Kotsi e ka Fokotsoa Joang?
BOLOETSE ba methapo ea pelo e tsamaisang mali ho tsoa pelong (CAD) bo amahanngoa le litšobotsi tse ngata tsa liphatsa tsa lefutso, tikoloho le mokhoa oa bophelo. CAD le tlhaselo ea pelo e ka ’na ea e-ba phello ea lilemo tse ngata, haeba e se tse mashome-shome, tsa likotsi tse amahanngoang le e ’ngoe kapa tse ling tsa litšobotsi tsena.
Lilemo, Bong le Lefutso
Ha lilemo li ntse li eketseha ho ba le kotsi e eketsehang ea tlhaselo ea pelo. Hoo e ka bang karolo ea 55 lekholong ea batho ba bang le tlhaselo ea pelo ke ba lilemong tse ka holimo ho 65. Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea ba shoang ka lebaka la tlhaselo ea pelo ba lilemong tse 65 kapa ho feta.
Banna ba ka tlaase ho lilemo tse 50 ba kotsing e khōlō ho feta basali ba lilemong tsona tseo. Ka mor’a hore mosali a khaotse ho ilela khoeli, kotsi ea eketseha ka lebaka la ho fokotseha ho potlakileng ha hormone e sireletsang ea estrogen. Ho latela likhakanyo tse itseng, tšebetso ea ho nkela estrogen sebaka e ka ’na ea fokotsa kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la pelo ho basali ka karolo ea 40 lekholong kapa ho feta, le hoja ho ka ’na ha e-ba le kotsi e eketsehileng ea ho tšoaroa ke mefuta e meng ea kankere.
Lefutso le ka phetha karolo e khōlō. Bao batsoali ba bona ba bileng le tlhaselo ea pelo pele ba fihla lilemong tse 50 ba kotsing e eketsehileng ea ho ba le tlhaselo ea pelo. Esita le haeba batsoali ba bile le tlhaselo ea pelo ba se ba fetile lilemo tse 50, ho ntse ho e-na le kotsi e eketsehileng. Ha ho e-na le histori ea bothata ba pelo ka lapeng, mohlomong ho ka etsahala hore bana ba be le mathata a tšoanang.
Boemo ba K’holeseterole
K’holeseterole, ke mofuta o mong oa mafura a ’mele, a hlokahalang bakeng sa bophelo. A hlahisoa ke sebete, ’me a tsamaisoa ke mali ho ea liseleng, ka limolek’hule tse bitsoang lipoproteins. Mefuta e ’meli ea lipoproteins ke low-density lipoproteins (k’holeseterole ea LDL) le high-density lipoproteins (k’holeseterole ea HDL). K’holeseterole e ba boemong bo kotsi bo ka bakang CAD ha k’holeseterole ea LDL e bokellane e le ngata maling.
Ho nahanoa hore HDL e phetha karolo ea tšireletso ka ho tlosa k’holeseterole lihlopheng tsa lisele le ho e busetsa sebeteng, moo e fetoloang le ho ntšoa ’meleng teng. Haeba litlhahlobo li bontša LDL e phahame ’me HDL e theohile, ho ba le kotsi e khōlō ea ho tšoaroa ke lefu la pelo. Ho theola boemo ba LDL ho ka fella ka ho fokotseha ha kotsi ka ho hlokomelehang. Ho khetha mefuta ea lijo ke mohato o qalang oa ho e phekola, ’me ho ikoetlisa ho ka thusa. Meriana e fapaneng e ka ’na ea tlisa litholoana, empa e meng e ba le liphello tse sa thabiseng ka mor’a ho e sebelisa.a
Lijo tse nang le k’holeseterole e fokolang le tse se nang mafura haholo lia khothalletsoa. Ho nkela lijo tse mafura haholo sebaka ka lijo tse se nang mafura haholo, joaloka ho sebelisa oli ea canola kapa oli ea olive bakeng sa botoro, ho ka theola LDL ’me ha boloka HDL. Ka lehlakoreng le leng, American Journal of Public Health ea hlokomela hore oli tse mafura haholo kapa tse se nang mafura haholo tsa meroho tse fumanoang hangata ho majarine le lihlahisoeng tse phehang meroho li ka phahamisa LDL ’me tsa theola HDL. Ho fokotsa ho ja nama e nonneng le ho sebelisa nama e se nang mafura ea khōhō kapa ea kalakunu bakeng sa eona le hona hoa khothalletsoa.
Liphuputso li bontšitse hore vithamine E, beta-carotene le vithamine C li ka theola atherosclerosis (ho phaellana ha mafura methapong ea pelo) liphoofolong. Phuputso ena e ile ea qetella ka hore sena se ka ’na sa boela sa fokotsa maemo a tlhaselo ea pelo bathong. Ho ja meroho le litholoana tse nang le beta-carotene le tse mebala hammoho le vithamine C letsatsi le leng le le leng, joaloka tamati, meroho e mahaba a matala, pepere, lihoete, lipatata le mahapu, ho ka ’na ha fana ka tšireletso e itseng khahlanong le CAD.
Vithamine B6 le magnesium le tsona li hlalosoa li le molemo. Lijo-thollo tse kang harese le oats esita le linaoa, lensisi le lithootse le linate tse itseng li ka thusa. Ho feta moo, ho nahanoa hore ho ja tlhapi e kang salmon, mackerel, herring kapa tuna bonyane habeli ka beke ho ka ’na ha fokotsa kotsi ea ho tšoaroa ke CAD, kaha tsena li na le liasiti tse se nang mafura a mangata tsa omega-3.
Bophelo ba ho Lulela Fatše Ruri
Batho ba lulelang fatše ruri ba kotsing e khōlō ea ho ba le tlhaselo ea pelo. Ba qeta nako e ngata ea letsatsi ba sa sebelise ’mele ’me ha ba ikoetlise kamehla. Hangata batho bana ba ba le tlhaselo ea pelo ka mor’a hore ba etse mesebetsi e boima e kang ea ho sebetsa ka thata serapeng, ho matha, ho phahamisa lintho tse boima kapa ho tlosa lehloa. Empa kotsi ena ea fokotseha ho ba ikoetlisang kamehla.
Ho tsamaea ka potlako metsotso e 20 ho isa ho e 30 ka makhetlo a mararo kapa a mane ka beke ho ka ’na ha fokotsa kotsi ea ho ba le tlhaselo ea pelo. Ho ikoetlisa kamehla ho ntlafatsa matla a pelo a ho pompa mali, ho thusa ho theola boima ba ’mele, ’me ho ka ’na ha fokotsa k’holeseterole le ho theola khatello methapong ea mali.
Khatello Methapong ea Mali, ’Mele o Moholo le Lefu la Tsoekere
Khatello methapong ea mali (high blood pressure) e ka lematsa lebota la mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong ’me ea nolofalletsa k’holeseterole ea LDL ho kena lereng la mothapo o tsamaisang mali le ho ntšetsa pele ho bokellana ha likoeleta. Ha ho bokellana ha likoeleta ho ntse ho eketseha, ho phalla ha mali ho sitiseha ho feta ’me kahoo khatello methapong ea mali ea phahama.
Khatello methapong ea mali e lokela ho hlahlojoa nako le nako, kaha ho ka ’na ha se ke ha e-ba le letšoao leha e le lefe le bonahalang le bontšang bothata ka ntle. Bakeng sa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e fokotsehang khatellong ea methapo ea mali nakong eo pelo e pompang mali (palo e ka tlaase), kotsi ea tlhaselo ea pelo e ka ’na ea theoloa ka karolo ea 2 ho isa ho 3 lekholong. Meriana e theolang khatello methapong ea mali e ka ’na ea atleha. Ho khetha mefuta e itseng ea lijo, ’me maemong a mang ho fokotsa ho ja letsoai, hammoho le ho ikoetlisa kamehla bakeng sa ho theola boima ba ’mele ho ka thusa bakeng sa ho laola khatello methapong ea mali.
’Mele o moholo haholo o eketsa khatello methapong ea mali le mafura a sa hlokahaleng ’meleng. Ho qoba kapa ho theola monono ke tsela e ka sehloohong ea ho thibela lefu la tsoekere. Lefu la tsoekere le tlisa CAD pele ho nako ’me le eketsa kotsi ea tlhaselo ea pelo.
Ho Tsuba
Ho tsuba sakerete ke sesosa se seholo se bakang ho tšoaroa ke CAD. United States, ho ikarabella ka ho toba bakeng sa ho shoa ha batho ba ka etsang karolo ea 20 lekholong ho tlisoang ke boloetse ba pelo le bakeng sa karolo ea 50 lekholong ea litlhaselo tsa pelo ho basali ba ka tlaase ho lilemo tse 55. Ho tsuba sakerete ho eketsa khatello methapong ea mali ’me ho kenya lik’hemik’hale tse chefo, tse kang bokoali le carbon monoxide, phallong ea mali. Lik’hemik’hale tsena, le tsona, li senya methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong.
Batho ba tsubang ba boetse ba beha ba bang ba pepesehetseng ho tsuba ha bona kotsing. Liphuputso li senola hore batho ba sa tsubeng ba lulang le batho ba tsubang ba kotsing e khōlō ea tlhaselo ea pelo. Kahoo, ka ho khaotsa ho tsuba, motho a ka qoba ho ipeha kotsing ka boeena ’me mohlomong a ba a boloka bophelo ba baratuoa ba hae ba sa tsubeng.
Khatello ea Kelello
Ha ba le tlas’a khatello e matla ea maikutlo kapa ea kelello, ba nang le CAD ba talimana le kotsi e khōlō ea ho hlaseloa ke pelo hammoho le lefu la tšohanyetso le bakoang ke pelo ho feta batho bao methapo ea bona e tsamaisang mali ho tsoa pelong e phelang hantle. Ho latela phuputso e ’ngoe, khatello ea kelello e ka etsa hore methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e seng e ntse e jareletse likoeleta e sesefale, ’me hona ho sitise mali ho phalla ka hoo e ka bang karolo ea 27 lekholong. Ho sesefala ho hlokomelehang ho ile ha bonahala esita le methapong e tsamaisang mali ho tsoa pelong e kulang hanyenyane. Phuputso e ’ngoe e ile ea bontša hore khatello e matla kelellong e ka etsa hore likoeleta tse maboteng a mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong li qhetsohe, li qholotse tlhaselo ea pelo.
Consumer Reports on Health ea bolela: “Ho bonahala batho ba bang ba phela bophelo ba bona ka boikutlo bo bobe. Ha ba tšepe ba bang, ba bohale, ’me ba phephetseha habonolo. Le hoja batho ba bangata ba hlokomoloha likhopiso tse nyenyane, batho ba ratang ntoa ba nkoa ke pelo.” Bohale bo feteletseng le ho rata ntoa li eketsa khatello methapong ea mali, li eketsa ho otla ha pelo, ’me li etsa hore sebete se qhatsetse k’holeseterole ka bongata phallong ea mali. Hona ho senya methapo ea pelo e tsamaisang mali ho tsoa pelong ’me ho tlatsetsa ho CAD. Ho nahanoa hore bohale bo eketsa kotsi ea ho ba le tlhaselo ea pelo ka makhetlo a mabeli, ’me hoo ho lula e le kotsi e ka ’nang ea hlaha neng kapa neng bonyane ka lihora tse peli. Ke’ng se ka thusang?
Ho latela The New York Times, Dr. Murray Mittleman o ile a bolela hore batho ba lekang ho lula ba khutsitse nakong ea likhohlano tsa maikutlo ba ka ’na ba khona ho fokotsa kotsi ea tlhaselo ea pelo. Sena se utloahala se tšoana haholo le mantsoe a ileng a tlalehoa ka Bibeleng lilemong tse makholo-kholo tse fetileng: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.”—Liproverbia 14:30.
Moapostola Pauluse o ne a tseba hore na ho joang ho ba tlas’a khatello ea kelello. O ile a bua ka matšoenyeho a ileng a mo hlasela letsatsi le letsatsi. (2 Bakorinthe 11:24-28) Empa o ile a fumana thuso e tsoang ho Molimo ’me a ngola: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilippi 4:6, 7.
Le hoja ho e-na le lisosa tse ling tse amanang le mathata a pelo, tse tšohliloeng mona li ka thusa motho ho tseba haeba a le kotsing e le hore a nke mehato e loketseng. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba ipotsa hore na boemo bo joang ho ba tlamehang ho phela le liphello tse tlisoang ke tlhaselo ea pelo. Ho hlaphoheloa ho ka khoneha ho isa bohōleng bofe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle liphekolo tse itseng tsa bongaka, boikoetliso leha e le ho khethoa ha mefuta e itseng ea lijo empa e nehelana ka boitsebiso bo fupulitsoeng hantle. Motho ka mong o tlameha ho etsa qeto ka seo a batlang ho se etsa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Ho tsuba, ho halefa habonolo, ho ja lijo tse mafura le ho phela bophelo ba ho lulela fatše ruri ho eketsa kotsi ea tlhaselo ea pelo