Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 26-27
  • Boikokobetso ba Bosali—Bo Bolela Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikokobetso ba Bosali—Bo Bolela Eng?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Temoho
  • Ha Monna a Itlhohlolla Boikarabelo
  • “Le Ipehe Tlaase e Mong ho e Mong”
  • Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Hlooho ea Mosali ke Monna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 26-27

Pono ea Bibele

Boikokobetso ba Bosali—Bo Bolela Eng?

HO BAEFESE 5:22 Lentsoe la Molimo, Bibele, le re: “Basali a ba ipehe tlas’a banna ba bona joaloka ho Morena.” Ha e le hantle, sena se bolela eng? Na mosali o tlameha ho ikokobelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna a e batlang, ho sa tsotellehe hore na ke eng? Na ha ho mohla a ka nkang bohato ba pele kapa pono e fapaneng le ea monna?

Nahana ka tlaleho ea Bibele ea Abigaile. O ile a sebetsa ka bohlale empa khahlanong le litaba-tabelo tsa monna oa hae oa morui, Nabale. Ho sa tsotellehe mosa oo Nabale a o bontšitsoeng ke bahlanka ba Davida ea khethiloeng ke Molimo ho ba morena oa Iseraele, Nabale o ile a ‘ba khōbōla.’ Davida, a halefisitsoe ke ho hloka teboho ha Nabale, o ile a itokisetsa ho mo bolaea. Abigaile o ile a hlokomela hore lelapa la hae lohle le ne le le kotsing. O ile a kokobetsa bohale ba Davida. Joang?—1 Samuele 25:2-35, BPN.

Abigaile o ile a lumela ho Davida hore Nabale e ne e le “monna ea se nang molemo” (NW) ’me eena o ile a neha Davida lithuso tseo Nabale a mo hanetseng ka tsona. Ka tloaelo ke phoso hore monna kapa mosali a pepese liphoso tsa molekane e mong. Na Abigaile e ne e le mofetoheli ka ho bua le ho itšoara ka tsela e joalo? Che. O ne a leka ho pholosa bophelo ba Nabale le ba lelapa la hae. Ha ho tlhasenyana e bontšang hore o ne a itloaelitse ho se hlomphe kapa ho itaola. Leha e le hore ho na le moo Nabale, eo ho neng ho le thata ho mo khahlisa, a kileng a hlahisa maikutlo leha e le afe a ho se khotsofale ka tsela eo mosali oa hae a neng a thusa ho tsamaisa letlotlo la hae le leholo ka eona. Empa boemong bona ba maqakabetsi, bohlale bo ile ba etsa hore a inkele bohato ba pele. Ho feta moo, Bibele e lumellana le seo Abigaile a ileng a se etsa.—1 Samuele 25:3, 25, 32, 33.

Le pele ho mehla ea Abigaile, ho ne ho e-na le linako tseo basali ba bapatriareka ba neng ba hlahisa maikutlo a bona le ho nka mehato e fapaneng le eo banna ba bona ba neng ba e batla. Leha ho le joalo, ‘basali bana ba halalelang ba neng ba tšepile Molimo’ ba ne ba ntse ba nkoa e le mehlala ea boikokobetso bakeng sa mosali oa Mokreste. (1 Petrose 3:1-6) Ka mohlala, ha Sara a hlokomela hore mora oa Abrahama, Ishmaele, e ne e le tšokelo ho mora oa bona, Isaka, o ile a etsa qeto ea hore Ishmaele o tlameha ho lelekoa. Sena se ne se sa “thabise ho hang ho Abrahama.” Empa Molimo o ile a re ho Abrahama: “U se lumelle ntho leha e le efe eo Sara a tsoelang pele ho u bolella eona ka moshemane ho u hlonamisa . . . Mamela lentsoe la hae.”—Genese 21:11, 12, NW.

Ho Hlokahala Temoho

Joale, e ke ke ea e-ba ntho e bohlale hore mosali a ikutloe a le tlas’a khatello ea ho etsa seo a tsebang hore ke booatla bo feletseng kapa ke ho tlōla melao-motheo ea bomolimo lebitsong la hore feela o latela molao-motheo oa boikokobetso. Hape, joalokaha ho entse Abigaile le Sara, ha aa lokela ho ikutloa a le molato ka ho nka bohato ba pele tabeng e ’ngoe ea bohlokoa.

Boikokobetso ba bosali ha bo bolele hore kamehla o tlameha ho lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo monna oa hae a e laba-labelang. Ke eng se etsang phapang? Ha melao-motheo e lokileng e le kotsing, a ka ’na a tlameha ho se lumellane le monna oa hae. Esita leha ho le joalo, o sa ntse a lokela ho bonahatsa moea o akaretsang oa boikokobetso ba bomolimo.

Ka ho hlakileng, mosali o lokela ho ba seli hore a se hlokomolohe litaba-tabelo tsa monna oa hae ka lebaka la manganga, ho mo soetsa kapa ka sepheo se seng se fosahetseng. O tlameha ho ba le temoho, a be le “kelello e elileng” joaloka Abigaile.—1 Samuele 25:3.

Ha Monna a Itlhohlolla Boikarabelo

Boikemisetso bo ka sehloohong le moea oa boikokobetso ba mosali ba bomolimo ke ho thabisa Jehova ka ho tšoarisana le monna oa hae le ho tšehetsa liqeto tsa hae. Sena se bonolo ha monna e le ea hōlileng moeeng. E ka ba phephetso haeba ho se joalo.

Tabeng e tjena, a ka sebetsana le boemo ka katleho joang? Mosali a ka ipiletsa ho monna ka botšepehi kapa a etsa tlhahiso ka liqeto tse tla tsoela lelapa molemo o moholo haholo. Haeba a batla hore monna a etelle pele, ho ka etsahala hore monna a atlehe ho etsa joalo. Ho komotela monna kamehla ke ho tlōla molao oa moea o loketseng oa boikokobetso. (Liproverbia 21:19) Leha ho le joalo, haeba ka ho hlakileng leano la monna le beha boiketlo ba lelapa kotsing, mosali a ka ’na a etsa tlhahiso mabapi le tsela e nepahetseng joaloka Sara.

Haeba monna oa hae a sa lumela, phephetso e khōloanyane ho mosali. Ho ntse ho le joalo o lokela ho ikokobelletsa eena hafeela a sa etse hore a tlōle melao ea Bibele. Haeba a etsa joalo, karabelo ea mosali oa Mokreste e tla tšoana le ea barutuoa ha lekhotla le ne le batla hore ba tlōle litaelo tsa Molimo: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

Leha ho le joalo, ka lebaka la ho haelloa ke phihlelo le bohlale, esita le banna le basali ba nang le maikutlo a matle ba ka tlōla meeli ea likarolo tsa bona. Monna a ka haelloa ke ho nahanela; mosali e ka ba ea tsitlellang lintho tseo a li ratang. Ke eng se tla thusa? Maikutlo a boinyenyefatso ke a bohlokoa hobane “kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.

Banna ba bangata ba tla ananela bohato ba pele bo tšepahalang ba mosali haeba a bo sebelisa ka bohlale. ’Me tšebelisano-’moho ea matlafatsoa haeba ka bobeli ba kōpa tšoarelo ha ba etsetsana liphoso. Joalokaha Jehova a re tšoarela mefokolo ea rōna ea letsatsi le letsatsi, le rōna ka ho tšoanang re lokela ho tšoarela ba bang. “Haeba liphoso e ne e le lintho tseo u li talimang, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? Hobane ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena.”—Pesaleme ea 130:3, 4, NW.

“Le Ipehe Tlaase e Mong ho e Mong”

Molemong oa lithahasello tsa rōna, Mangolo aa eletsa: “Le ipehe tlaase e mong ho e mong ka ho tšaba Kreste.” Bontšanang tlhompho e lerato; le se horeletsane kapa ho phehisana. Temana eo e tsoela pele ka ho re: “Basali a ba ipehe tlas’a banna ba bona joaloka ho Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.”—Baefese 5:21-23.

Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng ho Baefese 5:21 le 22 le fana ka maikutlo a ho ipeha ka tlaase ho e mong ka ho rata, e seng ho qobelloa ho ikokobetsa. Boikokobetso ke bakeng sa Morena, e seng feela molemong oa tumellano lenyalong. Litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ea Kreste li ikokobelletsa Kreste ka ho rata le ka thabo. Ha mosali a etsa se tšoanang ho monna oa hae, ho na le monyetla o moholo oa hore lenyalo e tla ba le thabileng le le atlehileng.

Mangolo a boetse a re: “[Monna] e mong le e mong oa lōna ka bomong a a rate joalo mosali oa hae joalokaha a ithata,” e seng ka lekhonatha. (Baefese 5:33; 1 Petrose 3:7) Monna o lokela ho hopola hore le eena o lokela ho ikokobelletsa hlooho ea hae, hobane Bibele e re: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.” E, monna o lokela ho ikokobelletsa lithuto tsa Kreste. Ka lehlakoreng le leng, Kreste o ikokobelletsa hlooho ea hae: “Hlooho ea Kreste ke Molimo.” Ka lebaka leo, e mong le e mong, kantle ho Jehova, o na le hlooho. Le eena o itlama ka melao eo e leng ea hae.—1 Bakorinthe 11:3; Tite 1:2; Baheberu 6:18.

Boikokobetso ba Bokreste bo leka-lekane ’me bo molemo ho monna le mosali. Bo tlisa lenyalong kutloano le khotsofalo tseo e leng ’Mōpi oa rōna feela ea lerato ea ka fanang ka tsona.—Bafilippi 4:7.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Leslie’s

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela