Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 23-25
  • ’Mila o Lebisang ho Hlaphoheloeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mila o Lebisang ho Hlaphoheloeng
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaphoheloa
  • Ho se Hlore
  • Malapa a Hloka Tšehetso
  • Ho Hlokomela le ho Nka Khato ka Matšoao
    Tsoha!—1996
  • Ho Hlōla Ntoa Khahlanong le ho Tepella Maikutlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U ka Fumana Thabo Lefatšeng le Tepelletsang Maikutlo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 23-25

’Mila o Lebisang ho Hlaphoheloeng

KA MOR’A hore motho a be le tlhaselo ea pelo, ke ho tloaelehileng hore a ikutloe a tšaba ’me a ngongorehile. Na ke tla ba le tlhaselo ea pelo hape? Na ke tla holofala kapa na bohloko le tahlehelo ea matla le sehlahlo li tla mpehela meeli?

John ea boletsoeng sehloohong sa rōna sa bobeli, o ne a tšepile hore ha nako e ntse e feta, sethokothetsi sa letsatsi le letsatsi hammoho le lehlaba le ka sefubeng li tla kokobela. Empa ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a re: “Ho fihlela joale ha li e-s’o kokobele. Seo, hammoho le ho khathala ho sekhahla le ho otla ho sa laoleheng ha pelo, li etsa hore ke lule ke ipotsa, ‘Na ebe ke se ke le lintšing tsa tlhaselo e ’ngoe hape ea pelo?’”

Jane, oa United States, eo e neng e le mohlolohali e mocha nakong eo a neng a e-ba le tlhaselo ea pelo, o ile a lumela: “Ke ne ke sa nahana hore ke tla phela empa ke ne ke nahana hore ke tla ba le tlhaselo ea pelo hape ’me ke shoe. Ke ile ka qala ho tšoha, kaha ke ne ke e-na le bana ba bararo bao ke tlamehang ho ba hlokomela.”

Hiroshi, oa Japane, o ile a pheta: “E ile ea e-ba ho ’makatsang haholo ha ke bolelloa hore pelo ea ka e ke ke ea hlola e sebetsa joaloka pele; lebelo la eona la ho pompa le ne le theohile ka karolo ea 50 lekholong. Ke ne ke batla ke kholisehile hore ke tla tlameha ho fokotsa e meng ea mesebetsi ea ka ke le mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova, kaha ke ne ke se nka etsa ho ka tlaase ho seo ke neng ke se etsa pele.”

Ha motho a talimane le ho felloa ke matla, ho tepella maikutlo le ho ikutloa a se na thuso ho ka ’na ha mo hlasela. Marie, oa Australia ea lilemo li 83 ea inehetseng mosebetsing oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova oa nako e tletseng, o ile a tletleba: “Ho hlōleha ha ka ho ba mafolo-folo joaloka pele ho ile ha nkutloisa bohloko. Ho e-na le ho thusa ba bang, joale ke ne ke hloka ho thusoa.” Afrika Boroa, Harold o ile a hlalosa: “Ke ile ka sitoa ho sebetsa ka likhoeli tse tharo. Nakong eo sohle seo ke neng nka khona ho se etsa e ne e le ho tsamaea ho potoloha jarete feela. Ho ne ho ferekanya ruri!”

Ho ile ha hlokahala hore Thomas, oa Australia, a buuoe e le ho etsa hore mali a hae a phalle ka tsela e potang karolo e thibaneng ka thōko ka mor’a hore a hlaseloe ke pelo ka lekhetlo la bobeli. O ile a re: “Ke sitoa ho mamella bohloko, ’me ho feta tlas’a tšebetso e khōlō ea ho buuoa ho ne ho batla ho le ka ’nģane ho seo ke neng nka se nahana.” Jorge, oa Brazil, o ile a hlalosa liphello tsa ho buuoa pelo: “Ka lebaka la boemo ba ka ba lichelete, ke ne ke tšaba hore ke tla siea mosali oa ka a le mong ’me a se na tšehetso. Ke ne ke nahana hore nke ke ka phela halelele.”

Ho Hlaphoheloa

Ke’ng se ileng sa thusa ba bangata ho hlaphoheloa le ho boela ba fumana botsitso maikutlong? Jane o ile a hlokomela: “Ha ke ikutloa ke tšoha, kamehla ke ne ke ea ho Jehova ka thapelo ’me ke lahlela mojaro oa ka ho eena ’me ke o siea le eena.” (Pesaleme ea 55:22) Thapelo e thusa motho ho fumana matla le khotso ea kelello tse hlokahalang ha a talimane le matšoenyeho.—Bafilippi 4:6, 7.

John le Hiroshi ba ile ba kenela lenaneo la phekolo le busetsang motho boemong ba hae ba pele. Ho khetha mefuta e molemo ea lijo le ho ikoetlisa ho ile ha matlafatsa lipelo tsa bona, hoo ka bobeli ba ileng ba qalisa ho sebetsa bocha. ’Me ba hlalositse lebaka la ho hlaphoheloa ha bona kelellong le maikutlong e le matla a bolokang a moea oa Molimo.

Thomas o ile a fumana khothatso ea ho talimana le tšebetso ea ho buuoa, ka lebaka la tšehetso e tsoang ho barab’abo ba Bakreste. O ile a re: “Pele ke buuoa, molebeli e mong o ile a tla ho nchakela le ho rapela ’moho le ’na. Ka kōpo e tiileng e lerato, o ile a kōpa Jehova hore a ’matlafatse. Bosiung boo ke ile ka nahanisisa ka thapelo ea hae ’me ka ikutloa ke hlohonolofetse haholo ho ba le baholo ba joaloka eena bao kutloelo-bohloko ea bona linakong tse joalo tsa khatello ea maikutlo e leng karolo ea pholiso ka boeona.”

Anna, oa Italy, o ile a sebetsana ka katleho le ho tepella maikutlo ka tsela ena: “Ha ke nyahame, ke nahana ka litlhohonolofatso tsohle tseo ke seng ke ntse ke li amohela joaloka e mong oa bahlanka ba Molimo le ka litlhohonolofatso tse tlang ho tla tlas’a ’Muso oa Molimo. Sena se nthusa ho boela ke fumana khutso ea kelello.”

Marie o ananela haholo thuso ea Jehova. Lelapa la hae le ’nile la mo tšehetsa, ’me o re: “Bara le barali beso ba moea, e mong le e mong a e-na le moroalo oa hae oo a lokelang ho o jara, ba ile ba behella ka thōko nako ea ho nchakela, ho ntetsetsa thelefono kapa ho nthomella likarete. Ke joang ke neng nka lula ke hlomohile har’a lerato lee lohle leo ke le bontšitsoeng?”

Ho se Hlore

Ho ’nile ha thoe pelo e folang ha ea lokela ho ba e hlorileng. Tšehetso ea lelapa le ea metsoalle e phetha karolo e khōlō, ea bohlokoa ho hlaphoheloeng ha bao lipelo tsa bona li hlokang ho lokisoa ka tsela ea sebele le ea tšoantšetso.

Michael, oa Afrika Boroa, o ile a hlalosa: “Ho thata ho hlalosetsa ba bang hore na ho joang ho nyahama. Empa ha ke kena Holong ea ’Muso, kameho eo barab’eso ba e bontšang e nthoba pelo ’me e ’matlafatsa haholo.” Henry, oa Australia, le eena o ile a matlafatsoa ke lerato le tebileng le kutloelo-bohloko tseo phutheho ea habo e ileng ea li bontša. O ile a re: “Ka sebele ke ne ke hloka mantsoe ao a mofuthu a khothatso.”

Jorge o ile a ananela kameho e tebileng eo ba bang ba ileng ba e bontša ka ho thusa lelapa la hae ka lichelete ho fihlela eena a khona ho sebetsa. Olga, oa Sweden, le eena ka ho tšoanang o ile a ananela thuso e sebetsang eo eena hammoho le lelapa la hae ba ileng ba e fuoa ke bara le barali babo ba bangata ba moea. Ba bang ba ile ba mo ela mabenkeleng, ha ba bang ba ile ba mo hloekisetsa ntlo.

Hangata, bakuli ba lefu la pelo ba tlameha ho lekanyetsa karolo eo ba e nkang mesebetsing eo ba neng ba e thabela. Sven, oa Sweden, o ile a pheta: “Ka linako tse ling ke tlameha ho tlohela ho kopanela tšebeletsong ha ho e-na le moea o mongata kapa ho bata haholo, kaha ho ntsosetsa ho honyela ha methapo. Ke ananela kutloelo-bohloko eo tse ngata tsa Lipaki-’moho le ’na li e bontšang tabeng ena.” ’Me nakong ea ha a sa theohe betheng, Sven o khona ho mamela liboka kaha ka lerato barab’abo rōna ba mo rekotela tsona theiping. “Ba mpoloka ke le nakong ka tse etsahalang ka phuthehong, ’me hoo ho nketsa hore ke ikutloe ke e-na le karolo.”

Marie, ea sa theoheng betheng, o ikutloa a hlohonolofetse ka hore liithuti tsa hae tsa Bibele li tla ho eena. Ka tsela ena o khona ho tsoela pele a bua ka bokamoso bo babatsehang boo a talimileng pele ho bona. Thomas o bontša kananelo ea hae ka kameho eo a e bontšoang: “Baholo e bile ba nahanelang haholo ’me ba ile ba fokotsa lenane la likabelo tseo ba mphang tsona.”

Malapa a Hloka Tšehetso

’Mila o ka ’na oa nyolosetsa le ho litho tsa lelapa joalokaha o nyolosetsa ho mohlaseluoa. Li tlas’a khatello e matla ea kelello le tšabo. Mabapi le ho tšoenyeha ha mosali oa hae, Alfred, oa Afrika Boroa, o ile a hlokomela: “Ha ke khutlela hae ho tsoa sepetlele, mosali oa ka o ne a atisa ho ntsosa ka makhetlo a ’maloa bosiu ho bona hore na ke ntse ke phela hantle, ’me o ne a tsitlella hore ke bone ngaka bakeng sa tlhahlobo likhoeli tse ling le tse ling tse tharo.”

Liproverbia 12:25 (BPN) e bua ka ho re “ho fèha matšoafo ho nyahamisa pelo ea motho.” Carlo, oa Italy, o hlalosa hore haesale a ba le tlhaselo ea pelo, mosali oa hae ea mo ratang le ea mo tšehetsang “o ile a kenoa ke ho tepella maikutlo.” Lawrence, oa Australia, o ile a re: “E ’ngoe ea lintho tseo u lokelang ho li ela hloko ke ho bona hore molekane oa hao o hlokomelehile. Khatello ho molekane e mong e ka ba khōlō haholo.” Kahoo, re lokela ho hopola litlhoko tsa bohle ba ka lapeng, ho akarelletsa bana. Boemo bo ka ba ama habohloko maikutlong le ’meleng.

James, ea boletsoeng sehloohong sa rōna sa bobeli, o ile a itšehla thajana ka mor’a hore ntate oa hae a be le tlhaselo ea pelo. O ile a re: “Ke ne ke ikutloa hore nke ke ka hlola ke ithabisa kaha ke ne ke nahana hore hang ha ke ithabisa, ke tla hlaheloa ke ntho e mpe.” Ho tšohla tšabo ea hae le ntate oa hae le ho sebeletsa ho theha puisano e molemo le ba bang ho ile ha mo thusa hore a imolohe ho khathatseheng ha hae. Nakong eo James o ile a etsa ho hong hape ho ileng ha ama bophelo ba hae haholo. O ile a re: “Ke ile ka matlafatsa thuto ea ka ea botho ea Bibele ’me ka lokisetsa liboka tsa rōna tsa Bokreste.” Likhoeli tse tharo hamorao o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a tšoantšetsa hoo ka kolobetso ea metsing. O re: “Ho tloha nakong eo, ke ile ka hōlisa kamano e haufi-ufi le Jehova. Ka sebele ke na le mabaka a mangata a ho mo leboha.”

Ka mor’a tlhaselo ea pelo, motho o ba le nako ea ho boela a hlahloba bophelo. Ka mohlala, pono ea John e ile ea fetoha. O ile a re: “U bona bosaoana ba ho phehella lipakane tsa lefatše ’me u hlokomela kamoo lerato la lelapa le la metsoalle le leng bohlokoa kateng le kamoo re leng ba bohlokoa kateng ho Jehova. Kamano ea ka le Jehova, lelapa la ka le bara le barali beso ba moea hona joale e tla pele ho lintho tse ling kaofela.” Ha a bua ka phihlelo ea hae e sithabetsang, o ile a eketsa: “Ha ke kholoe hore ke ne ke tla sebetsana ka katleho le boemo bona kantle ho tšepo ea rōna ea nako e tlang eo ka eona lintho tsena li tlang ho lokisoa. Ha lintho li ntepelletsa maikutlo, ke nahana ka bokamoso, ’me se etsahalang hona joale se bonahala e le sa bohlokoa bo fokolang.”

Ha ba ntse ba thulana le meepa le metheō ’mileng ona o lebisang ho hlaphoheloeng, baphonyohi bana ba tlhaselo ea pelo ba thehile tšepo ea bona ka ho tiea ’Musong oo Jesu Kreste a ileng a re ruta hore re o rapelle. (Matheu 6:9, 10) ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa batho bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Nakong eo boloetse ba pelo le litšitiso tse ling kaofela li tla felisoa ka ho sa feleng. Lefatše le lecha le larile ka pele. Ka sebele, bophelo bo molemo ka ho fetisisa ke hona bo tlang ho tla!—Jobo 33:25; Esaia 35:5, 6; Tšenolo 21:3-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Tšehetso ea lelapa le metsoalle e phetha karolo ea bohlokoa ho hlaphoheloeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela