pele le bontšang hore bothata ba pelo bo teng. Ha pelo e khaotsa ho otla (e khaotsa ho pompa), ho ba le monyetla o fokolang oa ho pholoha ntle le ha ho ka bitsoa sehlopha sa pholoso hang-hang ’me ba leng haufi ba etsa tšebetso ea kapele-pele ea ho thibolla tselana e isang moea matšoafong le ho tsosolosa ho otla ha pelo e le hore ho phefumoloha ho ’ne ho tsoele pele (CPR [cardiopulmonary resuscitation]).
Harvard Health Letter e tlaleha hore bongata ba ba nang le matšoao a CAD, hoo e ka bang halofo e tla qhelela ka thōko ho batla thuso ea bongaka hang-hang. Hobane’ng? “Ke hobane hangata ha ba hlokomele seo matšoao a ho bona a se supang kapa ha ba a nke ka ho teba.”
John,a mohlaseluoa e mong oa tlhaselo ea pelo ’me e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ipiletsa ka tieo: “Ha u hlokomela hore ho na le ho hong ho phoso, u se ke ua lieha ho fumana thuso ea bongaka ka lebaka la ho tšaba ho bonahala u le lekoala. Ke ile ka batla ke lahleheloa ke bophelo ba ka ka lebaka la ho lieha ho nka khato.”
Se Ileng sa Etsahala
John oa hlalosa: “Selemo le halofo pele ke e-ba le tlhaselo ea pelo, ke ne ke ile ka lemosoa ke ngaka ka ho phahama ha k’holeseterole ea ka, e leng sesosa se kotsi haholo sa CAD. Empa ke ile ka qhelela taba eo ka thōko, kaha ke ne ke ikutloa hore ke sa le mocha—ke le ka tlaase ho lilemo tse 40—’me ke phela hantle. Ka sebele kea ikoahlaea ka hore ha kea ka ka nka khato nakong eo. Ke ile ka ba le matšoao a mang a lemosang—letšoea ha ke ile ka sebetsa ka thata, mahlaba ao ke ileng ka nahana hore ke a ho pipitleloa le mokhathala o feteletseng likhoeling tse ’maloa pelenyana ke e-ba le tlhaselo ea pelo. Boholo ba sena ke ile ka nka hore se bakoa ke ho robala nako e khutšoanyane le ho sebetsa tlas’a khatello e khōlō. Matsatsi a mararo pele ke e-ba le tlhaselo ea pelo, ke ile ka ba le hoo ke ileng ka nahana hore ke ho honyela ho sa tloaelehang ha mesifa sefubeng. E ne e le tlhaselo e fokolang e etellang pele tlhaselo e khōlō matsatsi a mararo hamorao.”
Lehlaba kapa khatello ea ka sefubeng, e bitsoang angina, le fana ka temoso ho hoo e ka bang halofo ea ba tsietsanang ke tlhaselo ea pelo. Ba bang ba ba le letšoea kapa ba be le mokhathala le ho fokola ho itseng e le matšoao, a bontšang hore pelo ha e fumane oksijene e lekaneng ka lebaka la ho thibana ha methapo ea pelo. Matšoao ana a fanang ka temoso a lokela ho isa motho ngakeng bakeng sa hore pelo e hlahlojoe. Dr. Peter Cohn o re: “Hang ha angina e se e kile ea phekoloa, ha ho na tiiso ea hore tlhaselo ea pelo e tla thibeloa, empa bonyane menyetla ea ho ba le tlhaselo ea pelo hang-hang ea fokotseha.”
Tlhaselo ea Pelo
John o tsoela pele: “Ka letsatsi leo re ne re il’o bapala softball. Ha ke koenya mothamo oa hamburger le litapole tse halikiloeng bakeng sa lijo tsa motšehare, ke ile ka hlokomoloha bohloko bo itseng, ho nyeka ha pelo le ho satalla ho ka sefubeng. Empa ha re fihla lebaleng la bolo ’me re qala ho bapala, ke ile ka utloa hore phoso e teng. Nakong ea thapama, ke ile ka ikutloa ke ntse ke kula ho feta.
“Ka makhetlo a ’maloa, ke ile ka robala holim’a benche ea libapali, ke kakaletse, ’me ke leka ho ikotlolla mesifa ea sefuba, empa ea ’na ea tsoela pele ho satalla ho feta. Ha ke ntse ke bapala, ke ile ka ipolella hore, ‘Mohlomong ke tšoeroe ke ntaramane,’ kaha ke ne ke ikutloa ke le sethokothetsi ’me ka linako tse ling ke se na matla. Ha ke ne ke matha, ke ne ke felloa ke moea ka ho hlokomelehang. Ke ile ka boela ka robala bencheng. Ha ke phahama ke leka ho lula, ho ne ho se pelaelo hore ke na le bothata bo tebileng. Ke ile ka hoeletsa mora oa ka, James: ‘Ke hloka ho ea sepetlele HANG-HANG!’ Sefuba sa ka e ne eka se hohlometse ka hare. Lehlaba le ne le le matla hoo ke neng ke sitoa ho phahama. Ke ile ka nahana, ‘E ke ke ea ba hona ke tlhaselo ea pelo, na e ka ba eona? Ke lilemo li 38 feela!’”
Mora oa John, ea neng a le lilemo li 15 nakong eo, oa pheta: “Ho ile ha nka metsotso e seng mekae feela hore Ntate a felloe ke matla, hoo a ileng a ba a tlameha ho kakasoa ho isoa koloing. Motsoalle oa ka ha a ntse a khanna koloi o ne a ntse a botsa Ntate lipotso e le hore a tsebe boemo ba hae hantle. Qetellong, Ntate ha aa ka a araba. Motsoalle oa ka o ile a hoeletsa: ‘John!’ Empa ho ntse ho le joalo Ntate a se ke a arabela. Nakong eo Ntate o ile a sisinyeha setulong sa hae, a qala ho tsitsipana le ho hlatsa. Ke ile ka hoeletsa ka makhetlo-khetlo: ‘Ntate! Kea u rata! U se ke ua shoa hle!’ Ka mor’a ho tsietsana hona, ’mele oohle oa hae o ile oa nyebella setulong. Ke ne ke nahana hore o shoele.”
Sepetlele
“Re ile ra mathela ka sepetlele bakeng sa ho fumana thuso. Ho ne ho se ho fetile metsotso e ’meli kapa e meraro ho tloha ha ke ne ke nahana hore Ntate o shoele, empa ke ne ke ntse ke e-na le tšepo ea hore a ka ’na a boela a phela. Ho makaleng ha ka, Lipaki tsa Jehova ’moho le rōna tse ka bang 20 tse neng li le lebaleng la bolo li ne li le ka kamoreng ea ho leta. Li ile tsa etsa hore ke ikutloe ke khothetse ’me ke ratoa, e leng thuso e khōlō nakong e joalo ea mahlomola. Metsotso e ka bang 15 hamorao, ngaka e ile ea tla ’me ea hlalosa: ‘Re khonne ho thusa ntate oa hao hore a boele a phele, empa o bile le tlhaselo e matla ea pelo. Ha re tiisehe haeba o tla hle a phele.’
“Eaba e ntumella ho bona Ntate hakhutšoanyane. Litlhaloso tsa Ntate tse lerato bakeng sa lelapa leso li ile tsa nkama maikutlo. Ka ho opeloa ho hoholo, o ile a re: ‘Mora, kea u rata. Kamehla u hopole hore Jehova ke motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Le ka mohla u se ke ua khaotsa ho mo sebeletsa, ’me u thuse ’mè oa hao le barab’eno hore ba se khaotse ho mo sebeletsa le ka mohla. Re na le tšepo e tiileng tsohong ea bafu, ’me haeba ke e-shoa, ke lakatsa ho le bona kaofela ha ke khutla.’ Ka bobeli re ile ra lla meokho ea lerato, tšabo le tšepo.”
Mosali oa John, Mary, o ile a fihla hora hamorao. “Ha ke kena ka kamoreng ea maemo a tšohanyetso, ngaka e ile ea re: ‘Monna oa hao o bile le tlhaselo e matla ea pelo.’ Ke ile ka tsieleha. E ile ea hlalosa hore ho ile ha sebelisoa matla a motlakase ka makhetlo a robeli bakeng sa ho tsosolosa ho otla ho tloaelehileng ha pelo ea John. Khato ena ea boemong ba tšohanyetso e akarelletsa ho sebelisoa ha matla a phallang a motlakase bakeng sa ho thibela ho otla ha pelo ho sa laoleheng le ho e busetsa morethethong o tloaelehileng. Ho phaella ho CPR, ho fana ka oksijene le meriana e kenngoang ka methapo, ho sebelisa matla a motlakase bakeng sa ho tsosolosa ho otla ho tloaelehileng ha pelo ke mokhoa o tsoetseng pele o bolokang bophelo.
“Ha ke bona John, ke ile ka utloa a nkotla pelo. O ne a pulufetse ke ho kula, ’me ’mele oa hae o ne o hokahantsoe le monithara ka mathopo a mangata le mehala. Ka pelong, ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho tiisetsa teko ena molemong oa bara ba rōna ba bararo, ’me ke ile ka rapella tataiso ea ho etsa liqeto tse bohlale mabapi le seo e ka ’nang eaba se larile ka pele. Ha ke atamela bethe ea John, ke ile ka nahana, ‘Ke’ng seo motho a ka se buang ho moratuoa oa hae nakong e kang ee? Na re se re hlile re loketse boemo bo sokelang bophelo joalo ka boo?’
“John o ile a re: ‘Moratuoa, ua tseba hore nka ’na ka se ke ka phela. Empa ke habohlokoa hore uena le bashemane le lule le tšepahala ho Jehova hobane haufinyane tsamaiso ena e tla fela ’me ha ho sa tla ba le ho kula le lefu. Ke lakatsa hore ha ke tsoha tsamaisong eo e ncha ke u bone moo hammoho le bashemane ba rōna.’ Meokho e ile ea keleketla lifahlehong tsa rōna.”
Ngaka ea Hlalosa
“Hamorao ngaka e ile ea mpitsetsa ka thōko ’me ea ntlhalosetsa hore lipatlisiso li bontšitse hore tlhaselo ea pelo ea John e bakiloe ke ho thibana ho feletseng ha mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong o theosang ka lehlakoreng le letšehali le ka pele la pelo. O ne a boetse a thibane mothapo o mong o tsamaisang mali ho tsoa pelong. Ngaka e ile ea mpolella hore ke lokela ho etsa qeto mabapi le phekolo ea John. Mefuta e ’meli ea phekolo eo ho neng ho ka khethoa ho eona e ne e le oa ho sebelisa meriana kapa oa ho sarolla methapo e tsamaisang mali. E ne e nahana hore phekolo ena ea bobeli ke eona e tla ba molemo, kahoo re ile ra khetha ea ho sarolla methapo e tsamaisang mali. Empa lingaka ha lia ka tsa tšepisa letho, kaha ba bangata ha ba ke be ba phele ka mor’a mofuta ona oa tlhaselo ea pelo.”
Ho sarolla methapo e tsamaisang mali ke tšebetso ea ho buoa eo ho eona ho sebelisoang lethopo la polasetike le bonolo le nang le ntlha e kang balune ’me le kenngoa ka har’a mothapo oa pelo le ntan’o pompeloa moea hore le thibolle methapo e thibaneng. Tšebetso ena e atleha haholo ho boeleng e khutlisetsa ho phalla ha mali boemong ba pele. Haeba methapo e ’maloa ea mali e thibane, hangata ho khothalletsoa tšebetso ea ho buoa e etsang hore phallo ea mali e pote ka thōko ho karolo e thibaneng.
Tšepo ea ho Fola e Lerootho
Ka mor’a hore methapo e tsamaisang mali e sarolloe, bophelo ba John bo ile ba tsoela pele bo le lintšing tsa lefu ka lihora tse ling tse 72. Qetellong, pelo ea hae e ile ea qala ho hlaphoheloa. Empa pelo ea John e ne e se e pompa ka halofo feela ea matla a eona a pele, ’me karolo e khōlō ea eona e le lihlopha tsa lisele tse senyehileng, kahoo tebello ea ho ba sekooa sa lefu la pelo e ne e bonahala e le e ke keng ea qojoa.
Ha a hopola se etsahetseng, John oa eletsa: “Re tlas’a tlamo ka lebaka la ’Mōpi oa rōna, malapa a rōna, bara le barali babo rōna ba moea le rōna ka borōna ea ho ela hloko litemoso le ho hlokomela bophelo ba rōna—haholo-holo haeba re le kotsing. Ho isa bohōleng bo itseng, re ka ba sesosa sa thabo kapa mesarelo. Ke khetho ea rōna.”
Boemo ba John e ne e le bo tebileng ’me bo ile ba hloka ho nkeloa khato kapele-pele. Empa hase hore ho nyeka ho hong le ho hong ha pelo ho lokela ho mathisetsoa ngakeng. Leha ho le joalo, phihlelo ea hae ke temoso, ’me ba nahanang hore ba na le matšoao ao ba lokela ho ea tlhahlobong.
Ke’ng se ka etsoang ho fokotsa kotsi ea tlhaselo ea pelo? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso lihloohong tsena a fetotsoe.
[Lebokose le leqepheng la 18]
Mehato ea ho Pholoha
Matšoao a Tlhaselo ea Pelo
• Khatello e bakang sethokothetsi, ho petetseha, kapa lehlaba ka sefubeng le tšoarellang metsotso e ’maloa. Le ka ’na la ferekanngoa ka phoso le lesokolla
• Lehlaba le ka ’na la namela—kapa la ba teng feela—mehlahareng, molaleng, mahetleng, liphakeng, litsoeng kapa ka letsohong le letšehali
• Lehlaba le lulang nako e telele karolong e ka holimo ho mpa
• Letšoea, ho ba le molikoa-likoane, ho akheha, ho fufuleloa kapa ho ikutloa u le sethokothetsi ha u thetsoa
• Mokhathala—o ka ’na oa e-ba teng libeke pele ho tlhaselo ea pelo
• Ho nyekoa ke pelo kapa ho hlatsa
• Angina e tlang khafetsa e sa bakoe ke ho sebetsa ka thata
Matšoao ana a ka ’na a fapana ho tloha ho a bobebe ho isa ho a matla ’me ha a be teng tlhaselong e ’ngoe le e ’ngoe ea pelo. Empa haeba leha e le afe a ’ona a e-ba teng ka nako e le ’ngoe, batla thuso ka potlako. Leha ho le joalo, maemong a mang ha ho be le matšoao a letho; ana a bitsoa tlhaselo e sa bonahaleng ea pelo.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Haeba uena kapa e mong eo u mo tsebang a bontša matšoao a tlhaselo ea pelo:
• Hlokomela matšoao.
• Tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ntseng u e etsa ’me u lule fatše kapa u paqame.
• Haeba matšoao a tšoarella metsotso e ’maloa, letsetsa nomorong ea thuso ea tšohanyetso e sebakeng sa heno. Bolella ea tlil’o u thusa hore u belaella tlhaselo ea pelo, ’me u mo fe boitsebiso bo hlokahalang e le hore a u fumane.
• Haeba u ka khona ho potlakisetsa mohlaseluoa sebakeng sa maemo a tšohanyetso sepetlele ka ho khanna, etsa joalo. Haeba u nahana hore u ba le tlhaselo ea pelo, kōpa e mong ho u isa teng.
Ha u ntse u letetse basebetsi ba bongaka ba maemo a tšohanyetso:
• Fasolla liaparo tse tiileng, ho akarelletsa lebanta kapa thae. Thusa mohlaseluoa hore a ikutloe a phutholohile, u mo tšehetse ka mesamo haeba ho hlokahala.
• Lula u khutsitse, ebang u mohlaseluoa kapa u mothusi. Ho phahamisa matšoafo mohlomong ho ka ’na ha etsa hore pelo e otle ka mokhoa o sa laoleheng e leng boemo bo behang bophelo kotsing. Thapelo e ka ba thuso e matlafatsang bakeng sa ho lula u khutsitse.
Ha mohlaseluoa a bonahala eka o khaotsa ho phefumoloha:
• Ka lentsoe le phahameng mo botse, “Na ua nkutloa?” Haeba mohlaseluoa a sa arabele, pelo e sa otle, ’me a sa phefumolohe, qala tšebetso ea ho thibolla tselana e isang moea matšoafong le ho tsosolosa ho otla ha pelo e le hore ho phefumoloha ho ’ne ho tsoele pele (CPR).
• Hopola mehato e meraro ea motheo ea CPR:
1. Phahamisa selelu sa mohlaseluoa, e le hore tselana ea moea e bulehe.
2. Ha tselana ea moea e bulehile, koala linko tsa mohlaseluoa, ka makhetlo a mabeli u bululele moea butle-butle ka hanong la hae ho fihlela sefuba se kokomoha.
3. Hatella bohareng ba sefuba ka makhetlo a 10 ho isa ho a 15 lipakeng tsa litlhōkō e le hore mali a tsoe ka pelong le sefubeng. Metsotsoana e meng le e meng e 15, pheta habeli ho bululela moea ho lateloang ke ho hatella ka makhetlo a 15 ho fihlela ha ho otla ha pelo le ho phefumoloha li boetse li khutlile kapa sehlopha sa basebetsi ba maemo a tšohanyetso se fihla.
CPR e lokela ho etsoa ke motho ea koetliselitsoeng ho e etsa. Empa ha ho se na ea koetlisitsoeng, Dr. R. Cummins, e leng motsamaisi oa tlhokomelo ea maemo a tšohanyetso a lefu la pelo o re: “CPR leha e le efe e molemo ho feta ho se e etse ho hang.” Ntle leha e mong a ka nka mehato ena, menyetla ea ho pholoha ea fokola. CPR e khanna nako ho fihlela thuso e fihla.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho potlakela phekolo ka mor’a tlhaselo ea pelo ho ka boloka bophelo ’me ha fokotsa ho senyeha ha pelo