Bacha Baa Botsa . . .
Mofuta o Mong oa Rock—Na o Ntoketse?
“Lipina tse buang ka mathata le liphihlelo tse fapaneng tseo rōna bacha re thulanang le tsona li tsamaisana le mali a ka.”—George ea lilemo li 15.a
“O bohareng ba ’mino oa pop le ’mino o morethetho o matla.”—Dan ea lilemo li 19.
“O mocha. O fapane. Hase ’mino o atileng haholo, o hlahisoang ka bongata.”—Maria ea lilemo li 17.
MOFUTA o mong oa rock. Bacha ba bangata ba thabela ho o mamela. Batho ba bang ba baholo oa ba tšoenya. ’Me batsoali ba bangata ba tseba ho fokolang kapa ha ba tsebe letho ho hang ka oona.
Bonneteng, ha ho bonolo ho qaqisa seo mofuta o mong oa rock o leng sona. Qalong, e ne e le ’mino oa bacha ba neng ba batla ho hong ho fapaneng, mofuta o mong oa ’mino o fapaneng le o atileng haholo o mameloang seea-le-moeeng. Ba bang ba bolela hore o qalile ha liteishene tsa seea-le-moea tsa koleche tsa tikoloho li etsa kemiso ea ho hasa ’mino oa libente tse neng li sa tsejoe—lihlopha tsa ’mino tse neng li le motlotlo ka ho se rekisetse indasteri ea khoebo ea ’mino lipina tsa tsona. Letlōbō le lecha la libini le ne le qoba ho rekota lik’hamphaning tse khōlō le ho sebelisa mekhoa e sabaletseng ea thekiso, joaloka livideo tsa ’mino. Hape, le ne le ngola ka lihlooho tse angoang seoelo lipineng tse 40 tse Ratoang ka ho Fetisisa.
Ho fapana le ’mino o morethetho o matla kapa oa rap, mofuta o mong oa rock hase kamehla ho leng bonolo ho o khetholla kapa ho o beha sehlopheng sa oona. Esita le litsebi indastering ea ’mino lia fapana mabapi le seo mofuta ona o mong oa rock o leng sona hantle-ntle. Lebaka la sena ke hore, joalokaha lebitso le bontša, o akarelletsa merethetho, maemo le maikutlo a mangata a sa tšoaneng. Mohlankana e mong o ile a re: “Ho thata haholo ho o beha sehlopheng sa oona. O akarelletsa mefuta e pharaletseng ea ’mino oa kajeno.” Mocha e mong o ile a iteta sefuba ho hlalosa: “Hase kamehla o bang le morethetho o boima kapa o bonolo, o potlakileng kapa o iketlileng, o khathollang kapa o tepelletsang.” Mocha e mong o bile a lumela: “Ha ke tsebe hantle hore na nka re ke rata mofuta o mong oa rock hobane ha ke tsebe hantle seo o leng sona.”
Leha ho le joalo, ho tuma ha mofuta ona o mong oa rock ho atile hoo hona joale libini tse ngata tse tummeng tsa oona li nkoang e le karolo ea ’mino o atileng haholo. Ho hong hape, ho bonahala batsoali ba sa sekamele ho o hanyetseng joalokaha ba hanyetsa ’mino o morethetho o matla kapa mefuta e meng ea rock e lerata le tabolang tsebe. Bonneteng, ho bonahala eka ke batsoali ba seng bakae feela ba tsebang lihlopha kapa mabitso a lialbamo tsa mofuta ona o mong oa rock. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore u sebelise masene ha ho tluoa ’minong ona.
Ke’ng se Ipiletsang?
Ka mohlala, nahana ka lebaka leo bacha ba bangata ba hoheloang ke ’mino ona ka lona. Ho ba bangata ke feela taba ea ho khema le metsoalle. O boetse o fana ka motheo o tloaelehileng bakeng sa moqoqo kapa bakeng sa liketso tse kang ho fapanyetsana litheipi le li-CD.
Leha ho le joalo, ho bacha ba bangata ke morethetho le molaetsa oa mofuta ona o mong oa rock o etsang hore o ipiletse hakana. Ka ho khetheha, bacha ba bangata ba fumana hore ba na le liphihlelo le maikutlo tse tšoanang le tsa baqapi ba lipina. Letoto la lihlooho tsa makasine ea Time tse tšohlang taba ena le ile la hlalosa: “Le hoja lipina tsa pop hangata li bua ka lerato, mantsoe a mofuta ona o mong oa rock hangata a bua ka maikutlo a se nang mosa: ho felloa ke tšepo, takatso e feteletseng ea botona kapa botšehali, tsieleho. . . . Haeba u lilemong tse ka tlaase ho 20 kapa ka holimo ho tsona, mohlomong batsoali ba hao ba hlalane. Mofuta ona o mong oa rock o fetohile serekota-molumo se amang maikutlo, se buang ka ho toba ka mathata a se nang tharollo a ho lahloa kherehloa le ho hloka toka.” Ka lebaka leo, seboholi sa seea-le-moea sa koleche se lilemo li 21 se re: “O ile oa ipiletsa ho ’na le ho metsoalle ea ka kaha moloko oa rōna o tennoe ke bophelo. Ha ho letho le re letetseng ha re qeta sekolong.”
Bacha ba bang ba Bakreste ka ho tšoanang ba khahliloe ke mofuta ona o mong oa rock. Ka ho tloaelehileng, ba bangata ba ile ba qoba lipina tse tala, tse susumetsang borabele, mabifi kapa tsa boitšoaro bo litšila. Leha ho le joalo, bacha ba bang ba Bakreste ba ile ba hlahisa maikutlo a khanyetso mabapi le lipina tse ling tse bonahalang eka ha li na kotsi. Dan e mocha o ile a hlalosa: “Libini tse ling ke basodoma ba tsebahalang ba banna le ba basali kapa basebelisi ba lithethefatsi, ’me mantsoe a ’mino oa bona a bonahatsa mekhoa ea bona ea bophelo.” Mocha e mong ea bitsoang Jack, o re: “Tse ling tsa lihlopha tsena li na le boikutlo ba hore ha ho motho ea tsotellang bacha ba kajeno, mathata a bona kapa bokamoso ba bona, kahoo li hlalosa sena lipineng tsa tsona. Tse ngata ha li na tšusumetso leha e le tšepo.”
Lentsoe la Temoso
Bibele e re bolella ho re “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Kahoo, ha hoa lokela ho u makatsa hore ’mino ke tsela e ’ngoe eo Satane a e sebelisang ho khelosa bacha. Lihlooho tse fetileng tsa koranta ena hammoho le makasine e tsamaisanang le eona, Molula-Qhooa, li ’nile tsa bontša ’nete ena ka ho pheta-phetang.b Litemoso tse ’nileng tsa fanoa mabapi le ’mino o morethetho o matla le rap li boetse li loketse le mofuteng ona o mong oa rock. Joalokaha Bibele e bolela, “ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.
Taba ea pele, ha ho utloahale ho latela letšoele ha u khetha ’mino. Hlokomela molao-motheo ona oa Bibele, o ka sebetsang haeba u lumella ba bang ho u etsetsa liqeto: “Na ha le tsebe hore haeba le tsoela pele ho itlhahisa ho mang kapa mang le le makhoba ho mo mamela, le makhoba a hae hobane lea mo mamela?” (Baroma 6:16) Ho mocha oa Mokreste, taba hase hore na ke sefe se amohelehang har’a lithaka empa ke hore na ke sefe se “amohelehang ho Morena.” (Baefese 5:10) Ntle ho moo, ke bacha ba mofuta ofe ba hoheloang ke mofuta o mong oa rock? Na ke bacha ba bonahalang ba thabile, ba iteka-tekanetse ’me ba thahasella lintho tsa moea? Kapa na ho bonahala eka bamameli ba oona boholo ba fumanoa har’a bacha ba sa khotsofalang, ba sa thabang, esita le ba halefileng?
Ke ’nete hore bacha ba bang ba nang le botho bo hlasimolohileng le bo khathollang ba ka ’na ba hoheloa ke mofuta ona o mong oa rock. Empa nahana ka sena: Bakreste, ba bacha le ba hōlileng, ba letetsoe ke bokamoso bo khanyang. (2 Petrose 3:13) Moapostola Pauluse o re hopotsa ka kholiseho ea ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo, ha a re: ‘Ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Kahoo, ke hamolemo ofe ho ipepesetsa pono e tepelletsang, e fosahetseng ka bokamoso e hlalosoang ke lipina tse ling tsa mofuta o mong oa rock? Na ho hapeha maikutlo ka ’mino o hlalosang tšabo, ho nyahama le ho felloa ke tšepo ho ka fokolisa tumelo ea hao? Ho feta moo, ho tsoela pele u mamela ’mino o joalo ho ka ama pono ea hao joang?
E-ba ea Khethang
Hona ha ho bolele hore ’mino oohle oa “mofuta o mong oa rock” o kotsi leha e le hore o mobe ka ho khetheha. Empa nka hore u ile ua tseba hore motho e mong o ne a leka ho u tšella chefo. Le hoja u ne u ke ke ua khaotsa ho ja, ka sebele u ne u tla hlahloba lijo tsa hao ka hloko, na ha ho joalo? Ho tseba hore Satane o leka ho tšela chefo ponong ea hao le boikutlong ba hao ka ho tšoanang ho lokela ho etsa hore u be hlokolosi mabapi le ’mino oo u o khethang. Joalokaha Bibele e bolela, “tsebe e leka litaba, joalo ka ha mahalapa a latsoa lijo.” (Jobo 34:3) Ho e-na le ho latela letšoele ka bofofu, hlahloba ’mino oo u o khethang.
U ka etsa see joang? Lebokose le nang le sehlooho, “Lintlha Tsa Tataiso ho Khetheng ’Mino” le na le litlhahiso tse molemo tseo u ka li lekang. Hape, leka ho botsa batsoali ba hao ba Bakreste hore na ba nahana eng ka ’mino oo u o khethang. (Liproverbia 4:1) U ka ’na ua makatsoa ke likarabo tsa bona! Ke ’nete hore batsoali ba hao ba hōlile ho u feta. Ka ho utloahalang, ba ka ’na ba se ke ba e-ba le khetho e tšoanang le ea hao ea ’mino. Empa haeba ba sa rate ’mino oa hao hoo ba o fumanang o le mobe, o le litšila kapa o khopisa haholo, na u lokela ho hlokomoloha seo ba u bolellang sona? Bibele e re: “Ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo.”—Liproverbia 1:5.
Nahana kamoo ’mino o u amang kateng. Na o etsa hore u ikutloe u halefile, u na le borabele kapa u tepeletse maikutlo? Haeba ho joalo, ana ke matšoao a lemosang ao u sa lokelang ho a hlokomoloha! Ke hobane’ng u sa batle ’mino o u khathollang kapa o u thobang maikutlo kapa o u hlasimollang?
Mefuta ea ’mino e lula e fetoha joalo-joalo. Ka mor’a nakoana, mofuta o mong oa ’mino o tla be o se o cheseheloa haholo. U se ke ua hoholoa ke maqhubu ana a loebehlanang. E-ba hlokolosi ’me u khethe ha ho tluoa tabeng ea ’mino oa hao. Tiiseha hore oo u o mamelang ke o molemo le o hahang. (Bafilippi 4:8) ’Mino e ka ba karolo ea bohlokoa le e thabisang bophelong ba hao!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A mang a mabitso a fetotsoe.
b Bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tse hlahang litokollong tsa February 8, March 8, le April 8, 1993, tsa Tsoha! Hape bona le sehlooho, “Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!,” tokollong ea Molula-Qhooa oa April 15, 1993.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Le hoja lipina tsa pop hangata li bua ka lerato, mantsoe a mofuta ona o mong oa rock hangata a bua ka maikutlo a se nang mosa: ho felloa ke tšepo, takatso e feteletseng ea botona kapa botšehali, tsieleho.”—Makasine ea Time
[Lebokose le leqepheng la 30]
Lintlha Tsa Tataiso Ho Khetheng ’mino
◆ Hlahloba sephuthelo sa albamo. Sena hangata se tla u bolella ho hongata ka ’mino le libini ka botsona. Hlokomela likoahelo tsa lialbamo tse bontšang pefo, matšoao a bodemona, moaparo le boitlhopho tse hlaha kapa lipono tse tšosang.
◆ Hlahloba molaetsa oa mantsoe a ’mino. Ana a khetholla likhopolo le mekhoa ea bophelo tsa libini. Li batla hore u amohele maikutlo afe?
◆ Morethetho ka kakaretso oa ’mino o bontša boemo le boikutlo tseo libini li lakatsang hore u be ho tsona—ho tepella, ho thaba, ho rabela, ho tsoheloa ke takatso ea botona le botšehali, ho ikhutsa kapa ho felloa ke tšepo.
◆ Hlahloba bamameli ka kakaretso ba khahloang ke sehlopha seo sa ’mino. Na u ka rata ho khetholloa le sehlopha seo sa batho le boitšoaro ba sona?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bacha ba bangata ba ikamahanya le mantsoe a lipina tsa kajeno