Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 12/8 maq. 15-16
  • Lefu la Pelo Tšokelo ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Pelo Tšokelo ea Bophelo
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kotsi e ka Fokotsoa Joang?
    Tsoha!—1996
  • Ho Hlokomela le ho Nka Khato ka Matšoao
    Tsoha!—1996
  • U ka Qoba Lefu la Moea la ho Ema ha Pelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 12/8 maq. 15-16

Lefu la Pelo Tšokelo ea Bophelo

SELEMO le selemo banna le basali ba limilione lefatšeng ka bophara ba ba le litlhaselo tsa pelo. Ba bangata ba tsoela pele ho phela ka mor’a moo ba e-na le liphello tse seng kae tsa litlhaselo tseo. Ba bang ha ba phele. Ba bang bona pelo e senyeha hoo “ho boela mesebetsing e molemo e bang ntho e belaetsang,” kamoo ho bolelang ngaka ea mafu a pelo Peter Cohn, a bile a phaella: “Ka hona, ke habohlokoa ho thibela tlhaselo ea pelo e sa le sethathong neng le neng ha ho khoneha.”

Pelo ke setho se entsoeng ka mesifa se pompang mali ho pholletsa le ’mele. Tlhaselong ea pelo (myocardial infarction), karolo e ’ngoe ea mosifa oa pelo ea shoa ha e sitoa ho fumana mali. Hore e lule e phela hantle, pelo e hloka oksijene le limatlafatsi tse ling tse tsamaisoang ke mali. E li fumana ka methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong, e pota-potileng bokantle ba pelo.

Maloetse a ka ama karolo leha e le efe ea pelo. Leha ho le joalo, boloetse bo atileng haholo ke bo poteletseng ba methapo ea pelo e tsamaisang mali ho tsoa pelong bo bitsoang atherosclerosis. Ha boloetse bona bo hlaha, koeleta kapa ho bokellana ha mafura, e ba teng maboteng a methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong. Ka mor’a nakoana, likoeleta li ka ’na tsa bokellana, tsa thatafala ’me tsa sesefatsa methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong le ho thibela ho phalla ha mali ho ea pelong. Ke boloetse bona ba mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong (CAD [coronary artery disease]) bo betlang khoro bakeng sa tlhaselo ea pelo hangata.

Ho thibana ha mothapo kapa methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong ho baka tlhaselo ea pelo ha tlhokahalo ea oksijene pelong e feta phepelo ea eona. Esita le ha methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e sa sesefala hakaalo, koeleta ena e ipōpileng e ka ’na ea qhetsoha ’me ea etsa hore mali a etse mahloele (thrombus). Methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong e nang le boloetse e boetse e atisa ho honyela. Mali a ka etsa mahloele moo mothapo o honyetseng, a ntša k’hemik’hale e ntšetsang pele ho patisana ha lebota la mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong, a qholotsa tlhaselo ea pelo.

Ha mosifa oa pelo o haelloa ke oksijene ka nako e telele, sehlopha sa lisele se haufi le oona se ka ’na sa senyeha. Ho fapana le lihlopha tse ling tsa lisele, mosifa oa pelo ha o khone ho inchafatsa. Tlhaselo ea pelo ka nako e teletsana, e eketsa ho senyeha ha pelo ’me menyetla ea ho shoa ea eketseha. Haeba tsamaiso ea motlakase ea pelo e senyeha, morethetho o tloaelehileng oa pelo o ka fetoha o se nang taolo ’me pelo ea qala ho otla ka mokhoa o sa laoleheng (fibrillate). Maemong a joalo a morethetho o feto-fetohang oa pelo, matla a pelo a ho pompela mali ka katleho bokong aa hlōleha. Ka mor’a metsotso e leshome boko boa shoa ’me lefu lea hlaha.

Kahoo, ho kenella ha basebetsi ba koetlisitsoeng ba bongaka ke habohlokoa. Ho ka namolela pelo hore e se hlole e tsoela pele ho senyeha, ho ka thibela kapa ho ka phekola morethetho o feto-fetohang oa pelo, esita le ho boloka bophelo ba motho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela